Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
’Nete ea Bibele e Hlōla Neano
NEANO ea bolumeli e ka ’na ea mela ka metso. Ba limillione ba nahana hore ho phoso ho fetola bolumeli. Saule, eo e ileng ea e-ba moapostola Pauluse, kamoo ho bonahalang ka teng o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang, hobane o itse: “Ke ’na ea neng a chesehela lineano tsa bo-ntate ka ho fetisisa [ho feta ba bangata bao e leng lithaka tsa ka].” Empa ha a se a bontšitsoe ’nete, a fetoha Bojodeng ’me ea e-ba Mokreste. (Ba-Galata 1:13-16, NW) Ba bangata kajeno ba hlokometse hore ’nete ea Bibele e tsoa mohloling o phahametseng neano. Hlokomela kamoo ’nete ea Bibele e atlehileng ka teng Italy.
Mosali e mong oa hlalosa: “’Na le ngoan’eso re hōletse lapeng le leholo le bileng le lineano tsa K’hatholike tsa nako e telele, ’me re ne re le Mak’hatholike a chesehang haholo. Ha nako e ntse e tsamaea, ke ile ka nyaloa. Eaba ke shoeloa ke monna, ’me ka phela ke le mohlolohali lilemo tse telele ke le mong le bana ba ka. Mochana oa ka o ne a ruta katisimane, ’me o ne a ntse a botsa moprista lipotso tsa Bibele, empa ha a ka a fumana likarabo tse khotsofatsang.
“Ha ke ntse ke etetse motse oo ke tsoaletsoeng ho ’ona, ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele ’me ka amohela thuto ea Bibele. Metsoalle ea ka ea pele ea K’hatholike e ile ea ntšoma ka baka la ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ke ne ke sa nyahama. Ke ile ka ba le Bibele eo e leng ea ka, ka lekhetlo la pele, ’me ho ne ho se mang kapa mang ea ka nkamohang eona. Ngoan’eso le eena o ile a ema ka lehlakoreng la Jehova, ’me ka nako e ka tlaase ho lilemo tse peli, bobeli ba rōna re ile ra kolobetsoa.
“Ke ile ka lla ha ke ne ke itokolla kerekeng ka lekhetlo la pele hobane ke ne ke ’nile ka tšaba ho lahla lineano tse neng li metse ka metso ho ’na ka lilemo tse 76. Empa hona joale ke thabela ho tsamaea litseleng tsa Jehova le ho etsa ka hohle ho thusa ba bang ho tsoa lefifing la moea.”—Bapisa le 1 Petrose 2:9.
Mokuti o Lokisa Khopolo e Fosahetseng
Mokuti e mong oa Japane o ne a rata ho bua ka bademona le li-UFO ha a ntse a kuta meriri ea batho ba neng ba kuta ho eena. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a qalise ho ithuta Bibele, o ile a hlokomela kamoo mokhoa ona o neng o le kotsi ka teng. Ho e-na le moo o ile a mema batho bao a ba kutang hore ba kopanele le eena thutong ea Bibele. O ile a pakela bacha bao a ba kutang ka pōpo. Beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a odora Libibele le likopi tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ho Paki e neng e ithuta le eena hore a li tsamaisetse batho bao a ba kutang.
Le hoja e ne e e-s’o be Paki, o ile a tsamaisa lisete tse 30 tsa Libibele le libuka tsa Phela ka ho sa Feleng selemong sa hae sa pele sa ho ithuta. Batho ba fetang 25 ba ile ba qala ho ithuta Bibele e le litholoana tsa bopaki ba hae bo sa reroang. Ka nako e ’ngoe ba ka bang leshome ba ne ba kopanela thutong ea hae ea Bibele ea sehlopha. Joale ba supileng ba bao a ba paketseng ha a ntse a lokisa meriri ea bona likhopolo tsa bona tse fosahetseng li ile tsa lokisoa ’me ke Lipaki tsa Jehova tse kolobelitsoeng!