Tsela e Lolololo
Joalokaha ho boletse Eva Carol Abbott
KE HLAHILE ka 1908, ka khoeli ea Tšitoe, letsatsi e le la la 21, ke le ngoana oa Grace Pearl le William Reuben Vaughan. Sebaka e ne e le polasi e haufi le Emporia, Kansas, U.S.A. Ho tloha Emporia re ile ra fallela masabasabeng a Colorado, moo bophelo bo neng bo le thata bo bile bo le bolutu. Re ne re e-na le setoro, windmill le ntlo eo ’mè a neng a ee a ntlhalosetse hore e tšoana le lekareche la terene. Ho ne ho e-na le phaposi e kholo ea ho phehela le phaposi e ’ngoe e khōlō e kopantseng phaposi eo ho luloang ho eona le eo ho robaloang ho eona.
Leha ho le joalo, ba bang ho baahelani ba neng ba fokola ka palo, ba ne ba phela matlong ao halofo ea oona e neng e le ka tlaase ho lefatše, halofo e ’ngoe e le kaholimo. Linakong tsa mariha a malelele, matlo a bona a ne a koaheloa ka ho feletseng ke lehloa. Ka linako tse joalo batsoali ba ka ba ne ba letsetsoa mohala ke baahelani bana ba koahetsoeng ke lehloa (le hoja ba ne ba futsanehile hakaalo, ba ne ba e-na le mehala) ba botsa nako, ’me kamor’a hore ba e bolelloe, potso e latelang e ne e le, ‘U bolela ea motšehare kapa ea bosiu?’
Hangata feela ka selemo, balemi, kaha re ne re bitsoa joalo, ka lekhetlo le leng le le leng ba ne ba nka matsatsi ba ile “merung” ho ea rema lipalo. Lipalo tsena li ne li bokelloa koloing e huloang ke sehlopha sa lipere ’me li isoe metseng e meholo bakeng sa ho fumana lijo, lintho tse hlokahalang mariha le peō bakeng sa ho lema lijalo tsa lehlabula. Ka linako tsena, ’Mè o ne a sala le ’na feela, ’me ka mantsiboea a malelele o ne a ee a bale a be a balisise Bibele ea hae ho fihlela bosiu bo boholo. O ne a lumela ka matla hore Molimo o na le batho, ’me o ne a batla tsela eo ba leng ho eona.
Ha ke le lilemo li tharo, batsoali ba ka ba fallela polasing Kansas haufi le motsana oa Kiowa. Karolo e ’ngoe ea leeto leo e ne e le ka koloi e huloang ka lipere, eo Ntate a neng a e koahetse ka seile. Ka kula ke tšoeroe ke se neng se bitsoa ntaramane, ’me ke hopola ke robetse moalong oa joang fatše koloing, ke futhumetse hamonate, ke shebelletse lebone la oli ea mashala le ntseng le fokaela marulelong a seile. ’Mè o ne a mpikitla ka motsoako oa mafura a kolobe, teramotene le oli ea mashala. Ke sa ntsane ke hopola kamoo ho neng ho utloahala ho le monate kateng le mofuthu le lerato tse neng li tsamaea le hona.
Qaleho ea Tsela
Likhopolo tsa bongoana ba ka li akarelletsa ho fallela hoa rōna Alva, Oklahoma. ’Mè o ne a sa ntsane a batla tsela e isang ho “batho ba Molimo.” Ka letsatsi le leng ’Mè a fumana lipampitšana tse ling tsa Bibele ka pele ho ntlo ea lapeng. Nakoana kamorao ho moo Ntate a atameloa lebenkeleng leo a neng a sebetsa ho lona ke morekisi oa libuka (mosebeletsi oa nako e tletseng), ea ileng a mo bontša moqolo o mong oa Studies in the Scriptures oa C. T. Russell, mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. Le hoja Ntate a ile a reka buka eo, ke ’Mè ea ileng a e bala ’me a lemoha molaetsa hore o tsoa mohloling o le mong le oa lipampitšana tse neng li beiloe ka pele ho ntlo.
Morekisi oa Libuka a memela Ntate sebokeng sa thuto ea Bibele mantsiboeeng ao. A ikhethela hore a ke ke a ea, empa ’mè a ea, a ea le ’na. Ke hopolela leroothong ke ile sebokeng sena, empa lintlha tsa teng ke ne ke li utloa hangata ka ’mè. Ho ne ho le teng batho ba ka bang 10 kapa 12, ’me hoa botsoa potso, “Re shoa joang?” Khaitseli ea neng a le teng a arabela, “Joaloka liphoofolo.” ’Mè a sisimoha. A ba kena hanong: “Ntšoareleng, na ke utloisisa hore le lumela hore re shoa joaloka liphoofolo?” Moena ea neng a tsamaisa seboka a arabela: “Na u ka phetla Moeklesia 3:19-21 ’me u ipalle eona?”
’Mè o ne a thabela ho mpolella hore: “Ba ntumella hore ke kenelle seboka seo kaofela ka letoto la ka la lipotso, ’me mantsiboea ao ’ohle ba a tella ho nkarabela.” Ke hopola ha ’Mè a thabile haholo ha a khutlela lapeng. Ka sebele o ne a fumane batho ba Molimo le tsela ea bophelo eo a neng a batla ho e latela. Tsela e qalile hona mona!
Hona ho etsahetse ka 1913. Kapele hoa bontšoa baesekopo ea Mokhatlo oa Watch Tower e tsoakileng le li-slide, “Photo-Drama of Creation.” ’Mè o ne a thabile haholo hore e be e mong oa bahlokomeli ha e bontšoa holong ea motse. Lilemo tseo Alva e ne e le tse khathollang pelo ho ’Mè. Ke ne ke ee ke re ho eena, “‘Mè, hona joale u’a bososela, empa u ne u sa tloaela ho bososela haholo.”
Joale ’Mè o ne a se a emetse ’nete ka tieo. Hona ho etsahetse nakong ea ha Liithuti tse ling tsa Bibele li ne li lumela hore li tla nkeloa leholimong ka “letsatsi lefe kapa lefe joale,” ka hona ba ne ba bona hore haufi ho tla ba le bophelo bo monate. Empa ho ne ho se joalo ho ’Mè. Ha a ka a nkeha ke litebello tsa leholimo tsa haufinyane. ’Mè o ne a ‘tšoarehile haholo,’ kamoo a neng a bolela kateng, ‘a ithuta, a ea libokeng, le ho kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso.’
Ntoa ea I ea Lefatše ea potlakela ho loana, ’me hona hoa tlisa mahloriso a tsoang ho batho ba motse. Ke hopola ke tsamaea le ’Mè ka ntlo le ntlo ke batla batho ba ka tekenang boipiletso bo eang ho ’muso oa U.S. hore o lokolle Moena Rutherford le basebetsi ’moho le eena ba supileng ba neng ba koaletsoe ka leeme chankaneng e khōlō, Atlanta, Georgia. Empa hoa etsahala ho hong ho ileng hoa re qobella hore re falle.
Ntoa ea lala, ’me mokakallane oa rena. Mokakallane oa siea ’mè a tšerema ’meleng. Ngaka ea eletsa Ntate hore a mo ise California boroa moo boemo ba leholimo bo neng bo tla ba molemo. Ra fihla Los Angeles ’me ra lula Alhambra, o mong oa metse e ka thōko motseng o moholo. Mono ka talimana le qeto e khōlō ea bophelo ba ka.
Ka 1924 ’na le motsoalle oa ka oa ngoanana ra palama terene ho ea Los Angeles phupung ea ngoan’abo rōna oa Mokreste eo re neng re mo rata. Tseleng ha re khutla, ra bua ka taba ea boineelo. Ka qala ho nahana ka botebo ka bophelo ba ka ’me ka buisana le ’Mè ka sena. Hona hoa fella ka hore ke batlisise taba ke sebelisa likhatiso tse phetiloeng tsa Watch Tower, ke bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buang ka boineelo ho tla fihlela selemong sa 1908. Nakoana kamorao ho moo ka neela bophelo ba ka ho Jehova, ’me ka Mphalane 1925 ka kolobetsoa.
Balekane Tseleng
Ka letsatsi le leng ka 1927, ka bolelloa hore ho na le moena ea bitsoang Herbert Abbott ea batlang ho teana le ’na. Ka makala, kaha ke ne ke sa tsebe le hore na ke mang. Empa ha ho’a nkuka nako hore ke tsebe. Ho tseba hore ke ne ke le lilemo li 18 ’me ke e-na le lilemo tse peli ke ineetse, hoa mo khahla. Ka mo tsebisoa, ra ratana ka likhoeli tse tharo, ’me ra nyalana ka Phupu 1927.
’Na le Herbert ra reka ntlo maralleng a matle a Pasadena. Ka letsatsi le leng selemo ka 1928 ka tla le poso, e neng e kentse boitsebiso bo mabapi le tšebeletso ea bopula-maliboho. Mantsiboea ha Herbert a fihla lapeng a e-tsoa mosebetsing, ka etsa tlhahiso ho eena ea hore re rekise ntlo ea rōna e be re kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. A bolela hore haeba ’na ke utloisisa ho tela sohle, a ke ke a hana.
Ra fuoa tšimo Motseng oa Charles, lowa, e neng e tla sebetsoa kamor’a ho ba kopanong Detroit, Michigan. Hlabula re ne re qetile litokisetso tsa rōna tsa ho bula maliboho, empa ra makala ha ho fumaneha hore ke moimana. Re ne re tla etsa joang? Hore joale re fetole litokiso tsa rōna ho ne ho tla tšoana le ho re: “Rea tseba, Jehova, hore u ne u ka re hlokomela ha re le babeli feela, e seng ha re le bararo.”
Kamorao ho kopano, ’na le Herbert ra ea kabelong ea rōna Motseng oa Charles. Empa hoo e ka bang ka khoeli ea borobeli ke le moimana hoa bonahala e le bohlale hore re khutlele Los Angeles. Mathoasong a Pherekhong 1929, morali oa rōna e motle Perousia Carol a hlaha. Leha ho le joalo, thabo ea rōna ka eena ea e-ba ea likhoeli tse robong feela; a shoa ka Mphalane.
Tšepiso ea Jehova ea tsoho ea e-ba eona e phahamang ka ho fetisisa mehopolong ea rōna. Leha ho le joalo, lefu ke sera, ’me ho bona morali oa rōna e monyenyane a shoele e bile ho bohloko! Mohopolo o bohloko oa moratuoanyana oa rōna a robetse lefatšeng le batang o ile oa thojoa ke tsebo ea rōna ea Lentsoe la Molimo. O ne a mpa a robetse feela; o ne a tla lula mohopolong oa Jehova. (Johanne 11:11-14, 23-25) Ka sebele, e se e le khale a robetse, empa ka letsatsi le leng kamoso o tla tsoha ’me a pake hore Lentsoe la Molimo ke ’nete. Takatso ea ka e tsoela pele hore e ke a ka tlotlisa ka ho sa feleng lebitso le leholo la Jehova.
Litsela le Matlo-Koloi
Ra boetse ra etsa litokisetso tsa bopula-maliboho. Ka Tlhakubele selemong se latelang ra reka ntlo-koloi e koahetsoeng ka seile e marulelo a phuthoang ’me ra reka Model A Ford e hulang ntlo-koloi ka Studebaker sa rōna se nkang batho ba supileng. Eaba re qala lilemo tsa rōna tse 25 tsa litsela le matlo-koloi.
Ntlo-koloi e nyenyane eo re neng re tsamaea ka eona ka thabo hakana tseleng ea tsoarella ka lilemo tse fetang tse robeli. Fatše e ne e le boholo ba limithara tse 1,2 x 1,5 ’me sebaka sa ho phehela e ne e le lepolanka le lisenthimithara tse 28 x 30 le neng le huloa le ho busetsoa moo le neng le le teng. Ho ne ho e-na le libethe tse peli tse ntle, setofo sa parafine sa maifo a mabeli, nkho ea metsi, lebone la parafine, sefuthumatsi sa oli ea mashala, bate, lepolanka la ho hlatsoetsa, tšepe e otlollang liphahlo ea parafine le lepolanka la ho otlollela liphahlo. Hape kaholim’a setofo ho ne ho e-na le seluloana se nkoang ka letsoho se nang le raka e nyenyane moo ke neng ke boloka lijana tsa rōna tse ntle tsa Haviland tseo e neng e bile mpho ea lechato. Ka bosiu bo bong lipekere tse tšoereng raka tsa pshemoha, ’me seluloana sa theoha ka molumo o moholo. Lebone la parafine le lona la theoha le hlaname, le sa senyeha ka letho ha e se feela hore lijana tsa rōna tse ntle li ne li le likotoana.
Re ile ra tlameha ho rulolla marulelo a seile a ntlo-koloi ka makhetlo a ’maloa. Re ne re ho etsa ka ho reka seile e boima e neng e sebelisoa ke balemi ba litholoana ho koahela lifate tsa lilamuni ha li tšeloa ka moriana. Re ne re li seha ho li etsa likotoana e be re li rokella hammoho ho fihlela ha marulelo a ntlo-koloi a koahetsoe ka ho feletseng.
‘Mantaha e ne e le letsatsi la ho hlatsoa liaparo. Re ne re hlatsoa le ho pulisa liphahlo ka metsi ao re a khileng molatsoaneng, nōkeng kapa selibeng sa motse ’me re a futhumalitse kantle ka mollo. Hape re ne re e-na le onto e nyenyane e phuthoang, eo ke neng ke ee ke e sebelisetse ho pheha kuku bakeng sa lijo tsa motšehare tsa beke e ka pele. Joale re ne re loketse ho thulana le liphephetso tsa tšimo ea rōna.
Ka bo-1930 ho ne ho falloa ho tloha mapolasing ho ea metseng e meholo. Ka linako tse ling re ne re ee re tsamaee ka tsela e potolohang ho ea ntlong e lik’hilomithara hōle ka lithabeng le likhohlong feela hore re fumane hore ha ho motho ntlong eo. Ho rarolla bothata bona, re ne re sebelisa libonela-hōle ho bona hore na e be ho na le liphahlo tse anehiloeng, haeba ho na le mosi o kubellang, kapa haeba mohlomong ho na le likhomo haufi le moo. Hona ho ne ho re bolokela nako le mafura a koloi. Koana, hase kamehla re neng re bona hore na e be ho na le ntlo tseleng, ka hona re ne re botsa baahelani hore na tsela eo e lebisa ntlong e ’ngoe e itseng.
Ka lekhetlo le leng re ne re sa tsebe hore na re ka etsa joang. Ho ne ho e-na le motebo lik’hilomithara tse 24 ka mose ho lithaba. Empa baahelani ba ne ba sa tsebe hantle hore na ho na le motho ntlong eo. Ho ne ho tlameha hore ho nahanoe ka mafura a koloi bakeng sa leeto la hosasane. Re ne re le haufi le molatsoana oa metsi a hloekileng o ka bang bophara ba limithara tse 1,2-1,5 ’me Herb o ne a nyoriloe. A khumama ka mangole hore a noe, ha ntho e ’ngoe e phatsimang e hapa mahlo a hae. A e nanabela ’me ka molatsoaneng a fumana chelete e leoana e liranta tse ngata. Kahoo, ha e le hantle, re ne re se re sa tsila-tsile ’me ra tsoela pele ka leeto. E ne e le leeto le lelelele, le boima ’me mong’a motebo a sa thahaselle, empa re ne re tseba hore tšimo e koahetsoe ‘me mong’a motebo o ne o fumane bopaki.
Liphihlelo tsa Tsela
Ka lilemo tsena tsohle, re bile le liphihlelo tse ngata tse thabisang, e bile e le tse qabolang. Ka mohlala, ho na le nako eo ka eona re ileng ra hlaseloa ke mahoo-hoo Corning, California. ’Na le banab’eso ba bane re ne re ile ho ea thusa Aleck Bangle (hona joale ke moromuoa Jamaica) ea neng a shapuoa. Ho ne ho e-na le batho ba fetang lekholo ba shebeletseng seterateng, kaofela ba lilielletsa mohlorisi. Ho’a qabola hona joale ho hopola ha ke rola seeta sa ka sa serethe se selelele sa tšepe ’me ke otla mohlorisi hloohong ha a inama hore a otle moena oa rōna Aleck ka setebele se matla!
Tokollo ea la 29 Motšeanong, 1940, ea Consolation (hona joale Tsoha!) e ne e e-na le setšoantšo sa presidente ea boraro ea Amerika, Thomas Jefferson le folaga ea Amerika sekoahelong sa eona. Kaha eo e ne e le mehla ea khathatso le mahloriso, ka ikutloa hore e ka ba ho molemo ho ba le litokollo tse ngata tsa makasine oo ka mokotlaneng oa ka oa limakasine haeba li ka hlokahala. Ka ’nete, ka Moqebelo o mong ha ke etsa bopaki ba seterateng, ka atamela banna ba babeli koung ea tsela. E mong, ea sefahleho se thata haholo, a re ka boikakaso: “Ke hantle, mofumahali, hoja e be u na le e ’ngoe e nang le folaga ea Amerika ke ne ke tla e nka, empa lōna Lipaki tsa Je—” Pele a ka tsoela pele, karabelo ea ka, ha e le hantle, ea e-ba hore: “Oh, Monghali, ke thabile haholo hore e be ke na le seo u se batlang,” eaba ke ntša tokollo ena mokotlaneng oa ka oa limakasine. A khaotsa ho shoehlemisa leoana ka pokothong, a retela, a kokotletsa eaba o mpha monehelo—’me ’na ka mo nea makasine!
Ka ba le phihlelo e ’ngoe e qabolang ha re ntse re aba bukana e khethehileng ho baruti bohle—The Kingdom, the Hope of the World. Ntlong e ’ngoe, moruti a arabela. Ho hang o ne a sa thahaselle ho e fumana, empa litaelo tseo re neng re li filoe e ne e le hore re e siee monyako haeba ho ka khoneha, ka mofuthu ka re: “Ena ke ea hau, Monghali, ’me ke tla u beela eona feela mona.” Ka reteleha ka tsamaea, ’me ha ke theosa ka tsela, bukana ea tla e fokaela ’me ea re phara ka pele ho ’na haufi le letangoana la metsi. Ka e thonaka, ke sa rate hore ke e siee moo, empa ka motsotso oo, ntja e khōlō ea tla e pharuma kamorao ho ’na, ea hlotha bukana letsohong la ka, ’me ea matha ho khutlela ho mong a eona, moruti. Kahoo seo ke sitiloeng ho fana ka sona, ntja ea fana ka sona!
Ka 1953, ’na, ’Mè le Herbert ra lula Sacramento. Kaha Herbert o ne a kula, ka bobeli ra lokela ho fetola tsela eo re phelang ka eona. Ke ’nile ka leboha Jehova hangata bakeng sa ho ntlhohonolofatsa ka ’mè ea tšepahalang le monna ea tšepahalang. Ka bobeli ba ile joale, ba amohetse moputso oa bona oa leholimo. ’Mè o shoele ka 1975; Herbert o phethile bophelo ba hae ba lefatšeng ka Loetse 1980, a le lilemo li 82. Bolutu bo sa ntse bo le bongata, empa ha ke nahana ka lilemo tsa tšebeletso ea rōna re le ’moho, kea tšeliseha. ’Me kea tseba hore ha ho mohla tsela e tla fella, hobane Jehova, ka Mora oa hae Jesu Kreste, ke Motsamaisi oa ka tseleng e nammeng ho isa ka ho sa feleng.