Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/02 leq. 4
  • ‘Phehella se Molemo Kamehla’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Phehella se Molemo Kamehla’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba Mohlala Mesebetsing e Metle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “Litaba Tsohle Tsa Lōna a li Etsahale ka Lerato”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • “Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 10/02 leq. 4

‘Phehella se Molemo Kamehla’

1 Bophelo ba Bokreste bo akarelletsa ‘ho phehella se molemo ho bohle kamehla.’ (1 Bathes. 5:15) Ha re le likopanong tsa setereke, re na le menyetla e mengata ea ho etsetsa ba bang lintho tse molemo. Liketsahalong tsena, re bonoa ke batho bohle, le bao re kopanang le bona ba ba le maikutlo a itseng ka rōna ba itšetlehile ka tsela eo re ba tšoarang ka eona. E le hore re iketsetse botumo bo botle re le Lipaki Tsa Jehova, ho hlokahala hore re bontše ka liketso hore re ‘hlompha batho ba mefuta eohle.’ (1 Pet. 2:17) Sena se akarelletsa ho ‘se hlokomele lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape ho hlokomela lithahasello tsa ba bang.’ (Bafil. 2:4) Ak’u nahane kamoo sena se sebetsang kateng tokisetsong ea kopano ea marobalo.

2 Na u se u entse litokisetso tsa marobalo? Haeba u e-s’o li etse, kōpa foromo ea Kōpo ea Kamore ho mongoli oa phutheho ea heno ’me u e khutlisetse ho eena. Ho sa tsotellehe hore u batla marobalo a mofuta ofe, moo ho loketseng, hopola se latelang: (1) Bontša mamello le tlhompho ho basebetsi kapa mohloekisi. (2) Boloka melao e mabapi le tšebeliso ea sebaka seo. (3) Siela bahloekisi monehelo oa teboho.

3 Ho Ruta Bana ho Etsa se Molemo: Ka linako tse ling, bana ba siiloeng ba le bang moo ba robalang teng ba ile ba baka mathata. (Liprov. 29:15) Ka linako tse ling, batsoali ba ne ba etsa mesebetsi e meng eaba ba siea bana ba le bang ka kamoreng, letamong kapa libakeng tse ling. Bana ba bang ba ile ba tsoa taolong ’me ba sitisa baeti ba bang ba Lipaki le bao e seng Lipaki.

4 Batsoali, pele ho kopano, ho ka ba molemo hore le iphe nako ea ho buisana le bana ba lōna ka hore na ho lebeletsoe boitšoaro bofe ba Bokreste ho bona ka linako tsohle le libakeng tsohle. (Baef. 6:4) Ka mohlala, ba bontšeng hore lerato la sebele la Bokreste “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe.” (1 Bakor. 13:5) Batho ba baholo ba ka etsa hore mantsoe ana a be matla ka ho behela bohle mohlala o motle. Bana, le ka phehella se molemo ka ho mamela batsoali ba lōna, ka ho hlompha thepa ea hotele le ho nahanela bao le nang le bona. (Bakol. 3:20) Ha re ntse re loanela ho etsa se molemo ho bohle, re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.

5 Boitšoaro ba rōna bo botle ha bo be le phello e molemo ho ba re shebileng feela empa bo boetse bo ba le phello e molemo ho ba ’nileng ba re bua hampe ka mabaka a fapaneng. Sohle seo re se etsang kopanong le motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona—ebang re tsamaea seterateng, rea ja reschorenteng, rea ikhatholla moo re fihletseng teng, kapa re sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang—lipuo le liketso tsa rōna tsa Bokreste li lokela ho bontša hore re phehella se molemo.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Ka Kōpo Hopola:

■ Bontša mamello le tlhompho ho basebetsi.

■ Boloka melao e mabapi le tšebeliso ea sebaka, molemong oa baeti bohle.

■ U se ke ua sebelisa hampe tokisetso ea lijo tsa hoseng tsa mahala.

■ Beha bana ba hao leihlo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela