Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/1 maq. 3-4
  • Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Eng?
  • Ke Mang ea Tšehetsang Boboleli ba ’Nete ba Evangeli?
  • “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha ho ba Baboleli ba Evangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/1 maq. 3-4

Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?

HO SA tsotellehe hore na u phela hokae, mosebetsi oa boboleli ba evangeli o qaliloeng ke Jesu Kreste o amme bophelo ba hao ka tsela e itseng. Empa hase e mong le e mong ea ’nileng a ipolela e le moemeli oa Kreste ea ileng a hasa molaetsa ona oa ’nete oa Lentsoe la Molimo. Hase baboleli bohle ba evangeli—ba ntseng ba le teng kapa ba fetileng—ba ileng ba chesoa ke cheseho ea boromuoa e tšoanang le e neng e khetholla barutuoa ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo.

Ke ’nete hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana li na le baromuoa bao ho hakanngoang hore ba ka ba 220 000 ba sebetsang lefatšeng kajeno, empa na baromuoa bao ba ipaka e le baboleli ba ’nete ba evangeli? Boboleli ba evangeli ea Bokreste bo ne bo sa rereloa ho ba mokhoa o mong oa puso ea bokolone ba moea, oo ka oona baruti ba neng ba tla sebetsa e le mahlahana a mebuso ea lefatše e etsang likolone. (Bapisa Jakobo 4:4.) Ho feta moo boboleli ba ’nete ba evangeli ea Bokreste bo ne bo ke ke ba buella ho bitsoang thuto ea bolumeli ea tokoloho le ho loanela liphetoho tse potlakileng litsamaisong tsa lipolotiki le tsa kahisano; leha e le hore Jesu o ne a hopotse baruti ba kokotang Bibele ka litebele seea-le-moeeng ba hoeletsang litlhaloso tsa bona tsa “thuto ea bolumeli ea nala” ka TV le maqhubu a seea-le-moea. (Johanne 17:16; Mattheu 6:24) Ha ho le joalo, e be ’moleli oa ’nete oa evangeli ke eng?

Boboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Eng?

Lipuong tsa pele tsa Bibele, Seheberu le Segerike, ’moleli oa evangeli ke mophatlalatsi oa litaba tse thabisang, kapa litaba tse molemo.a Litaba tse molemo tsa eng? Tsa poloko, tsa puso e lokileng, le tsa khotso. Ka mohlala, Esaia 52:7 e re: “A matle hakakang lithabeng maoto a ba tlisang litaba tse molemo, ba bolelang khotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Molimo oa hao oa busa!”

Ho feta moo, ha Mora oa Molimo a tsoaloa, lengeloi le ile la phatlalatsa ho balisa: “Se tšabeng, hobane, bonang, ke phatlalatsa ho lōna litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe ’Moloki, e leng Kreste Morena.” (Luka 2:10, 11, NW) Kahona, litaba tse molemo li theiloe ho Jesu Kreste.

Lilemo tse ka bang 30 hamorao, Jesu o ile a kena synagogeng motseng oa Nazaretha ka letsatsi la Sabbatha ’me a ema ho bala. “Eaba o neoa buka ea moprofeta Esaia; ’me ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngoliloeng, ho thoe: Moea oa Morena o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli.” Eitse hobane a qete ho bala, ’me “a phuthe buka, a e nea mohlanka, ’me a lula; mahlo a bohle ba leng synagogeng a ’na a talima eena. Eaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le ikutloela.” Ho ne ho ke ke ha latoloa hore Jesu e ne e le ’moleli oa litaba tse molemo, ’me litaba tse molemo tseo a neng a li phatlalatsa li ne li theiloe tabeng ea ho hlokomelisa ka “’muso oa Molimo.”—Luka 4:17-21; 8:1.

Jesu o bapisitse mosebetsi oa hae le kotulo ’me a bolela hore “Kotulo e khōlō ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” (Mattheu 9:36-38) Kahoo, a koetlisa balateli ba hae a ba a ba nea thōmo ea hore le bona e be baboleli ba evangeli. (Mattheu khaolo 10; Luka khaolo 10) Joaloka Moruti oa bona, sehlooho sa boboleli ba bona e ne e le “’muso oa maholimo.” (Mattheu 10:7) Leha ho le joalo, boboleli ba ’Muso bo ne bo sa lekanyetsoa ho baapostola ba Jesu feela.

Ha tlhoriso e qaleha khahlanong le phutheho ea Bokreste e ntseng e hōla motseng oa Jerusalema, tlaleho ea pale e ho Liketso 8:1 e bolela hore, “ba qhalanyetsoa bohle mafatšeng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba ’notši.” Na barutuoa bao ba qhalantsoeng ba ile ba ipata eaba ba se ba ikokobeletsa taelo eo ka baka la ho tšaba? Che, hobane temana ea 4 e tsoela pele: “Ba neng ba qhalanntsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” Ka tsela ena baevangeli bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bokella kotulo e khōlō.

Ka ho thahasellisang, buka A Theological Word Book of the Bible e bolela hore: “Ho TN [Testamente e Ncha] boboleli ha bo na moo bo kopanang teng le ho fana ka lipuo ho ba sokolohileng, e leng seo hangata bo se bolelang kajeno, empa kamehla bo amana le phatlalatso ea ‘litaba tse thabisang tsa Molimo’ lefatšeng leo e seng la Bokreste.” Kahona, Bakreste bohle ke baboleli ba evangeli, ’me ho bolela ha bona evangeli ha hoa lekanyetsoa feela ho bueng le balumeli-’moho le bona.

Empa sehlooho sa boboleli ba evangeli ba kajeno ke sefe? Jesu o ile a profeta bakeng sa mehla ea rōna hore “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Hape, Jesu ha a ka a laela feela ba ileng ba ’mona ha a nyoloha empa le balateli ba hae ba nakong e tlang hore e tle e be “lipaki tsa [hae] Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8; bona hape Mattheu 28:19, 20.

Kahona, ’moko-taba oa molaetsa oa ’moleli oa evangeli ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova Molimo matsohong a ’Musi oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste, Morena oa Khotso. (Esaia 9:6) ’Me o akarelletsa linnete tsohle tseo Jesu a li boletseng le tseo barutuoa ba hae ba li tlalehileng. Baboleli ba ’nete ba evangeli kajeno ba khomarela ka botšepehi sehlooho sena se le seng.

Ke Mang ea Tšehetsang Boboleli ba ’Nete ba Evangeli?

Baboleli ba ’nete ba evangeli ba rapela Jehova e le Molimo. Ke ’Moleli e Moholo oa Evangeli; ke Motšehetsi oa boboleli ba litaba tse molemo. (Ba-Galata 3:8; Tšenolo 10:7) ’Me o lakatsa hore libakeng tsohle batho kaofela ba utloe ’me ba mamele molaetsa oa hae. Moapostola Petrose o ile a phatlalatsa ho sehlopha se senyenyane sa batho se neng se le koung ea likepe ea Mediterranean ea Cesarea: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” “O rometse lentsoe leo ho bana ba Iseraele ho phatlalatsa ho bona litaba tse molemo tsa khotso ka Jesu Kreste: Enoa ke Morena oa ba bang kaofela.”—Liketso 10:34-35; Liketso 10:36, NW.

Bibele e profetile hore mehleng ea rōna baevangeli ba tla boela ba bokelle kotulo e khōlō. (Tšenolo 14:15, 16) Sehloohong se latelang bala tse ling tsa liphihlelo tsa Lipaki tsa Jehova kaha li na le seabo mosebetsing ona oa kotulo. Hlahloba tlaleho ea boboleli ba tsona maqepheng 12 ho isa ho 15 a makasine ona. Joale e be u buisana le Lipaki tsa Jehova ha li e-tla ha hao ’me u bone hore na u ke ke ua lumela hore ke baboleli ba ’nete ba evangeli ba kajeno.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Leetsi la Segerike bakeng sa ho “tlisa litaba tse molemo,” kapa “ho bolela evangeli,” (eu·ag·ge·liʹzo·mai) le ile la fetoleloa e le ‘ho tlisa litaba tse molemo’ (bis·sarʹ) ho Esaia 52:7. The New International Dictionary of New Testament Theology, e bolela hore leetsi bis·sarʹ mona le bolela “ho phatlalatsa tlhōlo ea Yahweh ea bokahohleng holim’a lefatše le puso ea hae ea borena” le ho chaba ha mehla e mecha.—Bapisa Nahume 1:15, New World Translation of the Holy Scriptures—With References, mongolo o botlaaseng ba leqephe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela