Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/15 leq. 31
  • Ho Thabela “ho Hlōla ’Moho le Konyana”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thabela “ho Hlōla ’Moho le Konyana”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liithuti Tsa Lentsoe la Molimo Tse Abeloang Mangolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • ’Nete ea Bibele e Hlōla Neano
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Koetliso ea Gileade Tumelong e Halalelang ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/15 leq. 31

Ho Thabela “ho Hlōla ’Moho le Konyana”

LENGOLONG leo Carey W. Barber a le ngotseng ka 1971, o ile a bua tjena ka lilemo tsa pele tse 50 tseo a li qetileng tšebeletsong ea Molimo oa ’nete: “Lilemo tseo ke li qetileng tšebeletsong ea Jehova li bile monate ka tsela e ikhethang. Ho ba ’moho le batho ba hae; ho sireletsoa ho lisenyi tsa lefatše la Satane; ho lebella ho hlōla ’moho le Konyana, Jesu Kreste; le bopaki ba lerato la Jehova kaofela li etsa hore motho a be le khotso ea sebele le khotsofalo e tlohang pelong e sireletsang pelo le e fang motho tšepo e tiileng ea tlhōlo ea ho qetela.”

Lilemong tse tšeletseng hamorao, Mor’abo rōna Barber, eo e neng e le Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea, o ile a qala ho ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. E le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a qeta lilemo tse 30 tse latelang a lebeletse “ho hlōla ’moho le Konyana.” O ile a finyella seo ka ho tšepahala ho fihlela a e-shoa a le lilemo li 101 ka Sontaha sa la 8 April, 2007.—1 Bakorinthe 15:57.

Carey Barber o hlahetse Engelane ka 1905, ’me a kolobetsoa Winnipeg, Canada, ka 1921. Lilemo tse peli hamorao, o ile a isoa Brooklyn, New York le lefahla le eena le bitsoang Norman ho ea thusa ka mosebetsi o mocha. Ka nako eo, batho ba Jehova ba ne ba le mothating oa ho qala ho ikhatisetsa libuka tsa bona bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Har’a mesebetsi ea pele eo Mor’abo rōna Barber a ileng a e fuoa ke oa ho sebetsa mochineng o monyenyane oa khatiso. Tse ling tsa lintho tseo a neng a li hatisa ke litokomane tsa molao tsa linyeoe tse neng li isoa Lekhotleng le Phahameng la United States. Ha nako e ntse e feta, Mor’abo rōna Barber o ile a sebetsa Lefapheng la Tšebeletso, a sebetsana le litaba tsa liphutheho le mosebetsi oa ho bolela naheng ka bophara.

Ka lebaka la phihlelo eo, Mor’abo rōna Barber o ne a tšoaneleha hantle ha ka 1948 a abeloa ho ba molebeli ea tsamaeang, a tšoara likopano karolong e ka bophirimela ea United States. O ne a re ntho eo a e thabelang ka ho khetheha ke ho hahloa ke moea o pholileng ha a bolela phatlalatsa. Kabelo ena e ile ea etsa hore Mor’abo rōna Barber a kopane le bara le barali babo rōna ba bangata. Kelello ea hae e chatsi le cheseho ea hae bakeng sa tšebeletso li ile tsa mo thusa haholo hamorao ha a le sehlopheng sa bo26 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ha a ntse a le sekolong, o ile a tsebana le moithuti-’moho le eena ea neng a tsoa Canada, ea bitsoang Sydney Lee Brewer. Ka mor’a ho fuoa mangolo ba ile ba nyalana eaba ba thabela phomolo ea ka mor’a lechato ha ba le leetong le lekhutšoanyane la ho ea sebeletsa liphutheho tsa Chicago, Illinois. Morali’abo rōna Barber e bile molekane oa bohlokoa ’me a tsoela pele ho tšehetsa monna oa hae ka lilemo tse mashome a mabeli e le molebeli ea tsamaeang.

Ba ileng ba kopana le Mor’abo rōna Barber le ba mo tsebileng lilemong tse mashome tseo a li qetileng e le molebeli oa setereke kapa oa potoloho kapa lilemong tse 30 tseo a li qetileng e le setho sa Sehlopha se Busang ha a ntse a etela libaka ba tla hopola lipuo tsa hae le litlhaloso tsa hae tse matla. Ka sebele re na le lebaka le utloahalang la ho thabela ‘ho hlōla ha hae ’moho le Konyana.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela