E-ba Mohlala Mesebetsing e Metle
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko boitšoaro ba rōna ka ho khetheha kopanong?
1 Ha re bokana hammoho ka bongata likopanong tsa machaba kapa tsa setereke, tsela eo re etsang lintho ka eona le eo re tšoarang ba bang ka eona e bonahala ka ho khetheha ho ba shebeletseng. Ka lebaka leo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho lebisa tlhokomelo e khethehileng keletsong ena ea Bibele: ‘Le hlaphoheloe kelellong, le iponahatse le le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle.’ (Tite 2:6, 7) Ho ka ’na ha hlokahala boiteko bo eketsehileng hore re ‘se hlokomele lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ (Bafil. 2:4) A re ke re hlahlobeng maemo a mang ao ho ’ona re ka sebelisang khothatso ena Kopanong ea rōna e tlang ea “Tlotlisang Molimo.”
2. Re lokela ho hopola eng mabapi le litokisetso tsa marobalo?
2 Litokisetso Tsa Marobalo: Lefapha la Marobalo le qetile likhoeli tse ngata le lokisetsa marobalo a lekaneng. Re na le monyetla o motle oa ho bontša mesebetsi e metle ha re etsa litokisetso tsa marobalo. Ebang u tla robala hoteleng, ntlong ea baeti, sebakeng sa lik’haravene kapa lehaeng la motho, ka kōpo beheletsa marobalo ao u rerang ho a sebelisa feela. Haeba ho hlokahala, tiisa hore u lefa dipositi e hlokahalang esale pele. Nakong ea tšubuhlellano, ho ka ba hotle haholo haeba re bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo.—Bagal. 5:22, 23.
3. Re ka “sebetsa se molemo ho bohle” joang moo re robalang teng?
3 Re lokela ho bontša hore re thahasella ba bang ha re fuoa lijo tsa hoseng tse sa lefelloeng. Ha rea lokela ho nka lijo tse lokiselitsoeng baeti ’me re ee ka tsona kopanong. Basebetsi ba hotele ba ananela haholo ha re boloka melao le ho ba nahanela ka ho ba siela chelete ea teboho. Ka ho etsa joalo re tla be re “sebetsa se molemo ho bohle” le ho fana ka bopaki bo botle ho ba bang.—Bagal. 6:10.
4, 5. Bana ba ka rorisa Jehova joang, ’me batsoali ba na le boikarabelo bofe?
4 Batsoali le Bana: Lefatšeng lena leo bacha ba bangata ba se nang mekhoa e metle, bana ba rōna ba hlahella ba fapane, ’me sena se lebisa thoriso ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho ’nile ha hlaha mathata ha bana ba sa behoe leihlo ka ho loketseng. (Liprov. 29:15) Batsoali ha baa lokela ho siea bana ba le bang sebakeng seo ba robalang ho sona, ho akarelletsa le matamong a ho sesa, libakeng tsa boikhathollo kapa kopanong.
5 Pele ho kopano, batsoali ba bang ba bone ho le molemo hore ba buisane le bana ba bona ka hore na ho lebeletsoe hore ba itšoare joang. (Baef. 6:4) Ba thusa bana ba bona ho utloisisa hore lerato la sebele la Bokreste “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng” kapa “ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakor. 13:5) Kopano ke nako e beheletsoeng ka thōko bakeng sa ho rutoa ke Jehova, ’me bana le batsoali ba ka bontša tlhompho bakeng sa tokisetso ena ka boitšoaro ba bona ha ba le kopanong le libakeng tse ling.—Esa. 54:13.
6. Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka ba le phello efe ho ba bang?
6 Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka shanofatsa ba re buang hampe ’me ba hulela batho borapeling ba ’nete. (Mat. 5:16; 1 Pet. 2:12) E se eka bohle bao re kopanang le bona kopanong ba ka fumana bopaki bo botle ka lebaka la tsela eo re etsang lintho ka eona le eo re ba tšoarang ka eona. Ka tsela ena re tla be re ‘iponahatsa re le mohlala mesebetsing e metle’ ’me re tlotlise Jehova.—Tite 2:7.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Nahanela ba Bang
▪ Beheletsa marobalo ao u rerang ho a sebelisa feela
▪ U se fele pelo nakong ea tšubuhlellano
▪ U se ke ua sebelisa tokisetso ea lijo tsa hoseng hampe
▪ Beha bana ba hao leihlo ka ho loketseng
▪ Siea chelete ea teboho