Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 maq. 5-7
  • Lebaka le Tiisang hore Tšebeliso e Mpe ea Matla e Tla Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka le Tiisang hore Tšebeliso e Mpe ea Matla e Tla Fela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Tla Fela Neng?
  • Tšebeliso e Mpe ea Matla na e Tla ke e Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng
    Tsoha!—1993
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 maq. 5-7

Lebaka le Tiisang hore Tšebeliso e Mpe ea Matla e Tla Fela

MORENA SALOMONE oa boholo-holo o hlokometse ka tšebeliso e mpe ea matla mehleng ea hae: “Ka boela ka lemoha lihloriso [tšebeliso e mpe ea matla] tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka ’nģa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata [matla].”—Moeklesia 4:1.

Ke hantle ha u ka botsa, Kaha tšebeliso e mpe ea matla e bile teng ka nako e telele hakana, na e tla be sa le e re salame? Che, e ke ke. Hobane, joalokaha Salomone ka boeena a ngotse tlas’a pululelo, ho na le Ea ho bonang kaofela: “Leha u bona naheng e ’ngoe mofutsana ha a tujoa, le ho loka le toka ha li khopamisoa, u se ke ua makala ke hoo; hobane ea phahameng holimo ho ea phahameng o teng, oa lebela, ’me Mookameli o teng ea holimo ho bona ba babeli.”—Moeklesia 5:8.

Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, le bontša hore Jehova, Ea Holimo-limo, matla a hae le bohlale ba hae ha li lekanngoe, hape o phethahetse tokeng, ’me ke lerato ka bolona. Kaha ke Molimo o joalo, a ke ke a mamella maemo ana a bokhopo ka ho sa feleng. Mopesaleme Davida o ngotse: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe. Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:8, 9.

Re fumana tiiso e tsoelang pele mantsoeng a moprofeta Esaia: “Ke tla otla . . . le ba bolotsana ka baka la makhopo a bona, ke tla felisa boholo ba baikhantši, ke kokobetse boikhohomoso ba bahlorisi [ba sebelisang matla hampe].”—Esaia 13:11.

Empa ho makholo a lilemo mantsoe ao a ne a ngoloe, kahoo ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova Molimo o sa ntse a tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa tšebeliso eohle e mpe ea matla. Hobane linakong tse fetileng o bontšitse boikemisetso ba hae ba ho etsa joalo. Pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, tšebeliso e mpe ea matla e ne e atile. Re bala hore, “lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” (Genese 6:5, 11) ’Me ho bolaeana ke eng ha e se tšebeliso e mpe ea matla? Hoo e ne e le ’nete ka metse e khopo ea Sodoma le Gomorrha mehleng ea Lota. (Genese 18:20, 21; 19:4-29) Mabakeng ana ka bobeli Jehova o ile a felisa tlatlapo eo. Ka hona rea bona hore Jehova Molimo hase ea mamellang tšebeliso e mpe ea matla ka ho sa feleng.

E le motheo o eketsehileng oa hore re tiise hore Jehova o tla nka bohato, ke ’nete ea hore o boulela lebitso la hae, ’me tšebeliso eohle e mpe ea matla ke thohako boreneng ba hae. Hlokomela kamano ena litemaneng tsena: “Ea tubang mofutsana o nyelisa ’Mōpi oa hae.” “Ea tšehang mofutsana o soma ea ’mōpileng.”—Liproverbia 14:31; 17:5.

Joale re ka tiisa hore Ea Holimo-limo a ke ke a mamella kamehla hore a nyelisoe. Hoo ho sia potso e le ’ngoe feela: Tšebeliso e mpe ea matla e tla fela neng?

E Tla Fela Neng?

Lentsoe la Molimo le re tsebisa hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 3:1) Ba bang ba ka ’na ba hloka mamello ka kemiso ea nako ea Molimo, empa rea bolelloa: “Morena [Jehova] ha a liehise lipallo tsa hae, . . . empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.”—2 Petrose 3:9.

Phethahatso ea boprofeta ba Bibele e bontša hore re phela mehleng ea qetello ea lefatše lena le khopo, kapa tsamaiso ea lintho. Moloko ona o bone phethahatso ea boprofeta bo boholo ba Jesu mabapi le ho ba teng hoa hae le ho fela hoa tsamaiso ena ea lintho: lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, litlala, mafu a akaretsang, ngatafalo ea bokhopo le ho boleloa hoa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:1-35; Luka 21:10, 11) Hoo ho qoolla nako ea rōna e le nako ea qetello ea lefatše lena le khopo.

Kaha mehla ena ke ea qetello, re ka ba le tšepo ea hore haufinyane re tla bona ha ho phethahala boprofeta ba Sofonia 3:8: “Ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka. Ho tuka hohle ha bohale ba ka; hobane ka mollo oa poulelo ea ka lefatše lohle le tla chesoa.”

Ka sebele, mantsoe ao ke tiiso ea hore Jehova Molimo o tla felisa tšebeliso e mpe ea matla.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela