Lipaki tsa Jehova Lefapheng la Boromuoa
BAROMUOA ba Lipaki tsa Jehova Asia le libakeng tse ling ba atisa ho botsoa: “Ke hobane’ng ha le se na lihlopha tsa thuto ea Senyesemane joaloka baromuoa ba bang?” “Na le na le likolo tseo nka romelang bana ba ka ho tsona kapa lipetlele bakeng sa ba kulang.” Ha e le hantle, karabelo ke, che. Ka lebaka lefe? Ha e le hantle, sepheo sa Lipaki ke sefe? Hona li etselitse batho ba linaheng tsee eng?
Pono e Fapaneng
Ho ke ke ha latoloa hore baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba sokolotse batho ba bangata ka litšebeletso tsa bona tsa ntlafatso. Empa kaha mesebetsi e joalo e tobisitsoe haholo-holo ho khotsofatseng litlhoko tsa batho tse bonahalang ho e-na le tsa moea, baromuoa bana ha baa atleha ho etsa barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste. (Mattheu 7:22, 23; 28:19, 20) Habohlokoa haholoanyane, ba sitiloe ho supa pheko leha e le efe ea kamehla mathateng a kahisano ao ba lekang ho a hlōla.
Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova li amehile haholoanyane ka thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14) Hona hase hobane li sa elelloe kapa li sa ameha ka mahlomola ’ohle a batho le leeme lohle tseo li li bonang. Ho e-na le hoo, ke kahobane li hlokomela hore pheko feela bakeng sa mathata ana a tebileng ha e matsohong a batho empa e ’Musong oa Molimo.—Pesaleme ea 146:3-10.
Ke sona seo ka ho toba Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba se bolela lekholong la pele la lilemo. Jesu o itse: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Jesu o ile a supa ’Musong oa Molimo a ba a o bolela e le oona feela pheko e feletseng hobane o ne a tseba hore mathata a lefatše a maholo haholo hore motho a a loantše ka katleho a le mong. Le hoja Jesu a ile a phekola hangata ka mohlolo, o ile a phehella barutuoa ba hae hore ba ‘batle ’muso oa Molimo le ho loka ha [Molimo] pele, ’me lintho tseo tsohle ba tla li ekeletsoa.’—Mattheu 6:33.
Hamorao, ha Jesu a rōma barutuoa ba hae, o ile a qala ka hore a re ho bona: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” Eaba oa eketsa: “Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse ba-lepera, le lahlele bademona ntle.” (Mattheu 10:7, 8) Hoo ho beela balateli ba kajeno ba Jesu Kreste hore na ke eng se tlang pele. Le bona, ba tlameha ho bea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso e le sepheo se ka sehloohong sa bona, ka holimo ho ho etsa mesebetsi ea botho le pele ho eona. Ke sona seo baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ba lekang ho se etsa.
Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Batho tsa Moea
Joaloka sehlopha sa Bakreste, Lipaki tsa Jehova li kene mosebetsing o moholohali oa boithaopo oa ho lokisetsa ho ruta batho Bibele. E le bahoeletsi ba litaba tse molemo, li thahasella ho thusa ba bang ho rua molemo bohlaleng ba Bibele le keletsong ea eona, hona joale le kamoso. (Pesaleme ea 68:11) Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Lipaki li hlokomela hore ha batho ba thusoa ho utloisisa keletso ea Bibele ba bile ba e latela, ba hlomelloa hamolemonyana hore ba sebetsane le mathata le likhatello tsa bophelo. Ka lehlakoreng le leng, ba fumana matla a boitšoaro a hlokahallang ho hlōla mekhoa e fetolang batho makhoba le e senyang nameng e kang ho tsuba, botahoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ho se ipaballe ’meleng, papali ea chelete, le bootsoa. Ka lehlakoreng le leng, ’nete ea Bibele e ba thusa hore ba nchafatse likelello tsa bona, ho ba tlisetsa morero bophelong le tšepo ea sebele bakeng sa kamoso.
Kahoo, ka ho fana ka thuso e phahameng ka ho fetisisa—e tsoang Lentsoeng la Molimo—Lipaki tsa Jehova li tlatsetsa ka ho toba ho phahamiseng boitšoaro le bophelo ba ’mele ba motse oo ba phelang le ho bolela ho oona. Hona ho atisa ho hlokomeloa ke ba bang ba li shebeletseng ka sepheo se setle. Ka mohlala, Dr. Bryan Wilson oa Univesithi ea Oxford, ea ithutileng mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova Afrika, o itse lengolong le neng le e-ea ho The Times ea London:
“Lipaki tsa Jehova li sebetsa ka thata ’me hangata li seli le ho ba sehlahlo ho feta kakaretso ea batho ba har’a tsona. Baeta-pele ba tsona ba li khothaletsa ho lefa makhetho a tsona kapele, ho se kene merusung, le ho qoba ho khopisa. Li laolehile, lia tšepahala ’me li hlaphohetsoe. Makhabane ana e ne e le a bohlokoa haholo khōlong ea moruo le ea kahisano ea batho ba Bophirima, ’me e ke ke ea e-ba ho feteletsa litaba ho bolela hore Lipaki tsa Jehova li baloa har’a baahi ba khabane le ba masene ka ho fetisisa linaheng tsa Afrika.”
Ka mantsoe a tšoanang, moshebelli e mong oa Amerika Boroa o boletse sena sehloohong sa bohlophisi sa koranta e ’ngoe:
“Lipaki tsa Jehova ke batho ba sebetsang ka thata, ba tšepahalang le ba tšabang Molimo. Ha ba feto-fetohe le linako ’me ba rata neano hape bolumeli ba bona bo theiloe lithutong tsa Bibele.”
Kahoo ha Lipaki tsa Jehova li sa bee khatiso ho seo ka tloaelo ho thoeng ke molaetsa o molemo ka ntlafatso, li tlatsetsa ka mafolo-folo lithahasellong tsa metse ka ho thusa ba bang hore ba etse hore bophelo ba bona bo lumellane le litekanyetso tse phahameng tsa Bibele. (Ba-Roma 12:1, 2) Habohlokoahali, li boetse li thusa batho hohle hore ba bone ka nģ’ane ho leeme le khethollano tsa tsamaiso ena ea lintho e tetebelang ka potlako, ba shebe tsamaisong e ncha e entsoeng ke Molimo, e tla tloha e e-tla.—Tšenolo 21:5.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Pheko ea Mathata a Kahisano ka ’Muso oa Molimo
Bala ka Bibeleng ea hao mangolo a latelang ’me u tšelisoe ke ho bona kamoo Molimo o tšepisang hore o tla felisa mathata a kajeno le likhathatso libakeng tse latelang:
Bophelo Esaia 33:24; 35:5, 6; Tšenolo 21:4
Thuto Esaia 11:9; Habakuke 2:14
Mosebetsi Esaia 65:21-23
Lijo Pesaleme ea 67:6; 72:16; Esaia 25:6
Toka Esaia 11:3-5; 32:1, 2