Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
1 Ha Baiseraele ba ne ba le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a ba kōpa hore ba ananele taeo ea Molimo. O ile a ba bolella: “Hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.” (Deut. 32:45-47) Na ha re lebohe Jehova hore ebe bophelo ba rōna ke ba bohlokoa hakaale ho eena hoo a tsoelang pele ho re tataisa ka Lentsoe la hae la bohlokoahali? Kahoo re lebeletse ka cheseho Kopano ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” ea matsatsi a mararo le seo Jehova a re boloketseng sona.
2 Selemong sena, ho reriloe hore ho tšoaroe likopano tsa setereke libakeng tse haufi metseng eohle e Afrika Boroa le linaheng tse tlas’a lekala la Afrika Boroa. Ka ntle ho Senyesemane, lenaneo la kopano le tla tšoaroa ka Seafrikanse, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu le Puo ea Matsoho libakeng tse tharo.
3 Ha ho pelaelo hore u se u ntse u entse litokisetso tsa ho ba teng letsatsi le leng le le leng la kopano hobane u lumela hore Jehova o lebeletse hore u be teng. Kholiseha hore o bona boiteko le boitelo ba motho ka mong boo bahlanka ba hae ba bo etsang hore ba be teng, ’me o hopola seo ka kananelo. (Baheb. 6:10) Ka ho ba teng letsatsi le leng le le leng la kopano ho tloha ka pina e qalang ho ea thapelong e koalang, re bontša Jehova hore re nka mantsoe a hae e le a bohlokoa ho rōna. (Deut. 4:10) Re boetse re bontša kananelo bakeng sa mosebetsi o boima oa barab’abo rōna ba bangata ba amehang ho lokisetseng kopano ena.
4 Ho lokisetsa hore batho ba Molimo ba likete ba bokane sebakeng se seng le se seng sa kopano ho hloka ho lokisetsa esale pele le tlhophiso e ntle. Ka ho tseba hore litokisetso tsa kopano li ’nile tsa etsoa ka lerato ho lokela ho re susumelletsa ho sebelisana, e le hore “lintho tsohle . . . li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Ho fanoa ka boitsebiso bo latelang le likhopotso e le hore u ka fihla kopanong eo u abetsoeng ho eona u itokiselitse hantle ho thabela lijo tsa moea le botsoalle ba Bokreste.
Pele ho Kopano
5 Na bao u ba khannelang lithuto tsa Bibele le ba bang ba thahasellang ba hloka thuso ea ho etsa litokisetso tsa ho ba teng kopanong eo? Seo ba se bonang le ho se utloa ha ba le moo se ka ’na sa ba susumelletsa ho ba barapeli ba Jehova. (1 Bakor. 14:25) Baholo ba lokela ho ela hloko mang kapa mang ea hlokang thuso ea marobalo kapa lipalangoang, haholo-holo litho tse hōlileng tsa phutheho, le hore ka lerato ba bone hore litlhoko tsa bona lia khahlametsoa.—Bagal. 6:10.
6 Na litokisetso tsa lōna tsa marobalo li se li entsoe? Haeba le lula hoteleng, na ho tiisitsoe hore le fumane kamore? Ho tla fihlela joale, liforomo leha e le life tsa Kōpo ea Kamore tse saennoeng ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho li lokela li be li se li rometsoe atereseng e loketseng ea kopano ke mongoli oa phutheho. Haeba u se u fumane marobalo, ebang ke hoteleng kapa lelapeng la motho, ’me u tlameha ho a tlohela, ka kōpo tsebisa Lefapha la Marobalo la sebaka seo kapele-pele e le hore kamore eo e ka fuoa motho e mong. Aterese le nomoro ea thelefono li ka fumanoa ho mongoli oa phutheho.
7 Haeba u hloka boitsebiso ka kopano e itseng, mongoli oa phutheho a ka u fa aterese ea sebaka seo ka ho toba. Ka kōpo le se ke la founela kapa la ngolla batsamaisi ba libaka tseo kopano e tlang ho tšoareloa ho tsona.
8 Kaha Lefapha la First Aid kopanong ke la maemo a tšohanyetso feela, re khothalletsa hore le itlele le aspirin, masela a tlamisang, lipeipi tsa asma, meriana ea bothata ba mala, le lintho tse ling tse joalo kopanong haeba le lumela hore lintho tse joalo li ka ’na tsa hlokahala. Haeba uena kapa moratuoa oa hao le e-na le boemo bo tebileng, bo kang bothata ba pelo, tsoekere kapa lefu la ho oa, ka kōpo tlong le meriana e hlokahalang kopanong hore le tle le hlokomele litlhoko tsena joalokaha eka le ne le le hae kapa phomolong. E tla ba bohlale hore setho sa lelapa kapa motsoalle ea haufi-ufi ea utloisisang boemo a lule le motho eo, kaha o tla ba boemong bo molemohali ba ho thusa ha ho hlokahala.
9 Ho ka ’na ha hlaha menyetla ea ho paka ka tsela e sa reroang ha le tsamaea le e-ea kopanong kapa le tsoa teng. Na le tla be le itokiselitse ho arolela ba bang ’nete? Kaofela ha rōna, ho akarelletsa le bana, re ka kopanela ho faneng ka lipampitšana bathong ba sebetsang likarajeng, bathong ba bokellang lekhetho la tsela le ba bang bao re kopanang le bona ha re tsamaea. Menyetla ea ho tsamaisa limakasine, libukana kapa lingoliloeng tse ling ho batho ba thahasellang e tla itlhahisa. Itokisetseng ho paka ka tsela e sa reroang le pakela batho bao mohlomong le ke keng la kopana le bona ka mekhoa e tloaelehileng ea ho bolela.
Nakong ea Kopano
10 Menyako e tla buloa ka 7:30 hoseng letsatsi le leng le le leng sebakeng sa kopano. Litulo u ka ’na ua li bolokela feela ba lelapa la hao ba haufi-ufi kapa ba tsamaeang le uena ka koloi. Bara le barali babo rōna ba hōlileng ba tla bolokeloa litulo, ’me ho tla behelloa ka thōko libaka tseo ba holofetseng le ba tsamaeang ka litulo tsa likooa ba tla ba ho tsona. Ha ho khonehe hore ho be le likamore tse khethehileng sebakeng sa kopano bakeng sa ba kulisoang ke maemo a tikoloho kapa ba hlōloang ke monko oa lintho tse itseng. Letsatsi le leng le le leng ha u tloha setulong sa hao, ka kōpo etsa bonnete ba hore u nkile lintho tsohle tsa hao.
11 E le hore re ka bokana ka bongata likopanong tsa rōna tsa setereke, ho hlokahala hore re ikamahanye le melao ea moo, litaelo tsa mollo le melao e meng ea tšireletseho. Ka hona, likoloeana tsa bana le litulo tsa ka ntle tse kang bethe ha lia lokela ho kenngoa ka mohahong moo re bokanang teng. Tsena li ka ’na tsa khopa batho libakeng tseo ho tsamauoang ho tsona kapa pakeng tsa litulo. Moo ho khonehang, Komiti ea Kopano e tla khetha sebaka seo ho tlang ho behoa likoloeana tsa bana ho sona. Leha ho le joalo, litulo tsa bana tsa ka koloing tse ka behoang litulong tse pel’a batsoali ’me tsa faselletsoa moo lia amoheleha. Ka kōpo khomarelang litaelong tsa bahlokomeli ka ho boloka liphaseje li se na letho.
12 Na u ea kolobetsong kopanong ee ea setereke? Bakeng sa lenaneo la hoseng ka Moqebelo, karolo e itseng ea litulo e tla lokisetsoa ba eang kolobetsong, ’me bahlokomeli ba tla le isa sebakeng sena. Haeba ho khoneha, le kōptjoa hore le be le lutse moo pele lenaneo le qala. Tloo le Bibele ea hao, buka ea lipina, thaole le liaparo tse hlomphehang tsa ho kena metsing. Libokate tse kheketliloeng, likipa tse nang le mapetjo le liaparo tse joalo ha li tšoanele ketsahalo e joalo e hlomphehang. Baholo ba hlahlobang lipotso tse bukeng ea Tšebeletso ea Rōna le ba eang kolobetsong ba lokela ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o utloisisa lintlha tsena. Kaha kolobetso ke pontšo ea boinehelo ba botho ho Jehova Molimo, e tla ba ho sa lokelang hore ba eang kolobetsong ba tšoarane ka matsoho ha ba kolobetsoa.
13 U ka ’na ua sebelisa lik’hamera, lik’hamera tsa video le mechine e rekotang ka lik’hasete kopanong. Leha ho le joalo, moo li behoang teng kapa moo li sebelisetsoang teng ha lia lokela ho koala liphaseje, kapa ho sira ba bang kapa ho tlosa tlhokomelo lenaneong. E tlameha ho ba tse itšebetsang—ke hore ha lia lokela ho hokelloa tsamaisong ea motlakase kapa ea molumo. Lipaki tse seng kae li ’nile tsa tla kopanong ka lik’hamera le lifilime ho tla etsa khoebo ka ho nka lifoto. Ho thata ho tseba hore na ke mang ea sebelisang k’hamera ea hae bakeng sa phaello le ea sa etseng joalo. Kahoo, Mokhatlo o ipiletsa ho ba ’nileng ba etsa joalo nakong e fetileng hore ba khaotse ho etsa joalo. Hopolang, sebaka sa kopano ke sebaka sa borapeli nakong eo ea kopano ’me litšebelisano tsa khoebo ha lia lokela ho bueloa moo. E le ho thusa ho thibela tloaelo ena, bahlokomeli ba laetsoe ho seha moeli ho potoloha sethala.
14 Ha ho sebelisoa ha lithelefono tsa cellular le li-pager ho ntse ho eketseha, ka kōpo hlokomelang hore lisebelisoa tsena ha li le sitise ho mamela lenaneo kapa ho sitisa ba lutseng pel’a lōna ho tsepamisa maikutlo tabeng. Lisebelisoa tsena ha lia lokela ho tlohelloa hore li lle kapa li etse lerata le utloahalang ha u lutse har’a bamameli. Haeba ho hlaha maemo a tšohanyetso, tsebisa mohlokomeli ea haufi-ufi kapele-pele. Ba laetsoe hore na ba sebetsane le maemo a tšohanyetso joang. Ho founa leha e le hofe ho etsoang ka tšohanyetso ho lokela ho etsoa ke ba lumeletsoeng ke ba lefapha la tsamaiso ea kopano, eseng batho ka bomong ba sebelisang lithelefono tsa bona tsa cellular.
15 Molemong oa nako le ho nolofatsa lintho, Mokhatlo o ile oa kōpa hore re itlele le lijo tsa motšehare kopanong letsatsi le leng le le leng. Barab’abo rōna ba bangata ba latetse tataiso ena ’me ba fumane hore ka mor’a hore ho qhalanoe bakeng sa khefu ea motšehare, ba ka lula le malapa a bona le ho ja seo ba tlileng le sona letsatsing leo. Ba bangata ba boletse hore monyetla oa ho khatholoha nakong ea khefu le ho qeta nako e eketsehileng le bara le barali babo bona e ’nile ea e-ba ho thabisang. Hona ho hloka hore ho rekoe lijo le lino pele ho nako ’me li tšeloe ka mekotleng kapa ka har’a li-cooler tse ka kenang tlas’a litulo. Re kōpa hore bohle ba teng ba latele taelo ena. Barab’abo rōna ba ’nile ba bonoa ba e-tsoa ka holong ho ea reka lino le ice cream ho barekisi ba seterateng nakong ea mananeo. Ho e-na le ho etsa joalo, ho lokela ho lebisoe tlhokomelo taeong ea moea. Hape, ka mor’a mananeo, mela e melelele ho pota-pota barekisi bana ba seterateng likeiting ho baka tšubuhlellano. Kahoo, re kōpa hore e mong le e mong a ikemisetse ho itlela le lijo le lino kopanong letsatsi le letsatsi ho e-na le ho ea tšehetsa barekisi ba seterateng. Batho ba thahasellang ba tsamaeang le uena ho ea kopanong le bona ba lokela ho itlela le lijo tsa bona. Lintho tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa libakeng tsa kopano.
16 Na u ka ithaopela ho thusa ho hloekisa sebaka sa kopano ka mor’a mananeo letsatsi le leng le le leng? Kapa na u ka sebetsa ho le leng la mafapha a mang a kopano? Haeba u ka thusa, ka kōpo tloo Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo kopanong. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 baa amoheloa ha ba sebetsa le motsoali kapa motho e mong e moholo ea nang le boikarabelo. Ke ’nete hore e mong le e mong a ka thusa ho hloekisa mohaho ka ho bona hore lithōle leha e le life lia thonakoa ’me li akheloa moo li loketseng.
17 Re fumane tataiso e ntle mabapi le hore na moaparo le boitlhopho tse amohelehang ke life likopanong tsa rōna. Ka mohlala: Re na le tataiso tabeng ena likenyelletsong tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, re na le lipapiso le litšoantšo libukeng tsa rōna, ’me ka holim’a tsohle, re na le seo Jehova a se buang ka Bibeleng. (Baroma 12:2; 1 Tim. 2:9, 10) Batho baa tseba hore na re bo-mang le hore na ke hobane’ng ha re bokane motseng oa bona. Kahoo, moaparo oa rōna le boitlhopho ke bopaki bo matla ka bo tsona. Boholo ba batho ba Jehova ba beha mohlala o motle karolong ena. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re bona moea oa lefatše o bonahatsoa moaparong le boitlhophong ba ba bang ba bang teng likopanong tsa rōna. Liaparo tse senolang ’mele, tse kang mese e melala e tlaase le mese le likete tse khutšoanyane, mese e hlahisang mekokotlo le liaparo tse nang le tlhabela e khōlō, li hlahisa pelaelo ka boipolelo ba motho ba hore ke motho oa moea. Pono e hlomphehang, e hloekileng le e makhethe ke eona e ipiletsang haholo. Ka hona, lihlooho tsa malapa li lokela ho hlokomela hore na litho tsa malapa a tsona li rera ho apara eng. Sena se tla sebetsa leha re se sebakeng sa kopano. Ba ikarabellang lipuong tse lenaneong ba lokela hore le bona ba hlokomele tekanyetso ea moaparo. Ho qhoaela libeche tsa rōna pele le ka mor’a mananeo a letsatsi ho tsoela pele ho re khetholla le Jehova le batho ba hae ba hloekileng.—Bapisa le Mareka 8:38.
18 Morena Solomone ea bohlale o ile a bululeloa hore a hlokomele hore “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana” le hore “mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liprov. 22:15; 29:15) Nakong ea mananeo, Lipaki tse nyenyane tse se nang motho ea li laolang li ’nile tsa sitisa bara le barali babo rōna ba lekang ho rua molemo lenaneong. Likopanong tsa selemo se fetileng, e bile ho nyahamisang ho bona batho ba bangata—ba baholo le bacha—ba ntse ba lelera ’me ba ea matloaneng ho sa hlokahale ha mananeo a ntse a tsoela pele. Ka linako tse ling ba ne ba halefa ’me ba hlokomoloha bahlokomeli ha ba ba kōpa hore ba lule fatše. Hape, bacha ba seng ba kae ba ne ba tsamaea mehahong ’me ba ntse ba tšoara-tšoara lipeipe tsa litima-mollo le mathopo a tsona. Mookameli oa se seng sa libaka tsa kopano Afrika Boroa o ile a kōpa Mokhatlo hore o laole baeti ba tlileng kopanong ka thata kaha batho ba ne ba tsamaea libakeng tsa mehaho eo e neng e sa hiroa ke Mokhatlo. Lena ke lekhetlo la pele ho etsoa kōpo e joalo ’me e hlahisa boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova hampe. Ho hlakile hore bacha bana ba ne ba sa rue molemo lenaneong la moea leo ba ileng ba hopoloa ha le lokisetsoa. Kaha batsoali baa ikarabella ho Jehova bakeng sa boitšoaro ba bana ba bona, bo-’mè kapa bo-ntate ba ka kholiseha hore bana ba itšoara hantle le hore ba mamela taeo ea Jehova hafeela bana ba lutse le bona. Kahoo, bahlokomeli ba tla atamela mang kapa mang ea bakang tšitiso, ea tšoara-tšoarang thepa, kapa ea ntseng a solla feela ’me ba kōpe hore a khaotse ho etsa joalo, ba mo hopotsa ka mosa hore a mamelisise lenaneo.
19 Kahobane re amohela batho ba tlileng likopanong tsa rōna, ke bohlale ho sireletsa bana ba rōna le thepa ea rōna. Bana ba rōna ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova. Empa rea tseba hore lefatše le bonahatsa sebōpeho sa Satane sa ho tlatlapa ba bang. Kahoo, ka kōpo tseba hore na bana ba hao ba hokae ka linako tsohle. Hape, lik’hamera, mekotlana e menyenyane, le lintho tse ling tsa bohlokoa li lokela ho ba ho uena ka linako tsohle ’me li se ke tsa siuoa setulong. Etsa bonnete ba hore koloi ea hao e notletsoe, ’me u kenye lintho tsa hao ka buting kapa u tsamaee le tsona. Sena se fokotsa teko ea hore motho e mong a pshatle koloi ea hao.
20 Lefapha la Marobalo sebakeng seo le labalabela ho u thusa haeba ho hlaha bothata ka kamore eo u e boloketsoeng hoteleng kapa marobalo ao u a abetsoeng. Ka kōpo tsebisa Lefapha la Marobalo ka mathata leha e le afe ha u ntse u le kopanong. Barab’abo rōna ba tla thabela ho u thusa ho rarolla taba e le hore u ka tsoela pele u thabela kopano. Hape, mabapi le marobalo, ka kōpo hlokomelang se latelang:
◼ Ka kōpo hlokomelang hore na linako tsa ho fihla le ho tsoa ke life hoteleng eo le lulang ho eona. Haeba li kōptjoa esale pele, lihotele li ka ’na tsa amohela kōpo ea ho fihla pele kapa ho tsoa ka mor’a nako.
◼ Hangata litšebeletso tse teng tsa thelevishene le video lihoteleng li na le lichanele tse bontšang mananeo a bootsoa. Haeba li kōpuoa, lihotele tse ngata li ka koala lichanele tse itseng kapa litšoantšiso tseo kamoreng ea hao nakong eo le ntseng le lula teng. Joaloka lapeng, ka kōpo laola tsela eo bana ba hao ba sebelisang thelevishene ka eona.
21 Hoa khothatsa ho bona bara le barali babo rōna ba ngola lintlha nakong ea mananeo a kopano. Lintlha tse khutšoanyane li tla u thusa ho tsepamisa maikutlo tabeng ’me li u hopotse lintlha tsa sehlooho. Ho hlahloba lintlha tsa hao hamorao le lelapa kapa metsoalle ho u fa monyetla oa ho thuisa ka lintlha tse khōlō tsa kopano e le hore li se ke tsa lebaloa.
22 Kamehla batho ba Jehova ba ’nile ba fana ka seatla se bulehileng ha ba ntša menehelo molemong oa lithahasello tsa puso ea Molimo. (Ex. 36:5-7; 2 Likron. 31:10; Baroma 15:26, 27) Menehelo ea lōna ea boithatelo e sebelisetsoa ho koahela litšenyehelo tse amanang le ho hiroa ha libaka tse khōlō tseo likopano li tšoareloang ho tsona. Haeba u etsa monehelo ka cheke, ka kōpo etsa hore e lefshoe ho “Watch Tower Convention.” Kopanong makoloi a pakoa ka monehelo o itseng. Bara ba bang babo rōna ba ’nile ba tsitlallela hore tekete ea ho paka e loketse bakeng sa ho kena libakeng tsa likopano tse ngata. Hoa soabisa ho bona ba bang ba bonahatsa boikutlo bona ba lefatše. Ka kōpo hlokomelang hore tekete ea ho paka e sebetsa feela ka mafelo-beke a kopano ea pele eo u eang ho eona ’me ha ea lokela bakeng sa kopano e ’ngoe.
23 Joalokaha ho tlalehiloe ho Amose 3:7, Jehova o itse “ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.” Joaloka “ea senolang liphiri,” Jehova o entse hore ho tlalehoe boprofeta bo makholo-kholo ka Bibeleng bo phethahalitsoeng ka nepo le ka ho feletseng. (Dan. 2:28, 47) Ho sa ntsane ho tla phethahatsoa litšepiso tse khōlōhali. Likopano tsa Setereke tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” tsa 1999 li tla matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa Molimo. Mamela ka hloko lentsoe la Jehova le tlang ho uena. Seo u tlang ho se bona le ho se utloa, u se sebelise tšebeletsong, phuthehong le bophelong ba hao. Re rapella tlhohonolofatso e enneng ea Jehova litokisetsong tsohle tsa hao tsa ho ba teng letsatsi le leng le le leng la mokete ona o enneng, oa moea!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Lokisetsa ho ba teng letsatsi lohle ka Labohlano, Moqebelo le Sontaha!