Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 9/1 maq. 4-6
  • Tšebelisano le Meea—Molimo O E Talima Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebelisano le Meea—Molimo O E Talima Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonohe, Ho Sohlokeha le Lefu
  • Tšebelisano le Meea le “Mesebetsi ea Nama”
  • Kamano le Meea E Isa Lefung
  • Ela Hloko Temoso ea Esaia
  • Melemo ea Kamehla
  • Tšebelisano le Meea—Ke Hobane’ng ha Thahasello e Ntse e Hōla?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
    Tsoha!—2000
  • Hanela Makhotla a Moea a Khopo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 9/1 maq. 4-6

Tšebelisano le Meea—Molimo O E Talima Joang?

RAHISTORI oa Moroma Sallust o itse, “Ho rata le ho se rate lintho tse tšoanang, ke hona ho etsang setsoalle se tiileng.” Ka sebele, motsoalle ke motho e mong eo le nang le lintho tse ngata tseo le tšoanang ho tsona, motho eo u ka mo tšepang. Ka ho tšoanang, Molimo o re talima re le metsoalle ea oona ’me o re lumella hore re atamele haufi le oona haeba re tšoana le oona ka lintho tseo o li ratang le tseo o sa li rateng. Hona ho bolela hore re huleloa litšoanelehong tsa Molimo tse kang lerato, khotso, mosa le molemo, ’me re iteka ka tieo ho etsisa litšobotsi tsena bophelong ba rōna.—Ba-Galata 5:22, 23.

Joale ho fumana hore na Molimo o ananela tšebelisano le meea, pele re ka hlahloba litholoana tsa bona. (Mattheu 7:17, 18) Na ho tla re thusa ho hōlisa litšoaneleho tse ipiletsang tsa bomolimo? Ho fumana hore na ho joalo, a re talimeng mehlaleng e ’meli e etsahetseng bophelong.

Bonohe, Ho Sohlokeha le Lefu

Asamaja Amelia, mosali ea lilemong tse bohareng oa Suriname, o ne a le lilemo li 17 ha a qala ho ameha bonoheng, mokhoa o mong oa tšebelisano le meea. Kaha boprofeta ba hae bo ne bo netefala ’me ba botsang ba ne ba rua molemo ka keletso ea hae, o ne a hlomphuoa haholo motseng oa habo. (Bapisa Liketso 16:16.) Empa o ne a tšoenngoa ke ntho e le ’ngoe.

O re, “Meea e neng e bua ka ’na e ne e le mosa ho ba neng ba batla thuso ea eona, empa ka nako e tšoanang e ne e ntšulafaletsa bophelo. Kamorao ho puisano e ’ngoe le e ’ngoe, ke ne ke ikutloa eka ke tetekuoe ’me ke sitoa le ho sisinyeha feela. Ha e e-ba bosiu, ke ne ke e-ba le tšepo ea hore ke tla fumana phomolo, empa meea e ne e nkhathatsa. E ne e ntšoenya, e mpuisa ’me e ntlhobaetsa boroko. ’Me e ne e bua lintho tse tšabehang joang feela!” O sisa pelo ’me oa inama, a sisinya hlooho ka ho teneha. “E ne e rata ho bua ka ho kopanela liphate ’me e tsitlella hore e batla ho robala le ’na. Ho ne ho tšosa. Ke ne ke nyetsoe. Ke ne ke batla ho tšepahala ’me ka e bolella joalo. Ha hoa ka ha thusa letho. Ka lekhetlo le leng matla a sa bonahaleng a ntlhola, a tšoara ’mele oa ka ’me a ntlenya ’meleng, a bile a nkotla. Ke ile ka ikutloa ke amehile maikutlo habohloko.”

U ka ’na ua khotsa, ‘Meea e khothalletsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate? Ke mohlolo o ke keng oa etsahala!’ Na meea eo e boitšoaro bo hlephileng hakaalo?

Izaak ea boletsoeng pejana, o re, “Ho bile ho hobe ho feta moo! Ka bosiu bo bong re ile ra bitsoa ho ea thusa mosali e mong ea kulang ea neng a tšoenngoa ke meea. Moeta-pele oa sehlopha seo—selaoli se nang le moea o matla haholoanyane—a leka ho leleka moea oo. Letšehare lohle re ile ra rapella thuso ea moea oa hae. Ra hobela ’me ra letsa meropa, ’me butle-butle mosali eo a ’na a hlaphoheloa. Moeta-pele a laela moea oa mosali eo hore o tsoe, ’me hona ha sebetsa. Moeta-pele a hlasimoloha, ‘Re hlōtse.’ Eaba joale re lula fatše rea khatholoha.”

Letsoho leo Izaak a ntseng a supa ka lona le emisa hanyenyane ka mokhoa o hlalosang ho hong. Joale o tsoela pele: “Ka nakoana ha bonahala eka khathatso e fetile, empa joale seboko sa qhala khutso eo. Ra potlakela tlung eo se utloahetseng ho eona ’me ra bona mosali oa moeta-pele. O ne a bokolla habohloko. Ka tlung, ra fumana morali oa hae e monyenyane—hlooho ea hae e shebile morao! Ho na le ntho e ’ngoe e matla e neng e mo soenelitse molala, e mo bolaile joaloka khoho—ka ho hlakileng e ne e le phetetso ea moea o lelekiloeng. Hoa nyarosa! Meea eno ke likoeta tse khopo ka ho feteletseng.”

Tšebelisano le Meea le “Mesebetsi ea Nama”

Litšila, boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le ho bolaea—joalokaha ho thulanoe le tsona liphihlelong tsena tse peli tsa tšebelisano le meea—ke litšobotsi tse hananang ka ho toba le botho ba Molimo. ’Me hoo ho re thusa ho tseba hore na kannete meea eo ke efe. E ka ’na ea ikhakanya joalokaha eka ke baromuoa ba Molimo, empa mesebetsi ea eona ea boitšoaro bo bobe le ea bokoeta e e hlahatsa e le baetsisi ba sera sa Molimo le ’molai oa pele historing, Satane Diabolose. (Johanne 8:44) Ke eena moeta-pele oa eona. Ke bathusi ba hae—mangeloi a khopo, kapa bademona.—Luka 11:15-20.

Empa u ka ’na ua botsa: ‘Na litšobotsi tsee tsa bosatane li bonahala seoelo tšebelisanong le meea? Na tšebelisano le meea ka kakaretso e ka nkopanya le meea e metle e thusang ho nkatametsa haufi le Molimo?’ Che, Bibele e thathamisa “tšebelisano le meea” le ‘mesebetsi e meng ea nama’ e hananang ka ho toba le litšoaneleho tsa Bokreste.—Ba-Galata 5:19-21, NW.

Ho Tšenolo 21:8, “baloi” (“ba sebelisanang le meea e mebe,” NW; “ba buang le bademona,” The Living Bible) ba beoa sehlopheng se le seng le “ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, . . . le ba rapelang melimo, le mahata.” Jehova o talima joang bao ka boomo e leng mahata, lihlola, babolai le ba sebelisanang le meea? O hloile liketso tsa bona!—Liproverbia 6:16-19.

Ka baka leo, ho batlisisa tšebelisano le meea ho tšoana le ho rata seo Jehova Molimo a se hloileng. Ho tšoana le ho lahla Jehova, ho ba liahelong tsa Satane, le ho ema le sera se seholo sa Molimo le bathusi ba sona. Joale ak’u nahane ka sena: Na u ka rata ho atamelana le motho ea emang le lira tsa hao? U ke ke. Ho e-na le hoo, u ne u tla suthela thōko le motho eo. Ka ho hlakileng he, re ka lebella boitšoaro bo tšoanang ho Jehova Molimo. Liproverbia 15:29 e re, “Jehova o hole le ba babe.”—Bona le Pesaleme ea 5:4.

Kamano le Meea E Isa Lefung

Ho qaputsa tšebelisanong le meea ho boetse ho kotsi bophelong. Iseraeleng ea boholo-holo Molimo o ne o ho talima ho lokeloa ke kotlo ea lefu har’a batho ba oona. (Levitike 20:27; Deuteronoma 18:9-12) Ka hona ha hoa lokela ho re makatsa hore ba itloaelitseng tšebelisano le meea “ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” (Ba-Galata 5:20, 21) Ho e-na le hoo, “kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo,” le bolelang “lefu la bobeli,” kapa timetso ea ka ho sa feleng. (Tšenolo 21:8) Ke ’nete hore kajeno likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li ka ’na tsa mamella tšebelisano le meea, empa maikutlo a Bibele ha aa fetoha.

Ho thoe’ng haeba u se u nkile mehato ea pele e isang tseleng ea tšebelisano le meea? Joale e ka ba hantle hore u emise hang-hang ’me u khutle. Latela keletso e bululetsoeng ke Molimo eo moprofeta oa Molimo Esaia a ileng a e nea Baiseraele ba khale. Boemo ba bona bo tšoana le ba batho bao kajeno ba kopanelang mekhoeng e litšila empa ka nako e tšoanang ba nahana hore ba rapela Molimo. Kahoo, ho ka ithutoa lintho tsa bohlokoa phihlelong ea bona. Lintho life?

Ela Hloko Temoso ea Esaia

Ha ho shejoa khaolo ea pele ea Esaia ho bonoa hore Baiseraele ba ne ba “furaletse Jehova” ’me ba ne ba “khutletse morao.” (Temana ea 4) Le hoja ba ne ba khelohile, ba ’nile ba tsoela pele ho nyehela mahlabelo, ba tšoara litšebeletso tsa bolumeli le ho etsa lithapelo. Empa ho se thuso ea letho! Kaha ba ne ba haelloa ke takatso e ka hare ea ho khahlisa ’Mōpi oa bona, Jehova a re: “Ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela.” Baiseraele bao ba ne ba mo fetohetse ka ho itloaetsa mekhoa e litšila, hoo ba bileng ba ‘tlatsa matsoho a bona mali.’—Litemana 11-15.

Jehova o ne a tla ba amohela hape tlas’a maemo afe? Hlokomela litlhokahalo tse ileng tsa thathamisoa ho Esaia 1:16. O re: “Itlhatsoeng, le itlhoekise.” Kahoo haeba re nka keletso eo ka botebo, re tla khaotsa kapa re tlohele mekhoa e litšila, ho akarelletsa tšebelisano le meea, o mong oa “mesebetsi ea nama.” Hobane rea tseba hore kelello e mpe e hlohlelletsang tšebelisano le meea ke ea Satane Diabolose, re tla ithuta ho e hloea.

Joale re lokela ho tlosa lintho tsohle tse amanang le tšebelisano le meea. Izaak o ile a etsa joalo. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bokella lintho tsohle tsa ka tsa tšebelisano le meea ka pel’a ntlo ea ka, ka nka selepe, ka li ratha likoto. Moahelani oa ka a hoeletsa hore ke tla ikoahlaela seo ke se entseng. Ha a ntse a hoeletsa, ka tšela likotoana ka parafine ’me ka chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ho letho le ileng la sala.”

Hoo ho etsahetse lilemong tse fetileng tse 28. Na Izaak o ile a ikoahlaela ketso ea hae? Le hanyenyane. Kajeno, o sebeletsa Jehova ka thabo e le mosebeletsi oa Mokreste ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova.

Esaia 1:17 e fana ka keletso ena e tsoelang pele: “Ithuteng ho etsa hantle.” Hoo ho hloka ho ithuta Lentsoe la Jehova, Bibele, e le hore u ka fumana hore na ‘ho ratoang ke Molimo, ho molemo, ho khahlehang’ ke hofe. (Ba-Roma 12:2) ’Me ho sebelisa tsebo eo e fumanoeng bocha ho tla u isa mahlohonolong a khathollang. Ke seo Asamaja a ileng a se fumana.

Ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea seng le baahelani, Asamaja ka sebete o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me nakoana kamorao ho moo a itokolla tšebelisanong le meea. Eaba o neela bophelo ba hae ho Jehova Molimo ’me a kolobetsoa kopanong e ’ngoe. Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 12 hamorao, ka teboho o re: “Haesale ke kolobetsoa, ha ho mohla nkileng ka tšoenngoa ke meea.” ’Me o hopola ka pososelo: “Bosiu ba kamorao ho kolobetso ea ka, ke ile ka robala boroko bo tebileng le bo se nang likhathatso hoo ke ileng ka seloa bakeng sa lenaneo la hosasane hoseng la kopano.”

Melemo ea Kamehla

Kajeno, Izaak le Asamaja ka cheseho ba ka re le mopesaleme Asafe: “Ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na.” (Pesaleme ea 73:28) Ka sebele, ho ba haufi le Jehova ho ba tliselitse melemo ’meleng le maikutlong. Empa ka holimo ho tsohle, ho ba khotsofalitse le ho ba nea kamano e haufi le Jehova.

Mahlohonolo a joalo a feta hōle bohloko le ntoa tse hlokahalang ho jarolla joko ea tšebelisano le meea. Leha ho le joalo, ho itokolla e ka ba letoto la liketsahalo tse bohloko. Lintina van Geenen, mosali e mong oa Suriname, o bile le phihlelo eo. Ho latelang, re tla bona kamoo a ileng a loana ka lilemo empa a qetella a atlehile.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Asamaja Amelia oa pheta: “Meea . . . e ne e ntšulafaletsa bophelo. . . . ’Me e bua lintho tse tšabehang joang feela!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela