Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006 ea “Topollo e Atametse!”
1. Mehleng ea boholo-holo, batho ba Molimo ba ile ba bontša joang hore ba ananela borapeli ba ’nete, hona re na le monyetla ofe o tšoanang le oo kajeno?
1 Morena Ezekiase ea neng a busa Juda mehleng ea boholo-holo o ile a sebelisa limathi hore li tsamaise mangolo a ho bokella batho Jerusalema. (2 Likron. 30:6, 13) Tsela eo batho ba ileng ba arabela ka eona e ile ea bontša hore na ba ikutloa joang ka borapeli ba ’nete. (2 Likron. 30:10-12) Likhoeling tse tlang, bahlanka ba Jehova ba kajeno ba tla ba le monyetla o tšoanang le oo oa ho bontša hore ka lipelo tsohle tsa bona ba ananela tokelo ea ho bokana bakeng sa ho rapela Jehova. Phutheho ea habo lōna e se e rometsoe lengolo le e memelang ho ea Kopanong ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” U tla arabela joang memong eo?
2. Hona joale re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ka botlalo kopanong?
2 Etsa Litlhophiso Hona Joale: Re lokela ho ba teng lenaneong lohle e le hore re rue molemo ka botlalo lenaneong leo la moea le lokiselitsoeng ka lerato. Selemong se fetileng ho ne ho e-na le batho ba 101 317 lenaneong la Labohlano. Ka Sontaha ho ne ho e-na le batho ba 143 687. Sena se bolela hore batho ba 42 370 ha baa ka ba ja lijo tsa moea tsa Labohlano. Re ka lokisa mokhoa oo joang? Ka bohlale, qalella hona joale ho etsa litlhophiso leha e le life tse hlokahalang e le hore uena le ba lelapa la hao le be teng ka matsatsi ao ’ohle a mararo. (Liprov. 21:5) Litlhophiso tse joalo li ka ’na tsa akarelletsa ho ikōpa mosebetsing, ho buisana le molekane oa hao eo e seng Paki ka litokisetso tsa hao, ho lokisetsa marobalo le ho thusa liithuti tsa Bibele ho ba teng letsatsi ka leng. Haeba likolo li e-s’o koaloe, re kōpa u tsebise mosuoe-hlooho ka kopano ena le hore ngoana oa hao a ke ke a ba teng sekolong ka Labohlano. U se ke ua lieha ho etsa lintho tsena tsa bohlokoa. Ho e-na le hoo, rapela Jehova ka taba ena, u tšepile hore “o tla nka bohato.”—Pes. 37:5.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho latela litokisetso tseo re li etselitsoeng bakeng sa marobalo?
3 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o sebelitse ka thata ho tiisa hore ho ba le marobalo a lekaneng motseng ka mong oa kopano. Haeba re ananela boitelo ba barab’abo rōna ba thusitseng ka ho etsa litokisetso tsena, ’me re nahanela batho ba bang ba tlileng kopanong joaloka rōna re bile re hlompha tsamaiso ea puso ea Molimo, re tla susumelletseha ho latela lintlha tsohle tse re tataisang tse sehloohong sena.—1 Bakor. 13:5; 1 Bathes. 5:12, 13; Baheb. 13:17.
4. Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li hopola ha re beheletsa marobalo, hona hobane’ng?
4 Ho Beheletsa Hotele/Ntlo ea Baeti/Sebaka sa ho Paka K’haravene: Ke habohlokoa ho beheletsa marobalo ao u tla fela u a sebelise nakong ea kopano. Ho tiisa hore u fumana sebaka seo u se behelelitseng, u lokela ho etsa dipositi ea chelete e itseng pele. Lefapha la Marobalo la kopano le ka u thusa ho beheletsa sebaka seo.
5, 6. Batho ba nang le litlhoko tse khethehileng ba ka hlokomeloa joang?
5 Litlhoko Tse Khethehileng: Liproverbia 3:27 e re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” U ka etsetsa ba bang se molemo joang mabapi le kopano? Bahoeletsi ba hōlileng, ba kulang, batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng le ba bang ba ka ’na ba hloka ho thusoa ka tsela e tobileng ka lipalangoang kapa marobalo. Ho hlokomela litlhoko tsa batho bao ke boikarabelo bo ka sehloohong ba beng ka bona. (1 Tim. 5:4) Haeba beng ka bona ba sa khone, balumeli-’moho le bona ba ka ’na ba khona ho thusa. (Bagal. 6:10) Nako e telele pele ho kopano, balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho bua le batho ba nang le litlhoko tse khethehileng lihlopheng tsa bona ho tiisa hore litlhophiso tsa bona li tsamaea hantle.
6 Bahoeletsi ba hlokang ho beheletsa marobalo ba ka fumana liforomo tsa Marobalo. Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho sheba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ’me e sebelise lintlha tse tataisang tse foromong eo hammoho le tse lengolong la la 15 July, 2006, le eang ho lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena ke ea bahoeletsi ba nang le kamano e ntle le phutheho feela, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.
7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ea kopanong eo re abetsoeng ho eona? (b) U lokela ho latela mehato efe haeba maemo a u qobella ho ea kopanong eo u sa abeloang ho eona?
7 Ho ea Kopanong e ’Ngoe: Ho tiisa hore ho tla ba le litulo, lingoliloeng, marobalo a lekaneng le tse ling, u khothalletsoa ho ea kopanong eo phutheho ea heno e abetsoeng ho eona. Haeba maemo a u qobella ho ea kopanong e ’ngoe ka har’a naha ea heno, re kōpa u bue le mongoli oa phutheho ea heno e le hore a u fe aterese ea kopano eo u tlang ho ea ho eona. Etsa bonnete ba hore u kenyelletsa enfelopo e seng e ntse e na le aterese ea hao le setempe ha u kōpa marobalo kapa boitsebiso leha e le bofe bo hlokahalang. Haeba ho e-na le likopano tse ’maloa tse tla tšoareloa motseng oo, bontša hore na u tla ea kopanong ka matsatsi afe.
8. Ke ka tsela efe hape re ka eketsang thabo ea rōna likopanong tse tlang?
8 Baithaopi ba Sebetsang ka Boithatelo: Ha ho potang hore batho bohle ba tla ea kopanong ba tla thaba haholo ebile ba tla rua molemo lijong tsa moea le menyetleng ea ho thabela botsoalle bo hahang. Thabo ea rōna e tla khaphatseha le ho feta ha re ithaopela ho thusa mosebetsing o lokelang ho etsoa e le hore lintho li tsamaee hantle kopanong. (Lik. 20:35) Haufinyane Likomiti Tsa Likopano tsa habo lōna li tla mema ba bang hore ba thuse mosebetsing ona. Na u ka ithaopa?—Pes. 110:3.
9. Ke eng eo u e ananelang ka kopano ea setereke ea selemo le selemo, hona u lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
9 Ha moshanyana e mong ea lilemo li hlano a ne a ile kopanong ea setereke, o ile a re: “Kopano ea setereke ke karolo eo ke e ratang ka ho fetisisa ea ho rapela Jehova.” Polelo eo e tsoang botebong ba pelo e re thusa kaofela ho elelloa hore na ho ba teng kopanong ea rōna ea setereke ea selemo le selemo ho re thabisa hakae. Ruri ho joalokaha mopesaleme a ile a bina tjena: “Letsatsi mabaleng a hao le molemo ho feta a sekete sebakeng se seng.” (Pes. 84:10) Ha Davida a ne a bina o ile a bolela hore o lakatsa ho ‘lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, e le hore a talime tempele ea Jehova ka kananelo.’ (Pes. 27:4) Ho ba le barapeli ba Jehova ho ne ho thabisa Davida haholo. E se eka re ka etsisa kananelo ea hae bakeng sa borapeli ba ’nete ka ho ba teng ka matsatsi ao ’ohle a mararo Kopanong ea Setereke ea “Topollo e Atametse!”
[Lebokose le leqepheng la 3]
Linako Tsa Lenaneo
Labohlano
9:00 hoseng- 4:25 thapama
Moqebelo
9:00 hoseng–4:15 thapama
Sontaha
9:00 hoseng–3:20 thapama