Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/15 maq. 5-7
  • Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ea ka Tlisang Khotso
  • Maemo a Isang Khotsong e sa Feleng
  • Temoso ea ho Qetela
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Batla Khotso ea ’Nete ’me U e Phehelle!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/15 maq. 5-7

Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?

BUKENG ea bona The Lessons of History, Will le Ariel Durant ba ile ba ngola tjena: “Ntoa ke e ’ngoe ea lintho tse ’nileng tsa ba teng ka mehla historing, ’me ha lia ka tsa fokotsoa ke ho ba teng ha tsoelo-pele kapa puso ea sechaba ka sechaba. Khotso ha e-ea tsitsa, ’me e ka bolokoa feela ka ho e lebella ho matla a phahameng ka ho fetisisa kapa a lekanang le ao.”

Ka sebele, ho sa tsotellehe boiteko bo matla, khotso e sa feleng e phonyohile batho. Hobane’ng? Lebaka ke hobane lisosa tsa ntoa li tebile ho feta likhohlano tse totobetseng tsa lipolotiki, linaha, kapa tsa lichaba. Ba ha Durant ba hlokometse: “Lisosa tsa ntoa li tšoana le lisosa tsa tlhōlisano pakeng tsa batho ka bomong tse kang: takatso e matla ea ho ba le lintho tse itseng, lerato la ho loana, le boikhantšo; takatso ea lijo, naha, lintho tse bonahalang, libeso, borena.”

Leha ho le joalo, Bibele ka ho khetheha e hlokomela sesosa se tebileng sa khohlano le ntoa pakeng tsa batho ka bomong le ho isa tekanyong e khōlō. Rea bala: “Lintoa le liphapang tse har’a lōna li tsoa kae? Na ha li tsoe litakatsong tsa lōna tse loanang lithong tsa lōna na? Lea lakatsa, ’me ha le rue letho; lea bolaea, le na le mōna, ’me le sitoa ho fumana; lea loana.”—Jakobo 4:1, 2.

Joale, taba ke hore: E le hore khotso ea ’nete e ka tla, re lokela ho felisa eseng feela matšoao—lintoa, liphetohelo, liphutuho tsa tšohanyetso, ho phetholoa ha mebuso—empa re boele re felise lisosa tse tebileng—pelaelo, meharo, lehloeo, bora—bathong bohle. Tsena li lokela ho nkeloa sebaka ke liketso tse lumellanang le litšoaneleho tse se nang boithati tse kang lerato, mosa, ho tšepana, le ho fana. Na ho na le ea ka khonang ho finyella see? Haeba ho itšetlehile ka batho ba lefatše ba sa phethahalang, ba shoang, karabelo e lokela ho ba che. Empa ho na le eo sena se ke keng sa mo thatafalla. Ke Ea nang le karabelo potsong e reng: Ha e le hantle khotso e tla tla neng?

Ea ka Tlisang Khotso

Makholong a 28 a lilemo a fetileng, moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a phatlalatse: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.

Enoa ea tla tlisa khotso e sa feleng o ile a tsebahatsoa hamorao e le Jesu Kreste, “Mora oa Ea holimo-limo.” (Luka 1:30-33; Mattheu 1:18-23) Empa ke hobane’ng ha enoa a tla atleha ha e le mona marena a mang ’ohle le babusi ba ile ba hlōleha? Taba ea pele, re lokela ho hlokomela hore “ngoana” eo ea tšepisitsoeng o ne a sa tl’o lula e le lesea le se nang thuso ka ho sa feleng, joalokaha ba bang ba ka nahana. Ho e-na le hoo, o ne a lokela ho sebelisa “borena” joaloka “Morena oa khotso,” molemong oa tlhohonolofatso e sa feleng ea batho.

Ho na le ho eketsehileng pusong ea Jesu. Joaloka “Moeletsi ea makatsang,” a na le kutloisiso e khethehileng ea sebōpeho sa motho le tsebo e phahameng ka ho fetisisa, a ka fumana mohloli oa litseko tse thata ’me a rarolla mathata a boima ao babusi ba lefatše ba tobaneng le ’ona kajeno le a ba nyahamisang. (Mattheu 7:28, 29; Mareka 12:13-17; Luka 11:14-20) Joale, joaloka “Molimo o matla,” Jesu Kreste ea kang molimo ea tsositsoeng, ea beiloeng teroneng maholimong joaloka Morena oa Bomessia, o tla lokisetsa khotso ka ho boela a etsa ka tekanyo e khōloanyane seo a ileng a se etsa ha a ne a le lefatšeng—o ne a folisa ba neng ba na le mafu a sa foleng, a fa matšoele lijo le lino, a bile a laola le boemo ba leholimo. (Mattheu 14:14-21; Mareka 4:36-39; Luka 17:11-14; Johanne 2:1-11) Joaloka “Ra-bo-sa-feleng,” Jesu o na le matla a ho khutlisetsa ba shoeleng bophelong le ho ba fa bophelo bo sa feleng. ’Me eena ka boeena o tla phela ka ho sa feleng, ka hona o re tiisetsa hore puso ea hae le khotso li ke ke tsa fela.—Mattheu 20:28; Johanne 11:25, 26; Ba-Roma 6:9.

A hlomelletsoe ka tsela eo, ho hlakile hore Jesu Kreste ke eena ea nang le matla a ho sebetsana le lisosa tse tebileng tsa ntoa le khohlano. A ke ke a thea feela selekane sa khotso kapa morero oa se bitsoang hore ke ho lulisana ka khotso bakeng sa lichaba, tse ka senngoang ke ntoa e ’ngoe. Ho e-na le hoo, o tla tlosa ho se lekane lipolotiking, linaheng, lichabeng, le moruong ka ho tlisa batho bohle tlas’a puso e le ’ngoe, e leng ’Muso oa hae oa Bomessia. Ka ho etella pele batho bohle borapeling ba Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, o tla felisa seo hangata e leng sesosa sa motheo sa ntoa—bolumeli ba bohata. Ha ho pelaelo hore Jesu Kreste, Morena oa Khotso, o tla finyella tsena tsohle. Potso ke hore na neng?

Maemo a Isang Khotsong e sa Feleng

Ka mor’a ho tsoha le ho nyolohela leholimong ka 33 C.E., Jesu o ile a tlameha ho emela nako e beiloeng bakeng sa hore a nke bohato. Sena se ne se le tumellanong le taelo ea Jehova: “Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.” (Pesaleme ea 110:1, 2; Luka 22:69; Ba-Efese 1:20; Ba-Heberu 10:12, 13) Seo se etsahala neng? Ka nako e fetang lilemo tse 70, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela lefatšeng lohle litaba tse molemo tsa hore Jesu Kreste o qalile ho busa ’Musong oa Molimo maholimong ka selemo sa 1914.a

Empa u ka ’na ua re, ‘Ha hoa ka ha ba le khotso ho tloha ka 1914. Ho fapana le hoo, maemo a ’nile a mpefala ka ho fetisisa ho tloha ka nako eo.’ U nepile ka ho fetisisa. Sena se hlile se paka hore liketsahalo li teng feela joalokaha li ile tsa boleloa esale pele. Bibele e re bolella hore hantle feela ka nako ea ha “Mebuso ea lefatše e ‘fetoha’ ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, . . . Lichaba li ne li halefile.” (Tšenolo 11:15, 18) Ho e-na le ho ikokobeletsa puso ea Jehova Molimo le Morena oa hae oa Khotso, lichaba li ile tsa etsa boiteko bo ferekaneng bakeng sa ho busa lefatše tsa ba tsa halefela haholo-holo Bakreste ba neng ba fana ka bopaki mabapi le ’Muso oa Molimo o hlomiloeng.

Buka ea Tšenolo e boetse e senola hore hang feela ha Jesu Kreste a ne a kena matleng a ’Muso, o ile a nka bohato ba ho tlosa Satane le bademona ba hae leholimong: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monģosi oa banab’abo rōna, ea neng a ba nģosa pel’a sefahleho sa Molimo motšehare le bosiu, o lihetsoe.” Phello e bile efe? Tlaleho e tsoela pele: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:10, 12.

Temoso ea ho Qetela

Sena se etsa hore re lemohe lebaka leo ka lona lichaba li sa kang tsa khona ho tlisa khotso ho sa tsotellehe boiteko bohle ba tsona. Bohale bo boholo ba Diabolose, bo ileng ba bonahala bohaleng ba lichaba ka botsona, bo tšoentse lefatše le ho le ferekanya ho feta leha e le neng pele historing ea motho. See sohle se tla fela neng? Bibele e fana ka tataiso ea bohlokoa: “Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō.”—1 Ba-Thessalonika 5:3.

Na u utloisisa bohlokoa ba temoso ee? Liketsahalo tsa lefatše tse joaloka tse qaqisitsoeng sehloohong se fetileng li bontša hore babusi le batho ba bangata ba bua ka khotso ’me ba e hahamalla ho feta leha e le neng pele. Ba bang ba na le boikutlo ba hore ho fela ha Ntoa ea Mantsoe Pakeng tsa Mebuso e Meholo ea Lefatše, ho tšosa ha koluoa ea nuclear ke lintho tsa nako e fetileng. E, lichaba li buile haholo ka khotso le tšireletseho. Empa na maemo a lefatše a hlile a lebile ’nģeng eo? Hopola, ha Jesu a ne a bua ka ba phelang ho theosa le mehla ea qetello e qalileng ka 1914, o itse: “Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Mattheu 24:34) E, khotso e tla fela e tle molokong ona empa eseng ka boiteko ba lichaba. Khotso e theiloeng ka ho tiea, ea sebele, le e lokileng eo Jehova Molimo a e tšepisitseng e ka tlisoa feela ke ’muso o atamelang oa Morena oa hae oa Khotso, Jesu Kreste.—Esaia 9:7.

Haeba u laba-labela ho bona letsatsi leo ka lona khotso e tla hle e tle le ho e thabela le baratuoa ba hao, joale e lebelle ho Morena oa Khotso o be o hopole mantsoe a hae a kholisang: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:36.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso a linako tsa Bibele le boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse, bona likhaolo tsa 12 ho ea ho 14 tsa buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 6]

KHOTSO E-EA HLALOSOA

Kajeno batho ba bangata ba nahana hore khotso ke ho ba sieo ha ntoa kapa likhohlano. Leha ho le joalo, ena ke tlhaloso e lekanyelitsoeng haholo ea lentsoe lena. Mehleng ea Bibele lentsoe “khotso” (ka Seheberu, sha·lohmʹ) kapa polelo “Khotso e be le lōna!” e ne e sebelisoa e le tumeliso e tloaelehileng. (Baahloli 19:20; Daniele 10:19; Johanne 20:19, 21, 26) Ho hlakile hore ha le bolele feela ho ba sieo ha ntoa. Hlokomela seo buka The Concept of Peace e se buang tabeng ena: “Ha lentsoe shalom le sebelisoa bakeng sa khotso, batho ba ileng ba le sebelisa tšimolohong ba ne ba na le pono ea boemo ba lefatše kapa moloko oa batho ba felletseng, ba kopaneng, ba phelang hantle, ba phethahetseng. . . . Moo khotso e leng teng, ’mele oohle le likarolo tsa oona kaofela li finyelletse sehlohlolong sa bophelo kapa boemong ba ho khotsofalla bophelo ka ho felletseng.” Ha Molimo o tlisa khotso, hase feela hore batho “ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa” empa ‘e mong le e mong o tla lula tlas’a morara oa hae le tlas’a sefate sa hae sa feiga.’—Mikea 4:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho ba sieo ha khotso ho ’nile ha utluoa ka matla ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela