Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/15 leq. 23
  • Boitšoaro bo Khabisang Thuto ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boitšoaro bo Khabisang Thuto ea Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phutheho e ke e Hahoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’muso ka Phuthehong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Hlophisitsoe Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/15 leq. 23

Boitšoaro bo Khabisang Thuto ea Molimo

Haufinyane, batsamaisi ba k’hamphani e ’ngoe e Caracas, Venezuela, ba ile ba ngola lengolo le eang ho baholo le bahlanka ba sebeletsang ba phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova. Ho lona ba ile ba ngola: “Re amohetse bopaki bo botle haholo ka batho ba bolumeli ba lōna mabapi le boikutlo ba bona ba ho ba le boikarabelo le ba botšepehi. Ke ka lebaka lena re le atamelang hona joale. Ka baka la khaello ea basebetsi eo re nang le eona hona joale, re hloka batho ba babeli ka potlako ho tlatsa libaka tse latelang: e mong e be mokhanni ’me e mong e be mookameli oa lefapha la rōna le bolokang thepa. Re tla ananela haholo boitsebiso leha e le bofe boo le ka fanang ka bona mabapi le e mong ea phuthehong ea lōna kapa phuthehong e ’ngoe e haufi. Ha e le hantle ha re lakatse ho hira basebetsi bao e seng Lipaki. Ka kōpo, re tsebiseng haeba ho se ea ka fumanehang, kaha re tla emela karabelo ea lōna pele re ka etsa qeto leha e le efe.”

Ka mor’a ho fumana lengolo lena ka tlas’a monyako oa Holo ea ’Muso, e mong oa baholo ba phutheho o ile a etela mong’a k’hamphani eo e amehang. Mong’a k’hamphani o ne a ile a sebelisana le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse 15 ’me o ne a sa hopole eka o kile a ba le mathata a tebileng ka bahiruoa ba Lipaki. O ile a bua ka bona e le basebetsi ba nkang litaba ka ho teba, ba nang le boikarabelo, ba tšepahalang, le ba mahlaha-hlaha. Eaba oa eketsa: “Kea tseba hore ha le mamelle batho ba etsang bobe, le hore lea ba khaola. Seo se bontša hore phutheho ea lōna ha e batle ho kopanela le ba joalo liketsong tsa bona tse mpe.”

Boitšoaro bo joalo bo khabisa thuto ea Molimo. (Tite 2:10, NW) Ke phello ea takatso e tiileng ea ho khomarela haufi-ufi melao-motheo ea boitšoaro e boletsoeng ka ho hlaka ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela