“Litaba Tsohle Tsa Lōna a li Etsahale ka Lerato”
1 “Litho tsa lōna li thabisa e le kannete; li itšoara ka bokhabane bo hlollang le tlhompho.” Polelo eo e tsoa kopanong e ’ngoe le lefapheng la baeti motseng o mong United States oo ho neng ho tšoaretsoe kopano ea rōna ea setereke ho oona. Hoa re khothatsa ho amohela pabatso e joalo ka lebaka la mokhoa oo re itšoarang ka oona phatlalatsa. Hona ho bontša hore ka kakaretso re ‘etsa hore litaba tsohle tsa rōna li etsahale ka lerato.’ (1 Bakor. 16:14) Ka nako e tšoanang, ho na le litaba tseo re amehileng ka tsona e leng hore ha li sa sebetsoe li tla tlosa botumo bo botle ba batho ba Molimo.
2 Ho Lebeletsa Likamore: Motseng o mong le o mong oa kopano, ho thehoa Lefapha la Marobalo hore le buisane le lihotele, lihostele le beng ba matlo ka bomong ka litefiso tse tlaase e le hore e mong le e mong a ka khona ho ba teng kopanong. Ba bang ba bile ba amohelloa Liholong tsa ’Muso. Barab’abo rōna ba qeta nako e ngata haholo le boiteko molemong oa rōna. Kahoo ho hlokahala hore re ananele marobalo ao re a lokiselitsoeng.
3 Ka kōpo hopolang hore ha hotele e fana ka lijo hoseng bakeng sa baeti ba eona, li lokela ho nkoa ka eona tsela eo—lijo tsa hoseng tsa mahala tse feptjoang ba lulang moo. Lijo tsena ha lia rereloa hore re li nke re tle re li je hamorao kapa re li je le metsoalle kopanong.
4 Ho Sebetsa se Molemo ho Bohle: Mekhoa e metle le boitšoaro bo behang mohlala li susumetsoa ke ho rata Jehova le baahelani ba rōna. (Mat. 22:37-39; Jak. 3:13) Bibele e re khothalletsa ho ba le lerato le ho nahanela batho bohle. (Bagal. 6:10) Ka sebele molao-motheo oo oa sebetsa ha re lula lihoteleng. Ho se batle ho sebelisana le tsona ho senya botumo ba rōna, ho beha tokisetso ea rōna ea ho fumana litheko tse theotsoeng kotsing, ’me ho baka lehloeo har’a barab’abo rōna.
5 Lipaki li tsebahala ka tekanyetso ea tsona e ikhethang ea bohloeki. Komiti ea Kopano e ile ea tlaleha, “Hosteleng e ’ngoe monna ea ikarabellang o ne a se na tšebelisano e ntle qalong. Ha a bona boitšoaro ba bara le barali babo rōna, boikutlo ba hae bo ile ba fetoha butle-butle. Hoseng o ile a tla le sehlopha ho tla hloekisa hostele, a lebeletse hore o tla fumana e siiloe e le litšila ’me ho tletse bohlasoa, joalokaha lihlopha tse ling li ’nile tsa etsa. O ile a makala hakaakang ha a fumana hore barab’abo rōna ba ne ba siile mehaho eo e hloekile, e le metle ebile e le makhethe! O ile a re, ‘Ha ke e-s’o bone batho ba tjena. Ka kōpo, ke batla hore le etse tsebiso kopanong ea lōna ho ba leboha ka ho ba batho ba babatsehang tjena.’” E se eka kaofela ha rōna re ka etsa bonnete ba hore re boloka tekanyetso ena e phahameng ea bohloeki ha re le mehahong ea kopano leha re le libakeng tsa rōna tsa marobalo.
6 Mongoli phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe o lokela ho odara liforomo tsa ho kōpa kamore ho Mokhatlo, haeba a e-s’o etse joalo. Liforomo tsena li lokela ho tlatsoa ke mohoeletsi ’me li khutlisetsoe ho mongoli, ea tlang ho li fetisetsa kopanong e loketseng. Lengolo le eang Ho Liphutheho Tsohle la la 31 July, 2000, le na le makolopetso a amehang.
7 Re lebeletse ka cheseho ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Na u se u entse litokisetso tsohle, ho akarelletsa le marobalo le litokisetso tsa ho tsamaea? E se eka boitšoaro ba rōna moo re robalang teng le motseng oa kopano kamehla bo ka bonahatsa ’nete e ka lipelong tsa rōna le lerato la rōna ho ’Mōpi oa rōna.