Mongolo Leboteng Na U’a o Bona?
“Mongolong oa hae o bona ho oa ha hae, . . .
Ho tšoana le mongolo leboteng.”
KA mantsoe ana, mongoli oa lekholong la bo18 la lilemo oa Ireland Jonathan Swift o hlalosa rabanka. A thibetsoe ke batho ba batlang chelete ea bona eo ba e bolokileng bankeng ea hae, a hlokomela hore ho oa ha hae ho haufi. Ka makholo a lilemo, poleloana ‘mongolo leboteng’ e fane ka moelelo oa kotsi e atametseng.
Empa qalo ea ‘mongolo leboteng’ e ne e hlahe lilemong tse kaholimo ho 2 500 tse fetileng. ’Me phethahatso ea ‘ona e potlakileng ea tlisa phetoho historing. Ho hlahloba ho ea pele mohloli oa poleloana ‘mongolo leboteng,’ re lokela ho phetla bukeng ea Bibele ea Daniele. Sena se tla re thusa ho bona bohlokoa ba litemoso tse ngoliloeng ka Mangolong, ’me se tla re susumeletsa ho hlokomela temoso e potlakileng ea mehla ea rōna.
Ho Tloha Matleng a Phahameng
Ke bosiu ba la 5 Mphalane, 539 B.C.E. Baahi ba Babylona ba noa le ho tantša. Leha sera sa Medo-Persia se le likhorong tsa ’ona, motse o bonahala o sireletsehile. Marako a ’ona a tiile, kahoo a lumella e mong le e mong ho ithabisa a sa tšoha letho. Mantsoe a ba tlileng moketeng, a bontša ba thibetseng motse hore o ke ke oa oa habonolo!
Ka tlung e khōlō ea borena, ka boikhohomoso bo boholo, Morena Belshatsare o hlahloba batho ba bohlokoa bao a ba memetseng moketeng. O laetse bahlanka ba hae ho tlisa mehope ea gauda le ea silivera eo ntat’ae-moholo, Morena Nebukadnezare, a neng a e nke tempeleng Jerusalema mashome a lilemo pelenyana. ‘Ka mehope ena a re noeng veine ho tlotlisa melimo ea rōna!’ Ho ka etsahala hore o ne a rialo.—Daniele 5:1-4.
Ho Phethahatsa Timetso
Hang, sefahleho sa Belshatsare sa hloenya ke tšabo. Moo, ka pel’a kandelere e mabapa le lebota, letsoho la hlaha ’me la ngola litlhaku tse ’nè tse bonolo empa e le mantsoe a sa hlalohanngoeng. Ka eona nako eo, ’mino le tantši tsa emisa. Morena o tšohile ’me mangole a otlana. Ketsahalo ee e tšosang e bolela eng? Bitsang banna ba bohlale le balepi ba linaleli! Mang kapa mang ea ka hlalosang mongolo ’ona o ne a tla neoa tlotla.—Daniele 5:5-7.
Bohle ba eme ka tšabo ho utloa hore na banna ba bohlale ba tla re’ng. Empa ba tsielehile. Tlhaloso e tebileng ea ‘mongolo leboteng’ ke efe? Ha ho ea ikutloang ho leka tlhaloso, ’me morena o tšohile le ho feta.—Daniele 5:8, 9.
Ha mofumahali a utloa se etsahalang, a kena ka tlung e khōlō. A hopotsa Belshatsare hore ’musong oa hae ho na le monna oa molichaba ea bontšitseng tsebo ea hae tabeng tse joalo. Kahoo, Daniele a bitsoa. Ka sebete a hopotsa morena ka se hlahetseng Nebukadnezare lilemo pelenyana. Joale, Daniele o bolella Belshatsare se tla mo hlahela, o re:
‘Hlaku tse ngoliloeng ke tsena: MENE, MENE, THEKEL, UPHARSIN.
‘Koahollo ea lihlaku tseno ke ena: MENE, Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse.
‘TEKEL, u lekantsoe ka sekala, ’me ha fumanoa u le chatsi.
‘PERES, ’muso oa hao o arotsoe, ’me o neiloe Bamede le Persia.’—Daniele 5:10-28.
Phethahatso e Potlakileng
Na Belshatsare o tla ema nako e telele ho bona haeba mantsoe a Daniele a nepahetse? A re boneng hore kamorao ho etsahala eng ‘me re ele hloko liketsahalo tse fetang tlhaloso ea nakong eo.
Masole a Bamede le Bapersia a ne a ntse a cheka likanale ho faposa metsi a Nōka ea Eufrate e fetang Babylona. Morena Cyruse o ne a emetse bosiu boo ho phetha morero oa hae, a tšepile hore ba Babylona ba ke ke ba falimeha ka lebaka la kobo ea lefifi e apesitseng naha. Joale likanale tsa buloa. Hang ha metsi a nōka a fapositsoe ka ho lekaneng ’me a le tlase haholo, masole a tlolela kahar’a nōka.
Likhoro tsa motse tse bulehelang ka nōkeng li ne li siiloe li butsoe bosiung boo, ho ka etsahala hore e bile ka lebaka la ho itšepa ho tlōla. Ka tšohanyetso masole a Bamede le Bapersia a kena motseng. Masole a atleha ho kena tlung ea borena, ’me Belshatsare a bolaoa. ’Muso o moholo oa Babylona oa oa.—Daniele 5:30.
Pheliso ea Tšohanyetso e Tšoanang
Ho nepahala ha tlhaloso ea Daniele ho bontša botebo ba litemoso tsa Bibele. Hamorao mantsoe a ngotsoeng ke moapostola Pauluse a bontša hore ho na le liketsahalo tsa bohlokoa le tsa tšohanyetso tse tla tla. Lengolong la hae la pele le bululetsoeng le eang ho Bakreste ba Bathessalonika, o’a ngola: “Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:3.
Joalekaha Daniele le Bajode ba ile ba bolokoa ha Babylona e oa, pholoho e ka ba teng tšenyehong e atamelang ea Molimo. Joang? Ka ho lula re falimehile moeeng ’me re thabela tšireletso ea Jehova. Pauluse o itse: “Empa ha e le lōna, banab’eso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le oela ka sehlōhō joale ka lesholu.”—1 Ba-Thessalonika 5:4.
Pauluse o ne a bua ka “letsatsi la Morena [Jehova],” nako ea ho kenella ha Molimo litabeng tsa batho ka ’Muso oa ’ona oa Messia. (1 Ba-Thessalonika 5:2) Ke neng re ka lebellang ‘mongolo leboteng’—lipontšo tse re lemosang ka ho kenella hona? Boprofeta ba pelenyana, bo tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 2, bo arabela lipotso tsa rōna.