Tšebeliso e Mpe ea Matla na e Tla ke e Fele?
HAR’A litsela tseo batho ba sa phethahalang ba senolang hore na ke baikhabi hakae ke taba-tabelong ea bona ea matla. Sengoli se tsebisahalang sa Lenyesemane Malcolm Muggeridge se ile sa totobatsa hore batho ba rata ho ba le matla “hobane [ba] sa elelloa hore motheo oa bophelo ba batho ke lerato. . . . Empa taba-taba ke hore ho laba-labela matla ho kotsi haholo. Ke taba-tabelo eo Jesu Kreste a ileng a e hanela.”
Ka lebaka la hore taba-tabelo ena ea matla ke kobo-anela, eona le kotsi eo e ka e bakang, Bathei ba United States ba ile ba qapa molao oa motheo o neng o arola matla a puso likarolo tse tharo: phethahatso, lekhotla la ho etsa melao le boahloli. Likarolo tsena li ne li lokela ho alosa hore ho se ke hoa e-ba le tšebeliso e mpe ea matla.
Ho sa tsotellehe boikemisetso bo babatsehang ba Bathei bana, tšebeliso e mpe ea matla e atile naheng eo. Empa mohlomong e ka ’na eaba u tseba ka phihlelo ea botho le ka ho bona hore tšebeliso e mpe ea matla e bile teng likarolong tsohle tsa lefatše. Histori e tletse litlaleho tsa banna ba ileng ba sebelisa matla hampe ho ithuisa le ho ntša batho ba bang kotsi. Ka mohlala, nahana ka Alexandere e Moholo, Charlemagne, Napoleon le Hitler.
E Qalile Neng?
Leha ho le joalo, u na le lebaka le utloahalang la ho botsa, Tšebeliso ee eohle e mpe ea matla e qalile neng? Karabelo e tšepahalang e fumaneha bukeng ea histori ea motho ea pele-pele, e leng Bibele. Moo u ka bala ka liketsahalo tšimong ea Edene. Satane Diabolose, eo Bibele e bontšang hore e hlile ke sebopuoa sa sebele, o ile a nyoreloa matla. A leka moloko oa motho hore o qalise tseleng ea sebe. Pontšo e ’ngoe ea sebe e ho laba-labeleng hoa motho matla, ho a sebelisa hampe. (Genese 3:1-19; Ba-Roma 5:12) Khale Satane a ne a etse hore lichaba li oele tlas’a taolo ea hae, hoo a bileng a khona ho nonosa Jesu Kreste puso holim’a tsona. (Mattheu 4:8-10) Diabolose o thetsitse ho e ka bang batho bohle hoo ho ka thoeng “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”—1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9.
Mohopolo o ka ’nang oa u makatsa ke ’ona: Har’a ba bileng ka sehloohong ho sebeletsa morero oa Diabolose ke baeta-pele ba bangata ba bolumeli. Ho joalo joang? Ha e le hantle, ba sebelisitse matla a bona hampe ka ho ruta lithuto tsa bohata, kahoo ba fetola batho makhoba. Baeta-pele ba bohata ba bolumeli ba boetse ba sebelisitse matla a bona hampe ka ho hlorisa bahlanka ba ’nete ba Molimo. Setefane, moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, o ile a supa tlaleho e soabisang ea baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele: “Lōna ba melala e thata, ba sa bollang lipelo le litsebe, . . . Ke ofe moprofeta eo bo-ntat’a lōna ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ea lokileng eo le mo ekileng joale, eo le leng babolai ba hae.”—Liketso 7:51, 52.
Setefane e ne e le e mong oa ba pele letotong le lelelele la Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba hlorisoa. Mantsoe a moapostola Pauluse ruri a ipakile e le ’nete: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo.” (2 Timothea 3:12) Hona ho pakoa ke tlaleho ea Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno. Le hona joale, linaheng tse ka bang 40 Bakreste bana ba utloa tšebeliso e mpe ea matla ka hore tšebeletso ea bona e sitisoa ke ba boholong.
Hona tšebeliso e ’ngoe e mpe ea matla e ngata hakaakang! Ha re qamaka hohle moo re ka khonang, re bona batho ba bobolang ka lebaka la eona. Tlatlapo ea bahiri e tsoetse mekhatlo ea basebetsi. Empa kajeno ho totobetse hore baeta-pele ba bang ba mekhatlo e hlophisitsoeng ea basebetsi le bona ba molato oa ho sebelisa matla hampe. Lichaba tse nyenyane li mahlomoleng a tšebeliso e mpe ea matla e etsoang ke tse ngata. Mofuta o mong oa tlatlapo ke oa batho ba maemong a tsamaiso ba iketsetsang borata ka basebetsi ba basali ba ka ’nang ba ikutloa ba hatellehile ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke mesebetsi ea bona. Ka mohlala, sebapali se seng sa ballet se neng se hopotse ho intšetsa pele sa nonosoa karolo e etellang pele pontšong ea ballet haeba se ne se ka ea liphateng le seqapi sa pontšo eo.
E, lefatše le tletse batho ba sebelisang matla a bona hampe. Bohle ba etsang joalo ka boikhabi ba fana ka bopaki ba hore ha ba tšabe Molimo. Ke hobane’ng ha hoo e le ’nete? Hobane, joalokaha Lentsoe la Molimo le bolela, “ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe.” (Liproverbia 8:13; Pesaleme ea 97:10) Ka hona tšebeliso e mpe ea matla ka sebele ke ntho e mpe, empa tšebeliso e mpe joalo ea matla e ke ke ea e-ba teng kamehla.