Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/09 maq. 3-5
  • Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Mong’a Ntlo a Bua Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ho se ee ka Tšobotsi Tšebeletsong ea Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Pakela Motho ea Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 11/09 maq. 3-5

Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe

1. Ha re ntse re sebetsa tšimo ea phutheho ea habo rōna, re na le monyetla ofe?

1 Jesu Kreste o boletse esale pele hore litaba tse molemo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle “hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” Mantsoe ao ke a bohlokoa ho e mong le e mong ea bolelang litaba tse molemo ’me a etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Ha re ntse re bolela litaba tse molemo re bile re etsa barutuoa, re ka ’na ra kopana le batho ba lichaba tse sa tšoaneng ba sa bueng puo ea habo rōna. Le bona ho hlokahala hore ba fumane monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso ’me ba amohele ’nete pele letsatsi la Jehova le tšosang le fihla. (Mal. 3:18) Haeba tšimong ea phutheho ea habo rōna ho e-na le batho ba buang puo e ’ngoe, re ka sebetsa tšimo eo joang?

2. Re etsisa Jehova joang ha re pakela batho ba sa bueng puo ea habo rōna?

2 Bontša Hore U Talima ba Buang Puo e ’Ngoe Joaloka Jehova: E le hore re bontše e mong le e mong ea tšimong ea phutheho lerato la Jehova le se nang leeme, re lokela ho ba le takatso e matla ea ho thusa batho ho ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Jehova, Molimo oa ’nete, ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe. (Pes. 83:18; Lik. 10:34, 35) Le hoja re amehile haholo ka batho ba buang puo e buuang phuthehong ea habo rōna, re lokela ho ameha le ka seo ba buang lipuo tse ling ba se hlokang ’me re batle litsela tsa ho ba bolella molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Haeba re ne re ka hlokomoloha batho ba buang puo e ’ngoe, re ne re tla be re le sa lumellane le morero oa Jehova oa hore re pakele batho ba lichaba tsohle. Ebe joale re ka thusa batho ba sa bueng puo ea habo rōna joang?

3. Ke bukana efe eo re ka e sebelisang, hona ke joang re ka itokisetsang ho e sebelisa?

3 Sebelisa Bukana ea Good News for People of All Nations: Bukana ena e etselitsoe hore re e sebelise ha re kopana le batho ba sa bueng puo ea habo rōna. Nka bukana ena hohle moo u eang teng; tiisa hore u tseba kamoo e sebetsang kateng, ’me u itokisetse ho e sebelisa. E le hore u fumane leqephe kapele, tšoaea maqephe ao lipuo tse buuoang tšimong ea phutheho ea heno li hlahang ho ’ona. Haeba ho e-na le lingoliloeng tse hatisitsoeng ka lipuo tseo, ho ka ba molemo hore u nke tse seng kae e le hore u li tsamaisetse batho ha u qeta ho sebelisa bukana eo.

4. Re ka sebelisa bukana ea Nations joang tšimong?

4 Haeba u kopana le motho ea buang puo e ’ngoe tšimong ’me u sa tiisehe hore na o bua puo efe, qala ka ho mo bontša sehlooho sa bukana ena. Phetla leqephe le nang le ’mapa oa lefatše, itšupe ebe u supa naha eo u lulang ho eona ’me u mo bontše hore u ka rata ho tseba hore na eena o tsoa naheng efe le hore na o bua puo efe. Ha u se u tseba hore na o bua puo efe, mo bontše leqephe le nang le lethathamo la lipuo; phetla leqephe leo puo ea habo e hlahang ho lona, ebe u mo bontša mongolo o motenya o ka holimo-limo leqepheng, ’me u bontše hore u ka rata hore a bale molaetsa oo. Ha a qeta, mo tsamaisetse pampitšana ea puo ea habo kapa u supe polelo e mongolo o mothokoa e bontšang hore u ikemiselitse ho khutla u tšoere sengoliloeng ka puo ea habo. Supa mongolong o motenya moo ho ngotsoeng “lebitso la ka,” ebe u mo bolella lebitso la hao ka lentsoe le hlakileng. Supa mongolong o motenya moo ho ngotsoeng “lebitso la hao,” ebe u emela hore a u bolelle lebitso la hae. Lokisetsa leeto la ho boela.

5. Re lokela ho nka bohato bofe hang ha re hlokomela hore motho ea buang puo e ’ngoe oa thahasella?

5 Litokisetso Tsa ho Khutlela: Re lokela ho leka sohle se matleng a rōna ho etela ba thahasellang molaetsa oa ’Muso ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe. Hang ha re hlokometse hore motho o rata Molimo le Lentsoe la hae, Bibele, re lokela ho tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ’me hang-hang re e fetisetse ho mongoli oa phutheho hore a e romele ofising ea lekala e le hore motho eo ea thahasellang a ka eteloa ke motho ea buang puo ea habo. Ofisi ea lekala eona e tla fetisetsa foromo ena sehlopheng se buang puo eo. Ha sehlopha seo se e fumana, se tla lokisetsa hore motho eo a eteloe ntle ho tšenyo ea nako. Mongoli a ka ’na a fa molebeli oa tšebeletso kopi ea foromo ena e le ho mo tsebisa hore ho na le batho ba buang puo eo ba thahasellang. Foromo ena e lokela ho sebelisoa hafeela motho a thahasella e le kannete.

6. Re na le boikarabelo bofe ha re fumane motho ea thahasellang ea buang puo e ’ngoe?

6 Ho tloha ha foromo ea S-43 e romeloa ho fihlela ha motho ea thahasellang a eteloa ke mohoeletsi ea buang puo ea habo, ho ka ’na ha feta nako e teletsana. Ka lebaka leo, mohoeletsi ea tlatsitseng foromo ea S-43 a ka tsoela pele ho thusa motho eo ea thahasellang ho fihlela a eteloa ke motho ea buang puo ea habo. Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore a mo khannele thuto. Empa mohoeletsi a ka fumana lingoliloeng joang ka puo ea motho eo ea thahasellang?

7. Ho entsoe tokisetso efe ea ho fumana lingoliloeng ka lipuo tsa batho bao re ka ’nang ra kopana le bona?

7 Lingoliloeng Tsa Lipuo Tse Ling: Liphutheho ha lia lokela ho ba le lingoliloeng tse ngata tsa lipuo tse ling. Leha ho le joalo, haeba molebeli oa tšebeletso a hlokomela hore batho ba buang puo e itseng ba qala ho thahasella ’nete, a ka ’na a bona ho hlokahala hore setokong ho be le lingoliloeng tse seng kae tsa puo eo tseo bahoeletsi ba tla li sebelisa. A ka odara lingoliloeng tsena haeba phutheho e se na tsona. Ho ka ’na ha feta nako e teletsana pele lingoliloeng tsa puo eo li fihla phuthehong. Ka lebaka leo, ho na le tokisetso ea hore motho a fumane lingoliloeng tsena atereseng ea www.watchtower.org ’me a iketsetse likopi. Atereseng ena ho na le lingoliloeng tse ngata ka lipuo tse makholo ’me mohoeletsi kapa motho ea thahasellang a ka li fumana hang-hang. Ha ho pelaelo hore tokisetso ena e tla ba molemo ha re thusa batho ba thahasellang ba buang puo e ’ngoe.

8. Phutheho e khatha tema efe ho thusa batho ba thahasellang ba buang puo e ’ngoe?

8 Tema e Khathoang ke Phutheho: Ka linako tse ling, libakeng tseo ho nang le batho ba bangata ba buang puo e ’ngoe, ho ka etsahala hore ebe ha ho na phutheho e haufi e tšoarang liboka ka puo eo. Kahoo, u lokela ho mema batho ba thahasellang ba buang puo e ’ngoe hore ba tle libokeng tsa phutheho ea heno. Ha litho tsa phutheho li ba amohela ka mofuthu li bile li bontša hore lia ba thahasella, sena se ka ba susumelletsa hore ba be teng kamehla. Qalong, ho ka ’na ha e-ba le bothata ka lebaka la ho se tšoane ha puo le mekhoa eo re phelang ka eona; leha ho le joalo, lintho tsa mofuta oo li ke ke tsa sitisa lerato la ’nete la Bokreste le teng ka mokhatlong oa lefatše ka bophara oa Lipaki Tsa Jehova. (Sof. 3:9; Joh. 13:35) Na ho na le puo e ’ngoe eo u e buang phollatsi? Haeba e teng ’me u ikemiselitse ho thusa batho ba buang puo eo, ka kōpo tsebisa mongoli oa phutheho e le hore a ka bolella ofisi ea lekala. Sena se tla thusa ofisi ea lekala ha e batla mohoeletsi ea ka thusang motho ea thahasellang.

9. Ke maemong afe moo e ka bang ho loketseng hore ho thehoe sehlopha sa ho ithuta puo e ’ngoe, hona taba ee e sebetsoa joang?

9 Thupelo ea ho Ithuta Puo: Ha u thusa batho ba buang puo e ’ngoe, ho molemo hore u ba khothaletse ho ea libokeng tse tšoaroang ka puo ea habo bona haeba ho khoneha. Leha ho le joalo, ha ho sa khonehe hore ba ee libokeng tse tšoaroang ka puo ea habo bona, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea ho ithuta puo eo, e leng se tla ba nolofalletsa hore ba thuse batho bao ba thahasellang. Haeba ho se na phutheho e haufi ea puo eo, ofisi ea lekala e ka ’na ea bona ho loketse hore ho thehoe sehlopha se ithutang puo eo hobane ho e-na le batho ba bangatanyana ba tsoang ka ntle ho naha kapa baahi ba naha ba buang puo eo. Ha litaba li le tjena, ofisi ea lekala e ka ’na ea hlabela liphutheho tse haufi mokhosi oa hore ho thehoa sehlopha sa ho ithuta puo eo, ea ba ea lokisetsa hore ho etsoe tsebiso. Ba kōpang ho ithuta puo ena e lokela ho ba batho ba ikemiselitseng ho ea sehlopheng kapa phuthehong eo ho ea e thusa ho sebetsa tšimo ea eona.

10. Ke lintho life tse hlokahalang e le hore ho thehoe sehlopha sa puo e ’ngoe, hona qeto eo e etsoa joang?

10 Ho Theha Sehlopha: Ho na le lintho tse ’nè tse hlokahalang e le hore ho thehoe sehlopha sa puo e itseng. (1) Ho lokela ho be le batho ba thahasellang ba buang puo eo tšimong ea phutheho. (2) Ho lokela ho be le sehlopha sa bahoeletsi ba tsebang puo eo kapa ba ithutang eona. (3) Ho lokela ho be le moholo ea tšoanelehang kapa mohlanka ea sebeletsang ea ka se etellang pele le ho tšoara bonyane seboka se le seng ka puo eo beke e ’ngoe le e ’ngoe. (4) Sehlopha sa baholo se lokela ho ikemisetsa ho thusa sehlopha seo. Ha sehlopha sena se tšoaneleha, baholo ba tla ngolla ofisi ea lekala ’me ba kōpe hore e nke phutheho ea habo bona e le eona e se hlokomelang. (Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa, maq. 106-107.) Moholo ea etellang pele, ea ikarabellang ka sehlopha sena o tla bitsoa “molebeli oa sehlopha,” empa ha e le mohlanka ea sebeletsang, o tla bitsoa “mohlanka oa sehlopha.”

11. Ke hobane’ng ha ho pakela batho ba buang puo e ’ngoe ba tšimong ea rōna e le tlotla e kaale?

11 Ho pakela batho ba buang puo e ’ngoe ba lulang tšimong ea rōna ke karolo ea bohlokoa ea letšolo la ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara le thehiloeng ke Jesu Kreste ea re behetseng mohlala. E se eka re ka khatha tema ea rōna ka mafolofolo, re bone ha Jehova a tsoela pele ho sisinya lichaba ’me a tlisa ba lakatsehang ho eena. (Hag. 2:7) Ruri hoa thabisa ho sebelisana le eena ka ho feletseng mosebetsing ona! E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang re le ngatana-’ngoe ba ho pakela batho ba buang puo e ’ngoe ba tšimong ea rōna ha re ntse re lula re hopola hore le hoja puo e ka re sitisa, empa Molimo a ka hōlisa!—1 Bakor. 3:6-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela