Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 9/1 leq. 11
  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Tšebelisanong le Meea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Tšebelisanong le Meea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?
    Tsoha!—2017
  • Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona
    Tsoha!—2008
  • Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
    Tsoha!—2000
  • Tšebelisano le Meea—Molimo O E Talima Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 9/1 leq. 11

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

’Nete ea Bibele e Lokolla Tšebelisanong le Meea

PONO ea Jehova ka tšebelisano le meea e ile ea hlalosetsoa Iseraele hantle ka mantsoe ana: “Le se ke la upella, ’me le se ke la noha.” (Levitike 19:26) Empa motho ea amehang bonoheng le tšebelisanong le meea a ka lokolloa joang matleng a bademona? Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Hona ho pakiloe hore ke ’nete phihlelong e tsoang ho Paki e ’ngoe France.

“Ha ke fallela ntlong ea ka e ncha, ke ne ke sa tsoa kena ha moahelani e mong ea botsoalle a e-tla ’me a ithaopela hore a ka ntaola ka linaleli. Ka potlako ka etsa qeto ea hore ho hang nke ke ka sebelisana le eena, ho neng ho le boima, hobane kannete e ne e le motho ea botsoalle haholo.

“Ka Pulungoana 1980 ke ile ka kula, ’me a tla a ithaopela ho thusa. Ka qala ho ananela mosa oa pelo ea hae. Ke ile ka hohelloa haholo ho eena ha a ntšebela hore o ne a atisa ho phaphama a bupetsane ke ho tšoha. Joale ka hlokomela hore ha aa thaba joalokaha ke ne ke nahana. Empa joale bothata boo ba tšebelisano le meea bo ne bo ka sebetsoa joang? Ke ikutloa hore nke ke ka hlola ke lieha, ka etsa qeto ea ho bua le eena ka ’nete.

“Ra qala re buisana ka mathata a lichelete a tloaelehileng ho rōna basali ba masooa. Eaba joale o re: ‘Ke na le pheko. Ke etsa chelete ka ho hlalosa likarete tsa bonohe.’ Eaba ke ntša Bibele ea ka ’me ka mo bontša kamoo ho neng ho le kotsi kateng ho amana le meea e matla e khopo.

“Hona ha qalisa puisano e tebileng ka tšebelisano le meea. A hlalosa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e profetileng e ile ea etsahala. Ka leka ho mo thusa hore a nahane lintho hantle. Ka tsoela pele ho mo bontša mantsoe a Moshe a ho Deuteronoma 18:10, 11: ‘Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu.’ Eare ha ke tloha, a re: ‘Ntho e qabolang ke hore ke ne ke nahana hore ke fumane pheko bakeng sa mathata a ka.’ Mantsoe aa a ile a nkhothatsa hakaakang, hobane ke enoa, kamorao ho puisano e le ’ngoe feela, o bua ka tšebelisano le meea joalokaha eka ke ntho ea nakong e fetileng! Ho ’na ho ne ho bolela hore botebong ba hae o ne a hlile a utloisisa taba ena.

“A e-na le takatso e sa kholoeng ea lijo tsa moea, o ne a ee a bale Bibele ho fihlela ka hora ea boraro kapa ea bone hoseng. Qalong, re ne re ithuta habeli ka beke. O ne a e-ea libokeng ’me a tsoela pele kapele. Ha e le hantle, re ile ra kena ka botebo tabeng ena ea tšebelisano le meea, re sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa Watch Tower, ’me a etsa qeto ea botho ea ho chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona e amanang le bodemona.

“Mofumahali enoa a mamella ’me ka potlako a be a e-tsoa ho ea bolella ba bang ‘litaba tse molemo.’ Nako le nako o ne a amohela melaetsa ea thelefono e tsoang ho bao a neng a ba sebeletsa, ’me kamor’a hore a hlalose hore o tlohetse liketso tsa hae tsa tšebelisano le meea, o ne a ba memela ha hae ho ea utloa ho hong ho thahasellisang haholo ho feta moo. O ile a kolobetsoa ’me hona joale ke ngoan’abo rōna.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela