Tšebeletso ea Ntlafatso—Kamoo e Amang Batho
KA MAHOBE a mahlano feela a harese le lihlapi tse peli tse nyenyane, Jesu Kreste a fepa ka mohlolo banna, basali le bana ba fetang 5 000 hoo e ka bang ka Paseka (Tlhakubele-’Mesa) ka 32 C.E. (Mattheu 14:14-21; Johanne 6:1-13) Batho ha ba bona monyetla o moholohali oo Jesu a neng a e-na le oona, ba batla ho mo etsa morena oa bona. Ho bonahala ba ne ba ikutloa hore a ka ba lopolla jokong ea Baroma ’me a ntlafatsa boemo ba bona bophelong. Jesu o ile a arabela joang?
Ho e-na le ho kebisa molala ho se ratehang, Jesu “a ea thabeng a ’notši.” (Johanne 6:15) Empa letšoele ha lea ka la tela habonolo. La khutlela ho eena hape ka letsatsi le latelang. Ha Jesu a hlokomela sepheo sa bona se seng setle, a re ho bona: “Lea mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la khora.” Eaba joale oa eketsa: “Se sebeletseng lijo tse felang, empa le sebeletse lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng.”—Johanne 6:25-27.
Re ka ithuta eng tlalehong ee? Har’a tse ling, e bontša ka ho hlaka hore ho bonolo haholo ho hohela batho ka melemo e bonahalang. Leha ho le joalo, ho haha kananelo ea ’nete bakeng sa lintho tsa moea—lintho tsa molemo oa ka ho sa feleng—ke taba e fapaneng ka ho feletseng. Kajeno, tšekamelo ea ho talima lintho ka leihlo la nama e atile haholoanyane.
Boipiletso bo Matla ba Tšebeletso ea Ntlafatso
Mahlong a batho ba linaheng tse ntseng li hōla, lichaba tse tsoetseng pele tsa Bophirima li emela menyetla eohle le melemo eohle e bonahalang eo motho a ka e batlang—e sieo naheng ea habo bona. Ba lakatsa nala, ba etsisa le mokhoa oa bophelo. Ka pel’a hoo e ka bang seithuti se seng le se seng ho beoa monyetla oa thuto e phahameng e le senotlolo sa ho tsoela pele le ho atleha. Ka boitsebiso bona ba bohlokoa ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mananeo a ntlafatso a likereke a linaha lisele a ipiletsa ka matla hakana linaheng tsena. Empa liphello ke life?
Ka mohlala, ho utloisisa ha batho ba Bochabela hore ba etse eng kapa eng eo likereke li e hlokang e le hore ba ka tšoanelehela limpho le ho qela ho entse hore ho be le lebitso le nyelisehang la “Bakreste ba mejo.” Ha e le hantle, karolo e soabisang ka ho fetisisa ke hore ha thuso e joalo kapa phallelo e khaotsa, le thahasello ea batho ea khaotsa. Ba bangata ho Bakreste bana ba mejo ba nyamella feela moo ho sa tsejoeng. Kahoo, har’a batho ba Canton, ho na le polelo e tloaelehileng eo ha e fetoleloa e ka ’nang ea re: “Molimo o rata lefatše, empa lefatše le rata lebese la phoofo.”
Le hoja lihlopha tse ngata tsa likereke li se li se na mananeo a liphallelo, ntle le haeba mohlomong e le linakong tsa likoluoa, ho etsahetseng nakong e fetileng ho siile maoma a hona. Ho batho ba bangata ba Bochabela, likereke li tšoana le mekhatlo ea lithuso, ’me lebaka feela la ho ea kerekeng ke ho fumana, e seng ho fana. Ho hang ha ba bone ho hlokahala hore ba ka itella kereke. Ka mohlala, boikutlo bona bo bontšoa ka hore ba be monyebe ho lefella lingoliloeng tsa Bibele hobane, likelellong tsa bona, ntho ea kereke ha ea lokela ho lefelloa.
Ho ikatlehisa ka kereke ho bonoa habonolo haholo lefapheng la thuto. Linaheng tse ngata tse hōlang, ho fumana thuto ea Bophirima ho talingoa e le mokhoa o tiileng oa botumo le katleho. Ho latela mohloli o mong, ha India e fumana boipuso ho Brithani, karolo ea 85 lekholong ea litho tsa lekhotla la sechaba tsa sechaba seo e ne e kene “likolo tsa Bokreste.” ’Me, ho latela maikutlo a Confucius Bochabela bo Hōle, ho ruteha haholo ke e ’ngoe ea lipakane tse phahameng haholo bophelong. Ka tlhaho, ba bangata ba sheba mokhoa oa ho intšetsa pele e le likolo tsa kereke, tse atisang ho sebelisa mekhoa ea Bophirima le litekanyetso tsa teng. ’Me, ka tšepo ea ho kenya bana ba bona ho se seng sa likolo tse laoloang ke kereke ’me mohlomong le hore hamorao ba ba ise mose ho maoatle, batsoali ba bangata ba Bochabela bao ka tloaelo ba latelang malumeli a neano ba thabela ho kena kereke ka bobona le ho phehella bana ba bona ho etsa joalo.
Tholoana ke Efe?
Ha likereke tsa boromuoa li bapisoa le moo likereke tsena li simolohileng teng, hangata li na le batho ba bangata ba li kenang. Batho ba bangata ba kenyeletsoa lithutong tsa kereke le maikutlong a itseng a Bokreste ka tsela eona eo. Empa na ho phetlehela see ho ba entse hore ba utloisise Bibele le molaetsa oa eona? Na ho ba entse Bakreste ba sebele, ke hore, balateli ba Jesu Kreste?
Ka mohlala, nka Kuo Tung, mohlankana ea boletsoeng pejana. Ha a botsoa hore na joale o lumela ho Molimo kamor’a hore a kene kereke ka nakoana, o ile a arabela: “Che. Ha ho mohla ho kileng ha buuoa ka bopaki ba hore Molimo o teng.” Ha e le hantle, o ile a lumela hore ha a nepisise hore na e be ho na le e mong ho metsoalle ea hae ea lumelang ho Molimo o phelang, le hoja ba kene kereke le eena. O boletse hore ba ne ba hulana feela bakeng sa monyetla oa ho ithuta Senyesemane.
Mohlankana e mong o ile a tla hae bakeng sa phomolo a tsoa kolecheng United States. Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo etetse, o ile a botsa hore na e be Lipaki li tšoara liboka tsa tsona ka Senyesemane. Ka lebaka lefe? A re, “E le hore nka ’na ka tsoela pele le Senyesemane sa ka.” Ha a bolelloa hore liboka li tšoaroa ka puo ea moo e le hore bohle ba ka rua molemo moeeng, mohlankana eo a bolela hore o tla ea moo liboka tsa Senyesemane li tšoaroang habeli ka beke.
Le ba fetohileng litho tsa kereke ba bile ba kolobelitsoe ba bontša phetoho e nyenyane ponong ea bona. Ba bangata ho bona ba sa ntsane ba tšoarelletse litumelong tsa bona tsa pele le mekhoeng ea bona ea pele, hangata e le ka tumello, haeba e se le ka tlhohonolofatso ea kereke ea bona. Chaena, ka mohlala, Baroma ba K’hatholike ba lumelloa ho tsoela pele ka borapeli ba bona ba balimo, le hoja bo haneloa libakeng tse ling. Matlapa a ngotsoeng a batlang tlhohonolofatso ea molimo oa monyako a atisa ho bonoa menyakong ea malapa a “Bakreste.” ’Me Okinawa, litšoantšo tsa liphoofolo tsa melimo li beoa lihukung tsa marulelo ho sireletsa lelapa.
Ho thoe’ng ka ba ruileng molemo ka mananeo a kereke? Tšireletsehong eo ba e fumaneng bocha ea lintho tse bonahalang le ea lichelete, ho tloaelehile hore ba utluoe ba bolela hore karabelo mathateng a kajeno ke hore motho a itšepe boeena. Phello ke hore ba bangata ho bona ba ikarotse ho hang ho ameheng kerekeng ka tsela leha e le efe kapa, ho molemo haholoanyane, ba lutse thōkoana ka mokhoa o hlomphehang.
Baromuoa ba likereke ba bile le menyetla e mengata e metle ea ho laea batho ka seo Bibele e se rutang, empa ho e-na le ho ba ruta ho latela khothatso ea Jesu ea ho ‘batla ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele, ’me ba tle ba ekeletsoe lintho tseo tsohle,’ ba beile khatiso ‘linthong tse ling.’ (Mattheu 6:33) Ka mananeo a bona a ntlafatso, ba entse ho hongata ho thusa batho nameng, bongakeng le thutong. Empa melemo ke ea bolefatše haholo. Ho e-na le ho fana ka pono ea moea, hangata mananeo a joalo a fetoha feela khothalletso ea ho loanela haholoanyane melemo ea bolefatše.
Likereke li tsoile ho ea bolela molaetsa o molemo. Empa mabakeng a mangata phello e bile ho ntšetsa pele tsela ea bophelo ea Bophirima ea lintho tse bonahalang. E, ba fumane basokolohi ba bangata. Empa joalokaha re bone, bana ba fetohile balefatše le ba sekametseng haholoanyane ka lintho tse bonahalang ho feta neng kapa neng. Mehleng ea Jesu, o itse ka baeta-pele ba bolumeli: “Le tsamaea le leoatle le lefatše lohle ho etsa morutuoa a le mong, ’me ha a se a entsoe, le mo etsa ngoana oa lihele habeli ho fetisa lōna.” (Mattheu 23:15) Ka kutloisiso ena, boiteko ba Bokreste-’mōtoana ba ho bolela molaetsa o molemo ka ntlafatso bo bo soetsitse. Bo haelletsoe ho hang thōmong e khōlō e fanoeng ke Jesu Kreste: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.