Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/10 maq. 4-6
  • Likopano Tsa Setereke—Nako ea ho Rapela ka Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano Tsa Setereke—Nako ea ho Rapela ka Thabo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Matsatsi a Mararo a ho Khatholoha Moeeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 7/10 maq. 4-6

Likopano Tsa Setereke​—Nako ea ho Rapela ka Thabo

1. Mekete ea Baiseraele ba boholo-holo e tšoana le likopano tsa setereke tsa mehleng ee joang?

1 Josefa, Maria, bana ba bona hammoho le barapeli ba bang ba ne ba e-ea Jerusalema kamehla meketeng ea selemo le selemo. Meketeng eo, ba ne ba lokela ho loanela ho se nahane ka mathata a bona a letsatsi le letsatsi empa ba amehe haholo ka lintho tsa bohlokoa tseo ba ka li etsang bophelong hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Mekete ena e ne e ba fa nako ea ho nahana le ho buisana ka molemo oa Jehova le ho hlahloba Molao oa hae. Likopano tsa setereke tseo re eang ho tsona li tla re fa menyetla e tšoanang le eo ea hore re rapele Jehova ka thabo.

2. Re lokela ho etsa’ng ho itokisetsa ho ea kopanong ea setereke?

2 Re Lokela ho Etsa Litlhophiso: Ha lelapa labo Jesu le ne le tloha Nazaretha, le ne le lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 200 ho ea le ho khutla. Le hoja re sa tsebe hore na banab’abo Jesu ba ne ba le bakae ka palo, re se re ka inahanela ka litlhophiso tseo Josefa le Maria ba neng ba lokela ho li etsa le hore na ho ne ho ameha mosebetsi o mokae. Na u se u hlophisitse lintho tse hlokahalang e le hore u be teng kopanong ea setereke ka matsatsi ao a mararo? Ho ka ’na ha hlokahala hore u nke matsatsi a phomolo mosebetsing kapa u bue le mohiri oa hao kapa le tichere ea ngoana oa hao e le hore ngoana a se ke a ea sekolong matsatsing ao. Na u se u lokiselitse marobalo haeba ho hlokahala? Na u ka ithaopela ho thusa motho e mong phuthehong, eo ka ho khetheha a hlokang thuso?—1 Joh. 3:17, 18.

3. Ke menyetla efe ea ho ba le batho ba khothatsang eo motho a neng a e fumana ka ho ba meketeng ea Baiseraele?

3 Ho ba le Batho ba Khothatsang: Barapeli ba neng ba e-ba teng meketeng ea Bajuda ba ne ba e-ba le monyetla o motle hakaakang oa ho khothatsana! Ha ho potang hore ba habo Jesu ba ne ba labalabela ho qeta nako e itseng le metsoalle ea bona ea khale. Ba ne ba bile ba e-ba le menyetla ea ho iketsetsa metsoalle e mecha har’a matšoele a Bajuda le basokolohi ba neng ba e-ba teng meketeng ena kapa bao ba neng ba kopana le bona ha ba e-ea Jerusalema le ha ba khutla.

4. Re ka bontša joang hore ha re khelle fatše mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste o momahaneng?

4 Lebaka le leng le etsang hore lekhoba le tšepahalang le le masene le hlophise hore re bokane hammoho ’me re mamele lipuo likopanong tsa setereke ho e-na le hore le ngole molaetsa oa tsona likhatisong ke hore re khothatsane. (Baheb. 10:24, 25) Ka hona, lokisetsa hore u fihle ka nako kopanong letsatsi ka leng e le hore u qoqe le batho ba bang pele molula-setulo oa lenaneo a bolela hore re tla tloha re mamela ’mino oa selelekela, o bontšang hore ke nako ea ho lula fatše. Ho e-na le hore re tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo, ho ka ba molemo hore re itlele le lijo tsa motšehare tse bobebe ebe re lula sebakeng sa kopano e le hore re tsebane le batho bao re lutseng le bona ’me re qoqe le bona. Jehova o re file mpho, e leng mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste o momahaneng ’me ha rea lokela ho e khella fatše.—Mik. 2:12.

5. Re tla thusoa ke eng hore re rue molemo ka ho feletseng lipuong tsa kopano?

5 Ke Nako ea ho Ithuta: Ho tloha ha Jesu a sa le monyenyane, o ile a nka monyetla oa hore ha a le meketeng eo a ithute ka Ntate oa hae ea leholimong. (Luka 2:41-49) Ke eng e tla re tla thusa hammoho le ba malapa a rōna hore re rue molemo ka ho feletseng lipuong tse tla fanoa? Nakong ea lenaneo, lula fatše ’me u se ke ua buisa batho ho sa hlokahale. Etsa hore selefouno ea hao, pager, kapa mechine e meng e se ke ea u sitisa kapa ea sitisa batho ba bang. Talima sebui, ’me u ngole lintlha ka bokhutšoanyane. Lulang hammoho le le lelapa ho tiisa hore bana ba lōna le bona ba mametse. Ebe mantsiboea le qeta nako e itseng le tšohla lintlha tseo le li ratileng.

6. Re lokela ho hopola eng ka moaparo oa rōna le boitlhopho?

6 Moaparo le Boitlhopho: Ho ne ho le bonolo hore bahoebi ba linaha tse ling ba tsamaeang tseleng ba khone ho bona barapeli ba Bajuda hammoho le lelapa labo Jesu ha ba ea moketeng le ha ba khutla kaha ba ne ba apara liaparo tse mophetho o litjellane tse nang le khoele e putsoa ka holim’a mophetho. (Num. 15:37-41) Le hoja Bakreste ba sa apare liaparo tse ba khethollang, ba tsebahala ka ho apara ka boitlhompho le ka makhethe. Ka ho khetheha, re lokela ho ela hloko chebahalo ea rōna ha re ea kopanong le ha re khutla le nakong eo re leng motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona. Esita le haeba re apara liaparo tse ling ka mor’a kopano, re lokela ho shebahala ka tsela e hlomphehang ’me re qhoaele libeche tsa kopano. Ha re etsa joalo, ho tla ba le phapang pakeng tsa rōna le batho bao e seng Lipaki ’me batho ba re bonang ba tla khahloa.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka ho ithaopela ho sebetsa kopanong?

7 Ho Hlokahala Baithaopi: Ho hlokahala basebetsi ba bangata e le hore lintho li tsamaee hantle kopanong. Na u ka ithaopa? (Pes. 110:3) Mosebetsi o etsoang likopanong ke karolo ea tšebeletso e halalelang ’me o fana ka bopaki bo botle. Mookameli oa sebaka se seng seo kopano e neng e tšoaretsoe ho sona o ile a khahloa ke baithaopi ba neng ba hloekisa mohaho hoo a ileng a ngola tjena: “Ke lakatsa ho le leboha ka seboka se hlollang ka ho fetisisa seo nkileng ka se bona. Ke hangata ke utloela hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba ikhethang, bao ka nako e telele ba ’nileng ba tuma ka hore ka linako tsohle ba siea sebaka se hloekile ho feta kamoo ba se fumaneng se le kateng. Lōna le mokhatlo oa lōna le ntlafalitse chebahalo ea sebaka sena molemong oa batho ba mona le bile le sebetsa le sehlopha sa batho ba mosa ka ho fetisisa bao re kileng ra sebetsa le bona.”

8. Re ka fumana menyetla efe ea ho paka ha re le motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona?

8 Menyetla ea ho Paka: Batho ba bangata ba motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona ba tla lemoha baeti ba apereng ka makhethe, le ka tsela e hlomphehang ba qhoaetseng libeche, ’me sena se ka ’na sa etsa hore ba batle ho tseba lintho tse itseng, e leng se tla re fa menyetla ea hore re ba bolelle ho hong ka kopano. Ka mor’a lenaneo la kopano, moshanyana e mong ea lilemo li ’nè o ile a ea bontša mosebetsi oa reschorenteng buka e neng e sa tsoa lokolloa. Seo se ile sa fa batsoali ba moshanyana eo monyetla oa ho mema mosali eo hore a tle kopanong.

9. Re ka etsisa mohlala oa lelapa labo Jesu oa ho ananela menyetla ea ho ithuta ka Jehova joang?

9 Meketeng ea mehleng ea boholo-holo ho ne ho le monate ’me Bajuda ba batlang ho ithuta lintho tse eketsehileng ka Jehova ba ne ba labalabela ho ea ho eona. (Deut. 16:15) Lelapa labo Jesu le ne le thabela ho tela ntho leha e le efe hore le be teng ’me le rue molemo ka botlalo. Le rōna re ananela likopano tsa setereke, ’me re li nka e le mpho e tsoang ho Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong. (Jak. 1:17) Joale ke nako ea ho itokisetsa ketsahalo ena e tlang hang ka selemo ea ho rapela Jehova ka thabo!

[Lebokose le leqepheng la 5, 6]

Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke

◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng ka matsatsi ao a mararo. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ha ’mino oa selelekela o qala, e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo le tla fela ka 4:15 thapama ka Labohlano, ka Moqebelo le fele ka 4:30 thapama ’me ka Sontaha le fele ka 3:20 thapama.

◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle moo re tla beng re laola libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia fokola, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing.

◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore Bakeng sa Litlhoko Tse Khethehileng (CO-5). Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ka ho latela tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 15 July, 2009, le eang ho lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.

◼ Ho Beheletsa Litulo: U ka beheletsa litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le batho bao hona joale u ba khannelang lithuto tsa Bibele.—1 Bakor. 13:5.

◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

◼ Menehelo: Re ka bontša hore re leboha litokisetso tsa kopano ka ho ntša menehelo ea boithatelo ea ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u kopane le Komiti ea Kopano hore u fumane lebitso la ak’haonte. Likopanong tse ling ho tla ba le mochine oo ho oona menehelo e ka ntšoang ka debit card kapa credit card. Re kōpa u teane le Komiti ea Kopano hore u utloe hore na mochine oo o hokae.

◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.

◼ Lieta: Selemo se seng le se seng batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a hloe litepisi habonolo, a tsamaee holim’a li-grating, joalo-joalo.

◼ Ho Rekota: Mechine e rekotang ha ea lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me e lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.

◼ Likoloeana Tsa Bana: Likoloeana tsa bana ha lia lokela ho kena ka holong eo kopano e tšoaretsoeng ho eona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.

◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa libakeng tse koalehileng moo moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra sebelisa lintho tsa ho inyanyatsa tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.

◼ Liforomo Tsa ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang: Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) ha re fana ka boitsebiso bo amang mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore re mo pakele ka tsela e sa reroang nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ha u khutlela hae.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2009, leq. 4.

◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Ho tloaelehile hore ha basebetsi ba qeta ho thusa motho, a ba lebohe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15.

◼ Tšebeletso ea Boithaopo: Thabo eo re e fumanang ka ho ba teng kopanong e tla tota haeba re ka ithaopela ho phetha mesebetsi ea bohlokoa e amanang le kopano. (Lik. 20:35) Mang kapa mang ea lakatsang ho etsa tsoho-la-monna a ka itlaleha Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 le bona ba ka khatha tema ea bohlokoa ha ba sebetsa ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke e mong oa batsoali.

◼ Lipina: Liphutheho li ka lakatsa ho prakthisa lipina tse tla binoa kopanong. Lipina tsa Labohlano: 118 (155), 18 (114), 113 (11), 91 (92), 88 (164) le 75 (19). Lipina tsa Moqebelo: 92 (162), 85 (221), 60 (70), 65 (42), 69 (56) le 48 (26). Lipina tsa Sontaha: 51 (57), 63 (38), 106 (217), 16 (146), 49 (85) le 2 (212).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela