Ke Bone ha e Hōla Afrika e ka Boroa
Joalokaha ho boletse Robert Albert McLuckie
TŠEBETSO ea ho bolela ka ’Muso Afrika Boroa e tsoela pele ka ho tsotehang. Ho tloha ho ba ka bang lekholo ba neng ba bolela qetellong ea bo-1920, hona joale ho na le ba ka bang 45 000 ba phatlalatsang litaba tse molemo Afrika Boroa. ’Me ba bang ba ka bang 150 000 ba bolela linaheng tse ling tseo lekala la rōna la Afrika Boroa le neng le li hlokomela pejana.
Ke bile le thabo ea ho bona khōlo ena e tsotehang Afrika e ka boroa nakong ea lilemo tse 60 tse fetileng! E reng ke le bolelle hakhutšoaane ka eona le ka tokelo ea ho kopanela ho eona eo re bileng le eona ’na le lelapa la ka.
E Qalehile ka Tlokotsi
Ka la 22 Phuptjane, 1927, mosali oa ka ea ratoang, Edna, o ile a shoa, a siea morali oa rōna, Lyall, ea neng a le lilemo li tharo le mora oa rōna, Donovan, ea neng a le lilemo li peli. Ke ne ke le lilemo li 26 feela. Lefu la hae le ile la ntšiea ke le masoabing ’me ke ferekane haholo. O ne a le hokae? Ke sa lumele hore o ne a le liheleng, ke ile ka fumana matšeliso a itseng bosiu ha ke lora a le leholimong.
Ka Phupu hona selemong seo Donovan e monyenyane o ile a mpha pampitšana e neng e romeletsoe motho e mong empa e tsoakane le mangolo a rōna ka tsela e ’ngoe eitseng. E ne e e-na le puo ea Joseph Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower. Litaba tsa eona li ile tsa nkhahla haholo hoo kapele ke ileng ka odora likhatiso tsohle tse neng li thathamisitsoe. Ke ne ke sa hlokomele le hanyenyane hore sena se ne se tla fetola bophelo ba ka.
Har’a libukana tse ileng tsa fihla, e neng e e-na le sehlooho se reng Hell—What Is It? Who Are There? Can They Get Out? e ile ea hapa leihlo la ka. Ke ne ke hlolletsoe ka ho felletseng hakaakang ha ke bona bukana eo! Ka mor’a maqephe a mabeli kapa a mararo feela, ke ile ka tšeha ke thabo.
Ke chesehela ho abelana seo ke neng ke ithutile sona le ba bang, ke ile ka ngolla batsoali ba ka le litho tse ling tsa lelapa kapa ka hla ka bua le bona. Ka baka leo, banab’eso ba bane, Jack, Percy, William, le Sydney, ka potlako ba ile ba thahasella ’me ba qala ho bolella ba bang. Lilemo tse itseng hamorao, ntate, ’mè, le likhaitseli tsa ka tse peli, Connie le Grace, le bona ba ile ba amohela tumelo eo.
Karolong ea Afrika Boroa eo re neng re le ho eona, ha kea ka ka fumana Seithuti leha se le seng sa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng ka nako eo. Ke ile ka fallela Rhodesia e ka Boroa, eo hona joale e leng Zimbabwe, ’me ka sebetsa le ngoan’eso Jack polasing ea makhomo hoo e ka bang selemo. Ka baka la ho bala libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower, ha ea ka ea ba nako e telele pele ke utloa takatso e matla ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.
Ho tla fihlela ka nako eo ke ne ke e-s’o kopane le balumeli-’moho leha e le bafe ntle le bao ke neng ke ba paketse. Kahoo ke ile ka nka leeto la terene la lik’hilomithara tse 2 300 ho ea ofising ea lekala ea Mokhatlo Cape Town, Afrika Boroa. Ke ile ka fumana kamohelo e mofuthu hakaakang ho George Phillips, ea neng a ikarabella mosebetsing oa Afrika e ka boroa! Ka la 10 Pherekhong, 1930, ke ile ka kolobetsoa.
Lilemo Tsa Pele Tsa Bopula-maliboho
Le hoja ke ne ke buile le batho ba makholo-kholo ka Bibele nakong ea lilemo tse tharo pejana, ke ne ke e-s’o ka ke kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ho sa tsotellehe hoo, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke le pula-maliboho. Mehleng eno ho ne ho se na lenaneo la koetliso. Ha e le hantle, e ne e le seoelo bahoeletsi ba neng ba ka ea lapeng le tšoanang hammoho. Kaha re ne re e-na le bahoeletsi ba fokolang haholo, ho etsa joalo ho ne ho bonahala ho ke ke ha sebetsa.
Joalokaha ho ka lebelloa, ke ne ke amehile ka boiketlo ba bana ba ka, Lyall le Donovan, ba neng ba hlokometsoe ke ntat’a bona moholo le nkhono’a bona. Kaha ba ne ba hlokomelehile hantle, ka nako eo ke ile ka utloa ho loketse ho ikitlaetsa ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso ho ba bang. Ke sona seo ke ileng ka se etsa.
Nakong ea lilemo tse tharo tse latelang ke bula maliboho, ke ile ka ba le bo-’mate ba bahlano, ho akarelletsa ngoan’eso Syd. Hamorao o ile a tšoaroa ke feberu ea mala ha a ntse a le mosebetsing oa bopula-maliboho ’me a shoa. Ho bula maliboho ho ne ho se bobebe mehleng eo ea pele. Re ne re sebelisa vene ea khoebo e nang le libethe tse hahelletsoeng ka hare, tse etselitsoeng ho meneloa ka mahlakoreng a mabeli a vene. Sena se ne se re nolofaletsa ho robala, ho lula, ho pheha, le ho jella ka hare.
Ketsahalo e ikhethang ka ho fetisisa ea mehleng ea ka ea pele ea bopula-maliboho e ile ea ba ha re ne re amohela lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova, ka 1931, hammoho le bukana The Kingdom—The Hope of the World. Ka ho khetheha ke hopola ha ke ikutloa ke tšositsoe ke khopolo ea ho sebelisa lebitso leo le hlomphehang, ke ipotsa hore na e be ke ne ke tla le sebelisa ka mokhoa o tšoanelang.
Ketsahalo e ’ngoe e hopolehang ea lilemong tseo tsa pele e bile ho kolobetsa ngoan’eso Jack le mosali oa hae, Dorrell, metsing a Nōka ea Nuanetsi a nyeunyang likoena Rhodesia e ka Boroa. Pele ba qoelisoa, re ile ra akhela majoe a seng makae ka nōkeng e le ho tšosa likoena leha e le life tse ipatileng. Hamorao, ka bo-1950, ke ile ka kolobetsa ’mè ka bateng.
Linaheng Tse Ling
Ka 1933 ’na le ’mate oa ka oa bohlano, Robert Nisbet, re ile ra abeloa tšimo e ncha, e neng e e-s’o thetsoe—lihleke-hleke tsa Mauritius le Madagascar tse thōko le lebōpo le ka boroa-bochabela ho Afrika. Re ile ra qeta nako e molemo ea likhoeli tse ’nè lihleke-hlekeng tseo tse peli, re jala lipeō tsa ’nete ea Bibele. Hona joale ke thabo e kaakang ho bona hore Mauritius e na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 800 le Madagascar ba ka bang 3 000! Ha re khutlela Afrika Boroa, ’na le Robert re ile ra arohana. Hamorao o ile a bula maliboho le ngoan’eso Syd ’me hamorao a sebeletsa e le molebeli oa lekala Mauritius.
Pele re khutlela Afrika Boroa, ke ile ka lokisetsa ho teana le Lyall le Donovan lehaeng la ntate oa ka. Ka mor’a ho ba etela, ho ile ha tla karohano e ke keng ea qojoa, e ileng ea lateloa ke likeleli. Ke ile ka tsamaea ho ea teana le molebeli oa lekala, Moena Phillips, ho amohela kabelo ea ka e latelang. E ne e le Nyasaland, eo hona joale e leng Malawi. Ke ile ka rekeloa Chevrolet ea moetso oa 1929 hore ke e sebelise moo.
Ka hona, ka 1934, ke ile ka kena leetong la lik’hilomithara tse 1 900, karolo e khōlō ea lona e le litseleng tse sa lokisoang, ho tloha Johannesburg, Afrika Boroa, ho ea Zomba, motse-moholo oa Nyasaland. Qetellong ke ile ka fihla moo ke eang teng, lehaeng la moena oa Moafrika, Richard Kalinde. O ile a fetoha motsoalle oa ka ea haufi le toloko nakong ea ha ke ntse ke lula Nyasaland. Ka mor’a nako, ke ile ka fumana likamore tse peli hoteleng e ’ngoe ea khale e neng e se e sa sebelisoe. E ’ngoe ke ile ka e sebelisa e le ofisi ea polokelo ea libuka, le e ’ngoe bakeng sa marobalo.
Kabelo ea ka Nyasaland ka ho khetheha e ne e le ho tlisa taolo maemong a tletseng merusu a tlisitsoeng ke mekhatlo eo ho thoeng ke ea Watchtower. Lilemo pejana, Moafrika e mong, ea neng a tloaelane le lingoliloeng tsa mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, Charles Taze Russell, o ne a ikarabella ho hōlisoeng ha mekhatlo ena, le hoja eena le ka mohla e sa ka ea ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.—Bona 1976 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 71-4.
Ke ile ka etela liphutheho tsa ba neng ba sebelisa libuka tsa Watch Tower ’me ka bala qeto e mabapi le lebitso la rōna le lecha, la Lipaki tsa Jehova. Bohle ba neng ba tšehetsa qeto eo ba ile ba kōpuoa ho bontša sena ka ho phahamisa matsoho. Le hoja boholo ba ile ba hla ba bontša joalo, ba bangata ha baa ka ba utloisisa ka botlalo hore na hantle sena se ne se akarelletsa eng. Ka hona, ho theosa le lilemo, ha ba bang ba ile ba hlōleha ho tsoela pele moeeng, ba bang ba ile ba ikhula ka ho felletseng ho tšehetseng ha bona eo ba neng ba mo talima e le moeta-pele ’me ka ’nete ba fetoha Lipaki tsa Jehova.
Ka mor’a hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ke le Nyasaland, ke ile ka ea Mozambique, moo molaetsa oa ’Muso o neng o e-s’o ka o phatlalatsoa. Mono ke ile ka kopana le ofisiri ea Lepotoketsi ea motho e mocha eo ’na le Robert Nisbet re neng re ile ra teana le eona sekepeng se eang Mauritius. E ile ea ’memela lijong, ’me ke ile ka khona ho tsoela pele ho bua le eona.
Ketsahalong e ’ngoe, ha ke le motseng o mong Mozambique e ka leboea, koloi e ’ngoe e ile ea emisa haufi le ’na. Ho ile ha fumaneha hore e ne e le ’musi oa sebaka seo. O ile a botsa hore na o ne a ka nthusa ’me a ’memela lapeng la hae, moo a ileng a amohela likhatiso tse ngata tsa Watch Tower. Le hoja hona joale mosebetsi oa ho bolela o thibetsoe Mozambique le Nyasaland (Malawi), ho ’na hoa hlolla ho tseba hore baena le bo-khaitseli ba bangata ba tšepahalang ba mafolo-folo moo.
Litokelo Tsa Bethele
Ka mor’a hore ke khutlele Nyasaland, ke ile ka fumana ntho e makatsang hakaakang! Ke ile ka memeloa ho ba e mong oa basebetsi ba ofisi lekaleng la Afrika Boroa, Cape Town. Moen’a ka William o ile a romeloa Nyasaland ho ea nka sebaka sa ka. Kahoo ke ile ka kena leetong la lik’hilomithara tse 3 500 ka Chevrolet. Ha ke ntse ke le tseleng ka etela Donovan le Lyall. Ba ne ba se ba le lilemo li 11 le 12 joale, ’me ke ne ke tla boela ke ba bona hape ka mor’a selemo.
Ke ile ka abeloa ho ikarabella ofising ea lekala neng le neng ha Moena Phillips, molebeli oa lekala, a le sieo. Le hoja ke ne ke e-s’o ka ke kopanela ka mehla le phutheho leha e le efe ea Lipaki tsa Jehova ho tloha ha ke ithuta ’nete lilemong tse robong pejana, ka 1936 ke ile ka khetheloa ho ba molebeli ea okamelang oa Phutheho ea Cape Town, e neng e entsoe ka bahoeletsi ba ka bang 20.
Ho Fetola Boemo
Ke ne ke sa batle ho lahla litokelo tsa ka tsa tšebeletso, empa Lyall le Donovan ba ne ba se ba le haufi le ho kena lilemong tsa bona tsa bocha, ’me ke ne ke amehile ka boiketlo ba bona, ho akarelletsa le boiketlo ba bona ba moea. Ka thabo, tharollo ea bothata boo e ne e le haufi.
Ka la 6 Phuptjane, 1936, Moena Phillips o ile a ntsebisa baeti ba neng ba tsoa Australia, Khaitseli Seidel le morali oa hae ea lilemo li 18 ea khahlehang, Carmen. Nakong e ka etsang selemo ’na le Carmen re ile ra nyalana. Ka hona ke ile ka fumana mosebetsi oa boipheliso ’me ka thea lehae.
Ke ile ka sebetsa Afrika Boroa ka selemo se le seng, empa joale ’na le Carmen le mora oa rōna oa lesea, Peter, re ile ra fallela Rhodesia e ka Boroa, moo ngoan’eso Jack a ileng a ’memela hore ke sebetse le eena morafong oa khauta. Ka mor’a hore maemo a rōna a tsitse, Lyall le Donovan, ba neng ba setse le ’mè oa Carmen, ba ile ba tla ho rōna.
Ho Talimana le Mahloriso a Nakong ea Ntoa
Ka Loetse 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma, ’me selemong se latelang libuka tsa rōna tsa Bibele li ile tsa thibeloa. Re ile ra ikemisetsa ho leka ho bona hore na molao o khomareloa hakae ka ho aba libuka ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha eng. Ho ile ha latela ho tšoaroa le ho qosoa, ’me libuka tsa rōna le Libibele li ile tsa nkoa ka mahahapa le ho chesoa.
Hoseng ho hong ka mor’a mosebetsi oa rōna oa ho bolela, re ile ra mengoa ke lefokisi hore re late bana ba rōna seteisheneng sa mapolesa moo ba neng ba isitsoe teng. Re ile ra hana, ra hlakisa hore kaha ho bonahala hore bana bao ba ne ba tšoeroe, ho ne ho le matleng a sepolesa ho ba hlokomela. Letsatsing lona leo motšehare oa mantsiboea, ka mor’a hore re khutle tšebeletsong ea tšimo, re ile ra fumana bana bao ba le teng hae ba bolokehile empa ho sa bonahale lepolesa!
Ketsahalong e ’ngoe, ka 1941, Carmen o ile a ahloleloa likhoeli tse tharo chankaneng le hoja e ne e le moimana. Leha ho le joalo, Estrella o ile a hlaha pele Carmen a qalisa ho sebeletsa kahlolo ea hae. Ho e-na le ho ntšiea le lesea leo hae, Carmen o ile a khetha ho ea le lona chankaneng. Ka hona, Estrella o ile a hlokomeloa ke mosali e mong oa Moafrika ea neng a bolaile monna oa hae. Ha Carmen a lokolloa, ’molai eo oa mosali o ile a tsieleha hoo a ileng a lla habohloko. Ho thahasellisang, Estrella o ile a qalisa ho bula maliboho ka 1956 a le lilemo li 15. Hamorao, o ile a nyalana le Jack Jones ’me ka lilemo tse fetang 20 joale o sebelelitse le monna oa hae Afrika Boroa ’me hona joale ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower Brooklyn, New York.
Kapele ka mor’a moo le ’na ke ile ka qeta likhoeli tse ’maloa chankaneng ka baka la ho bolela. Ha ke ntse ke le moo, ka Pherekhong 1942, Joseph Rutherford o ile a shoa. Ke ne ke sitoa ho ithiba ha ke tšolla likeleli tse seng kae bosiung bona boo ha ke le boinoosing seleng ea ka. Ke ile ka ba le menyetla ea ho paka, ’me hoseng ho hong ka Sontaha, ha e mong le e mong a ne a le lebaleng le ka ntle bakeng sa ho ikoetlisa, ke ile ka kolobetsa motšoaruoa-’moho le ’na ea neng a arabetse molaetseng oa ’Muso.
Ofisi e Ncha ea Lekala
Ka mor’a hore ke lokolloe chankaneng, ke ile ka fumana mosebetsi sebakeng sa literene Bulawayo. Carmen o ne a ithutile ho rōka chankaneng ’me o ile a sebelisa tsebo eo ho thusa ho phelisa lelapa. Lyall o ile a khutla Afrika Boroa, moo a neng a ntse a bula maliboho teng, ’me le eena a thusa ka litšenyehelo. Ka baka leo, kapelenyana re ile ra ba le chelete e eketsehileng e ngata ho feta eo re neng re hlile re e hloka, kahoo re ile ra buisana hammoho, ’me ho ile ha lumellanoa hore ke ne nka kenela tšebeletso ea nako e tletseng hape.
Kaha ke ne ke e-na le tekete e sa lefelloeng ea terene, ka 1947 ke ile ka tsamaea ka terene ho ea Cape Town ho ea bona Moena Phillips. Ke maketse haholo, ke ile ka abeloa ho bula setsi sa polokelo ea libuka bakeng sa ho sebetsana le libuka tsa Mokhatlo Bulawayo. Ka hona, selemong se latelang, Nathan H. Knorr, mopresidente oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a etela moo ’me a lokisetsa hore setsi seo sa polokelo ea libuka e be ofisi ea lekala ka la 1 Loetse, 1948, ’me Eric Cooke e be molebeli oa lekala Rhodesia e ka Boroa. Lilemong tse 14 tse latelang, ke ile ka ba le tokelo ea ho sebetsa lekaleng le hoja, ha e le hantle, ke ne ke ntse ke lula hae le lelapa la rōna le hōlang. Ke leboha haholo tšehetso ea lintho tse bonahalang eo Carmen le bana ba rōna ba baholoanyane ba ileng ba thusa ho fana ka eona, ho ’nolofalelitseng ho tsoela pele ke sebetsa ofising ea lekala.
Kabelo e ’Ngoe ea ho Bolela
Ka 1962 ’na le Carmen re ile ra ba le takatso ea ho ea tšimong e hōle le ho sebetsa moo tlhokahalo e neng e le kholoanyane. Ka hona re ile ra rekisa lehae la rōna ’me ra nka Lindsay le Jeremy, bana ba rōna ba babeli ba ho fela—ba bang ba bahlano ba ne ba se ba hōlile ’me ba tlohile hae—’me ra leba Lihleke-hlekeng tsa Seychelle.
Pele, re ile ra tsamaea ka koloi, boholo e le litseleng tse sa lokisoang, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 2 900, ra fihla Mombasa, Kenya. Re ile ra siea koloi le moena e mong ’me ra kena seketsoaneng ho leba Seychelles. Motho e mong ea thahasellang o ile a re tsebisa ba bang, ’me kapelenyana re ile ra ntšetsa liboka pele hoo e neng e ka ba moriting oa ntlo ea mobishopo. Re ile ra tšoarela liboka tse ling sehleke-hlekeng se seng se haufi mohahong oa polokelo ea likepe oo e neng e le oa motho e mong moo o neng o pota-potiloe ke lifate tse telele tsa lipalema ’me maqhubu a betsehela lebōpong.
Kapele tšebetso ea rōna e ile ea tsebahala, ’me ba boholong ba ile ba qetella ba re laetse hore re khaotse ho bolela, e leng ntho eo re neng re ke ke ra lumela ho e etsa ho hang. (Liketso 4:19, 20) Kahoo, ha e le hantle, re ile ra ntšoa ka hare ho sebaka seo, empa nakong eo re ne re se re kolobelitse batho ba bahlano. Nakong ea likhoeli tse hlano tsa ho lula ha rōna Seychelles, Carmen e ile ea e-ba moimana oa Andrew, ngoana oa rōna oa ho qetela. Ha re khutlela Rhodesia e ka Boroa, morali oa rōna Pauline o ile a re memela ho lula le eena le monna oa hae nakong ea ha re lebelletse ho tsoaloa ha Andrew.
Litlhohonolofatso le Khotsofalo
Ke thabela ho bolela hore bana ba rōna ba robeli kaofela, ho akarelletsa Lyall le Donovan, ba ile ba kenela bopula-maliboho ka nako tse sa tšoaneng. Ha e le hantle, hona joale ba bane ho bara le bakhoenyana ba rōna ke baholo, ’me ba babeli ke bahlanka ba sebeletsang. Ho phaella moo, re thabile hakaakang hore e be litloholo le litloho-tloholoana tsa rōna tse ngata hammoho le batsoali ba tsona ba phatlalatsa litaba tse thabisang linaheng tse seng ka tlaase ho tse ’nè le hore ba bangata ho litho tse ling tsa lelapa la McLuckie le bona ba sebeletsa Jehova. Ke kholisehile hore liphello tse joalo li tlisitsoe ke ho ba teng ha lelapa ka mehla libokeng le ho kopanela ka mehla tšebetsong ea ho bolela.
Hona joale ha ke le lilemo li 89, ke ntse ke e-na le tokelo ea ho ba moholo phuthehong ea rōna Pietermaritzburg, Afrika Boroa. Ho ntlisetsa khotsofalo ea ’nete ho hetla morao lilemong tse fetang 60 ke le tšebeletsong ea Jehova e hlohonolofalitsoeng. Haholo-holo ke tlhohonolofatso hore e be ke bone meloko e mehlano ea lelapa la rōna, ho akarelletsa batsoali ba ka, e tlisa thoriso ho Jehova, Molimo o moholo oa bokahohleng bohle.