Bolokang Boitšoaro bo Botle bo Tlotlisang Molimo
1 Kae kapa kae moo re leng teng, boitšoaro ba rōna, moaparo le boitlhopho ba rōna bo fana ka bopaki ka rōna le Molimo eo re mo rapelang. Sena se bonahala haholo-holo libokeng tse khōlō tsa batho ba Molimo, moo batho ba bangata ba re hlokomelang. Ha re le mehlala, lebitso la Jehova le tla tlotlisoa. (1 Pet. 2:12) Leha ho le joalo, boitšoaro bo fosahetseng le liketso tse bontšang ho se nahane ha ba seng bakae li ka tlisa thohako lebitsong la Molimo le ho batho ba hae. (Moek. 9:18b) Ho hopola hore ba ka ntle ba ahlola mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng le Molimo eo re mo rapelang ka boitšoaro ba rōna, ho lokela ho re etsa hore re be hlokolosi ka ‘ho etsa lintho tsohle bakeng sa khanya ea Molimo.’—1 Bakor. 10:31.
2 Boitšoaro bo Behang Mohlala Lihoteleng le Lihosteleng: Mabakeng a mangata, basebetsi ba khahloa haholo ke ho laoleha, mekhoa e metle le bohloeki ba Lipaki tsa Jehova. Mookameli e mong, ha a bua ka malapa a Lipaki a ileng a lula hoteleng ea hae, o itse: “Bana ba Lipaki tsa Jehova ke bana ba molemo ka ho fetisisa bao nkileng ka ba bona! Ba tenne joaloka mafumahali le bahlomphehi; ba ipotlile, ba mekhoa e metle hape ba itšoere hantle; ’me ha ba e-s’o bake bothata leha e le bofe. Ka sebele le lokela ho babatsoa ka bacha ba lōna. Re thabetse ho ba le bana ba lōna mona.” Litlhaloso tse kang tsena li itlela habonolo feela hobane ba sebelisanang le rōna ba ka bona lerato le tlhompho tse teng har’a batho ba Jehova.
3 Ka lehlakoreng le leng, litlhaloso tse etsoang ke basebetsi ba bang li bontša hore ho sa ntse ho e-na le bothata ka ba bang ba sa itšoareng hantle kapa ba sebelisang mehaho hampe. Sena se baka mathata le ho nyatsuoa ho sa lokelang ho ba teng. Baokameli ba bang ba belaela ka hore bana le bacha ba lerata ’me ha ba laolehe, ha ba hlokomeloe ke batsoali ba bona ha ba sebelisa letamo la ho sesa kapa libaka tse ling tsa boikhathollo.
4 Boholo ba lihotele le lihostele bo na le melao eo li lebeletseng hore baeti ba e latele. Barab’abo rōna ba bang ba tlōtse melao ena ka ho etsa lerata kapa ho phehela likamoreng tsa bona. Baokameli ba lihotele le lihostele ba re bolella hore ho phehela moo ho sa lumelloang, ke ntho e tloaelehileng ea ho sebelisoa ha thepa ea bona hampe. Hase feela hore likamore li sentsoe empa le monko o saletseng o entse hore ho se ke ha e-ba bonolo ho hirisa likamore tseo matsatsi kapa libeke ka mor’a moo. Ntle leha ho phehoa ha lijo ho lumeletsoe ka ho khetheha, ha hoa lokela ho etsoa.
5 Ho lokela hore ho etsoe boiteko ba sebele ba hore ho sebelisanoe le baokameli ka botlalo. Ka sebele, ha re batle ho siea lebitso le lebe ka batho ba Jehova. Joaloka Bakreste re tlameha ho tšepahala ka linako tsohle. Ha rea lokela ho nka lishiti kapa lintho tsa “likhopotso” lihoteleng, kaha hoo ke ho utsoa; leha e le hore ebe ha re bue ’nete ka ho bolela hore na re tla ba le batho ba bangata hakae ka kamoreng ha re lebeletsa kamore kapa ha re fihla.
6 Mokhabo o Nepahetseng Kopanong: Ho sa tsotellehe mofuta oa mohaho o sebelisoang, o lokela ho talingoa e le Holo ea ’Muso e khōlō nakong ea kopano. Moaparo o loketseng le boitlhopho li lokela ho totobala feela joalokaha re e-ea libokeng phuthehong ea habo rōna. Nakong ea mananeo a kopano le ka mor’a ’ona, bara le barali babo rōna ba lokela ho qoba ho apara liaparo tse sa lokelang kapa tsa feshene, tse bonahatsang moea oa lefatše ’me li etsa hore ho be thata ho hlokomeleha re le ba fapaneng. Baralib’abo rōna ba lokela ho hlokomela hore setaele le bolelele ba mese ea bona ea letheka le ea sefuba ke tse itekanetseng hantle. (1 Tim. 2:9, 10) Komiti e ’ngoe ea Kopano e ile ea tlaleha sena se boletsoeng ke motho e mong ea thahasellang: “Batho ba Jehova ke batho ba molemo. Thuto ea bona ke ’nete empa mese ea baralib’abo bona ha ea itekanela joaloka ea Bapostola.” Komiti e ile ea hlokomela hore “bothata bo ka sehloohong ke hore malapa a mang a baholo a beha mohlala o mobe.” Komiti e ’ngoe ea Kopano e ile ea tlaleha: “Ka thabo re ile ra hlokomela hore baralib’abo rōna ba bangata ba ne ba tenne ka tsela ea Bokreste. Leha ho le joalo, e bile ho tšosang hore ebe ho ne ho ntse ho e-na le baralib’abo rōna ba tenneng mese e mekhutšoanyane haholo ea letheka kapa mese e nang le tlhabela e nyolohelang liqholong.” E le ho qoba tloaelo ena ho ka ba hotle hore malapa a nahanele taba ea moaparo o nepahetseng thutong ea lelapa. Hore na re tlile kopanong, re lula hoteleng kapa hostele, ebang re jella sebakeng sa ho jela, kapa re reka lebenkeleng, ka linako tsohle re lokela ho bonahala re le basebeletsi ba Molimo, re sa fane ka sesosa sa khopiso.—2 Bakor. 6:3.
7 Ho tla ba le kolobetso kopanong ka Moqebelo hoseng. Molula-Qhooa oa April 1, 1995, leqepheng la 30, o hlalosa boikutlo boo re lokelang ho bo bonahatsa ketsahalong eo. O bolela hore “re lokela ho tšoara kolobetso ka botebo bo loketseng. Hase nako ea ho phasoloha ka lipolelo tsa kameho ea maikutlo, ho etsa meketjana, kapa marata a ho bontša ho thaba haholo. Leha e le hore ke nako ea ho hlonama kapa ho hloka thabo.” E tla ba ho sa lokelang ka ho feletseng ho ba eang kolobetsong hore ba tene liaparo tsa ho sesa tse penyang kapa tse bonaletsang, ebang ke banna kapa basali. Kahoo, bohle ba lokela ho bonahatsa botebo le thabo ea kolobetso ea Bokreste.
8 Petrose o re hopotsa hore na “re tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (2 Pet. 3:11) E se eka mantsoe a rōna le liketso tsa rōna Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” a ka thusa bashebelli ba lipelo li tšepahalang ho tseba le ho rapela Molimo oa rōna e moholo, ea lokeloang ke tlhompho eohle le khanya eohle.—1 Bakor. 14:24, 25.