Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ke joang Mokreste a ka khethollang pakeng tsa ho ntša tjotjo (ho nyatsoang ke Bibele) le ho fana ka mpho bakeng sa tšebeletso e entsoeng?
Re tšoanela ho amohela hore litloaelo li fapana ho ea ka sebaka. Mekhoa e amohelehang linaheng tse ling e ka ’na ea e-ba e khopisang kapa e sa batleheng nģa e ’ngoe. Ka mohlala, batho ba naheng e ’ngoe ba ka ’na ba omela ofisiri lihlooho, empa naheng e ’ngoe hoo ha talingoa e le borapeli ba litšoantšo.a Ka mokhoa o tšoanang, tloaelo ea “ho fana ka limpho” e amoheloang naheng e ’ngoe e ka ’na ea nyarosa ’me ea e-ba tlōlo ea molao naheng e ’ngoe. Leha ho ntse ho hopotsoe ka ho se tšoane hoo, Bakreste bohle ba tšoanela ho sebelisa taeo ea Molimo khahlanong le tjotjo.
Ho ntša tjotjo ke eng, ’me Bibele e re’ng ka hona? The World Book Encyclopedia e’a hlalosa: “Ho ntša tjotjo ho bolela ho fana kapa ho nonosa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho motho ea boemong bo tšeptjoang, ea tla tsoa tlaase mosebetsi oa hae kapa molao e le ho tsoela monehi molemo.” Ka hona ke ho ntša tjotjo ho fa moahloli chelete (kapa mpho) ho susumetsa qeto ea hae kapa ho sotha tōka. E sa boetse e le tjotjo ho fana ka chelete ho qoba molao, joaloka ho kopa mohlahlobi oa matlo kapa oa makoloi ho hlokomoloha tlōlo ea molao.
Ka ho nyonya tjotjo Molimo o boleletse baahloli ba Iseraele: “U se ke ua sotha kahlolo. U se ke ua ea ka tšobotsi kapa ua amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale ’me e sotha mantsoe a ba lokileng.” (Deuteronoma 16:19, NW; bapisa le Liproverbia 17:23; Esaia 1:23; 5:23; 1 Samuele 8:3-5.) Jehova o beile tekanyetso ka seqo, kaha ho eena “ha ho bokhopo kapa ho ea ka tšobotsi kapa ho amohela tjotjo.” (2 Likronike 19:7, NW; Deuteronoma 10:17) Bakreste ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo ba hana ho retelehela thusong ea litjotjo.—Bapisa Liketso 24:26.
Ha lefatšeng ka bophara batho ba nyatsa ’me ba e-na le melao e khahlanong le ho ntša tjotjo, batho ba bangata ba tobane le bothata bo bontšitsoeng potsong e kaholimo. Baa tseba hore liofisiri tse tlaase linaheng tsa bona li batla “mpho” ho etsa mesebetsi ea tsona kapa ho e etsa ka mokhoa o motle. Ka mohlala, The Wall Street Journal e itse ka naha e hatelletsoeng ke theko e phahameng ea lintho: “Ho fumana chelete e eketsehileng ho khona ho phela, basebetsi ba ’muso ba retelehela thusong ea chelete ea bolotsana. Hlooho ea lekala la ’muso e re, ‘u tšoanela ho ba lefa hore ba u fe fomo ea mofuta ofe kapa ofe.’ Ka ho tšoanang, liofisiri tsa lekala la tse kenang le tse tsoang ka har’a naha le phehella bahahlaoli ba linaha tse ling ba maketseng lebaleng la lifofane la machaba hore ba fane ka [R50] ho tempa libukana tsa bona tsa ho eta e le hore baeti ba se siuoe ke lifofane tsa bona.”
Morao tjena, U.S.News & World Report e buile ka lichelete tse beng li ntšoe ka baka la litiehiso tsa litšebeletso tsa ’muso tse tloaelehileng ho pota lefatse. Ka mohlala, e itse; “Matsatsing ana Leindia le tšoanela ho kenyetsa ofisiri chelete ho ngolisa ngoana oa lona sekolong, ho kena sepetlele, esita le ho fumana bolulo tereneng.” Mehlala e meng ea sena e akarelletsa:
—Rakhoebo o hloka lengolo la tumello pele a qala ho sebetsa. O lefa chelete ea molao ofising ea ’muso, leha ho le joalo, e mong le e mong o’a tseba hore ntle le hore “mpho” e be teng lipampiri tsa hae li tla beoa ka tlaase-tlaase ho tse bokelletsoeng. Leha a sa kōpe hore a sebeletsoe pele ho ba bang, ha a fana ka “mpho” e tloaelehileng pampiri ea hae e tla sebetsoa ka mokhoa o nepahetseng.
—Naheng e ’ngoe, batho ba tseba hore liofisiri tsa sephethe-phethe li fumana moputso o tlaase ’me ba lebelletsoe ho o eketsa ka “limpho bakeng sa lino-mapholi.” Ofisiri e emisa moqhobi e mo bolella hore o tlotse molao, kahoo motho eo o tšoanela ho lefa. Ha moqhobi a hana hore ha ho molao oo a o tlotseng, ofisiri e mo lemosa hore ha taba eo e ka isoa khotla, o tla boetse a qosetsa motho eo ho futuhela ofisiri. Ka baka leo, ba bangata ba lefa “tefo ea tlōlo ea molao” ba e nka e le khafa eo e seng ea molao. Ba bang baa hana, ba ikutloa hore ba ka mpa ba tobana le se ka etsahalang.
—Lekhotlana la puso le tšoanetse ho lokisetsa ho tlosoa hoa lithole. Empa ho tloaelehile hore mong’a ntlo a fe banna ba tlosang lithole “mpho.” Haeba motho a sa etse joalo, moqomo oa hae “o’a lebaloa” ’me o lokeloa ke ho lefisetsoa maemo a mabe a bophelo.
Mathata a joalo a bontša hore ba bangata ba matleng ba sebelisa mesebetsi ea bona ea ’muso bakeng sa ho iphumanela mouno o sa lokang. (Moeklesia 8:9) Bakreste ba nyoretsoe taolo e ncha e lokileng ea Molimo, empa pele e fihla ba tšoanela ho sebetsana ka katleho le tsamaiso ea hona joale ea lintho. (2 Petrose 3:13) Hona ho ka ’na ha bolela ho ela hloko maemo a sebaka ka seng moo basebeletsi ba sechaba ba lebeletseng limpho ho etsa mesebetsi ea bona. Esita le linaheng tseo maemo a joalo a tloaelehileng, ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba sebetsanang le bahlahlobi le liofisiri tsa maliboho ba hanne ho fana ka “limpho” ho fumana seo ka molao se ba tšoanelang. Ka lebaka la ho tsejoa ka boemo bona, ba sebeletsoa ka mokhoa oo batho ba bangata ba o fumanang feela ha ba lefile. (Liproverbia 10:9) Leha ho le joalo, Mokreste e mong le e mong o tšoanela ho tataisoa ke letsoalo la hae le rupetsoeng ke Bibele ho ea ka boemo ba sebaka ka seng.
Ho rata oa heno ke tšobotsi e lokeloang ho nahanisisoa. (Mattheu 22:39) E ne e tla be e le ho se bontše lerato ho sebelisa “mpho” ho fumana tšebeletso e ratehang, joaloka ho fetisetsoa ka pele ho mola, o feta ba bang ba ntseng ba eme. Jesu o elelitse hore re sebetse ba bang ka tsela eo re batlang hore ba re sebetse ka eona. (Mattheu 7:12) Bakreste ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ha monyetla oa bona o fihla, ba ka latela tloaelo ea naha ea ho fana ka “mpho” hore ofisiri e etse mosebetsi oa eona. Leha ho le joalo ke ’nete hore libakeng tseo “limpho” tse joalo li sa tloaelehang kapa li nyarosang maikutlo a sechaba, Mokreste ea lerato o tla etsa ka tsela e ke keng ea khopisa ba bang.—1 Ba-Korinthe 10:31-33.
Tšobotsi e ’ngoe ke ho ikokobeletsa molao. Jesu o phehelletse: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo eleng tsa Molimo.”b (Mareka 12:17; bona hape le Mattheu 17:24-27.) Ke taba e ’ngoe ha Mokreste ea sa tlōlang molao a lebelletsoe ho ntšetsa mosebeletsi oa ’muso kapa ofisiri e ’ngoe “mpho.” Empa ho thoe’ng haeba Mokreste a hlile a tlotse molao? Tabeng e joalo, ke joang a ka fanang ka tjotjo ka letsoalo le letle ho susumetsa ofisiri ho hlokomoloha tlōlo eo ea molao? Moapostola Pauluse o ngotse hore re tšoanela ho tšaba bahlanka ba ’muso, ba filoeng matla a ho “otla ea etsang bobe.” (Ba-Roma 13:3, 4) Boemo ba Pauluse e ne e le ho re: Haeba a entse phoso, o ne a tla amohela kotlo e tšoanetseng. (Liketso 25:10, 11) Kahoo, Mokreste ea tlolang molao oa sephethe-phethe o tšoanela ho lefa tefo ea tlōlo ea molao joalokaha a laeloa ke ofisiri kapa moahloli.
Pauluse o boetse a re mebuso ke ‘basebeletsi ba isang botleng.’ Ho sa tsotellehe meharo ea liofisiri tse ling, mebuso e hlile e fana ka litšebeletso tse molemong oa sechaba. Ka mohlala, liofisiri li hlahloba makoloi hore na a tšoanetse tsela ’me ba hlahloba hore na matlo a hahiloe tumellanong le melaoana ea mollo. Ka lebaka leo, haeba Mokreste a ikutloa hore, a ntse a le molaong, a ka fa ofisiri e lebelletseng “tefo ea tšebeletso” mpho, ho totobetse hore hona ho hang ho fapane le ho ntšetsa mohlahlobi tjotjo ho hlokomoloha litlōlo tsa molao.
Ho sa tsotellehe naha eo ba phelang ho eona, Bakreste ba tšoanela ho sebelisa bohlale bo sebetsang ha ba sebetsana le maemo a sebaka ka seng. Bahlanka ba Molimo ba lokela ho hopola hore bao e tla ba ‘baeti tenteng ea Molimo ’me ba ahe thabeng ea hae e halalelang’ ba ke ke ba retelehela tšebelisong ea tjotjo. (Pesaleme ea 15:1, 5) Hae le ka ho fana ka “limpho” ho fumana litšebeletso tse ba lokelang kapa ho qoba ho sebetsoa hampe ke liofisiri, Mokreste o tšoanela ho rera seo letsoalo la hae le mo lumellang sona ’me a jare boikarabelo ba mathata afe kapa afe a ka hlahang kamorao ho moo. Ruri o tlameha ho latela tsela e tla mo siela letsoalo le letle ka boeena le le sa silafatseng lebitso le letle la Bokreste kapa ho khopisa ba bang.—2 Ba-Korinthe 6:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Lipotso tse Tsoang ho Babali,” The Watchtower ea June 1, 1968
b Baholo ba ka phuthehong ea Bokreste ba ikarabella ho sebetsana le litlōlo tsa molao oa bomolimo, joaloka ho utsoa, ho bolaea le boitšoaro bo bobe. Empa Molimo ha a ka a hloka hore baholo ba phutheho ba hatise melao le melaoana ea Sesare. Kahoo, Pauluse ha a ka a ikutloa a qobellehile ho isetsa bahlanka ba ’muso oa Roma Onesima eo e neng e le mophaphathehi molaong oa Roma. (Filemone 10, 15) ’Nete ke hore haeba motho a tlōla molao oa lefatše ka boomo, a iphumanela botumo bo bobe ba hore ke motlōli oa molao, e ke ke ea e-ba mohlala o motle ’me a ka ba a ’na a khaoloa. (1 Timothea 3:2, 7, 10) Haeba ho tlōla molao ho kenyellelitse lefu la e mong, a ka ’na a ba le molato oa mali o hlokang phuputso ea phutheho.