Boitšoaro bo Tlotlisang Molimo
1. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li bonoa habonolo ke batho ba ha li e-ea likopanong tsa setereke?
1 Batho ba bangata ba re bona habonolo ha re e-ea likopanong tsa setereke. Metseng e mengata ea likopano, mecha ea litaba e tsebisa sechaba ka likopano tsa rōna. Hangata lihotele le lireschorente li tlala batho ba tlileng kopanong, ’me batho ba lulang sebakeng seo sa kopano ba bona baeti ba bangata ba qhoaetseng libeche tsa kopano. Likhopotso tse latelang li tla re thusa ho tlotlisa Molimo ka boitšoaro ba rōna bo botle ha re le motseng oa kopano.—1 Pet. 2:12.
2. Re ka tlotlisa Molimo joang ka moaparo oa rōna o hlomphehang ha re le motseng oa kopano?
2 Moaparo o Hlomphehang: Ho hlakile hore re lokela ho apara ka mokhoa o hlomphehang ha re le kopanong. Leha ho le joalo, tsela eo re aparang ka eona ha re le lihoteleng, ha re ja lireschorenteng, ha re le mabenkeleng le libakeng tse ling, e ka ama tsela eo batho ba re talimang ka eona. Le hoja re sa tlameha ho apara liaparo tsa kopano ha re le libakeng tsena, liaparo tseo re li aparang li lokela ho hlompheha le ho ba le seriti, li se ke tsa bontša ho se tsotelle. Batho ba re shebileng ba lokela ho bona phapang pakeng tsa rōna le batho ba sa lumelang. (Bar. 12:2) Ho ekelletsa moo, re lokela ho qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano, kaha sena se tla phatlalatsa kopano, se re bulele menyetla ea bopaki bo sa reroang le ho nolofalletsa ba bang ba tlileng kopanong hore ba re elelloe.
3. Re ka bontša mamello le mekhoa e metle joang?
3 Mamello le Mekhoa e Metle: Nakong ena eo batho ba bangata lefatšeng e leng baithati ba bileng ba se nang teboho, ha re e-na le mamello le mekhoa e metle re tla khatholla batho ba re shebeletseng, ba kang basebetsi ba lihotele le lireschorente. (2 Tim. 3:1-5) Ha re behela ba bang litulo kapa re eme meleng ea ho fumana likhatiso tse lokolotsoeng kopanong, re lokela ho batla, eseng se molemo ho rōna feela, empa se molemo ho motho e mong. (1 Bakor. 10:23, 24) Kamor’a ho ba teng kopanong ka lekhetlo la pele, monna e mong ea thahasellang o ile a re, “Ha ke hopole lipuo tse neng li fanoa letsatsing leo empa ke ile ka lula ke hopola kamoo Lipaki li neng li itšoere kateng.”
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithaopa kopanong haeba maemo a rōna a re lumella?
4 Baithaopi ba Sebetsang ka ho Rata: Bakreste ba ’nete ba tsejoa ka moea oa boithaopo. (Pes. 110:3) Na u ka ithaopela ho thusa kopanong? Kopanong e ’ngoe, bara le baralib’abo rōna ba 600 ba ile ba ithaopela ho hloekisa pele kopano e qala. Basebetsi ba moo kopano e neng e tšoaretsoe teng ba ile ba khahloa haholo ke sena ’me ba re: “Ena ke ntho e hlollang ka ho fetisisa eo re kileng ra e bona! Ha ho bonolo ho lumela hore batho bana kaofela ke baithaopi.” Re lebeletse ka tjantjello e khōlō likopano tsa setereke tsa 2013 le monyetla oo re tla ba le ’ona, eseng feela ho mamela le ho ithuta ka Molimo empa hape le ho mo tlotlisa.
[Lebokose le maqepheng a 3-6]
Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke ea 2013
◼ Linako Tsa Lenaneo: ’Mino oa selelekela o tla qala ka 9:00 hoseng matsatsing ’ohle a mararo. Ka nako eo, kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Ka Labohlano le Moqebelo lenaneo le tla fela ka 4:30 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:15 thapama.
◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle moo re tla beng re laola libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia haella, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloi.
◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore Bakeng sa Litlhoko Tse Khethehileng (CO-5). Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ka hore e latele tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 14 December, 2010, le neng le ngoletsoe lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe feela bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.
◼ Ho Behela Batho ba Bang Litulo: U ka behela feela batho bao u tsamaeang le bona litulo kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le batho bao hona joale u ba khannelang thuto ea Bibele. Kaha litulo tsa batho ba hōlileng le ba kulang lia haella, ho ke ke ha khoneha hore litho tsohle tsa lelapa li lule le bona. Re kōpa hore le li siele feela batho ba hōlileng, ba kulang le ba ba thusang.—1 Bakor. 13:5.
◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
◼ Menehelo: Re ka bontša hore re ananela litokisetso tsa kopano ka ho fana ka menehelo e tsoang pelong ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Licheke tsohle li lokela ho lefshoa “Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses of South Africa.” Likopanong tse ’maloa ho tla amoheloa menehelo e ntšoang ka debit card kapa credit card.
◼ Meriana: Haeba u hloka meriana e fanoang ke ngaka, re kōpa hore u tiise hore u tla le e lekaneng, kaha e ke ke ea fumaneha kopanong. Liserinje le linale tsa boloetse ba tsoekere li lokela ho lahloa ka tsela e loketseng joaloka litšila tse kotsi; li se ke tsa lahleloa ka moo ho lahleloang lithōle libakeng tsa kopano kapa lihoteleng.
◼ Lieta: Selemo le selemo batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta, haholo-holo tse phahameng haholo. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a tsamaee habonolo litepising, litšepeng kapa moo ho theosetsang.
◼ Li-pram Tsa Bana: Li-pram tsa bana ha lia lokela ho kena sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.
◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa libakeng tse koetsoeng moo moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra inyanyatsa haholo kapa re hle re qobe ho sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.
◼ Liforomo Tsa Ka Kōpo Latela (S-43): Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela ha re fana ka boitsebiso bo amang motho leha e le ofe ea thahasellang eo re mo fumaneng ha re fana ka bopaki bo sa reroang nakong ea kopano. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ka mor’a kopano.
◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Apara ka tsela e tšoanelang mosebeletsi oa Mokreste. Ho tloaelehile hore ha basebetsi ba qeta ho thusa motho, a ba lebohe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 tsa chelete eo motho a e lefileng.
◼ Tšebeletso ea Boithaopo: Mang kapa mang ea lakatsang ho ithaopa a ka itlaleha Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba nang le lilemo tse ka tlaase ho 16 ba ka sebetsa ha ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli oa bona kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke motsoali kapa mohlokomeli.