Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 12/8 maq. 18-22
  • Ho Hōlisa Bana Afrika Linakong Tse Thata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Bana Afrika Linakong Tse Thata
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fallela Afrika le ho Nyaloa
  • Ho Fallela ha Rōna Rhodesia e ka Boroa
  • ’Na le Bertie re Koalloa Teronkong
  • Tšebeletso ea Rōna ka Mor’a Ntoa
  • Kabelo e Ncha ea Boboleli
  • Ho Khutla ho Kotsi
  • Ho Hlohonolofatsoa ka Lelapa le Lerato
  • Ke Bone ha e Hōla Afrika e ka Boroa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Matlafatsoa ke Mokhatlo oa Rōna oa Lefatše Lohle oa Bara ba Motho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Thabela “Bophelo ba Hona Joale” ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 12/8 maq. 18-22

Ho Hōlisa Bana Afrika Linakong Tse Thata

Joalokaha ho boletse Carmen Mcluckie

Selemo e ne e le sa 1941. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa. Ke ne ke le ’mè ea lilemo li 23 ke tsoa Australia, empa ke mona ke ne ke le teronkong Gwelo, Rhodesia e ka Boroa (eo hona joale e leng Gweru, Zimbabwe) le lesea la ka le likhoeli li hlano. Monna oa ka o ne a le teronkong Salisbury (eo hona joale e leng Harare). Bana ba rōna ba bang—ea lilemo li peli le ea lilemo li tharo—ba ne ba hlokometsoe ke bana ba ka ba babeli ba lilemong tsa bocha ba lenyalong la monna oa ka la pele. E-re ke hlalose hore na ho tlile joang hore ke be boemong bona.

KE NE ke lula le ’Mè le Ntate Port Kembla, e ka bang lik’hilomithara tse 50 ka boroa ho Sydney, Australia. Ka 1924, Clare Honisett o ile a etela ’Mè ’me a tsosa thahasello ea hae lithutong tsa Bibele ka ho mo botsa hore na o utloisisa se boleloang ke Thapelo ea Morena. Clare o ile a hlalosa se boleloang ke ho halaletsa lebitso la Molimo, ’me a tsoela pele ho mo bolella kamoo ’Muso o tlang ho phethahatsa thato ea Molimo kateng lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) ’Mè o ile a hlolloa. Ho sa tsotellehe ho hanyetsa ha Ntate, ’Mè o ile a qala ho batlisisa linnete tseo tsa Bibele ka ho tebileng.

Nakoana ka mor’a moo, re ile ra fallela motseng o mathōkong a toropo ea Sydney. Ho tloha moo ’na le ’Mè re ne re tsamaea lik’hilomithara tse ka bang hlano ho ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Le hoja Ntate e sa ka ea e-ba Paki, o ile a lumela hore lithuto tsa Bibele li tšoareloe lapeng. Baena ba hae ba babeli—Max le Oscar Seidel—e ile ea e-ba Lipaki, hammoho le litho tse ling tsa lelapa la Max le khaitseli ea ka Terry le moen’a ka, Mylda.

Ka 1930 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa reka seketsoana se bolelele ba limithara tse 16, seo hamorao se ileng sa boela sa rehoa Lightbearer. Ka lilemo tse peli seketsoana sena se ne se emisa koung e qetellong ea setša seso Nōkeng ea Georges. Moo se ne se lokisoa e le hore se ka sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova mosebetsing oa boboleli lihlekehlekeng tsa Indonesia. Ka linako tse ling ’na le moen’a ka Coral re ne re ee re hloekise seketsoana seo ka hare le ka ntle, ebe re alima lebone la seketsoana ho ea tšoasa li-prawn ka lona.

Ho Fallela Afrika le ho Nyaloa

Australia e ile ea thefuleha moruong bohareng ba bo-1930, ’me ’na le ’Mè re ile ra etela Afrika Boroa ho tla bona haeba ho ka lumelleha hore lelapa leso le fallele teng. Re ne re e-na le lengolo la boitsebahatso le tsoang ofising ea lekala la Lipaki tsa Jehova e Australia le eang ho George Phillips, ea neng a hlokometse mosebetsi oa boboleli Afrika e ka boroa nakong eo. George o ne a eme koung ea likepe e Cape Town ho tla khahlametsa sekepe sa rōna. O ne a khoaetse buka ea Mokhatlo oa Watch Tower e bitsoang Riches ka lehafing e le hore re tle re mo tsebe. Hona letsatsing leo, la la 6 June, 1936, o ile a re tsebisa litho tse hlano tse sebetsang lekaleng, ho akarelletsa le Robert A. McLuckie.a Pele selemo seo se fela ’na le Bertie—e leng tsela eo bohle re neng re mo bitsa ka eona—re ile ra nyalana.

Ntate-moholo oa ntate oa Bertie, William McLuckie, o ne a tlile Afrika ka 1817 a tsoa Paisley, Scotland. Maetong a hae a qalang, William o ile a tloaelana le Robert Moffat, e leng monna ea ileng a qapa tsela ea ho ngola puo ea Setswana ’me a fetolela Bibele ka puo eo.b Mehleng eo ea pele, William le mphato oa hae Robert Schoon e ne e le bona feela batho ba basoeu ba neng ba tšeptjoa ke Moselekatsi, mohlabani ea tummeng oa lebotho la morena Chaka ea tsebahalang oa Mazulu. Ka lebaka leo, William le Robert e ne e le bona feela batho ba basoeu ba neng ba lumeletsoe ho kena motseng oa Moselekatsi, moo hona joale e leng motse oa Pretoria, Afrika Boroa. Hamorao Moselekatsi o ile a fetoha moeta-pele pusong eaba bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo o khobokanya merabe e mengata hore e be ’muso o kopanetsoeng oa Afrika.

Ha ke kopana le Bertie, o ne a shoetsoe ke mosali a bile a e-na le morali ea lilemo li 12, Lyall, le mora ea lilemo li 11, Donovan. Bertie o ile a qala ho ithuta linnete tsa Bibele ka 1927, likhoeli tse seng kae ka mor’a lefu la mosali oa hae, Edna. Ka lilemo tse robong tse ileng tsa latela, o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo sehlekehlekeng sa Mauritius le sa Madagascar hammoho le ho pholletsa le Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi), Portuguese East Africa (eo hona joale e leng Mozambique) le Afrika Boroa.

Likhoeli tse seng kae ka mor’a hore ke nyalane le Bertie, re ile ra fallela Johannesburg le Lyall le Donovan, moo ho neng ho batla ho le bonolo hore Bertie a fumane mosebetsi. Ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho ka nakoana, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng. Eaba ke ba moimana oa Peter.

Ho Fallela ha Rōna Rhodesia e ka Boroa

Qetellong, moholoane oa Bertie, Jack, o ile a re khothalletsa ho kopanela le eena khoebo ea ’maene oa khauta o haufi le Filabusi, Rhodesia e ka Boroa. ’Na le Bertie re ile ra ea moo le Peter, ea neng a e-na le selemo ka nako eo, ha ka nakoana ’Mè a hlokometse Lyall le Donovan. Ha re fihla Nōkeng ea Mzingwani, e ne e e-ja litlhokoa, ’me re ile ra tlameha ho e tšela ka lebokose le tsamaeang ka mohala o tlohang lebōpong le leng la nōka ho ea ho le leng. Ke ne ke e-na le likhoeli tse tšeletseng ke le moimana oa Pauline ’me ke ile ka tlameha ho mamarela Peter ka thata sefubeng! Ho ne ho tšosa, haholo-holo ha mohala oo o batla o thetsa metsi bohareng ba nōka. Ho feta moo, e ne e le har’a mpa ea bosiu, ’me ho ne ho e-na pula ea litloebelele! Ha re qeta ho tšela nōka, re ile ra tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang peli ho ea ha mong ka rōna.

Hamorao re ile ra hira ntlo e tletseng bohloa e polasing. Re ne re e-na le thepa ea ntlo e fokolang—e ’ngoe ea eona e entsoe ka mabokose a tšelang metsoako ea ho qhomisa le ho qhibilihisa lintho. Pauline o ne a atisa ho tšoaroa ke ’metso, ’me re ne re sa khone ho lefella litšenyehelo tsa meriana. Ke ne ke sithabetse, empa re ne re leboha hore lekhetlo le leng le le leng Pauline o ne a hlaphoheloa.

’Na le Bertie re Koalloa Teronkong

Hang ka khoeli re ne re e-ea motseng oa Bulawayo, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 80, ho ea rekisa khauta ea rōna bankeng. Re ne re boetse re ea Gwanda, e leng torotsoana e haufi le Filabusi, ho ea reka lijo le ho kopanela tšebeletsong. Ka 1940, selemo ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qale, mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa thibeloa Rhodesia e ka Boroa.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka tšoaroa ha ke ntse ke tsoela pele ka boboleli Gwanda. Ka nako eo ke ne ke le moimana oa ngoan’a ka oa boraro, Estrella. Ha boipiletso ba ka bo ntse bo hlahlojoa, Bertie le eena o ile a tšoareloa boboleli ’me a koalloa teronkong Salisbury, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 300 ho tloha moo re neng re lula teng.

Boemo ba rōna e ne e le bona nakong eo: Peter o ne a le sepetlele Bulawayo a tšoeroe ke ’metso o mosoeu, ’me ho ne ho e-na le pelaelo ea hore na o tla phela kapa che. Ke ne ke sa tsoa ba le Estrella, ’me motsoalle e mong oa ka o ne a ntatile sepetlele ho nkisa teronkong ho ea bontša Bertie morali oa hae e mocha. Hamorao, ha boipiletso ba ka bo qheleloa ka thōko, ka mosa mohoebi e mong oa morui oa Moindia o ile a ntefella beile. Ka mor’a nakoana, liofisiri tse tharo tsa sepolesa li ile tsa tla ’maeneng ho tla ntšoara. Li ile tsa mpha khetho. Khetho ea ho ea teronkong le lesea la ka le likhoeli li hlano kapa ho le siea tlhokomelong ea Lyall le Donovan ba lilemong tsa bocha. Ke ile ka etsa qeto ea ho tsamaea le lona.

Ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho lapa liaparo le oa ho hloekisa. Hape, ho ile ha fanoa ka mohlokomeli ea thusang ka ho hlokomela Estrella. E ne e le motšoaruoa e mong e monyenyane ea bitsoang Matossi, ea neng a fuoe kahlolo ea bophelo bohle ka lebaka la ho bolaea monna oa hae. Matossi o ile a lla ha ke lokolloa, hobane o ne a se a ke ke a hlola a hlokomela Estrella. Mosali ea hlokomelang teronko ea basali o ile a nkisa ha hae bakeng sa lijo tsa motšehare ’me ka mor’a moo a mpalamisa terene hore ke etele Bertie teronkong Salisbury.

Ha ’na le Bertie re ne re le teronkong, Peter le Pauline ba banyenyane ba ne ba hlokometsoe ke Lyall le Donovan. Le hoja Donovan a ne a le lilemo li 16 feela, o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa rōna oa ’maene. Ha Bertie a lokolloa teronkong, re ile ra etsa qeto ea ho fallela Bulawayo, kaha mosebetsi oa ’maene o ne o sa tsamaee hantle. Bertie o ile a fumana mosebetsi seporong sa terene, ’me ’na ke ile ka tlatsetsa cheleteng eo re e fumanang ka ho sebelisa tsebo eo ke sa tsoa e fumana ea ho rōka.

Mosebetsi oa Bertie oa ho kopanya thepa ea literene ka lipekere o ne o nkoa e le oa bohlokoa, kahoo o ile a lokolloa tlamong ea tšebeletso ea sesole. Lilemong tseo tsa ntoa, Lipaki tse seng kae tsa ba basoeu tse Bulawayo li ne li tšoarela liboka ntlong ea rōna e nang le kamore e le ’ngoe e nyenyane, ’me bara le barali babo rōna ba seng bakae ba batšo ba ne ba kopanela sebakeng se seng motseng oo. Empa hona joale, ho fumaneha liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 46 tse kopantseng ba batšo le ba basoeu Bulawayo!

Tšebeletso ea Rōna ka Mor’a Ntoa

Ka mor’a ntoa Bertie o ile a kōpa lefapha la literene hore a isoe Umtali (moo hona joale e leng Mutare) ka mosebetsi, e leng toropo e ntle e moeling oa Mozambique. Re ne re batla ho sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōlō teng, ’me ho ne ho bonahala Umtali e le sona sebaka se loketseng, kaha ho ne ho se na Lipaki motseng oo. Ka nako e khutšoanyane eo re e lutseng moo, lelapa la Holtshauzen, le neng le akarelletsa bara ba bahlano, le ile la fetoha Lipaki. Hona joale ho na le liphutheho tse 13 motseng oo!

Ka 1947 lelapa la rōna le ile la buisana ka monyetla oa hore Bertie a khutlele mosebetsing oa bopula-maliboho. Lyall, ea neng a khutlile Afrika Boroa moo a neng a bula maliboho teng, o ile a tšehetsa taba ena. Ka nako eo Donovan o ne a bula maliboho Afrika Boroa. Leha ho le joalo, ha ofisi ea lekala e Cape Town e utloa hore Bertie o lakatsa ho bula maliboho hape, e ile ea mo kōpa hore ho e-na le hoo a bule setsi sa polokelo ea libuka Bulawayo. Kahoo, o ile a tlohela mosebetsi lefapheng la literene, ’me ra boela ra fallela moo. Nakoana ka mor’a moo, baromuoa ba pele ba ho ea Rhodesia e ka Boroa ba ile ba fihla Bulawayo, ba akarelletsa Eric Cooke, George le Ruby Bradley, Phyllis Kite le Myrtle Taylor.

Ka 1948, Nathan H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, hammoho le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba etela Bulawayo ’me ba lokisetsa hore setsi sa polokelo ea libuka se fetohe lekala, ’me Mor’abo rōna Cooke e be molebeli oa lona. Selemong se latelang seo, morali’a rōna Lindsay o ile a hlaha. Joale, ka 1950, lekala le ile la fallisetsoa Salisbury, e leng motse-moholo oa Rhodesia e ka Boroa, ’me le rōna re ile ra fallela moo. Re ile ra reka ntlo e khōlō eo re ileng ra lula ho eona ka lilemo tse ngata. Re ne re lula re e-na le bo-pula-maliboho le baeti ba lulang le rōna, kahoo sebaka sa rōna se ile sa tsebahala e le hotele ea McLuckie!

Ka 1953, ’na le Bertie re ile ra ea kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e le Yankee Stadium, New York City. Eo e bile ketsahalo e sa lebaleheng hakaakang! Lilemo tse hlano hamorao, Lyall, Estrella, Lindsay le Jeremy ea likhoeli li 16 ba ne ba e-na le rōna bakeng sa matsatsi ’ohle a robeli kopanong e ’ngoe e khōlō ea machaba ka 1958 e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium le Polo Grounds e haufi le teng. Palo e khōlō ka ho fetisisa ea ba fetang kotara ea milione e ne e le teng puong ea phatlalatsa letsatsing la ho qetela!

Kabelo e Ncha ea Boboleli

Bertie o ile a sebeletsa ka lilemo tse 14 e le mosebeletsi ea lulang ka ntle ofising ea lekala e Salisbury, eaba ka mor’a moo re etsa qeto ea ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō teng, Seychelles. Re ile ra rekisa ntlo le thepa ea rōna ’me liphahlo tsa rōna tse setseng ra li laela ka koloing ea rōna ea station wagon ea moetso oa Opel. Re ile ra tsamaea le Lindsay, a le lilemo li 12, le Jeremy, a le lilemo li 5, lik’hilomithara tse ka bang 3 000 tseleng e matsutla ka ho fetisisa e haolang le Rhodesia e ka Leboea (eo hona joale e leng Zambia), Tanganyika (eo hona joale e leng karolo ea Tanzania) le Kenya, ’me qetellong ra fihla motseng o koung oa Mombasa.

Mocheso oa Mombasa e ne e le o sa mamelleheng, leha ho le joalo e ne e e-na le mabōpo a matle. Re ile ra siea koloi ea rōna le Paki e ’ngoe ea moo ’me ra kena leetong la matsatsi a mararo ka sekepe ho ea Seychelles. Ha re fihla moo, re ile ra khahlametsoa ke Norman Gardner, monna ea neng a fumane tsebo ea motheo ea ’nete ea Bibele ho Paki e ’ngoe Dar es Salaam, Tanganyika. O ile a re lokisetsa hore re hire ntlo Sans Souci Pass, e neng e hahetsoe mapolesa a neng a lebela Moarekabishopo Makarios, oa Greek Orthodox, ea neng a lelekiloe naheng ea Cyprase ka 1956.

Kaha ntlo ea rōna e ne e le sebakeng se thōko, ka mor’a khoeli re ile ra fallela ntlong e ’ngoe e pel’a lebōpo Beau Vallon. Ha re le moo re ile ra memela batho lipuong tseo Bertie a neng a nehelana ka tsona foranteng ea rōna. Re ile ra qala thuto ea Bibele le ba ha Bindschedler, ’me likhoeli tse seng kae hamorao, Bertie a ba kolobetsa le morali oa bona eo ba inketseng eena hammoho le Norman Gardner le mosali oa hae. Re ne re boetse re tsamaea le Norman ka seketsoana sa hae ho ea Sehlekehlekeng sa Cerf, moo Bertie a neng a nehelana ka lipuo tsa Bibele mohahong o hahetsoeng ho sireletsa likepe.

Ha re se re bile Seychelles ka likhoeli tse ka bang ’nè, mookameli oa mapolesa o ile a re bolella hore re lokela ho khaotsa boboleli kapa ho seng joalo re tla lelekoa naheng eo. Re ne re e-na le chelete e fokolang, ’me ke ne ke boetse ke le moimana. Re ile ra etsa qeto ea ho tsoela pele ka boboleli ba rōna ba phatlalatsa. Etsoe re ne re tseba hore haufinyane re tla tsamaea. Kahoo, ha sekepe se latelang se fihla se e-tsoa India hoo e ka bang khoeli hamorao, re ile ra lelekoa naheng eo.

Ho Khutla ho Kotsi

Ha re fihla Mombasa, re ile ra nka koloi ea rōna ’me ra leba boroa ka tsela e lehlabathe e iphaphathileng ka lebōpo la leoatle. Ha re fihla Tanga, enjene ea koloi ea rōna e ile ea robeha. Chelete ea rōna e ne e se e batla e felile, empa mong ka rōna e mong le Paki e ’ngoe ba ile ba re thusa. Ha re le Mombasa, mor’abo rōna e mong o ile a ithaopela ho re thusa ka lichelete haeba re ne re ka leba leboea, Somalia, bakeng sa boboleli. Leha ho le joalo, ke ne ke sa phele hantle, kahoo sohle seo re neng re se batla e ne e le ho khutlela hae Rhodesia e ka Boroa.

Re ile ra haola Tanganyika ho kena Nyasaland ’me ra theosa re iphaphathile ka lebōpo le ka bophirimela la Lake Nyasa, eo hona joale e bitsoang Lake Malawi. Ke ne ke kula hoo ke ileng ka kōpa Bertie hore a ntšiee ka thōko ho tsela ke ichoelle! Re ne re le haufi le motse oa Lilongwe, kahoo o ile a nkisa sepetlele moo. Ente ea morphine e ile ea kokobetsa bohloko ka tsela e itseng. Kaha ke ne ke se ke sitoa ho tsoela pele ka leeto la koloi, Bertie le bana ba ile ba tsamaea ka koloi lik’hilomithara tse ka bang 400 ho ea Blantyre. Mong ka rōna e mong o ile a etsa litokisetso tsa hore ke ee moo ka sefofane matsatsi a seng makae hamorao ho ea kopana le bona. Ho tloha Blantyre ke ile ka khutlela morao Salisbury ka sefofane, ’me Bertie le bana ba qetela leeto la ho khutlela hae ka koloi.

Ho ile ha ba ha re kokololo! ha kaofela ha rōna re fihla Salisbury lapeng la morali oa rōna Pauline le monna oa hae! Ngoana oa rōna oa ho fela, Andrew, o ile a hlaha ka 1963. Letšoafo la hae le leng le ne le sa sebetse ’me ho ne ho sa lebelloa hore a ka phela, empa ka lehlohonolo o ile a phela. Qetellong, re ile ra fallela Afrika Boroa ’me ra qetella re se re lula Pietermaritzburg.

Ho Hlohonolofatsoa ka Lelapa le Lerato

Bertie o ile a ichoella ka khotso a le lilemo li 94 ka 1995, ’me ho tloha nakong eo ke ’nile ka itulela ke le mong mona lehaeng la rōna. Empa ha ke jeoe ke bolutu leha e le hanyenyane! Lyall le Pauline ba sebeletsa Jehova hammoho le ba malapa a bona hona mona Afrika Boroa, ’me ba bang ba bona ba lula hona mona Pietermaritzburg. Lindsay le lelapa la hae ba California, U.S.A., moo kaofela ha bona e leng Lipaki tse mafolofolo. Bana ba rōna ba babeli ba ho qetela, Jeremy le Andrew, ba falletse Australia, moo ka bobeli ba leng manyalong a thabileng ’me ba sebeletsa e le baholo liphuthehong tsa habo bona.

Bana ba rōna ba robeli kaofela ha bona ba kile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho ka nako e ’ngoe e itseng, ’me ba tšeletseng ba sebelelitse liofising tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Donovan o ile a qeta lithuto tsa sehlopha sa bo16 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka February 1951 ’me a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang United States pele a khutlela ho tla sebetsa ofising ea lekala e Afrika Boroa. Hona joale ke moholo oa Mokreste Klerksdorp, e ka bang lik’hilomithara tse 700 ho tloha Pietermaritzburg. Estrella o lula le monna oa hae, Jack Jones, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York.

Ngoan’a ka oa letsibolo, Peter, o ile a qeta lilemo tse itseng a le tšebeletsong ea nako e tletseng, mosebetsing oa bopula-maliboho le ofising ea lekala la Watch Tower e Rhodesia. Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse fetileng ke ile ka sareloa ha a khaotsa ho kopanela le phutheho ea Bokreste.

Ha ke hetla morao bophelong ba ka, nka bolela hore ka sebele ke thabile haholo hore ebe ha ke sa le mocha ke ile ka tla Afrika le ’Mè. Ke ’nete hore hase kamehla bophelo bo ’nileng ba e-ba bonolo, empa ho ’na e bile tokelo ho tšehetsa monna oa ka le ho hōlisa lelapa le thusitseng ho etella pele boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo Afrika e ka boroa.—Matheu 24:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pale ea bophelo ba Robert McLuckie e phetiloeng ke eena e hlaha ho Molula-Qhooa oa February 1, 1990, leqepheng la 26-31.

b Bona leqephe la 11 bukaneng ea Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[’Mapa o leqepheng la 20, 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AFRIKA BOROA

Cape Town

Pietermaritzburg

Klerksdorp

Johannesburg

Pretoria

ZIMBABWE

Gwanda

Bulawayo

Filabusi

Gweru

Mutare

Harare

ZAMBIA

MOZAMBIQUE

MALAWI

Blantyre

Lilongwe

TANZANIA

Dar es Salaam

Tanga

KENYA

Mombasa

SEYCHELLES

SOMALIA

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

’Na le Peter, Pauline le Estrella, pele ke e-ea le Estrella teronkong

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Lyall le Donovan ka pel’a ntlo ea rōna e neng e le polasing haufi le Filabusi

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Bertie, Lyall, Pauline, Peter, Donovan le ’na ka 1940

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Carmen le ba bahlano ba bana ba hae (ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona): Donovan, ha a le Gileade ka 1951 le Jeremy, Lindsay, Estrella le Andrew kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela