Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/06 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Rutoa ke Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 9/06 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Na ho loketse hore motho a bokelle boitsebiso bo tla hlaha Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ebe o bo romela ho batho ba bang?

Ho nepahetse hore litho tsa lelapa li iketsetse bona le hore motho a bo etsetse metsoalle ea hae e seng mekae e haufi-ufi. Leha ho le joalo, boitsebiso boo ha boa lokela ho romeloa batho bohle kapa ba rekisoa, kaha sena e tla be e le ho tlōla molao oa bongoli.—Bar. 13:1.

Lipuo tse ling tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li bontša sehlooho feela; ha li na mohloli oa boitsebiso. Na ho ne ho tla ba molemo haeba motho e mong a ka hlophisa letoto la moo boitsebiso boo bo hlahang teng kapa a bokella mohloli oa boitsebiso oo batho ba nang le lipuo tseo ba ka o sebelisang? Che. Ebile e ne e ke ke ea e-ba ho nepahetseng ho bokellela batho ba bang likarabo tsa lipotso tsa Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, hobane sena se ke ke sa ba thusa ho hopola lintlha tsa bohlokoa. Liithuti li lokela ho iketsetsa lipatlisiso. Ena ke karolo ea bohlokoa ea tsela eo Jehova a re koetlisang ka eona ka sekolo sena e le ho re thusa ho bua ka “leleme la ba rutiloeng.”—Esa. 50:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela