Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 2/1 maq. 22-26
  • Boikemisetso bo Nthusitse hore ke Atlehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikemisetso bo Nthusitse hore ke Atlehe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphihlelo Tse Ileng tsa Bōpa Bophelo ba Ka
  • Ho Ikemisetsa ho Boloka Qeto ea Ka
  • Ho Tobana le Khanyetso ka Boikemisetso
  • Boikemisetso Nakong ea Thibelo
  • Ho Sebeletsa Tasmania
  • Lenyalo le Lelapa
  • Bophelo bo Putsang
  • Jehova o Ile a Ntšelisa Har’a Matšoenyeho ’Ohle a ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang
    Tsoha!—1997
  • Ho ba Mong Empa le ka Mohla ke sa Lahloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 2/1 maq. 22-26

Boikemisetso bo Nthusitse hore ke Atlehe

Kamoo ho boletseng Joseph A. Oakley

EBILE thabo e kaakang ka 1950 ho ba har’a ba 123 707 ba bileng teng kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Yankee Stadium ea Motse oa New York, United States! ’Me kamor’a moo e bile tokelo e kaakang ho ba sehlopheng sa bo16 sa sekolo sa boromuoa sa Gileade ka leboea New York!

Hoba ke fete sehlopha seo, ke e-na le sehlopha sa Maaustralia a heso, ka abeloa mosebetsi oa boromuoa koana Pakistan. Re ile ra fihla moo lehlabuleng la 1951. Ke selemo sa pele haholo-holo se ileng sa tlisa liteko tse tšabehang.

E ’ngoe ea tsona e ne e le mocheso le lerōle le tsamaeang le komello, tse fapaneng hōle le ho phola ha Victoria e ka boroa ea Australia le Tasmania moo ke neng ke phela teng. Joale ha e-ba le letšollo le lefubelu, nyooko le mafu a mang a nako e telele ao a neng a tšoara boholo ba rōna ba fihlang. E mong e monyenyane oa sehlopha sa rōna a shoa selemong seo sa pele.

Teko e ’ngoe e ne e le bofutsana le maemo a ho phela a fapaneng. Ke ile ka abeloa ho ba mosebeletsi ea tsamaeang, kamor’a nako e khutšoanyane re fihlile, e leng ho neng ho hloka maeto a literene a malelele le a bolutu ’me ka linako tse ling ho kopanyelletsa ho robala liteisheneng tsa literene.

Teko e ’ngoe hape e ne e le ho se arabele hantle molaetseng oa rōna oa ’Muso har’a baahi bao boholo e leng Masolomane. Hape e ne e boetse e le teko ea sebele ho leka ho hlalosa molaetsa ona ka leleme le thata le le lecha, e leng puo ea Urdu.

Ho ka be ho bile bonolo ho tela le ho khutlela hae. Ho lula ho ne ho hloka boikemisetso bo matla. Ke thabetse hore e be liphihlelo tsa ka tsa pejana li nthusitse ho tobana le liteko ka katleho.

Liphihlelo Tse Ileng tsa Bōpa Bophelo ba Ka

Ke hōliselitsoe polasing e ka bang lik’hilomithara tse 18 ka ntle ho Geelong, motseng o lebopong la leoatle seterekeng sa Victoria sa Australia. Ka letsatsi le leng la ’Mesa ka 1935, ha ke etetse toropong, Mofumahatsana e mong ea bitsoang Hudson a nkenya moqoqong ’me a nkhothaletsa hore ke ee puong ea Bibele. Ke ile ka tšoenyeha beke eo kaofela kaha ke ne ke tšepisitse mofumahali enoa ea hōlileng ea ratehang, ea tiileng le eo ho bonahalang a inehetse, hore ke tla ba teng. Ha e le hantle ke ne ke sa batle ho ea, empa ke ne ke se na maikutlo a ho mo soabisa.

Kahoo ha nako e fihla, leha ke ne ke belaela ka boloka tšepiso ea ka ’me ka ea. Ho makaleng ha ka, ke ile ka thabela seboka seo hoo ke ileng ka qala ho ba teng ka mehla. Seo ke ileng ka ithuta sona se ile sa nkholisa hore ke fumane ’nete, ’me ke ile ka kolobetsoa kopanong e neng e tšoaretsoe Geelong hona selemong seo.

Likhoeli tse seng kae hamorao, banana ba babeli ba bo-pula-maliboho ba chesehang ba tsamaea sebaka se fetang lik’hilomithara tse 1,6 tšimong e lenngoeng ho ea fihla polasing ea heso. Se ileng sa nkhahla ka bona ke tumelo ea bona le cheseho ea bona. Ke hopola ke ba botsa hore na ba tla robala kae bosiung boo, hobane ba ne ba boletse hore ba tseleng e eang kabelong e ncha ea tšimo motseng o monyenyane oa Bacchus Marsh, lik’hilomithara tse ka bang 56 ho tloha moo.

Ba arabela, “Ha re e-so ho tsebe, empa re tla fumana sebaka pele shoalane e tšoara. Haeba ho se joalo, re tla hloma tente ea rōna.”

E ne e se e le kamor’a hora ea bone, ’me matsatsi a ne a le makhutšoaane e bile ho bata. Ka inahana: ‘Ka sebele hona ke bopula-maliboho!’ Le ’na ha nketsa hore ke qale ho inahana: ‘Ke etsa eng moo polasing, moo ke ipatileng limaele-maele hole le batho? Ke eng e nthibelang hore ke be mosebeletsi oa pula-maliboho joaloka baroetsana baa? Ke sa le monyenyane e bile ke sa le sehlahlo. Haeba ba ka ho etsa, ’na nka sitoa ke’ng?’ Ka rera hang-hang hore le ’na ke tla ba pula-maliboho haufinyane.

Ho Ikemisetsa ho Boloka Qeto ea Ka

Ntate o ne a hanyetsa haholo ha ke tloha hae ’me ke nka mosebetsi oa ho bolela ka nako e tletseng le Lipaki tsa Jehova. E ne e bile motsamaisi ea ka sehloohong oa sekolo sa Sontaha ka lilemo tse ka bang 30 ’me o ne a filoe letsoho ka ntle ka Lipaki. Leha ho le joalo, ke ne ke se ke le lilemo li 21, ’me ’mè o ne a sa hanyetse ha ke mo tekela merero ea ka. Kahoo, qetellong, letsatsi la la 30 Phupjane, 1936, la beoa e le letsatsi leo ke tla tloha lapeng ka lona.

Ntate a kōpa banna ba ’maloa ba tsebisahalang ba khoebo hore ba ntlohelise “mosebetsi ona o tšabehang” kamoo a neng a o bitsa ka teng. Banna bana ba leka ka thata ho ntšusumeletsa hore ke lule hae, ba sebelisa mabaka a mefuta eohle, e kang: ‘U tla tlisa nyeliso bolumeling ba lelapa leno.’ ‘U kena sehlopha se sa tsebahaleng le se sa ratoeng ho hang.’ Le, ‘U tla ba le tiisetso efe ea tšehetso ea lichelete?’

Tšusumetso ena ea ho leka ho ’nyahamisa—mohlomong e hlile e reriloe ka moea o motle—ea tsoela pele ka libeke. Leha ho le joalo, ho makatsang, ha ba leka ho ’nyahamisa haholoanyane ke ne ke ikemisetsa haholoanyane ho kenela bopula-maliboho.

La 30 Phupjane la fihla, le bata le bile le le moea! Ka bofa tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona sethuthuthung sa ka ’me ka leba Melbourne, lik’hilomithara tse ka bang 64 ho tloha moo. Ke ne ke memetsoe ho ea sebetsa le sehlopha sa bo-pula-maliboho ba moo. Bophelo bo bocha ka ho feletseng le bo nang le morero joale ba mpulehela, empa ho e-na le liteko tse ngata.

Ho Tobana le Khanyetso ka Boikemisetso

Mehleng eno tsela e ka sehloohong ea ho hasa molaetsa oa ’Muso e ne e le ka ho sebelisa likoloi tsa molumo ho hasa lipuo tsa Bibele tse hatisitsoeng tsa mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, J. F. Rutherford. Ka lilemo tse ka bang hlano, ka sebelisa e ’ngoe ea “likoloi” tsena, vene e hlometseng hantle e neng e tsebahala hohle e le “Red Terror.”

Lentsoe la Moena Rutherford le tebileng le le sefutho ha le ne le e-tsoa lenakeng leo la molumo le ne le le “monate” ho babatli ba seng bakae ba ’nete, empa ho bahanyetsi ba ’nete le ne le tšoana le chefu. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 2:14-16.) Ka seoelo, lethopo le nosetsang serapeng le ne le ee le shebisoe ho ’na, kapa vene eo e betsoe ka majoe.

Ka lehlakoreng le leng, lipuo tsa Moena Rutherford tse pepesang leshano la bolumeli, ka sebele li ne li ipiletsa ho ba bang. Ka mohlala, monna e mong oa senyoronyoro a kōpa kopi ea lipuo tsohle tse hatisitsoeng tsa Rutherford le libuka tsohle tseo a li ngotseng. Ha re etetse lehae la hae le leholo, ke ne ke sitoa ho nka lirekoto tseo kaofela le libuka. Monna eo o ne a thabetse ho li fumana, a ngola cheke ea £15 (R48 hona joale) hona hoo. Ha ho mohla nkileng ka tsamaisa tse kaalo haesale!

Ka 1938 Moena Rutherford o ile a lokisetsa ho etela Australia le ho ea fana ka puo ea Bibele Sydney, New South Wales, Holong ea Motse. Ke ne ke le e mong oa ba neng ba lokela ho pota literata tsa Sydney ka koloi ea molumo, ke tsebisa ka leeto le tlang. “Red Terror” e ne e loketse ka ho khethehileng bakeng sa lenaneo la libeke tse tšeletseng ka phatlalatso e khōlō ka mahlakoreng a mabeli a vene ena. Tšebetso ena ea “lehlanahlana” ea tsosa khanyetso e khōlō.

Ka lebaka la khatello e matla ea bolumeli, kōpo ea ho sebelisa Holo ea Motse ea Sydney ea hlakoloa. Joale kabelo ea ka ea e-ba ho sebelisa koloi ea molumo ho fumana lithapeli tse saennoeng tsa boipelaetso. Ra etela lihlopha tse khōlō tsa basebetsi nakong ea bona ea lijo ’me, ho sa tsotellehe khanyetso libakeng tse ngata, ra atleha ho fumana mabitso a makholo a tšehetsang bolokolohi ba puo. Naheng eohle ho ile ha fumanoa mabitso a mashome a likete. Empa ho sa tsotellehe thapeli ena e khōlō hakana ho banna ba lekhotla la Sydney, ho ile ha ’na ha hanoa hore re ka sebelisa Holo ea Motse.

Empa, joalokaha ho atisa ho etsahala, hangata hona ha sebeletsa molemong oa batho ba Jehova. Kaha Mabala a Lipapali a Sydney a ile a hiruoa, le ka lebaka la phatlalatso e khōlō e entsoeng ke bahanyetsi, ba bileng teng puong ea Moena Rutherford ba phahamela ho ba ka bang 12 000, ho latela likhakanyo tsa sepolesa. Kaha Holo ea Motse e ne e ka nka ba ka bang 5 000 feela, khanyetso eo ea fella ka hore batho ba fetang palo eo habeli ba utloe puo eo!

Boikemisetso Nakong ea Thibelo

Ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše ka 1939, khanyetso ea hōla. Joale ka Pherekhong, 1941, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa thibeloa Australia eohle. Ke ne ke bula maliboho Melbourne ka nako eo ’me ke phela motebong oa libuka oa Mokhatlo.

Ka letsatsi le leng mapolesa a tšeletseng a refohileng a Linaha tsa Selekane a fihla moo ’me a kopana le ’na le mohlanka oa motebo oo Jack Jones. Ke ile ka fuoa metsotso e mehlano feela hore ke tsoe kamoreng ea ka e ka holimo. Na u se u kile ua leka ho phutha thoto ea hao ka metsotso e mehlano? Ke ne ke sa le hōle le ho qeta ha mapolesa ao a itšohlometsa ka kamoreng ’me ka leqhoko a lahlela liphahlo tsa ka tse setseng le thepa e ’ngoe ka fenstere.

Leha ho le joalo, thibelo eo ha ea ka ea thibela tšebetso ea rōna. Re sebelisa Bibele feela, ra tsoela pele ho bolela ka ntlo le ntlo le ho tšoara liboka tsa ka mehla Melbourne. Ka 1942, selemo sa bobeli sa thibelo eo, ke ile ka bitsetsoa Sydney hape, lekhetlong lena e le ho ea thusa ho hlophisa mosebetsi liphuthehong tse supileng tsa Lipaki tsa Jehova mono.

Lehae la Bethele Sydney ka nako eo le ne le sebelisoa ke liofisiri tsa ’muso tsa Linaha tsa Selekane. Re le lehaeng le leholo la mekato e ’meli thokoana feela le moo, ra rera tšebetso eohle ea tlhophiso. Kabelo ea ka e ne e le ho etela e ’ngoe le e ’ngoe ea liphutheho tsa Sydney ’me, ke sebelisa sethuthuthu le koloana, ke ne ke isa likemiso tsa liboka le lintho tse ling tse hlokahalang bakeng sa ho boloka liphutheho li hlophisitsoe ’me li tsoela pele.

Ho Sebeletsa Tasmania

Ha thibelo e tlosoa ka 1943, ke ile ka abeloa ho ea thusa ho tsosolosa motebo oa libuka oa Melbourne. Joale, ka 1946, ke ile ka khethoa ho sebeletsa ke le mohlanka ea tsamaeang oa baena (hona joale, molebeli oa potoloho) seterekeng sa sehlekehleke sa Australia sa Tasmania. Ho latela thuto ea libaka, Tasmania ke sehlekehleke se setle le se maralla se nang le litlhoro tsa lithaba tse ngata, tse nang le lehloa boholo ba selemo.

Ha ke sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang, ho ne ho e-na le liphutheho tse supileng feela le lihlopha tse kathōko tse ’maloa sehlekehlekeng sohle. Lipakeng tsa leeto la ho ea liphuthehong, ke ile ka bula maliboho motsaneng o mong o bitsoang Mole Creek. Khanyetso e mabifi ho Lipaki e ne e ile ea qhoma mono nakong ea ntoa. Empa nakong ena e ne e se e felile, ’me batho ba ’maloa bao ke ileng ka ba tsamaisetsa libuka ba qetelletse e le Lipaki tse inehetseng.

E ne e le ha ke le Tasmania, ka 1950, ha ke ne ke amohela memo ea ho ea sehlopheng sa bo16 sa Gileade. Hoba ke fete, joalokaha ke boletse pejana, ka abeloa ho ea Pakistan.

Lenyalo le Lelapa

Ha ke ntse ke le Pakistan ka lilemo tse tšeletseng, ka nyala Edna Marsh, ea neng a ntse a sebetsa e le moromuoa Japane. Edna a tla ho ’na, ’me ra bula lehae le lecha la boromuoa Quetta, sebakeng se phahameng sa Pakistan. Ra qeta lilemo tse peli Quetta, empa joale, ngoana oa rōna oa matsibolo a le tseleng, ra etsa qeto ea ho khutlela Australia. Joale ke eng e neng e larile ka pel’a rōna?

Hore na re tla lula hokae le ho hōlisetsa bana ba rōna hokae, ha ho mohla re kileng ra ho touta. Ke ne ke ile ka tšepisa hore haeba nka tlameha ho khutla tšebeletsong linaheng lisele, ke tla khutlela Tasmania. Leha ho le joalo, re ne re se na letho, ’me mesebetsi ea motho ea lilemo li 45 e ne e fokola. Leha ho le joalo ra etsa qeto ea hore re se lumelle mosebetsi oa boipheliso o re beelle thōko le liboka tsa phutheho le tšebeletso ea tšimo.

Ka thuso e mosa ea baena ba moea, ke ile ka khona ho thea khoebo ea ka ea ho hlatsoa lifenstere. Ka lilemo tse fetang 20, ha kea ka ka fosa seboka kapa tšebeletso ea tšimo ka lebaka la ho tšoareha mosebetsing oa boipheliso, le hoja ka linako tse ling ho ne ho hloka boikemisetso ho hana menyetla ea mosebetsi le chelete e eketsehileng. Kahoo re ile ra khona ho hōlisetsa bana ba rōna ba babeli tseleng ea ’nete le ho ba le karolo ka mehla litšebeletsong tsohle tsa ’Muso.

Bana ba rōna hona joale ba hōlile ’me ha ba sa itšetlehile ka rōna. Ka bobeli ba tiile ’neteng, morali oa rōna o ile a thabela lilemo tse ’maloa a bula maliboho pele a nyaloa. Mora oa rōna le mosali oa hae hona joale ba lekhatheng la ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane tšebeletsong ea bopula-maliboho.

Bophelo bo Putsang

Haufinyane re ile ra eteloa ke motsoalle oa rōna oa khale eo e bileng motho oa pele oa ho emela ’nete motseng oa Quetta, Pakistan. Kamor’a seboka Phuthehong ea rōna ea Launceston mona Tasmania, o ile a bolella phutheho kamoo a ileng a laela mosebeletsi oa hae habeli hore a mpolelle hore ha a eo hae ha ke mo etetse. Leha ho le joalo, hamorao, ha ke kopana le eena serapeng ’me ho se moo a ka balehelang teng, a qala ho botsa lipotso, qetellong a amohela thuto ea Bibele. A bolela kamoo a lebohang ka teng hore e be ke ile ka bontša boikemisetso ka ho phehella kabelong eo e thata ea Pakistan linaheng lisele.

Lilemo tse seng kae pejana, kopanong e neng e le Sydney, mosali e mong e monyenyane a ’mathela ’me a nkopa ka matla. Ke maketse, ka ’molella hore o entse phoso. A arabela, “Che, na ha u Joe Oakley? Uena le Alex Miller le ile la ithuta le lelapa leso Lahore, Pakistan, ’me hona joale ’na le ’mè le ngoan’eso re ’neteng ’me re phela Sydney.”

Liphihlelo tse kang tsena ka sebele li tlatselitse khotsofalong ea ho ba le karolo e tletseng ho boleleng ka ’Muso. Ke ho hotle hakaakang ho bona mahlohonolo a Molimo mosebetsing ona! Ha ke qala ho sebeletsa mona Tasmania ka 1946, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba robong motseng ’ohle oa Launceston. Hona joale ho na le liphutheho tse tharo, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le bahoeletsi ba fetang 90!

Kannete, ka liphihlelo tse khotsofatsang tsa lilemo tse fetang 50 tsa ka ke le tšebeletsong ea Bokreste, nka bolela ntle ho tikatiko hore boikemisetso bo nthusitse hore ke e atlehise.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Koloi ea molumo e neng e sebelisoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso Sydney

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Joe Oakley le phutheho e nyenyane Quetta, Pakistan, ha ho buloa Holo ea rōna ea ’Muso e ncha ka la 15 Tšitoe, 1955

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela