Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 1/1 maq. 4-13
  • Nyakallo Har’a Batho ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nyakallo Har’a Batho ba Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ikhopotsa Lefu la Jesu
  • Katoloho e Eketsehileng ea Lefatše
  • Lefapha la Bopula-maliboho
  • Ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
  • Ho Paka ho Tsoala Keketseho ea ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 1/1 maq. 4-13

Nyakallo Har’a Batho ba Molimo

MANTSOE a Morena Davida, a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 68, litemana tsa 2-4, a akarelletsa memo e mofuthu e eang ho barati bohle ba tokoloho ea ’nete: “Binelang Molimo, le roke lebitso la oona! Batalletsang ea kaletseng lefeelleng tsela! Jehova ke lebitso la hae; itumeleng pel’a hae.” Ke tokelo efe e ka bang khōloanyane ho feta ho nyakalla pel’a Molimo oa rōna? (Esaia 12:2, 3) Selemo sohle sa 1986, Jehova o matlafalitse lipaki tsa hae ka ho tsotehang ha li ntse li tumisa tokoloho ho batho ba lefatše.

Maqephe a latelang a fana ka tlaleho e khutšoaane ea tšebetso ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova ka 1986. Ke lebaka le lekaakang la nyakallo! Joalokaha lipalo li bontša, tlhoro ea palo ea Lipaki tse mafolofolo tse tlalehang linaheng tse 208 e phahametse ho 3 229 022, keketseho ea karolo ea 6,8 lekholong selemong seo. Palo ea ba kolobelitsoeng e bile 225 868.

Ho Ikhopotsa Lefu la Jesu

Ba bileng teng sebokeng se seholo sa selemo, Sehopotso sa lefu la Jesu, bonyane ba eketsehile ho ba ba 8 160 597, le hoja litlaleho tse ling li sa ka tsa amoheloa ka lebaka la maemo a ntseng a mpefala a lefatše. Palo ea ba jang le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso e theohetse ho 8 927 ha batlotsuoa ba tsofetseng ba phetha tšebeletso ea bona ea lefatšeng.—Tšenolo 2:10.

Ba bangata ho ba ileng ba bokana kutlong ea taelo ea Jesu ba bontšitse sebete se beang mohlala. (1 Ba-Korinthe 11:23-26; Johanne 16:33) Naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa Jehova o thibetsoeng, phutheho ea moo e ne e bokane lapeng ha khaitseli e mong ho keteka Sehopotso. Kamorao ho metsotso e robeli feela puo e qalile, ba boholong moo ba fihla ho ea tšoara baena. Ba ba laela hore ba emise seboka. Baena ka mosa empa e le ka tieo ba tsitlallela hore ba tlameha ho hlompha Sehopotso sena sa lefu la sehlabelo la Jesu. Hoba ba beelane mabaka le ho etsa thapeli ho mapolesa, ba lumelloa hore ba tsoele pele mapolesa a ntse a utloa. Seboka sa koaloa ka khotso, eaba joale bohle baa tšoaroa. Kamorao ho nako ea lipotso, ba bahlano ba bolokoa litlamong. Ba lutse chankaneng ka nakoana empa hamorao ba lokolloa, ba thabile hore e be ba ile ba khona ho boloka Sejo sa Morena sa Mantsiboea!—1 Johanne 5:3, 4.

Nigeria, moo palo ea Lipaki e eketsehileng ho ea ho 128 461, Sehopotsong ho bile teng ba 394 370—ba bangata ho feta neng kapa neng. Seboka se seng sa Sehopotso se ile sa tšoareloa setšeng sa mohaho o mocha oa Bethele Igieduma, ’me ho bile teng ba fetang 700—hoo e ka bang batho ba motse oo kaofela!

Mexico ho hlaha tlaleho ena: “Kae le kae moo re eang ka hare ho naha bahoeletsi ba tletse cheseho, ’me naha eohle ho bonahala e chesa ke ’nete. ’Nete e aparetse baena, ’me bophelo ba bona bo likoloha ’neteng. Malapa a kena ’neteng e le lelapa kaofela. Karolo e khōlō lekholong ea batho ba ithutang e qala ho ea libokeng hona hoo feela. Hona ho ba thusa ho tsoela pele ka potlako.” Mexico e tlalehile ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba le 838 467. Ka Phato, bahoeletsi ba ’Muso ba 198 003 naheng eo ba ne ba tsamaisa lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 327 664 malapeng a batho. Ba na le monyetla o moholo hakaakang bakeng sa keketseho!

Katoloho e Eketsehileng ea Lefatše

Khubung ea Bokreste-’mōtoana ho hlaha litlaleho tse tšoanang tsa katoloho. Italy e finyelletse tlhoro e ncha ea bahoeletsi ba 139 570 ka Phato, ’me ba 301 009 ba ne ba le teng moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ka sebele Lipaki tsa Jehova li ‘tlohetse leseli la tsona le khanyetse batho bohle.’ (Mattheu 5:16) Ka mohlala: “Khaitseli e mong o ne a tšèla chelete ka mochining oa litekete beseng ha motsoalle a mo bolella hore ha ho hlokahale hore a lefelle tekete kaha o palama sebaka se sekhutšoaane feela. Khaitseli eo a hlalosa hore ho nepahetse ho lefella tekete, le haeba motho a il’o theoha sebakeng se latelang feela. Ka morao ho moo, motsoalle oa hae a theoha bese. Ka nako eo, moqhobi oa bese a retelehela ho khaitseli ’me a re: ‘Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?’ Khaitseli a arabela, ‘E, ke hobane’ng ha u botsa?’ ‘Ke utloile moqoqo oa lōna ka ho lefa tekete ea bese, ’me kea tseba hore Lipaki tsa Jehova li balelloa har’a batho ba seng ba kae ba etsang joalo ’me li tšepahala linthong tsohle.’ Likhoeli tse seng kae hamorao, monna e mong a atamela khaitseli enoa sebokeng ’me a re, ‘Na ua ntseba? Ke moqhobi oa bese ea ileng a buisana le uena ka ho lefella tekete. Ka ho hlokomela boitšoaro ba hao, ke ile ka etsa qeto ea hore ke qale ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.’”

Brithani e bile le tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso ba 107 767 ha ho balelloa le moena enoa ea sa tsoa kolobetsoa: “George hona joale o lilemo li 84. Kamorao ho lilemo tse 50 e le ‘’moleli feela’ kerekeng ea moo, o ile a tseba ’nete. Pele, e ne e re ha a tla qeta thuto ea hae ea lehae ea Bibele, o ne a ee a potlakele ka kamoreng e ’ngoe ho ea tsuba sakarete. O ne a ile a tsuba kamehla ka lilemo tse 70. Empa kamor’a hore a ithute khaolo ea 26 ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ha ho mohla a kileng a tsuba hape. Ho se ho fetile selemo joale George a kolobelitsoe ’me o cheseha haholo tšebeletsong ea tšimo, a bolella ba bang ka mahlohonolo ao Jehova a tlang ho a tlisa tsamaisong ea hae e ncha ea lintho.”

Federal Republic ea Jeremane e tlaleha tlhoro ea bahoeletsi ba 118 645. Ho boetse ho na le Lipaki tse ling tse tšepahalang tse mashome a likete tse ‘tlohetseng leseli la tsona hore le khanye’ Democratic Republic ea Jeremane e haufi le moo. Jeremane maqheku le maqhekoana a tšepahalang a hana ho bea “lerumo la moea” fatše. (Ba-Efese 6:16, 17) Phutheho e ’ngoe ea tlaleha: “Re na le khaitseli ea lilemo li 103 ’me o ntse a lula a le mong. Baholo ba lokiselitse sehlopha sa bo-khaitseli ba supileng ho ea ho ba robeli hore ba thusane ka linako tse sa tšoaneng ho mo hlokomela beke le beke. Hona ba ho entse ka lilemo tse fetileng tse tharo ho ea ho tse ’nè. Basebeletsi ba ’muso ba lithuso, ba lefuoang ke motse, ba tla ho tla mo hlapisa le ho mo apesa liaparo tse hloekileng. Empa ha ba kula kapa ba le phomolong, bo-khaitseli ba rōna ba nka mosebetsi oo. Bopaki bona ba lerato la Bokreste le boitelo bo sebelitse e le bopaki bo botle ho ba ka ntle. Khaitseli oa rōna ea lilemo li 103 o sa ntsane a phela hantle kelellong ’me o nka basebeletsi ba ’muso ba lithuso e le ‘tšimo’ ea hae. O ba bolella ka cheseho ha ba ntse ba mo hlapisa ’me o ba fa libuka.” Kannete, “moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho.”—Liproverbia 16:31.

Leha ho le joalo, memo ea ho rorisa Jehova e leba ho batho ba lilemo tsohle—“bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana.” Bacha ba bangata ‘ba hopola ’Mōpi oa bona matsatsing a bocha ba bona.’ (Pesaleme ea 148:12; Moeklesia 12:1) Brazil, moo ho neng ho e-na le tlhoro e ncha e babatsehang ea bahoeletsi ba 196 948, Mokhatlo oa Watch Tower o amohetse lengolo le tsoang motseng o ka thōko moo baena ba babeli ba banyenyane ba ileng ba paka ka likhoeli tse seng kae. Karolo e ’ngoe ea lona e re: “Ke lakatsa ho le babatsa ka bacha ba batle bao le nang le bona bolumeling ba lōna. Ke tichere ea sekolo ’me ke sebetsana le bacha, ’me ke tseba hore ha ba sa le seo ba neng ba le sona. Bacha ba lōna ruri ke mohlala. Ba hlompha batho ba baholo ho bona, ba ikokobelitse ’me ba apara ka mokhoa o khabane. Ba tseba Libibele tsa bona hakaakang! Hoo ka sebele ke bolumeli! Ke masoabi hore e be ba lokela ho tsamaea.” Malapa a baena ba rōna hona joale a fallela ruri ho tse ling tsa libaka tsena tse ka thōko ho hlokomela thahasello ena.

’Nete e tsoela pele joang libakeng tseo e seng tsa Bokreste? The Wall Street Journal ea la 9 Phupu, 1986, e hatisitse taba e telele tlas’a sehlooho “Letsoatlare—Baromuoa ba Bokreste ba Jala Peō Japane Empa ba Fumana Hore ha ho Hokae ho Melang.” Ho tlalehiloe moromuoa oa Kereke e Kopaneng ea Kreste a re, “Ha ho tsela eo ka eona Bokreste bo tla ke bo mele ka metso Japane,” ’me moprista oa lebotho la Francis a re, “Moromuoa oa naha esele o feletsoe ke nako Japane.” Ka bobeli ba ne ba sebelelitse lefeela ka lilemo tse fetang 30. Sehlooho sa re: “Karolo e ka tlaase ho 1 lekholong ea baahi ke Bakreste, ’me ho sa tsotellehe mosebetsi ’ohle oa baromuoa, karolo eo e ntse e theoha.” Ho bile hakaalo bakeng sa malumeli a Bokreste-’mōtoana. Empa ho thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova, tse rutang Bokreste bo hloekileng naheng eo? Ka likhoeli tse fetileng tse 92 tse latellanang, li ekelitse palo ea basebeletsi ba tsona ba mafolo-folo ho fihlela tlhoro ea 113 062 (ho akarelletsa karolelano ea bo-pula-maliboho ba 46 390 khoeli le khoeli). Japane ho khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 146 316 le batho ba thahasellang bocha. Hona ka sebele ke selelekela sa keketseho e khōloanyane e tsoelang pele. Mona, re bona phethahatso e phelang ea Esaia 65:13, 14.

Lefapha la Bopula-maliboho

Ho thoe’ng ka setsi sa tšebetso ee eohle e khōlō—United States of America? Mono tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso ba eang tšimong e ne e le 744 919. Empa na ‘baromuoa ba joalo ba lapeng’ ba hlile baa hlokahala? Ka sebele ba hlile baa hlokahala ha tlōlo ea molao, lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, mafu le tšilafatso li ntse li phahamela tekanyong e khōloanyane ho feta linaheng tseo ho thoeng ke tsa bohetene. Batho ba lakatsang lintho tse molemo ba hloka matšeliso le tšepo, ’me Lipaki tsa Jehova li na le molaetsa o joalo. (Esaia 61:1, 2; Mattheu 24:14) United States, ka 1986, basebeletsi bana ba neetse lihora tse 146 673 490 boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso. Hoo ke keketseho ea karolo ea 12,6 lekholong, kapa lihora tse 16 449 229 ho feta ngoahola. Nako eo e sebelisitsoe hamolemo kaha ho tsamaisitsoe libuka tse 6 138 938, e leng ntlafatso ea karolo ea 23,2 lekholong ho feta ngoahola. Ka ’Mesa feela, tlhoro e bile libuka tse 1 000 000 tse hlalosang tšepo ea ’nete bakeng sa khotso le tšireletseho.

E ’ngoe ea litšobotsi tse thabisang ka ho fetisisa tsa tlaleho ea United States ke katoloso ea tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka ’Mesa ho ne ho e-na le tlhoro ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 45 786, keketseho ea karolo ea 23 lekholong ho feta ngoahola. Ha u kopanya palo eo le karolelano ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 43 369 le karolelano ea bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 279, ho bolela hore khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba ka bang 90 000 ba ne ba bolela ’Muso oa Molimo libakeng tsohle mosebetsing oa bopula-maliboho. Bana ke bacha le batho ba baholo ba sebelisang nako ea bona ka bohlale ba rorisa Jehova.

Ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng

Ha moapostola Pauluse a ne a ruta pontšeng le ka matlung, o ile a paka litaba tse molemo ‘ka ho phethahetseng.’ (Liketso 20:20, 21) Bopaki bo tšoanang bo fanoa masimong a mangata kajeno. Ka mohlala, tlaleho ena e tsoa Guadeloupe: “Qetellong ea selemo sa tšebeletso re ne re e-na le mohoeletsi a le mong bakeng sa batho ba 72. Ke ho senya nako ho bolela hore re tsebahala ka ho fetisisa naheng ena! Ha e le hantle, libakeng tse ngata, re ea tšimong e le ’ngoe beke le beke. Ba bang ba ka re ka sebele batho ba khathetse ke ho re bona, kapa hore hoa nyahamisa ho ba tšimong e le ’ngoe beke le beke. Empa ho fapana le moo, ha re ntse re sebetsa tšimo haholoanyane, thahasello e tsoha haholoanyane. ’Me bopaki ke bofe? Ke tlhoro ea ’Mesa ngoahola ea lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 7 136 tse tsamaisitsoeng ke bahoeletsi ba 4 558! Haufinyane makasine e ’ngoe e bile le sehlooho se reng: ‘Lipaki tsa Jehova—Marena ka Ntlo le Ntlo’! Re nka hona e le tlhompho. Selemong se fetileng sa tšebeletso, baena le bo-khaitseli ba 458 ba bacha ba ile ba kolobetsoa.” Ho tiea matla le thabo tse bontšoang ha re sebetsa tšimo ea rōna khafetsa, ho tseba batho le ho iketsa motsoalle oa bona, ka lerato ho khepholoa khethollo ea bona—hona ho ka isa ho fumaneng ba bangata ba kang linku.

Jehova o hlohonolofatsa ka ho enneng bahlanka ba hae naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi o thibetsoeng ’me ntoa ea ka lapeng e leng khōlō. Naheng eno baena ba bangata ba rōna ba hlomohile lichankaneng, ’me bacha ba bang ba Lipaki ba bolailoe. Empa, ka ’Mesa ho bile le tlaleho e tsotehang, ka litlhoro tse leshome tse phahametseng tse ling tsohle. Palo e ncha ea bahoeletsi ke keketseho ea karolo ea 29 lekholong ho feta ngoahola. Baena baa ba ratehang ba bontša cheseho e matla hakaakang! Karolelano ea lihora ka ’Mesa e ne e le ka holimo ho tse 18 mohoeletsi ka mong, ’me lithuto tsa mahae tsa Bibele e le 2,6 mohoeletsi ka mong.

Molaetsa oa lekunutu o amohetsoeng ke ofisi ea lekala e hlokomelang sebaka sena o lekane ho fetisa kutloisiso e itseng ea maemo a teng. O re: “Lebatama le ntse le re bataola ho ea pele. Boiteko bo hlokahalang ho potapota le ho bona e mong ke bopaki ba hore ha rōna mona hoa chesa. Empa rea tseba hore re entsoe ka tsela eo re ka lumellanang le mohatsela leha e le ofe kapa mocheso leha e le ofe le tikoloho leha e le efe. Ho sa tsotellehe sena sohle, re mameletse ’me re na le tšepo ea hore re tla pholoha.” Ke botšepehi bo bokaakang!

Batho ka bomong ba tšepahalang ba etsa mokhatlo o hlophisitsoeng o tšepahalang. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše lohle oa Lipaki tsa Jehova tse 3 229 022 o sona seo! Li lebelletse ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang le hore, tlas’a ’Muso oa Kreste li kopanele, mosebetsing o moholo oa ho fetola lefatše paradeise. (Tšenolo 7:14; 21:3, 4; Esaia 65:17, 21-23, 25) Li thabisitsoe ke tsela eo hona joale Jehova a hlohonolofatsang ka eona tšebetso ea tsona e mafolo-folo, e-bang li bolela lentsoe “ha nako e tšoaneleha” kapa “e sa tšoanelehe.” (2 Timothea 4:2) Maqephe a latelang a bontša kamoo li ileng tsa utloa sehlooho sa tsona sa selemo sa 1986: “E-ea . . . , u bolele ’muso oa Molimo libakeng tsohle.”—Luka 9:60, NW.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Litšobotsi tse Ling tsa Tlaleho ea Lefatše Lohle ea Lipaki tsa Jehova

Keketseho:

Tlhoro ea bahoeletsi: 3 229 022 6,8%

Karolelano ea khoeli le

khoeli ea bo-pula-maliboho: 391 294 21,2%

Kakaretso ea lihora

tsa ho bolela: 680 837 042 15,3%

Karolelano ea khoeli le

khoeli ea lithuto tsa

mahae tsa Bibele: 2 726 252 14,6%

Kakaretso ea ba kolobelitsoeng

ka 1986: 225 868 19 %

[Chate e leqepheng la 10-13]

TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1986 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE

(Sheba volume)

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

HO PAKA ‘PONTŠENG LE KA NTLO LE NTLO’ “HO ISA PHELETSONG EA LEFATŠE”

Davao Philippines

Venice Italy

Castle Combe England

Gålå Norway

Kowloon Hong Kong

Taipei Taiwan

Queenstown New Zealand

Bolgatanga Ghana

Paris France

Quetzaltenango Guatemala

Kerala India

Banff Canada

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela