Itebele Khahlanong le ho Sebelisa Matla Hampe
“Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe. Ke hloile boikhantšo le boikhohomoso, motsamao o mobe le molomo o khopo.”—LIPROVERBIA 8:13.
1. Tsela e ’ngoe ke efe eo ka eona pelo e sa phethahalang ea motho e iponahatsang hore e mano?
TŠEBELISO e mpe ea matla ea boikhabi ha ho pelaelo hore e har’a litsela tse mpe tseo Jehova Molimo a li hloileng. Lentsoe la hae le re eletsa khahlanong le tšekamelo ena ea batho ba sa phethahalang, hobane o utloisisa pelo ea motho. Rea bala: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe, e ka tsejoa ke mang? Ke ’na Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokhoa oa hae le ka tholoana ea liketso tsa hae.”—Jeremia 17:9, 10.
2. Matla a sekamela ho etsa eng ho ba nang le oona?
2 Ka lebaka le utloahalang Lentsoe la Molimo le re hlokomelisa ka tšebeliso e mpe ea matla. Tšekamelo ea ho sebelisa matla hampe e khōlō hoo seithuti sa Lenyesemane se ileng sa hlokomela hore: “Tšekamelo ea matla ke ho senya, ’me matla a feletseng a senya ka ho feletseng.” Se boetse sa hlokomela hore: “Har’a lisosa tsohle tse theolang le ho senya batho, matla ke sesosa sa kamehla ka ho fetisisa le se mafolo-folo ka ho fetisisa.” Ha e le hantle, ha ho hlokahale hore matla a be le tšusumetso e senyang, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, empa kotsi ea hoo e teng.
3. Ke likarolong life tsa likamano tsa batho moo matla a ka sebelisoang hampe, ’me ke hobane’ng ha hona ho ka etsahala?
3 Ke mang eo ho hlokahalang hore a ikalose khahlanong le ho sebelisa matla hampe? Hoo e ka bang e mong le e mong! Hoo e ka bang likamanong tsohle tsa batho ho na le maemo ao ho oona motho e mong a phahametseng ba bang ka lebaka la leruo, thuto, matla a ’mele, boemo, botle ba litšobotsi le tse joalo. Ha melemo e le mengata, moleko oa ho e sebelisa ka boikhabi le oona o moholoanyane. Hobane’ng? Hobane “mehopolo ea motho e . . . mebe le bocheng ba hae.” (Genese 8:21) E, pelo e sa phethahalang ea motho e “mano,” e tletse thetso, kapa e maqiti, ’me e sekametse bobeng.—Jeremia 17:9.
Baholo ba Bakreste
4. Jethro o ile a nea Moshe keletso efe e ntle, a bontša hore o hlokomela meleko e ka ‘nang ea tsamaea le ho amohela matla le boholo?
4 Ha re tloha feela, nahana ka baholo, balebeli ka phuthehong ea Bokreste. Ha re nahana ka litšoaneleho tsa bona, re ka hopola mantsoe a Jethro ho Moshe mabapi le ho khetha banna ba tla laola likete, makholo, mashome a mahlano le mashome: “U ikhethele banna ba bohlale har’a sechaba, ba tšabang Molimo, banna ba sebele, ba ilang bokhonatha [“phaello ea bolotsana,” NW].” (Exoda 18:21) Banna ba joalo ba ne ba ka tšepeloa bolebeli. Ba ne ba ke ke ba sebelisa melemo e tlisoang ke boemo ba bona ba bolebeli hampe, hobane ho tšaba Molimo ke ho hloea bobe. Banna ba joalo ka ’nete ba ne ba tla ‘ila phaello ea bolotsana’ ho e-na le ho e batla kapa ho e rata.
5. Ke hobane’ng ha keletso e ho 1 Petrose 5:2, 3 e loketse hakaale, hona e ka sebelisoa joang?
5 Moapostola Petrose o hlokometse kotsi ea ho sebelisa matla hampe hoa baholo, kahoo re fumana a eletsa balebeli phuthehong ea Bokreste: “Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, . . . e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata, e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.” (1 Petrose 5:2, 3) Ho alosa mohlape oa Molimo ka lebaka la phaello ea bolotsana e ne e tla ba ho sebelisa matla hampe. Ka ho tšoanang, ho busa ka thata holim’a mohlape e ne e tla ba ho ipha monyetla oa boikhabi ka matla ao motho a nang le oona. Ka mohlala, moholo a ka ’na a ba le maikutlo a tiileng ka hore na lelapa la hae le apare joang, empa ho hlokahala hore a be seli hore a se ke a leka ho imetsa mohlape ka maikutlo a joalo a hae; ho etsa joalo e ne e tla ba ho o busa ka thata.
6. Lentsoe nepotism le bolela eng, ’me baholo ba ka ba molato oa ketso eo joang?
6 Ntle leha baholo ba le seli, ba ka ba molato oa ho bontša mohau o khethehileng ho bahabo bona feela, ketso e bitsoang nepotism ka Senyesemane, hoo le hona ke tšebeliso e mpe ea matla. Na ba ka ba molato oa nepotism? E, lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Selatine le bolelang “bana ba bashemane ba bana babo motho.” Le ile la qaptjoa ka lebaka la mokhoa o tsebisahalang oa hore bo-papa le ba bang ba boholong kerekeng ba ne ba nea bahabo bona ’me haholo-holo bana ba bana babo bona ba bashemane menyetla ea bohlokoa ea bolumeli le ea lintho tse bonahalang. Mopapa Nikolase III o ne a bile a tsejoa e le “hlooho ea ho khetha bahabo motho oa bopapa.” Ntle leha baholo ba Bakreste ba le hlokolosi ka ho fetisisa, ba ka ’na ba susumetsoa ka ho sa hlokahaleng ke litlamo tsa malapa a bona ho e-na le melao-metheo ea Bibele. Moholo e mong o ile a ikutloa ka matla hore mora oa hae o lokela ho buelloa hore e be molebeli le hoja baholo ka kakaretso ba ne ba sa lumellane le hoo. Ntate ka hoo a fallela phuthehong e ’ngoe. Lilemo hamorao mora e ne e ntse e se moholo. Ho hlakile hore ntate o ne a lumelletse kamano ea mali hore e mo susumetse.
7, 8. Ke mehlala efe e bontšang hore ho sekisetsa bahabo motho e ka ba kotsi ea sebele ho baholo?
7 Tšebeliso e ’ngoe e mpe ea matla ka sebopeho sa ho bontša mohau o khethehileng ho bahabo motho e hlaha ha baholo ba hlōleha ho nka bohato ka phoso ea beng ka bona. (Bapisa 1 Samuele 2:22-25, 30-35.) Lilemong tse seng kae tse fetileng, ho bile le boemo bo sisimosang ba phoso liphuthehong tse ling bohareng ba United States. Haufinyane hona hoa hōla liphuthehong tse ling tsa Europo. Bacha ba bangata ba ne ba ameha bohloleng, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le tse joalo. Ba bangata ho bana e ne e le bana ba baholo, bao ba bang ho bona ho totobetseng hore ba ne ba ile ba iphoufaletsa boitšoaro bo bobe ba bana ba bona. Ha linnete li hlahella, baholo ba ’maloa ba tlosoa ka lebaka la hore ba sebelise hampe litokelo tsa bona e le baholo, kapa ka ho toba haholoanyane, ka lebaka la hore ba hlōlehe ho sebelisa matla a bona ka nepo.
8 Ka linako tse ling, ho bonahala ho e-na le tšekamelo ntlheng ena ha moholo kapa mohlanka ea sebeletsang a okamela likarolong tsa seboka tseo bamameli ba nkang karolo ho tsona. Ho hlokahala hore a be hlokolosi ho qoba leeme. Litho tsa lelapa la hae li ka sebelisana le eena ntlheng ena ka ho falimehela ho fana ka litlhaloso ha ba bang ba sitoa ho arabela ’me ba se ke ba chesehela hore ba hlalose ha ba bang ba bangata ba ithaopela ho hlalosa.
Baemeli ba Tsamaeang
9. Tšebeliso e mpe ea matla e tsejoang e le ho reka kapa ho rekisa lintho tse halalelang ke eng, hona e bitsoa joalo ka lebaka lefe?
9 Bakreste ba libakeng tsa boikarabelo, haholo-holo baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo oa Watch Tower, ba tlameha ho ba hlokolosi hore ha ba be molato, e-bang ke ka tsebo kapa ntle ho tsebo, oa hoo ho thoeng ke ho reka kapa ho rekisa lintho tse halalelang. Joalokaha ho etsahetse tabeng ea Simone ea boletsoeng ho Liketso 8:9-24, ea ileng a ithaopela ho fa baapostola lichelete bakeng sa neo ea ho khona ho fana ka moea o halalelang ka ho bea matsoho. Luka o’a tlaleha: “Petrose a mo fetola, a re: Lichelete tsa hao a li ke li timele le uena, ha u lekantse hobane neo ea Molimo e rekoa ka lichelete. Ha u na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ea hao ha ea loka pel’a Molimo. Hlo u bake bolotsaneng bona ba hao, ’me u rapele Molimo; ekaba mohlomong u ka tšoareloa khopolo eo ea pelo ea hao.” Hona le hona e ne e le mokhoa o tsebisahalang har’a ba boholong Kerekeng ea Roma e K’hatholike lilemong tse fetileng. Buka e ’ngoe ea liphuputso e tlaleha hore “tlōlo ena ea molao e ile ea tloaeleha haholo Kerekeng makholong a lilemo la bo11 le la bo12.”
10, 11. Baholo ba ka oela lerabeng la ho reka kapa ho rekisa lintho tse halalelang joang?
10 Bahlanka ba Jehova ba ka ’na ba sitoa joang ntlheng ee? Haeba ba se seli hantle, ba ka ’na ba sekamela ho buelleng moholo hore a nke karolo lenaneong la kopano ea potoloho kapa ea setereke ka lebaka la kamohelo e mofuthu kapa limpho tse ngata tseo ba li amohetseng ho eena. Ha e le hantle, ke seoelo ho ileng hoa etsahala hore moholo a fane ka limpho tse ngata ’me ka nako e tšoanang a hlahise monyetla oa ho amohela litokelo tse ling tse khethehileng. Ho totobetse hore ba joalo ba ne ba sa khotsofalla ho itšoara joaloka ba “banyenyane,” ba tlohella moea o halalelang hore o susumetse ba libakeng tsa boikarabelo tabeng ea likhetho tsa puso ea Molimo. (Luka 9:48) Tlas’a maemo ao, limpho tse joalo li ile tsa hanoa, kahoo ho fanoa ka mohlala o motle oa ho se sebelise hampe neo ea matla. Liketsahalo tsohle tse joalo li bontša kamoo baholo ba tsebisahalang ba tlamehang ho ba hlokolosi kateng e le hore ba ka qoba ho silafatsoa ke ho rekisa kapa ho reka lintho tse halalelang!
11 Ho feta moo, ho ka ’na hoa hlokahala hore ka linako tse ling mosebeletsi ea tsamaeang a eletse moholo ka thata. Empa haeba mosebeletsi ea tsamaeang a ne a ’nile a amohela limpho tse tsoang ho moholo eo kapa a ile a thabela ho amoheloa ke eena, a ka ’na a fumana ho le thata ho mo fa keletso e tobileng. Na boinahanelo ba boikhabi bo tla mo thibela ho phethahatsa mosebetsi oa hae oa ho fana ka keletso e hlokahalang? Na o tla etelletsa pele lithahasello tsa moea tsa baena ba hae ka pele ho melemo ea hae e bonahalang? E, na o tla batla ho khahlisa Molimo kapa batho?—Ba-Galata 1:10.
Tikoloho ea Lelapa
12. Ke ka lebaka lefe banna ba tlamehang ho falimehela ho sebelisa matla ka nepo?
12 Ka tikolohong ea lelapa, ho boetse ho’a hlokahala hore setho se seng le se seng se ikalose esere sa sebelisa hampe melemo eo se leng ho eona kapa matla ao se nang le oona. Monna, ka lebaka la hore bohlooho ke ba hae, kapa mohlomong ka lebaka la hore o matla haholo ’meleng, kapa ka lebaka la hobane ke eena mofepi oa lelapa, e ka ‘na ea e-ba mohatelli, ea e-ba moikhabi, ea sa nahaneleng, ea bontšang ho hloka kutloelo-bohloko. Pauluse o hatisa ka matla hore basali ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona. Ka nako e tšoanang, o bolella banna hore ba rate basali ba bona joaloka ’mele ea bona ’me ba utloisise ho ba shoela joalokaha Kreste a shoetse phutheho ea Bokreste. (Ba-Efese 5:25-33) Keletso e joalo e lokela ho sebetsa e le tšireletso hore monna a se ke a sebelisa matla a hae kapa melemo ea hae hampe. Moapostola Petrose, hoba a eletse basali hore ba ikokobeletse banna ba bona, o khothatsa banna: “Ka mokhoa o joalo, le lona banna, le phelisane le bona ka hlokomelo, ka ho re mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola, ’me le ba hlomphe, etsoe e le majalefa hammoho le lona, a mohau oa bophelo, merapelo ea lōna e tle e se ke ea sitisoa.” E, banna ba tlameha ho ba hlokolosi ho sebelisa matla a bona ka nepo haeba ba batla ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo.—1 Petrose 3:7.
13. (a) Ke tšobotsi efe ea bosali eo ka linako tse ling banna ba iphang menyetla ka eona? (b) Basali ba baikhabi ba bontšitse tšebeliso e mpe ea matla joang, ba fapoha keletso efe ea Mangolo?
13 Ho hlokomelehile hore molekane ea ratang ka botebo haholoanyane o mohaung oa ea sa rateng haholoanyane. Ho bonahala ho e-na le ‘nete e itseng tabeng ena. Ka kakaretso, basali ba bontša lerato haholoanyane ho feta banna ba bona—lerato ke la bohlokoa haholo ho bona—’me banna ba bangata ba ipha menyetla ea boikhabi ka sena. Ka lehlakoreng le leng, basali ho a tsebisahala hore ba bontša ho ba monyebe ho fana ka tokelo ea lenyalo ha litakatso tsa bona li sa phethoe. Ha e le hantle, basali ba bang ba bile ba hana ka tokelo ea lenyalo ho hang. Leha ho le bohloko ho ho bolela, ka linako tse ling ho tlatselitse hore monna a febe. Tlhōleho eohle e joalo ho utloa keletso ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:3-5, ka ho tšoanang ke tšebeliso e mpe ea matla ea boikhabi.
14. Ke eng e pakang hore batsoali ba bang ba sebelisa matla a bona hampe holim’a bana ba bona?
14 ‘Nete ea hore bana ba lokela ho utloa batsoali ba bona Moreneng ho nea batsoali ba bona, haholo-holo bo-ntat’a bona, matla holim’a bona. Matla aa ba tla a sebelisa joang? Ka ho se nahanele, ka ho hloka kutloelo-bohloko le ka ho se qenehele? Bo-ntate ba bangata ba lefatše le bo-’mè ba bang ba etsa hona hoo hantle, ba baka ho ata hoa “matšoao a ngoana ea khenneng.” Ho latela World Health ea Pherekhong/Tlhakola, 1984, “ho na le bana ba khahlapetsoang mokhatlong o mong le o mong,” ’me “ho bonahala kajeno bana ba eketsehileng ba khahlapetsoa, ba tlatlapuoa, ba holofatsoa kapa ba siuoa lepala-paleng, ’me ha ho karolo ea lefatše e pholohang ho sena.” Tlaleho e ’ngoe e bolela hore United States ho tlatlapuoa hoa bana ho imenne ho feta habeli ha ho bapisoa le lilemong tse fetileng tse leshome. Ka sebele hona hohle ke tšebeliso e mpe ea matla. Le motsoali oa Mokreste ea neng a ke ke a nahana ka hore a tšoare ngoana hampe ka ho fetisisa a ka ’na a ba molato oa tlatlapo ea ngoana ea mofuta o itseng. Hona u ka ho bona keletsong ea Pauluse: “Bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” “Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.”—Ba-Efese 6:4; Ba-Kolosse 3:21.
15, 16. Bana ba ka ‘na ba e-ba molato oa tšebeliso e mpe ea matla joang, ho hloka batsoali eng?
15 Le hoja qalehong ho ka bonahala ho makatsa, bana le bona ba ka ba molato oa tšebeliso e mpe ea matla. Joang? Bana ba ka etsa hore batsoali ba bona ba sebetse khahlanong le kahlolo ea bona e molemo ka lebaka la lerato leo batsoali ba bona ba nang le lona ho bona. Ngoana, a tseba hore o lokela ho shapuoa, a ka ’na a lla ka mokhoa o hlomolang hoo ’m’ae a ka ikutloang hore a ke ke a shapa ngoana leha ho mo tšoanela. Mosali ea atlehileng ho sebetseng chelete ka leleme le monate o ithorisa ka bohlale ba hae ba ho qhekella bareki a re: “Basali ba tsoaloa le hona. Ekare u ka bona ha morali oa ka a qhekella ntat’ae.”
16 Ho latela tlaleho e ’ngoe ea koranta, “ho na le keketseho e sisimosang palong ea bana ba ‘tahiloeng ke matla’ Amerika Leboea ba busang le ba qhekellang batsoali ba bona.” Leha ho le joalo, pheko ha e ho khalemeleng bana empa ho khalemeleng batsoali. Batsoali ba hōlileng ba tlameha ho ba le boemo bo momahaneng ho bana ba bona. Bacha ba hlokomela ka potlako ho se utloane ’me ba ka qabanya batsoali ba bona hore ba fumane seo ba se batlang. Batsoali ba tlameha hore hape ba tiee bakeng sa se lokileng, ka nako e tšoanang kamehla ba tiisetsa bana ba bona lerato la bona. Joaloka Jehova, batsoali ba Bakreste ba khalemela ka lebaka la lerato.—Ba-Heberu 12:5, 6.
Likamanong Tse Ling
17. Ho ka ‘na hoa e-ba le tšebeliso e mpe ea matla kamanong ea benghali le basebetsi joang?
17 Kamano ea basebetsi le benghali le eona e fana ka meleko ea ho sebelisa matla hampe. A hopotse sena, Pauluse o elelitse beng ba makhoba, ba batlang ba tšoana le benghali ba kajeno, balebeli le baokameli: “Le lōna benghali, le ba etse joalo, ’me le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le oa lōna morena o teng maholimong, le hobane ha a re letho ka tšobotsi ea motho.” (Ba-Efese 6:9; Ba-Kolosse 4:1) Bakreste ba nang le bolebeli litabeng tsa lefatše ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba sebelisa matla a bona hampe. Boaze oa khale a ka ’na a boleloa e le e mong ea neng a e-na le kamano e ntle le ba neng ba mo sebeletsa.—Ruthe 2:4.
18. Baena le bo-khaitseli ba sa amaneng ka letho pakeng tsa bona ba ka ba hlokolosi joang, e le hore ba se be molato oa tšebeliso e mpe ea matla?
18 Ho bolela sebaka se seng hape seo Bakreste ba tlamehang ho ikalosa ho sona khahlanong le tšebeliso e mpe ea matla, ke tabeng ea khoheli ea botona kapa botšehali. Tlhaho ea bo-khaitseli ba banyenyane e sekamisetsa ba bangata ho bona hore ba batle ho nyaloa le hore ba be le bana. Ka baka leo, baena ka linako tse ling ba ka ’na ba ho fumana ho le bonolo ho bapala ka lerato la bo-khaitseli. Hona ka sebele ke ho sebelisa matla hampe. Pauluse o elelitse Timothea: ‘Basali ba hōlileng u ba tšoare joale ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joale ka hoja ke bokhaitselie, ka hloeko eohle.’ Ka lehlakoreng le leng, basali ba Bakreste ba eletsoa hore ba “apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.” E-bang ba nyetsoe kapa ke masooa, ba lokela ho ba hlokolosi ho bontša ‘boitšoaro bo hloekileng.’—1 Timothea 2:9; 5:2; 1 Petrose 3:2.
19. Ho phaella ho bontšeng bohlale, toka le lerato, re tlameha hore hape re amehe ka tšobotsi efe?
19 Ho builoe ho hongata lingoliloenng tsa rōna tsa Bibele ka hore Bakreste ba tataisoe ke bohlale ba bomolimo, ka ho sebelisa toka litšebelisanong tsohle tsa bona le ka ho susumetsoa ke lerato le tataisoang ke melao ea motheo la a·gaʹpe. Sena sohle se bontša hore bahlanka bohle ba Jehova ba tlameha ho ameha ka litšoaneleho kapa makhabane kapa ho ba le matla. Ha ba lokela ho li sebelisa hampe le ka mohla, empa kamehla ba li sebelise ka nepo. Ka ’nete Lentsoe la Molimo le senola bohlale ba Molimo keletsong eo le fanang ka eona lintlheng tsena. Ka ho ela hloko keletso e joalo, re tla tlotlisa lebitso la Jehova, re be tlhohonolofatso ho ba bang le ho fumana kamohelo ea Molimo.
Ke Keletso Efe eo ka ho Khethehileng u e Hopolang?
◻ Ho ka boleloa joang hore re na le tšekamelo ea tlhaho ea ho sebelisa matla hampe?
◻ Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ba hlokolosi hore ha ba sebelise matla a bona hampe?
◻ Ke ka litsela life banna le basali ba sa lokelang ho sebelisa matla a bona hampe likamanong tsa bona?
◻ Batsoali le bana ba lokela ho qoba eng tabeng ea tšebeliso e mpe ea matla kamanong ea bona e mong ho e mong?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Simone o ile a leka ho sebelisa letlotlo la hae ho susumetsa Petrose. Re ka Ithuta eng tlalehong ee?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na ngoana oa hao o sebelisa matla hampe ho u qhekella?