Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’muso ka Phuthehong
1 Jehova o abetse ‘mohlahlobi ea khabane,’ kapa mohlokomeli oa ntlo, boikarabelo a sebelisa Jesu Kreste, e leng Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Luka 12:42, 43) Tokisetso ena e re nolofallelitse ho fumana tataiso e hatisitsoeng ea kamoo ‘re tšoanetseng ho itšoara ka teng ka tlung ea Molimo.’ (1 Tim. 3:15) Kofuto ea rōna ea sehlooho ea ho fumana se hatisitsoeng ke Watch Tower Publications Index. (Haeba u thatafalloa ke ho sebelisa Watch Tower Publications Index ea Senyesemane, u tla fumana litšupiso tse tšoanang tse thusang tlhahlamanong ea lihlooho ea selemo le selemo e hlahang ka morao ho Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea December 8) E ka u thusa joang?
2 Na u moholo? Ho na le lihlooho tse peli tse akaretsang tse tšohlang boikarabelo ba hao: “Elders” le “Overseers.” Karolo e reng “Elders” e na le litšupiso tse ngata tse lebisang boitsebisong bo amanang le ho thusa batho ba sa tšoaneng ka phuthehong, kamoo ho ka fanoang ka keletso, kamano e pakeng tsa sehlopha sa baholo, boikarabelo ba baholo, joalo-joalo. Litšupiso tse mabapi le litšoaneleho li fumanoa tlas’a “Overseers,” kaha sehlooho sena ke lentsoe le sebelisoang ke Bibele ha e bua ka bona. Hape tlas’a “Overseers” ho na le likabelo tsa molao, tse kang “presiding overseer,” “service overseer,” le “secretary.” Sehlooho se seholo se reng “Congregations” le sona se tla fana ka boitsebiso bo thusang.
3 Le lōna bao le leng bahlanka ba sebeletsang le phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong. Sehlooho se reng “Ministerial Servants” se thathamisa boitsebiso bo buang ka litšoaneleho tsa lōna le boikarabelo ba lōna. Hape le tla fumana litšupiso tse lebisang boitsebisong bo buang ka bohlokoa ba litokelo tsa tšebeletso tse le bulehetseng le kamoo le ka hahamallang boikarabelo bo eketsehileng.
4 Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba na le litokelo tse amanang le liboka ka phuthehong. Sehlooho se reng “Meetings” se fana ka litšupiso tsa tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea taba ena, ho akarelletsa le mehlala e hlollang e tlas’a “efforts to attend.” Ha e le hantle, hape ho na le lihlooho tse khōlō bakeng sa seboka ka seng.
5 Pesaleme ea 68:11, (NW) e re: “Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” Bo-khaitseli le bona ba lokela ho khomarela boitšoaro bo nepahetseng ka tlung ea Molimo ho tšoana le litho tseo e leng banna ka phuthehong. Ka linako tse ling ho botsoa lipotso ka litaba tse kang hore na ke neng khaitseli a lokelang ho roala hloohong kapa hore na ho lokela ho etsoe joang ha moena ea tšoanelehang ho khanna seboka kapa ho emela phutheho ka thapelo a le sieo. Sehlooho se reng “Women” se ka u lebisa boitsebisong bo buang ka litaba tsena. Lihlooho tse reng “Sisters,” “Head Covering,” le “Prayer” le tsona lia thusa.
6 Karolo e qetellang ea 1 Timothea 3:15 e bua ka phutheho ea Bokreste e le “tšiea le motheo oa ’nete.” Ke tokelo ea rōna hore re tšehetse ’nete ka hore re itšoare ka nepo ka tlung ea Molimo, re phethahatse tšebeletso ea rōna ea ’Muso ka har’a phutheho.