Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/15 maq. 2-4
  • Tumelo E Ka Suthisa Lithaba!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo E Ka Suthisa Lithaba!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo Ke Eng?
  • Tumelo E Ka Suthisa Lithaba
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tumelo ea ’Nete—Ke Eng?
    Tsoha!—2000
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/15 maq. 2-4

Tumelo E Ka Suthisa Lithaba!

LETŠOELE le ne le sa tsebe moo le emeng teng. Ntate e mong o ne a sa tsoa tlisa mora oa hae ea shoang sethoathoa ho banna bao ho nahanoang hore ba ka khona ho mo phekola. Ka cheseho, ho ne ho letetsoe phekolo. Empa ha ho letho le ileng la etsahala! A nyahame, ntate eo oa furalla.

Motsotsong oona oo, ha hlaha banna ba bang ba bane ’me har’a bona ho na le moeta pele oa bona, Jesu oa Nazaretha. A mo mathela, ntate eo oa kōpa: “Morena, utloela mor’a ka bohloko; hobane o jeoa ke sethoathoa, ’me o kula hampe; hobane hangata o oela mollong, ’me hangata a oele metsing. Ke se ke mo hlahisitse ho barutuoa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo folisa.”

Jesu o re: “Mo tliseng mona ho ’na.” Phello? “’Me Jesu a khalemela modemona haholo; modemona a tsoa ngoaneng eo, ’me ngoana a fola ka eona nako eo.” E, mohlolo o mong! Empa ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ile ba hlōleha?

Jesu o ile a hlalosa lebaka, a re: “Ke ka baka la ho se lumele ha lōna.” Eaba o tsoela pele: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, ’me ho ka be ho se letho le le sitang.”—Mattheu 17:14-20.

Ka phihlelo ena ea ’nete bophelong, hoa hlaka hore tumelo e matla. Empa feela tumelo ke eng? Na e ka hahoa hape ea matlafatsoa? Na ka sebele e ka suthisa lithaba?

Tumelo Ke Eng?

Moapostola Pauluse o hlalositse tumelo e le “tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo [kapa, bopaki] e kholisang ea tse sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:1) Ka mantsoe a mang, tumelo ke bopaki bo kholisang ba ntho e ’ngoe e sa bonoeng. Ha ea theoa feela tabeng ea bo-bare empa e na le motheo o tiileng. Kahoo, tumelo e fapana le ho lumela ntho ntle ho mabaka. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho lumela ntho ntle ho mabaka e le “tumelo kapa ho ikemisetsa ho lumela, [haholo-holo] bopaking bo fokolang kapa bo sa tsitsang.” Ho fapana le moo, motho ea nang le tumelo ea ’nete o na le bopaki bo tiileng bakeng sa seo a se lumelang. Ka baka leo, a ka u bolella hore na ke hobane’ng ha a kholisehile hore ntho e ’ngoe e tla etsahala. Ntate ea boletsoeng qalong o ne a e-na le bopaki bo bong bo mo kholisang hore Jesu o ne a ka phekola mora oa hae. Bopaki bofe? Koana, Jesu o ne a ntse a etsa mehlolo ka nako e fetang lilemo tse peli, ’me botumo ba hae bo ile ba tlala hohle Palestina.—Luka 7:17; Johanne 10:25.

Hape tumelo e ’nile ea hlalosoa e le “tiiso ea molao e fanang ka bopaki ba lintho tse lebeletsoeng.” Motho ea rekang setša se hōle ’me matsohong a hae o na le mangolo a tiiso ea molao ea bopaki ba hore setša se joalo se teng le hore e hlile ke sa hae, le hoja e ka ’na eaba ha ho mohla a kileng a se bona. Kahoo, le motho ea nang le tumelo a ka hlahisa bopaki bo bonoang bakeng sa seo a se lumelang. Ka mohlala, ha re re o na le tumelo ea hore Jehova Molimo o tla tlisa khotso ea ’nete lefatšeng lena ka ’Muso oa Hae. Joale motho ea joalo o tlameha ho ba le bopaki ba hore Molimo o teng le hore o na le matla, thato le bohlale tse hlokahalang bakeng sa ho tlisa khotso le hore o hlomile ’Muso bakeng sa morero oo. Bopaki bo joalo bo tlameha ho ba matla ka ho lekaneng e seng feela ho kholisa motho ea nang le tumelo empa hape le ba bang ba ka ’nang ba ‘mo botsa tšepo e ho eena’ ka khotso.—1 Petrose 3:15.

Tumelo E Ka Suthisa Lithaba

Leha ho le joalo, motho e mong a ka ’na a botsa, ‘Na Jesu o ne a bolela hore tumelo e joalo e ka hla ea tlosa lithaba?’ E ka ’na eaba Jesu o ne a akarelletsa hoo, empa hangata o ne a sebelisa litšoantšo. (Mattheu 13:34) Kahoo mohlomong o ne a hopotse litšitiso tse ka bang joaloka lithaba ho molumeli. Ha e le hantle, lentsoe “thaba” hangata le sebelisetsoa ho bolela ntho e khōlō e ngata, e kang “thaba ea mekoloto.” Hore tumelo ea ’nete e ka tlosa kapa ea suthisa litšitiso tse kang lithaba ho tiisoa ke liphihlelo tse ngata tsa kajeno.

Ka mohlala, na u ne u ke ke ua lumela hore ho shoa litho ho tloha molaleng ho ea tlaase e ne e ka ba thaba e joalo? Empa motho ea shoeleng litho, maoto le matsoho ea phelang Vancouver, B.C., Canada, ha aa ithuta ho penta feela, e bang ke ka borashe kapa thipana ea ho penta a e tšoere ka molomo, empa hape o iphelisa ka ho rekisa litšoantšo tseo a li pentileng. Ho feta moo, tumelo ea hae e mo susumelletsa ho bua le ba bang ka seo a ithutileng sona ka Bibeleng, a etsa joalo a le kolooaneng ea hae kapa ka ho ngola mangolo. O ngola mangolo a hae ka mochine ka ho sebelisa thupa eo a e tšoereng ka molomo oa hae. Hape o ea libokeng tsa Bokreste kamehla ’me o fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova. Mohlala oa hae oa tumelo, o tsamaeang le mosebetsi o thata le boikemisetso, ke mohloli oa khothatso ho ba mo pota-potileng.

Ho lumela Lentsoeng la Molimo le litšepisong tsa hae ka ho tšoanang ho thusitse ba bang. Ka mohlala, ho thusitse ba bangata ho hlōla litloaelo le meetlo tseo e seng tsa Bokreste, tse kang mekhoa ea khoebo e belaetsang, ho utsoa, ho tsuba, ho bapala ka chelete, botahoa, tšebelisano le meea e litšila, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, le litloaelo tsa bolumeli ba bohata. Ntlha e tšoanang liphihlelong tse joalo kaofela e ne e le ho fumana bopaki bo kholisang ba hore Jehova Molimo o teng, hore Bibele ke Lentsoe la hae le ngotsoeng, le hore tšepiso tsa hae tse beiloeng ka Mangolong ea tšepahala ’me e tla phethahatsoa. Tumelo e joalo e ka suthisa lithaba.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Foto sekoahelong: Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela