Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Linku li Utloa Lentsoe la Hae”
◻ JESU o itse: “Linku li utloa lentsoe la [molisa], ’me o bitsa linku tsa hae ka mabitso ’me o li etella pele ho tsoela ntle.” (Johanne 10:3, NW) O ile a phaella ka ho re: “Ke tseba linku tsa ka, le linku tsa ka lia ntseba.” (Johanne 10:14) Batho ba seka-linku ba mamela lentsoe la Jesu ha a bua le bona ka Bibele. Hlokomela kamoo batho ba babeli ba lipelo li tšepahalang Italy ba ileng ba latela tsela ena ka teng.
Qetellong o Ile a Mamela
◻ Alberto oa ngola: “Ke qalile ho tsuba matekoane le ho sebelisa LSD ha ke le lilemo li 16, ’me ha ke le lilemo li 18 ke ile ka qala ho sebelisa heroin. Ke ile ka etsa hohle hoo ke neng nka ho khona e le hore nka fumana lithethefatsi. Ke ile ka utsoa, ka rekisa lithethefatsi, ka qhekella, ka rekisa thepa eohle ea ka. Ke ne ke sitoa ho khaotsa. Ho qeta matsatsi a phomolo libakeng tse hōle, ho qeta nako e telele mahaeng, kapa ho kenella lipolotiking hammoho le lihlopha tse batlang liphetoho tse khōlō ka potlako tse ikemiselitseng ho felisa ho hloka toka—ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ileng ea nthusa. Ke ile ka leka lenyalo, empa ka mor’a nakoana ke ile ka boela hona boemong boo ke neng ke le ho bona. Esita le ho fumana lesea la ngoananyana ha hoa ka ha nthibela ho sebelisa lithethefatsi. Ha e le hantle, lintho li ile tsa mpefala, kaha joale ke ne ke hloka chelete e eketsehileng. Joale mosali oa ka o ile a ntlohela, ’me lilemong tse peli tseo ke li qetileng ke lula ke le mong, ke ile ka bona morali oa ka habeli feela. Ke ne ke ipatela barekisi ba lithethefatsi bao ke neng ke ba kolota chelete, ’me hangata ke ne ke hlokofatsoa ke matšoao a ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi.
“Eaba ke hopola buka eo Lipaki tsa Jehova li neng li mphe eona lilemong tse seng kae tse fetileng. Ke ne ke ntse ke e-na le eona ’me ke ile ka qala ho e bala hammoho le Bibele. Ke ile ka tseba Molimo oa ’nete, Jehova, ka tsela ena, ’me ke ile ka kōpa thuso ea hae ka thapelo. Butle-butle ha ke ntse ke sebelisa lintho tseo ke ntseng ke ithuta tsona, matšoao a ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi ha aa ka a hlola a ntlhokofatsa haholo. Ke ile ka fumana mosebetsi, ’me ka thuso ea Jehova ke ile ka khona ho kopanya lelapa la ka hape. Ke ile ka ea Holong ea ’Muso, ’me moo ke ile ka hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li tšoere ’nete. Ha re se re boetse re kopane, ’na le mosali oa ka re ile ra ithuta Bibele le Lipaki ’me qetellong ra kolobetsoa. Joale, ke thabo e kaakang ho abelana tšepo ea rōna le ba bang re le bo-pula-maliboho ba ka mehla!”
Thapelo ea Mosali ea Chesehelang Bolumeli ea Arabeloa
◻ Mosali e mong oa tlaleha: “Ka 1958, ke ne ke nkile karolo ka mafolo-folo mesebetsing ea parishe, ka ho khetheha maetong a eang ’Nģalong e Halalelang ea Moroetsana Maria oa Lerato la Molimo e Roma. Qetellong ke ile ka ba motsoalle ea haufi-ufi oa mok’hadinale eo e neng e le motlatsi oa mobishopo oa Roma, ’me ke ile ka ba le lipuisano tse ngata tsa lekunutu le Mopapa Paul VI le Mopapa John Paul II. Ka mor’a ho hlophisa maeto a ho ea libakeng tse halalelang ka lilemo tse 25, ke ile ka amohela lengolo la diploma bakeng sa tšebetso e khabane. Leha ho le joalo, tumelo ea ka joaloka Mok’hatholike ea chesehang e ile ea qala ho thekesela. Ke ile ka hlokomela bosholu, ho qhekella, ho neha ba habo motho litokelo tse khethehileng tsa bolumeli, le khoebo e makatsang. Ke ile ka qala ho talima kereke ka leihlo le leng ha ke hlokomela hore hangata molao oa Molimo o ne o hatakeloa. Lintho tse joalo li ne li mpherekanya, ’me ke ile ka kōpa Molimo hore o nthuse hobane ke ne ke ntse ke felloa ke tumelo. Hangata ke ne ke ee ke lle.
“Joale lilemong tse ’nè tse fetileng, mora oa ka o ile a ntlisetsa likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tseo a neng a li fumane ho Lipaki tsa Jehova. Limakasine tseo li ne li thahasellisa hoo ke ileng ka mo kōpa hore a mphumanele tse eketsehileng. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka fumana Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ’me ka siea lengolo monyako le kōpang hore e mong a nketele. Lipaki li ile tsa tla matsatsi a mane hamorao. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele ’me ka tsoela pele ho fihlela ke kolobetsoa. Hona joale ke kholisehile hore qetellong ke fumane seo esale ke ntse ke se batla—’nete!”
Batho bana ba ile ba mamela lentsoe la Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ’me ‘’nete e ile ea ba lokolla.’—Johanne 8:32.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]
Garo Nalbandian