Meetlo kapa Melao-metheo ea Bibele—Ke Hofe ho Laolang Bophelo ba Hao?
MONNA oa Lejapane ea neng a etetse naheng e ’ngoe ea Asia a sheba a tšohile a sa kholoe seo a se bonang. Motho eo a mo etetseng, a sebelisa mahlaka a hae a ho ja, a hlaba nama poleiting e khōlō, a hla a khetha e kang ea utloa, ’me a e bea ka sekotlolong sa moeti se tšetseng reisi! Koana hae Japane, hona ho ne ho tla nkuoa e le mekhoa e mebe. Ha ho ea neng a ka sebelisa mahlaka a hae ho nka lijo ka sekotlolong se seholo ntle leha a furalalitse mahlaka ao pele e le hore ntlha e eang ka hanong e se thetse lijo. Empa ha e le hantle motho enoa ea etetsoeng o ne a hlile a batla feela ho mo hlompha, e seng ho mo khopisa. Ntho eo e neng e ka ba e tsoileng tseleng Japane e ne e le pontšo ea tlhompho naheng ena!
Meetlo e fapana hakaakang! Meetlo e mengata ha e na thuso hakaakang! Hona ke mang ea ka bolelang hore na e molemohali ke efe? Leha ho le joalo, meetlo e meng e theiloe litumela-khoeleng kapa lithutong tsa bohata. Bakeng sa bao matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele, ka ho hlakileng meetlo e joalo e lokela ho qojoa. Ke eng e ka thusang motho ea lakatsang ho khahlisa Molimo ho etsa qeto ea hore ke meetlo efe e ka bolokoang hona e le ho isa boholeng bofe? Ho latela melao-metheo ea Bibele ho ka thusa, hobane Mokreste o amohela Bibele e le tekanyetso ea hae ho sa tsotellehe hore na o lula hokae.
Ho Sebelisa Melao-metheo ea Bibele
Hore Lentsoe la Molimo le fela le e-na le matla a maholo ho sebetsa pelong ea motho ea ikokobelitseng le ho tlisa bophelo ba hae tumellanong le tsela ea Molimo haholoanyane, ho bontšitsoe ka ho hlakileng. Moapostola Pauluse o boletse hore Bakreste ba Thessalonika ba amohetse Lentsoe la Molimo ka ho “kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.” (1 Ba-Thessalonika 2:13) Lentsoe leo, le matla haholo hoo, joalokaha 1 Ba-Korinthe 6:9-11 e totobatsa, le neng le entse hore ba bangata Korinthe ea boholo-holo, e neng e hlokomeleha ka boitšoaro ba eona bo feteletseng, ba lahle litsela tsa bona tsa pele tsa bosholu, bohlola, botahoa le bosodoma. Na Lentsoe la Molimo lea sebetsa le ho uena? Na melao-metheo ea lona e laola bophelo ba hao ka tekanyo e tletseng, e u nolofaletsang ho lemoha seo u lokelang ho se etsa ha u tobane le meetlo ea sebaka seo?
Ka linako tse ling ho totobetse hore moetlo o hanana ka ho toba le melao-metheo ea Bibele. Mabakeng a joalo motho ea tsebang litekanyetso tsa Jehova le ea lakatsang ho mo khahlisa o tla qoba meetlo e joalo. Ka mohlala, moetlo o mong e ka ’na ea e-ba ho etsa mokubetso phupung ho khutsisa ea shoeleng kapa ‘moea oa hae o tsoileng’ kapa hore a tsamaee hantle le ho thabisa “moea” oa hae. Kapa e ka ’na ea e-ba ka hore ho chesoe litšoantšo tsa matlo, lithelevishene, likoloi le tse ling e le ka maikutlo a ho mo thabisa sebakeng sa moea. Leha ho le joalo, Mokreste ea lumelang polelo ea Bibele ea hore “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng” oa tseba hore mekhoa e joalo e theiloe litumelong tsa bohata ’me kahoo oa e qoba.—Moeklesia 9:5, 10; Pesaleme ea 146:4.
Leha ho le joalo, ha moetlo o sa tlōle melao-metheo ea Bibele ka ho toba empa feela o thatafaletsa motho ho sebeletsa Jehova Molimo ka botlalo, ho thata haholo ho seha moeli le ho bontša hore melao-metheo ea Bibele e laola bophelo ba hao. Ho nkela thuto le katleho ea lintho tse bonahalang holimo, ho ikokobeletsa batsoali bophelo bohle le ho khetheloa molekane ke batsoali li har’a meetlo e meng e mengata e ka amang kamano ea motho le Jehova. Melao-metheo ea Bibele e ka sebelisoa joang maemong a kang aa?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ho chesa litšoantšo phupung