Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/12 maq. 2-5
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Boitšoaro bo Tlotlisang Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Likopano Tsa Setereke—Nako ea ho Rapela ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • “Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 7/12 maq. 2-5

Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla

1. Mekete ea selemo le selemo e ne e fa Baiseraele monyetla oa ho nahana le ho buisana ka linnete life tsa bohlokoa tsa moea?

1 Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba bokana hararo ka selemo meketeng e neng e tšoaroa kamehla selemo le selemo. Le hoja ho ne ho hlokahala hore ho ee banna feela, hangata litho tsohle tsa malapa li ne li ea Jerusalema likopanong tsena tse thabisang. (Deut. 16:15, 16) Liketsahalo tse joalo li ne li fana ka monyetla oa ho thuisa le ho buisana ka linnete tsa bohlokoa tsa moea. Tse ling tsa linnete tsee ke life? E ’ngoe ke hore Jehova o fana ka seatla se bulehileng ebile ke Mohlokomeli ea lerato. (Deut. 15:4, 5) E ’ngoe ke hore re ka itšetleha ka eena hore re fumane tataiso le tšireletso. (Deut. 32:9, 10) Ho feta moo, Baiseraele ba ne ba ka nahana ka ’nete ea hore e le sechaba se bitsoang ka lebitso la Jehova, ba lokela ho bonahatsa ho loka ha hae. (Deut. 7:6, 11) Kajeno likopano tsa rōna tsa setereke tsa selemo le selemo li re tsoela molemo ka tsela e tšoanang.

2. Lenaneo la kopano ea setereke le tla hlakisa ’nete joang?

2 Lenaneo le Hlakisa ’Nete: Likopanong tsa rōna tsa setereke, re thabela lipuo, litšoantšiso, lipontšo le lipuisano tse hlakisang linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. (Joh. 17:17) Ho se ho entsoe mosebetsi o mongata ho lokisetsa kopano ena e tlang. Mokhatlo oa Jehova o lokisetsa lenaneo le reretsoeng ho sebetsana ka ho khetheha le litlhoko tse teng hona joale tšimong ea lefatše lohle. (Mat. 24:45-47) Na u labalabela ho bona le ho utloa se tla fanoa lenaneong leo la kopano?

3. Re lokela ho etsa’ng e le hore re rue molemo lenaneong?

3 Ho hlakile hore re tla rua molemo o moholo haeba re le teng ’me re mamela ka hloko ka matsatsi ’ohle a mararo. Haeba ha u e-s’o buisane le mohiri oa hao mabapi le ho nka matsatsi a phomolo nakong eo, etsa joalo. Etsa bonnete ba hore u phomola ka ho lekaneng bosiu bo bong le bo bong e le hore u lule u hlaphohetsoe nakong ea lenaneo. Ba bangata ba hlokometse hore ho tsepamisa mahlo ho sebui le ho ngola lintlha ka bokhutšoanyane ho ba thusa hore ba lule ba mametse ka hloko. U se ke ua itšitisa kapa ua sitisa ba bang ka selefouno ea hao kapa pager. Qoba ho bua, ho romela melaetsa ka selefouno, ho ja kapa ho noa nakong ea lenaneo, haeba ho sa hlokahale.

4. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba rue molemo kopanong?

4 Lilemong tsa Sabatha, ha malapa a Baiseraele a ne a bokana ho tla utloa ha ho baloa Molao Moketeng oa Maphephe, ba ne ba ea le ‘bana ba bona ba banyenyane e le hore ba mamele le hore ba ithute.’ (Deut. 31:12) Ho khothatsa hakaakang ho bona malapa a lutse hammoho kopanong, bana ba falimehile ’me ba mametse ka hloko! Ho ka ba monate haholo haeba mantsiboea a mang le a mang le ka sheba lintlha tseo le li ngotseng ’me la buisana ka tseo le li thabetseng haholo lenaneong. “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana,” kahoo, batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo, ho akarelletsa le ba lilemong tsa bocha, nakong ea khefu ea motšehare le ha ba le hoteleng, ho e-na le ho ba tlohela hore ba ‘itaole.’—Liprov. 22:15; 29:15.

5. Boitšoaro ba rōna bo botle bo tla khabisa ’nete joang ha re le hoteleng?

5 Boitšoaro ba Rōna bo Botle bo Khabisa ’Nete: Boitšoaro ba rōna bo botle ha re le motseng oa kopano bo khabisa ’nete. (Tite 2:10) Basebetsi ba hotele baa hlokomela ha sehlopha se itseng se latela melao ea hotele, se mamella basebetsi ebile se le mosa ho bona. (Bakol. 4:6) Ha baemeli ba ofisi ea lekala ba ne ba etsa litumellano le hotele e ’ngoe selemong se fetileng, motsamaisi oa lefapha la litšebeletso o ile a re ho bona: “Re rata ha batho ba lōna ba tla hoteleng ea rōna hobane ba molemo. Ba itšoere hantle haholo ebile ba mosa, ’me kamehla ba hlompha basebetsi ba rōna le thepa ea rōna.”

6. Re ka khabisa ’nete joang ka tsela eo re aparang ka eona ha re ntse re le motseng oa kopano?

6 Ha re qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano, morero oa rōna hase feela ho phatlalatsa kopano le ho itsebahatsa ho ba bang ba tlileng kopanong empa re boetse re pakela ba re bonang. Batho ba motseng oa kopano ba tla bona hore ba qhoaetseng libeche tsa kopano ba apere hantle le ka makhethe, ha baa apara habohlasoa le ka mokhoa o tsosang takatso o tloaelehileng lefatšeng. (1 Tim. 2:9, 10) Kahoo, re lokela ho ela hloko tsela eo re aparang ka eona le eo re itlhophang ka eona ha re le motseng oa kopano, esita le ha re itlaleha hoteleng. Ha re ea kopanong re tenne barikhoe a makhutšoanyane le likipa, re tla be re tlosa kopano seriti. Esita le haeba kopano e le lebaleng la lipapali le sa sireletsoang, re lokela ho apara ka tsela e bontšang seriti. Haeba re khetha ho apara liaparo lisele ka mor’a lenaneo ’me re ea reschorenteng, re lokela ho hopola hore re sa ntse re le baeti ba tlileng kopanong le hore ha rea lokela ho apara ka tsela e bontšang ho se leka-lekane.

7. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka thabelang bonngoe ba rōna ba Bokreste kopanong ke efe?

7 Meketeng ea selemo le selemo, Baiseraele ba ne ba thabela botsoalle bo khothatsang le barapeli-’moho le bona ba tsoang likarolong tse ling tsa naha le linaheng tse ling, ’me sena se ne se etsa hore ba momahane. (Lik. 2:1, 5) Nakong ea likopano tsa setereke, bonngoe ba rōna bo ikhethang ba Bokreste bo bonahala ka ho hlaka. Karolo ena e khahlisang ea paradeise ea rōna ea moea e atisa ho khahla ba re bonang. (Pes. 133:1) Ho e-na le ho tloha mabaleng a kopano nakong ea lijo tsa motšehare e le hore re il’o reka lijo, ho ka ba molemo haholo hore re tle le lijo tse bobebe tsa motšehare ebe re sebelisa nako ena ho kopana le bara le barali babo rōna ba lutseng haufi le rōna ’me re qoqe le bona!

8. Re na le mabaka afe a ho ithaopela ho sebetsa ha maemo a re lumella?

8 Hangata batho ba khahloa ke likopano tsa rōna tse hlophisitsoeng hantle le tse laolehileng, haholo ha ba utloa hore mosebetsi oohle o etsoa ke baithaopi. Na u ka khona ho “itlhahisa ka ho rata” hore u sebetse kopanong? (Pes. 110:3) Hangata malapa a ithaopela ho sebetsa hammoho e le hore a rute bana ho thusa batho ba bang. Haeba u lihlong, ho sebetsa kopanong ke tsela e molemo ea ho kopana le batho bang ba tlileng kopanong. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ntle ho litho tsa lelapa le metsoalle e seng mekae, ke ne ke sa tsebe batho ba bangata. Empa ha ke ntse ke hloekisa, ke ile ka kopana le bara le barali babo rōna ba bangata! Ke ne ke natefetsoe hona hoo!” Ho eketsa metsoalle ea rōna ka hore re thuse ha re le kopanong ho tla re tlisetsa thabo e khōlō. (2 Bakor. 6:12, 13) Haeba ha u e-s’o ithaope, botsa baholo hore na u etse joang e le hore u tšoanelehe.

9. Re tla mema ba bang joang hore ba tle kopanong?

9 Mema ba Bang Hore ba Utloe ’Nete: Joaloka lilemong tse fetileng, libeke tse tharo pele ho kopano ea rōna, re tla kena letšolong la ho mema batho ba bang hore ba tle kopanong. Ho tla ba hotle ha liphutheho li ka akaretsa tšimo e khōlō kamoo li ka khonang ka ho tsamaisa limemo. (Sheba lebokose le reng, “Re Tla Tsamaisa Limemo Joang?”) Le lokela ho tla kopanong le limemo leha e le life tse setseng. Ba tlileng kopanong ba tla li sebelisa ha ba fana ka bopaki bo sa reroang ha ba ntse ba le motseng oa kopano.

10. Pheta liphihlelo tse bontšang hore letšolo la rōna la selemo le selemo la limemo le hlahisa litholoana tse molemo.

10 Na batho ba nka bohato ka lebaka la letšolo lee la selemo le selemo? Kopanong e ’ngoe, mohlokomeli o ile a thusa banyalani ba bang hore ba fumane litulo. Ba ile ba mo bolella hore ba fumane memo ’me ea “ba khahla.” Ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 320 ka koloi hore ba be teng kopanong! Ketsahalong e ’ngoe, morali’abo rōna ea eang ka ntlo le ntlo o ile a fana ka memo ho monna e mong ea neng a bonahala a thahasella ho tla kopanong. Kahoo, morali’abo rōna o ile a ipha nako ea hore a buisane le eena ka memo eo. Matsatsi a ’maloa hamorao ha morali eo oabo rōna a le kopanong, o ile a bona monna eo le motsoalle e mong oa hae kopanong, ’me ba ne ba nkile sengoliloeng se seng se qetang ho lokolloa!

11. Ke hobane’ng ha ho ba teng likopanong tsa rōna tsa setereke tsa selemo le selemo e le habohlokoa?

11 Mekete ea selemo le selemo e ne e le tokisetso e lerato ea Jehova e thusang Baiseraele hore ba mo “sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.” (Josh. 24:14) Ka ho tšoanang, ho ba teng likopanong tsa rōna tsa setereke tsa selemo le selemo ho re thusa ho “tsoela pele [re] tsamaea ’neteng” ebile ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. (3 Joh. 3) E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba bohle ba ratang ’nete ba hore ba be teng kopanong le hore ba rue molemo ka ho feletseng!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Boitšoaro ba rōna bo botle ha re le motseng oa kopano bo khabisa ’nete

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Libeke tse tharo pele kopano ea rōna e qala, re tla kena letšolong la ho mema ba bang hore ba be teng kopanong

[Lebokose le leqepheng la 5]

Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke ea 2012

◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng matsatsing ao ’ohle a mararo. Menyako e tla buloa ka 7:00 hoseng. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ha ’mino oa selelekela o qala, e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Ka Labohlano le Moqebelo lenaneo le tla fela ka 4:35 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:20 thapama.

◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle moo re tla beng re laola libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia fokola, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloi.

◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore Bakeng sa Litlhoko Tse Khethehileng (CO-5). Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ka hore e latele tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 14 December, 2010, le neng le ngoletsoe lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe feela bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.

◼ Ho Boloka Litulo: U ka boloka litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le batho bao hona joale u ba khannelang thuto ea Bibele.—1 Bakor. 13:5.

◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

◼ Menehelo: Re ka bontša hore re ananela litokisetso tsa kopano ka ho ntša menehelo ea boithatelo ea ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle kopanong. Licheke tsohle li lokela ho lefshoa “Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses of South Africa.” Likopanong tse ’maloa ho tla amoheloa menehelo e ntšoang ka debit card kapa credit card, ho kopanyelletsa le e ntšoang ka chelete le licheke.

◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa ba Lefapha la First Aid hang-hang e le hore ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe o fana ka thuso.

◼ Meriana: Haeba u hloka meriana e fanoang ke ngaka, re kōpa hore u tiise hore u tla le e lekaneng, kaha e ke ke ea fumaneha kopanong. Liserinje le linale tsa ente ea boloetse ba tsoekere li lokela ho lahloa ka tsela e loketseng joaloka litšila tse kotsi; li se ke tsa lahleloa ka moo ho lahleloang lithōle libakeng tsa kopano kapa lihoteleng.

◼ Lieta: Selemo le selemo batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a hloe litepisi habonolo, a tsamaee libakeng tse ling tse ka bang kotsi tse kang moo ho nang le litšepe tse masoba tse sirelelitseng likoti.

◼ Liporaema Tsa Bana: Liporaema tsa bana ha lia lokela ho kena sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.

◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa libakeng tse koetsoeng moo moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra inyanyatsa haholo kapa re hle re qobe ho sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.

◼ Liforomo Tsa Ka Kōpo Latela (S-43): Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela ha re fana ka boitsebiso bo amang motho leha e le ofe ea thahasellang eo re mo fumaneng ha re fana ka bopaki bo sa reroang nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ka mor’a kopano.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 2011, leqepheng la 3.

◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Ho tloaelehile hore ha basebetsi ba qeta ho thusa motho, a ba lebohe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 tsa chelete eo motho a e lefileng.

◼ Tšebeletso ea Boithaopo: Mang kapa mang ea lakatsang ho ithaopa a ka itlaleha Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba nang le lilemo tse ka tlaase ho 16 ba ka sebetsa ha ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli oa bona kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke e mong oa batsoali kapa mohlokomeli oa bona.

◼ Lipina: Liphutheho li ka rata ho prakthisa lipina tse tla binoa kopanong esale pele. Lipina tsa Labohlano: 52, 57, 113, 106, 116 le 98. Lipina tsa Moqebelo: 96, 68, 58, 67, 95 le 89. Lipina tsa Sontaha: 110, 61, 134, 73, 36 le 49.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Re Tla Tsamaisa Limemo Joang?

E le hore re sebetse tšimo eohle ea phutheho, ho ka ’na ha hlokahala hore re bue ka bokhutšoanyane. Re ka ’na ra re: “Lumelang. Re tsoile letšolo la ho aba memo ena lefatšeng lohle. Ea hao ke ena. U tla fumana lintlha tse eketsehileng memong ena.” Bontšang cheseho. Ha le aba limemo nakong ea mafelo-beke, le ka tsamaisa le limakasine moo ho loketseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela