“Etsang Tsohle ho Tlotlisa Molimo”
Lintlha tse Khōlō tse ho Ba-Korinthe ba Pele
HO TLOTLISOA ha Jehova Molimo ke kameho ea bohlokoa ho bohle ba mo rapelang “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Kahoo, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba habo ba Korinthe ea boholo-holo: “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Korinthe 10:31) Ho etsa sena ho hloka hore re amohele tsela ea Jehova ea ho rarolla mathata a rōna lefatšeng lena le tletseng lerato la lintho tse bonahalang, le boitšoaro bo bobe, le le qoetseng bolumeling ba bohata.
Bakreste ba Korinthe ba ne ba hloka thuso ea bomolimo ho rarolla mathata, hobane ba ne ba phela motseng o atlehileng moruong, o boitšoaro bo bobe le o tletseng bolumeli ba bohata. E hahiloe mochophorong oa naha o kopanyang likontinente tsa Greece le Peloponnisos, Korinthe e ne e le motse-moholo oa profensi ea Roma ea Akaia ’me e ne e e-na le baahi ba ka bang 400 000. Pauluse o ile a thea phutheho moo hoo e ka bang ka 50 C.E.—Liketso 18:1-11.
Bakorinthe ba ile ba ngolla Pauluse ba botsa ka lenyalo le ho ja nama e neng e hlabetsoe melimo ea litšoantšo. (7:1) O ne a tšoenyehile hobane likarohano le boemo ba boitšoaro bo bobe ka ho fetelletseng li ne li le teng har’a bona. Ba ne ba hloka keletso ea ho boloka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka tsela e loketseng. Ho ne ho bile ho e-na le tšokelo ea bokoenehi, ’me phutheho e ne e hloka keletso tabeng ea lerato. Ka mabaka a joalo, Pauluse o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng le eang ho Bakorinthe a le Efese hoo e ka bang ka 55 C.E. Empa le rōna re ka rua molemo ho lona.
Bonngoe le ho Hloeka Boitšoarong ke tsa Bohlokoa
Haeba re ‘etsa tsohle ho tlotlisa Molimo,’ re ke ke ra latela mang kapa mang ea batlang ho baka karohano ka phuthehong—e leng bothata bo bong boo Bakorinthe ba neng ba talimane le bona. (1:1–4:21) Pauluse o ile a ba khothalletsa ho ‘bolela taba e le ’ngoe; le ho phetheha boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.’ Bonngoe bo tla ba teng haeba re latela keletso ena ’me re hlaolela litšoaneleho tsa moea. Ho e-na le ho ithorisa ka motho leha e le ofe oa moetsalibe, re lokela ho hopola hore le hoja re ‘hloma le ho nosetsa, Molimo ke oona o melisang’ moeeng. Ba neng ba ithorisa Korinthe ba ne ba se na letho leo ba sa kang ba le amohela; kahoo ho se be mohla re inkang re le molemonyana ho feta balumeli ba habo rōna. Moea o joalo oa boikokobetso o tla re thusa ho hōlisa bonngoe.
Hore bonngoe bo tle bo hōle, baholo ba khethiloeng ba tlameha ho nka khato ea ho boloka phutheho e hloekile moeeng. (5:1–6:20, NW) Kaha “tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela,” lihlola tse sa bakeng, batho ba meharo, ba rapelang melimo ea litšoantšo, banyefoli, matahoa, kapa bahanyapetsi ba tlameha ho khaoloa. Boitšoaro bo litšila, bo silafatsang tempele ea Molimo, ha boa lokela ho mamelloa har’a batho ba Jehova. Ho e-na le hoo, ba tlameha ho etsa lintho tse tlotlisang Molimo.
E-ba ea Nahanelang ba Bang
Hore re ‘etse tsohle ho tlotlisa Molimo,’ ho hlokahala hore re sebelise keletso ea Pauluse tabeng ea lenyalo le bosoha. (7:1-40) Ba kopaneng lenyalong ba lokela ho nehelana ka tšoanelo ea likamano tsa botona le botšehali ka ho nahanela. Mokreste ea lenyalong ha aa lokela ho arohana le molekane ea sa lumelang, hobane ho lula hammoho ho ka ’na ha thusa molekane eo ho fumana poloko. Le hoja lenyalo le tlisa matšoenyeho a eketsehileng, bosoha bo ka tsoela motho ea lakatsang ho thusa ba bang moeeng molemo ka ho sebeletsa Morena ka ntle ho tšitiso.
Ho bontša ho nahanela boiketlo ba moea ba ba bang ke tlamo ea Bakreste bohle, e-bang ke masoha kapa ba lenyalong. (8:1–10:33) Kahoo, Bakorinthe ba ile ba eletsoa hore ba se khopise ba bang ka ho ja lijo tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo. Ho qoba ho sitisa motho leha e le ofe ho amohela litaba tse molemo, Pauluse ha aa ka a sebelisa tokelo ea hae ea ho amohela thuso ea lintho tse bonahalang. Hape o ile a ‘laea ’mele oa hae, e se re mohlomong ha a boleletse ba bang evangeli, eena a se ke a amoheloa.’ Ho nahana ka ho teba ka liphihlelo tsa Baiseraele ba baetsalibe ha ba le lefeelleng ho tla re thusa ho qoba borapeli ba melimo ea litšoantšo le ho etsa lintho tse fosahetseng. Ho feta moo, ‘ho etsa tsohle ho tlotlisa Molimo’ ho tla re thusa ho qoba ho khopisa mang kapa mang.
Bontša Tlhompho le ho Boloka Taolo
‘Ho etsa tsohle ho tlotlisa Molimo’ ho hloka hore re bontše tlhompho e loketseng. (11:1-34) Mosali oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo o ne a bontša tlhompho bakeng sa bohlooho ka ho roala hloohong ha a rapela kapa a profeta ka phuthehong. Basali ba tšabang Molimo ba bontša tlhompho e tšoanang bakeng sa bohlooho kajeno. Ho feta moo, ho qoba ho tšoana le Bakorinthe ba neng ba hloka khalemelo, kaofela ha rōna re tlameha ho bontša tlhompho bakeng sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
Hore re ‘etse tsohle ho tlotlisa Molimo,’ re tlameha ho tšoara liboka ka tsela e nang le taolo. (12:1–14:40) Ha Bakreste ba pele ba ne ba kopana, limpho tsa moea tse kang ho bua ka maleme li ne li lokela ho sebelisoa ka tlhompho le kananelo bakeng sa mohloli le morero oa tsona. Le hoja hona joale re se na limpho tsena, re tlotlisa Molimo ka ho bontša lerato, le li fetang hōle. Re boetse re tlotlisa Jehova kahobane liboka tsa rōna li hlophisitsoe hantle, ’me ka tlhompho re sebelisa keletso ea Pauluse: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”
‘Ho etsa tsohle ho tlotlisa Molimo’ ho hloka hore re hlomphe thuto ea Bibele le ho ema re tiile moeeng. (15:1–16:24) Mohlomong ba susumelitsoe ke filosofi ea Bagerike, ba bang ka phuthehong ea Korinthe ba ile ba re: ‘Tsoho ea bafu ha e eo.’ (Bapisa le Liketso 17:18, 32.) E ka ’na eaba ba ne ba lumela khopolo ea bokoenehi ea hore ho ne ho ke ke ha ba le tsoho nakong e tlang empa hore Bakreste ba phelang ba se ba latsoitse tsoho ea tšoantšetso, ea moea. (2 Timothea 2:16-18) Pauluse o ile a tšehetsa tšepo ea ’nete ka ho supa tsoho ea Jesu a ba a bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlameha ho shoa e le hore ba tsosetsoe bophelong ba ho se shoe leholimong. Ka litsela tse ling hape, mantsoe a hae a re thusa ho qoba bokoenehi le ‘ho tiea tumelong.’
Ka Mehla Etsa Tsohle ho Tlotlisa Molimo
Keletso ea Pauluse e ho Ba-Korinthe ba Pele e molemo kajeno joalokaha e ne e le molemo lekholong la pele la lilemo C.E. E susumelletsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ho sebeletsa Molimo ka bonngoe e le batho ba hloekileng. Mantsoe a moapostola a lokela ho re susumelletsa ho nahanela ba bang le ho bontša tlhompho e loketseng. Seo Pauluse a se boletseng se ka boela sa re matlafaletsa ho hanela bokoenehi le ho ema re tiile bakeng sa tumelo ea ’nete.
Ka sebele, takatso e tlohang botebong ba pelo ea mohlanka e mong le e mong ea tšepahalang oa Jehova ke ho mo boka, ho tsebahatsa ’Muso oa hae, le ho tlotlisa lebitso la hae le halalelang. (Pesaleme ea 145:1, 2, 10-13) Ha e le hantle, lengolo la pele la Pauluse le eang ho Bakorinthe le re thusa ho ‘etsa tsohle ho tlotlisa Molimo.’
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
HO KHOLISEHA HORE BA TLA SHOA: Hangata mangolong a hae a eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a bua ka ho shoela lebaleng la lintoa tsa papali. Ka mohlala, o ngotse: “Ha ke lekanya, ho joale ka hoja Molimo o re beile morao, rōna baapostola, ka mokhoa oa ba reriloeng ho bolaoa; hobane re pepesitsoe pel’a lefatše, le pel’a mangeloi, le pel’a batho.” (1 Ba-Korinthe 4:9) Mohlomong Pauluse o ne a nahana ka lipontšo tsa bestiarii (batho ba neng ba loana le libatana) le batho ba neng ba loana le batho. Ba bang ba ne ba loanela meputso, empa batlōli ba molao ba ne ba qobelloa ho loana. Le hoja qalong ba ne ba lumelloa ho sebelisa libetsa, hamorao batšoaruoa bana ba ne ba ntšoa ba sa apara, ba se na boitšireletso, ’me ba kholisehile hore ba tla shoa.
Kaha “mangeloi” le “batho” (eseng feela “lefatše” la batho) e ne e le bashebelli, baapostola ba ne ba tšoana le ba neng ba le haufi le ho shoa pontšong e joalo ea ho qetela ea tšollo ea mali. Pauluse o ile a re o “loanne le libatana Efese,” empa ba bang ba na le khoao ea hore na e be moahi oa Roma o ne a ka feta tlas’a sena ’me ba bolela hore o ne a bua ka bahanyetsi ba kang libatana. (1 Ba-Korinthe 15:32) Empa, polelo ea Pauluse ea hore Molimo o ile oa mo pholosa “lefung le lekalo” seterekeng sa Asia (moo Efese e neng e le hona teng) e lumellana le phihlelo eo a bileng le eona ka libatana tsa sebele lebaleng la lintoa tsa papali ho fapana le khanyetso ea batho.—2 Ba-Korinthe 1:8-10; 11:23; Liketso 19:23-40.
[Lebokose le leqepheng la 25]
LULA U TALIMILE MOPUTSONG: Pauluse o ile a sebelisa litšobotsi tsa lipapali tsa boholo-holo tsa Bagerike ho tšoantša lintlha tsa bohlokoa. (1 Ba-Korinthe 9:24-27) Litlhōlisanong tse kang Lipapali tsa Isthmus tse neng li tšoaroa lilemo tse ling le tse ling tse peli haufi le Korinthe, lenaneo le ne le akarelletsa ho matha, lintoa tsa litebele, le liketsahalo tse ling. Ha ba ntse ba itokisetsa lintoa tsena, limathi le ba loanang lintoa tsa litebele ba ne ba lokela ho itima lintho tse itseng, ba phele ka lijo tse matlafatsang tse sa nontšeng, ’me ba se noe veine ho hang ka likhoeli tse leshome. Leha ho le joalo, ho fapana le moqhaka oa mahlaku a phaena kapa oa mahlaku a sefate sa ivy o senyehang o neng o fuoa ba hlōtseng Lipapaling tsa Isthmus, Mokreste ea tlotsitsoeng o loanela moqhaka o sa senyeheng oa bophelo ba ho se shoe. Ho hapa moputso oo, o tlameha ho tsepamisa mahlo a hae ho ’ona ’me a sebelise boitšoaro. Molao-motheo o tšoanang o sebetsa ho Lipaki tsa Jehova tse talimileng bophelong bo sa feleng lefatšeng.