Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/1 leq. 31
  • Ho Paka Libakeng Tsa Khoebo—Ka Mokhoa oa Majapane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka Libakeng Tsa Khoebo—Ka Mokhoa oa Majapane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsela ea ho Paka Tšimong ea Mabenkele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Mpho eo Majapane a Neng a sa e Lebella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/1 leq. 31

Ho Paka Libakeng Tsa Khoebo—Ka Mokhoa oa Majapane

TAELO ea Jesu Kreste ea ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho paka “ho isa pheletsong ea lefatše” e tlameha ho akarelletsa libaka tsa khoebo. (Liketso 1:8) Japane, ho fana ka bopaki ba ’Muso ho batho ba sebetsang litsing tsa sechaba le liofising tsa lik’hamphani tse khōlō ho hlahisa phephetso ea sebele. Bahoeletsi ba ’Muso phuthehong e ’ngoe ba ile ba fumana tumello ea ho paka ka limakasine mohahong oa liofisi tsa motse nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare. Bahoeletsi ha baa ka ba rapela Jehova feela hore a ba fe sebete empa ba ile ba ela hloko haholo moaparo oa bona le boitšoaro ba bona ’me ba ba ba lokisetsa likarete tsa libeche tse bontšang mabitso a bona le tse ba tsebahatsang e le Lipaki tsa Jehova.

Paki e ne e ee e atamele mosebetsi, e re: “Ak’u ntšoarele, ke fuoe tumello ea ho buisana le batho mona. Na u ka thabela ho ’mamela ha u ntse u e-ja?” Lipaki li ne li lokela ho bontša boahloli bo botle le ho sebelisa mantsoe a “nokiloeng ka letsoai.” (Ba-Kolosse 4:6) Lekhetlong la tsona la pele la ho etela moo, li ile tsa tsamaisa limakasine tse 39, empa ho ile ha li hloka ho eta ka makhetlo a mane ho koahela mohaho oo oohle oa mekato e robeli moo ho sebetsang batho ba 1 500. Li ile tsa tsamaisa kakaretso ea limakasine tse fetang lekholo ’me li ile tsa khona ho qala litselana tsa makasine le ho etsa maeto a ho boela.

E mong oa bahoeletsi o ile a etsa leeto la ho boela ho mookameli e mong. Ha a utloa ho baloa lengolo le leng ho New World Translation, o ile a re: “Bibele ena e utloisiseha habonolo. Eo nkileng ka e bala pele e ne e ngotsoe ka Sejapane sa khale ’me ho ne ho le thata haholo ho e bala.” O ile a isetsoa kopi ea New World Translation bekeng e latelang.

Na u ka etsa ho eketsehileng tšimong ea phutheho ea heno ho bolela litaba tse molemo ho “batho ba mefuta eohle,” ho akarelletsa ba libakeng tsa khoebo?—Bapisa le 1 Timothea 2:4, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela