Boemo bo Ntlafalitsoeng ba Basali—Na ke Tlhohonolofatso le Bomalimabe?
“KA BOKHUTŠOAANE, basali lilemong tsa [bo-1980] ba rutehile hamolemonyana, ba phela hamolemonyana ’me ba phela bophelo bo boleletsana le bo feletseng haholoanyane.” Ka mantsoe ao, makasine o ile oa qetella sehlooho sa oona se reng: “Tsela Eo Re Neng Re Le Ka Eona; Tsela Eo Re Leng Ka Eona Hona Joale.” Empa na ho ka etsahala hore e be boemo bo ntlafalitsoeng ba basali ha e le hantle ebile tlhohonolofatso le bomalimabe ka lebaka la liphello tseo bo li hlahisitseng?
Phello Lenyalong le Lapeng
Ka mohlala, ho na le khohlano e tloaelehileng pakeng tsa bophelo bo botle ba lelapa le ho phehella mosebetsi. Tlaleho e ’ngoe e ile ea re: “Baokameli ba basali ba batla ba le leqe ho eteletsa bophelo ba bona ba lelapa pele ho feta banna ba baokameli, ’me ho hlaloa ha bona ho batla ho phahametse ha banna ka makhetlo a mabeli.” U ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Setsebi sa botsamaisi Univesithing ea ’Muso ea California sea hlalosa: “Banna ba talima tikoloho ea bona ea lelapa e le moo ba tšehetsoang teng, ha basali bona ba e talima haholoanyane e le moroalo. Monna o fihla lapeng ’me oa khatholoha; ke sona seo e sa leng a se sebeletsa. Empa ho basali lelapa le emela mosebetsi o mong o eketsehileng o boima.”
Hona ha ho joalo feela ho baokameli. Basali ba Russia ba qalile ho sebetsa nako e telele pele ho basali ba linaha tsa Bophirima. Ba sa ntsane ba fumana ho hlokomela mosebetsi le lelapa e le moroalo. Sengoli sa Lerussia sa Working Woman se re: “Basali ke mokokotlo oa lelapa ’me ba lokela hore e be ba mofuthu haholoanyane ho bōpa tikoloho e mofuthu le e lerato.” Ka hona ba talimane le moroalo o habeli, ha banna ba bangata ba hlōleha ho kopanela mesebetsing ea lelapa.
Mohloli o mong oa khohlano o bontšoa ke e mong oa basali ba atlehileng ka ho fetisisa ba Wall Street. Oa ithorisa: “Ho ’na mosebetsi ke boikhathollo,” ’me oa eketsa, “Ke rata seo ke se etsang, ’me ke bula menyetla e fokolang haholo bakeng sa litšitiso”—le haeba e le bakeng sa lelapa la hae. Boiketlo ba lona bo itšetlehile ka monna oa hae ea hlokomelang bana ba bona ba babeli, le hoja monna e le mohoebi. Metsoalle ea mosali eo e hlalosa thahasello e mo hapileng e le “eo ka ho hlakileng e seng ntle bakeng sa likamano tsa lelapa.”
Ho joalo le ka e mong oa bo-tona-kholo ba kajeno. Lelapa la hae ha lea ka la fumana tlhokomelo e ngata ka lebaka la litakatso tsa hae tsa bopolotiki. Ha bana ba hae ba ntse ba hōla, ba ne ba atisa ho lula lapeng ha malome oa bona hobane, kamoo re bolelloang kateng, “e ’ngoe ea lintho tseo [ba] neng ba li rata haholo e ne e le hore ba lule hammoho joaloka lelapa ha ba e-ja, ntho eo ho neng ho se bonolo hore e ka lokisetsoa” lapeng.
Haufinyane ha ho ne ho buisanoa le baokameli ba bane ba phahameng ba basali Europe, e mong o ile a senola hore morali oa hae ea lilemo li 12 o batla a hōlisitsoe ke monna oa hae ka ho feletseng. Mookameli e mong o ile a bolela hore o ne a khona ho hlokomela bana ba hae mafelong a beke feela. Ho latela litlaleho tsa litaba, bamameli ba ile ba hlokomela hore ba bararo ho basali bana ba ne ba batla ba haelloa ke botho.
Ha e le hantle, basali ba bang ba sebetsa ka lebaka la hobane ho hlile ho hlokahala, mohlomong hobane monna a ile a shoa kapa a lahla lelapa. Ka hona bakeng sa basali ba joalo, ho fumana mosebetsi e ka ’na ea e-ba lehlohonolo ka tsela e itseng, empa leha ho ka ba joang kapa joang, ba tlameha ho thulana le litšobotsi tse seng ntle.
Liphello tse Seng Ntle
Hore boemo bo fetohileng ba basali e bile tlhohonolofatso e mofere-fere ho tiisoa ke liphello tse tloaelehileng tsa ha basali ba phahametse banna ba bona ka ho fumana matla kapa boemo mosebetsing. Ho latela lingaka tse thusang ka ho batlisisa mathata, mokhoa ona o “fetoha tlokotsi e totobetseng le e hlokomelehang manyalong a mangata.” Pelaelo ea monna e mong ke ea sebele: “Ka kelellong ea ka kea tseba hore ke thooletsa katleho ea hae. Empa maikutlong a ka ha kea thaba ho hang. Ke ikutloa eka ke lahliloe. ’Me ke ikutloa ke le molato hobane ke khopehile haholo.” Haeba hona joale banyalani ba Bakreste ba lokela ho sebetsa ka bobeli, puisano e lerato le e nahanelang e ka thusa ho fokotsa maikutlo le liphello tse seng ntle joalo.—1 Petrose 4:8.
Lebaka le leng le bontšang hore tsoelopele e etsoang ke basali ke tlhohonolofatso le bomalimabe ke hore basali ba bangata ba hatella haholo-holo linthong tse molemong oa bona. The Coming Matriarchy e supa nako eo ka eona lefatše le tla tsamaisoa ke basali ba baithati le ba botsang, “E be ke tla rua molemo oa eng nthong ee?” Ho khahlisang, ’m’alichelete e mong ea atlehileng eo ho seng ho hlalositsoe ka eena, o ile a batla a bua ka tsela eona eo; o ne a sa thahaselle ho thusa ba bang hore le bona ba atlehe ntle le haeba hoo ho ne ho mo ruisa molemo. O ile a lumela: “Ke laoloa haholo ke ho rua molemo.” Hoo ho bohlale hakae, ha ho talingoa keletso ea Jesu? Thutong ea Thabeng o itse: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” “U se ke ua tšoenyeha ka hosasane, hobane hosasane ho tla ba le matšoenyeho a hona.” (Mattheu 7:12; 6:34, American Translation) Ka sebele, basali ba Bakreste ba loanela ho boloka pono ea Jesu litabeng tse joalo.
Na Boitšoaro ba Bibele bo ka Nkeloa Sebaka?
Ha ho pelaelo hore tšobotsi e seng ntle ka ho fetisisa ea boemo bo fetohileng ba basali ke khoholeho ea bohlokoa ba boitšoaro. Ke seoelo basali ba buang ka Molimo le bolumeli ’me haeba ba ho etsa, ke ka ho nyefola. Basali ba liehisang ho nyaloa ka lebaka la ho sebetsa hangata ba nka hore lenyalo ha le hlokahale pele motho a ka kopanela liphate le e mong.
Mokhoa o seng motle oa bohato bo nkiloeng ke basali ke ho tšehetsa ha bona bosodoma ba basali. Ka 1971 seboka sa selemo sa Mokhatlo oa Basali oa Sechaba se ile sa fihlela qeto: “Hore Mokhatlo oa Basali oa Sechaba o hlokomela khatello e habeli ea basali ba basodoma, Hore tokelo ea mosali bothong ba hae e akarelletsa tokelo ea ho hlalosa le ho bolela hore na o kopanela liphate le mang le ho ikhethela hore na o phela joang, Hore Mokhatlo oa Basali oa Sechaba o nka khatello ea basodoma ba basali e le ntho eo basali ba amehileng hantle ka eona.” Leha ho le joalo, bapisa kahlolo ea Molimo e ho Ba-Roma 1:26, 27. Ntho e atisang ho tsamaea le maikutlo a basali ka bosodoma ba basali ke ho tšehetsa maikutlo a hore ba ntše limpa ha ba batla joalo. Setsebi sa molao sa Univesithi ea Tulane Billups Percy se hlalositse hantle: “Ho nka hore ho bolaea ngoana ea ka popelong ke mokhoa o mong feela oa ho buoa ke ho hlokomoloha makholo-kholo a lilemo a lipatlisiso tsa tlōlo ea molao, tsebo ka Molimo le melao ea boitšoaro.”
Tlaleho e ’ngoe e bolela hore lilemong tse leshome tse fetileng litlōlo tsa molao tse tebileng tse etsoang ke basali li eketsehile ka potlako ka mokhoa o fetisang ho feta tsa banna. Lipakeng tsa 1974 le 1979, palo ea basali ba ileng ba tšoaroa United States ka lebaka la bolotsana e eketsehile ka hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong empa keketseho e ne e le feela karolo ea 13 lekholong har’a banna. Ho itšebelisetsa lintho ka bolotsana ha basali ka ho tšoanang ho eketsehile kahoo e ka bang ka karolo ea 50 lekholong empa ka karolo ea 1,5 lekholong feela bakeng sa banna. Ho tšoaroa ha basali ka lebaka la bolotsana bo etsoang linthong tse ngoloang ho ile ha eketseha ka karolo ea 27,7 lekholong empa ka tlaase ho karolo ea 10 lekholong har’a banna. Ka ho hlakileng boemo bo fetohileng ba basali ha boa fella ka khotsofalo e phethahetseng.
Tšebeliso ea koae le eona e eketsehile har’a basali. Kankere ea matšoafo e bakoang ke ho tsuba e nkile sebaka sa kankere ea matsoele e le sona sesosa sa pele sa mafu a basali a bakoang ke kankere. Ka selemo se seng sa morao tjena e ile ea ikarabella bakeng sa karolo ea 25 lekholong ea mafu ’ohle a kankere har’a basali ’me e eketseha ka karolo ea 7 lekholong selemo le selemo.
Bokamoso bo Khotsofatsang—Joang?
Na mosebetsi kapa mosebetsi o sebetsoang hobane motho a ithutetse oona o ka khotsofatsa basali ka ho feletseng bophelong? Ha ho bonahale eka ho joalo, joalokaha ba bangata ba ntse ba fumana. Hilary Cosell, sengoli sa Woman on a Seesaw: The Ups and Downs of Making It, o ile a bua ka bothata bona sehloohong se seng, a botsa: “Haeba ho ne ho e-na le moo basali ba ileng ba fosa teng lenyalong, ho beng bo-’mè le bosaling ba lelapa, na e be mohlomong ba boetse baa fosa ka lehlakoreng la botsebi, ho sebetsa le katleho?” O boetse oa botsa: “Na kannete re ka etsa sohle seo bo-’m’a rōna ba ileng ba se etsa, le sohle seo bo-ntat’a rōna le bona ba ileng ba se etsa?”
Ka ho tšoanang, ho The Cost of Loving, Megan Marshall o senotse hore “tšobotsi e thetsang ea bohlale ba botsebi e ile ea pata feela maqeba a tebileng a ho soetseha leratong, ho qobelloa bootsoeng, liteko tsa bosodoma ba basali, ho ntšoa ha limpa, tlhalo le bolutu bo totobetseng.” O bolela kamoo bohato bo nkiloeng ke basali bo tsoetseng “Tšōmo ea Boipuso,” empa ho ba bangata, hona ha ho sebetse.
Marshall o fihlela qeto ea hore “re tlameha ho lumela leratong la nako e telele le sireletsoang ke lenyalo le letle,” hore “motho ha a etsetsoa ho phela a le mong” le hore “re tlameha ho fumana ba bang bao re ka ba hlokomelang, le ba tla re hlokomela.” Hona ho hopotsa ka mantsoe a Moruti e moholo ho bohle ba kileng ba e-ba teng lefatšeng, Jesu Kreste: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.
Kannete, batho ba batla ba rata ho etsa lintho ka mokhoa o feteletseng. Hore boemo ba kajeno ba basali bo ntlafalitsoeng ke tlhohonolofatso e mofere-fere ho hatisa mantsoe a moprofeta Jeremia: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Basali ba Bakreste, ka ho tseba hore na ho etsahetse liphetoho life (mahlohonolo le mathata tse tsamaileng le tsona), ba ka ananela hamolemo bohlokoa ba ho latela keletso ea Molimo. Phihlelo e bontšitse hore ‘e fetisa gauda ka ho lakatseha.’ ‘Ho e boloka ho na le moputso o moholo.’—Pesaleme ea 19:7-11.