Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/1 maq. 3-4
  • Bolumeli le Tumela-khoela—Metsoalle kapa Lira?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli le Tumela-khoela—Metsoalle kapa Lira?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli—Na bo Leleka Tšabo ea Tumela-khoela?
  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
    Tsoha!—1999
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/1 maq. 3-4

Bolumeli le Tumela-khoela—Metsoalle kapa Lira?

E NE e le Moqebelo oa la 11 Phuptjane, 1983, baahi ba motse sehleke-hlekeng sa Indonesia sa Java ba ne ba ka bonoa ha ba mathela matlong a bona, ka lephehlo-phehlo ba koala matlere ’ohle a marulelong, lifenstereng, le mamating. Molato oa pherekano ee e ne e le ofe? Ho ne ho qalehile moriti oa khoeli ha e tširile letsatsi, ’me baahi ba motse ba ne ba tšaba hore moriti oo oa ha khoeli e tširile letsatsi o tla kena ka matlong a bona ’me o bake koluoa.

Baahi ba ho bitsoang lefatše le ntseng le tsoela pele hangata ba latela litumelo tse joalo ka cheseho ea bolumeli. Ka hona, likarolong tse ling tsa Afrika, batho ba qoba ho tsamaea letsatsing har’a mpa ea motšehare hobane ba “ka ’na ba hlanya.” Bana ba haneloa ho ja mahe hobane ho tšajoa hore “ba tla fetoha masholu.” Batsoali ba ke ke ba bolela lenane le nepahetseng la bana ba bona, hobane “baloi ba ka ’na ba utloa u bua ka boikhantšo eaba ba nka e mong oa bona.”—African Primal Religions.

Batho ba Bophirimela ba ka ’na ba qaboloa ke mekhoa e joalo ba re ke pontšo ea tšabo ea tumela-khoela, tholoana ea ‘ho hloka tsebo ha bohetene.’ Empa, litumelo tse joalo ha li felle feela ho bao e seng Bakreste. Li “fumanoa har’a batho lefatšeng lohle,” ho boletse Dr. Wayland Hand, Moprofesa oa litumelo le meetlo ea batho le lipuo tsa Jeremane. Eena le mosebetsi-’moho le eena Dr. Tally ba se ba bokelletse mehlala e batlang e le millione ea litumela-khoela United States feela.

Ba laba-labela ho tseba bokamoso ba bona, ba bangata ba bitsoang Bakreste ba talima boleping—o mong oa mekhoa ea khale ka ho fetisisa ea tumela-khoela. Ho thahasellisang, ka linako tse ling litumela-khoela li tšehetsoa pepenene ke baeta-pele ba bolumeli. Ka mohlala, ka letsatsi le leng mohla ho neng ho bata New York, la 10 Pherekhong, 1982, mopatriareka Vasilios oa kereke ea Eastern Greek Orthodox o ile a okamela ’Misa o tšoaretsoeng kantle e le ho keteka Mokete oa Boikhopotso ba tsoalo ea Jesu. Kamor’a moo, New York Post, e tlaleha hore o ile a betsetsa sefapano sa gauda ka Nokeng ea East ’me a bolella ba shebelletseng hore motho oa pele ea tla fumana sefapano seo o ne a tla ba lehlohonolo bophelo bohle ba hae.

Empa na litumelo tsa Bokreste le tumela-khoela lia lumellana? Mongoli e mong o kile a re: “Holim’a lebitla la tumelo ke hona moo ho tlokomang palesa ea tumela-khoela.” Ka hona, na u ne u ke ke ua lebella bolumeli ba Bokreste hore bo loantše le ho leleka tšabo ea tumela-khoela?

Bolumeli—Na bo Leleka Tšabo ea Tumela-khoela?

Bolumeli ba ’nete bo lokela ho ho etsa ’me bo ho entse lekholong la pele la lilemo. Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba phela ka har’a lefatše la Roma le tletseng tumela-khoela, ba ile ba hana litumela-khoela. Empa kamorao ho lefu la baapostola ba Kreste, lithuto tsa bohata tsa bolumeli, ho akarelletsa litumela-khoela, li ile tsa qala ho kenella ka phuthehong. (1 Timothea 4:1, 7; Liketso 20:30) Ho latela buka, A History of the Christian Church, ho ile ha qala ho hlaha sehlopha sa baruti, se neng se lumellana le mokhoa oa ho sebelisa litšoantšo tsa linaleli le ho latela litumela-khoela tse ling. Kamor’a nako mekhoa e joalo e ratoang e ile ea bitsoa “Bokreste.”

Joale kajeno? Bolumeli bo ntse bo lumella mekhoa ea tumela-khoela. Nahana ka Suriname, moo ba bitsoang Bakreste ba semelo sa Afrika ba atisang ho bonoa ba roetse likhoeetsa tseo ho nkoang hore li sireletsa khahlanong le meea e khopo. Mohlokomeli e mong o re: “Letsatsi le leng le le leng batho bana ba phela, ba ja, ba sebetsa ba bile ba robala ba tšohile.” Ba limillione ho pholletsa le lefatše lohle ba na le tšabo e tšoanang ea “meea” ea ba shoeleng. Ho makatsang, hangata bolumeli bo ’nile ba khothalletsa litumela-khoela tse joalo.

Nka ka mohlala se ileng sa etsahala sehleke-hlekeng sa Afrika sa Madagascar. Ha baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba qala ho jala litumelo tsa bona, batho ba Madagascar ba ne ba arabela empa ba sa ikemisetsa ho tlohela litumelo tsa bona tsa meetlo. Likereke li ile tsa itšoara joang? Koranta ea Kenya, Daily Nation e re: “Baromuoa ba pele e ne e le ba lumelang habonolo le ba tenyetsehang ’me ba amohela boemo bona.” Phello ea e-ba efe? Kajeno, halofo ea batho ba Madagascar e balelloa har’a Bakreste. Empa, ba boetse ba tšaba “meea” ea baholo-holo ba shoeleng! Ka hona, ba atisa ho mema moprista kapa moruti ho tla hlohonolofatsa masapo a baholo-holo pele a busetsoa ka aletareng ea lelapa. E, baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba butsoela leshano la hore Molimo, Diabolose, le baholo-holo ba shoeleng ba ka qekisoa, ba phaphathoa, le ho fuoa tjotjo ka ho boloka mekhoa ea tumela-khoela.

Ho joalo le Afrika Boroa, moo karolo ea 77 lekholong har’a baahi e ipolelang hore ke Bakreste ’me lenane la ba eang kerekeng e le le holimo. Empa, bolumeli ba moetlo ba Maafrika, ka tšabo ea bona ea tumela-khoela ea baholo-holo ba shoeleng, e ntse e hanelletse har’a bao ba limillione ba tsamaeang kereke. Ka hona, linaheng tse ngata tse bitsoang tsa Bokreste, bolumeli e mpa e le lekoko feela. Kupolla lekoko leo, ’me meetlo ea khale e ka bonoa hore e pholohile ’me e ntse e phela.

Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete, bo leleka tšabo ea tumela-khoela. Joang? Senotlolo ke tsebo. Tsebo ea eng? ’Me u ka e fumana joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela