Ho Sebetsana ka Katleho le Tlōlo ea Molao Lefatšeng le Ferekaneng
NA U tšaba ho tsoela ka ntle bosiu? Na ho hlokahala hore u kenye liloko tse peli kapa tse tharo mamating a hao le lifensetereng? Na u kile ua utsoetsoa koloi kapa baesekele? Na sea-le-moea sa koloi ea hao se kile sa utsuoa? Na u tšaba ho tsamaea libakeng tse itseng tse haufi le lehae la hao?
Haeba u arabela e ’ngoe ea lipotso tsena ka e, joale u leka ho sebetsana ka katleho le tlōlo ea molao lefatšeng le ferekaneng. U ka etsa joang ka see? Na Bibele e ka u thusa ho sebetsana le boemo boo ka katleho?
Pono ea Senokoane le Toka
Lefatšeng la tlōlo ea molao, ho na le likarolo tse tharo tsa motheo: linokoane, mapolesa, le batho ba hlaseloang. U hloka eng e le hore u ka khona ho sebetsana le tlōlo ea molao ka katleho, joaloka ea ka ’nang a hlaseloa? Na u ka ba le tšusumetso holim’a e ’ngoe ea likarolo tsee tse tharo? Ka mohlala, na u ka fetola linokoane?
Linokoane tse ngata li fetotse tlōlo ea molao mosebetsi oa tsona oa bophelo. Li e khethile e le mokhoa o bobebe oa bophelo. Ho bonahala li na le filosofi e reng: ‘U sebeletsa’ng haeba u ka khona ho phela ka seo ba bang ba se sebelelitseng?’ Masholu a hlometseng aa tseba hore mohlaseluoa ea itekanetseng o tla fana ka chelete ea hae a sa loane. Erekaha ha ho bonolo hore a tšoaroe le ho isoa teronkong, ho ’ona tlōlo ea molao e hlile e na le moputso.
Ho feta moo, mekhoa ea ho tsamaisa litaba makhotleng a molao e rarahane ’me e senya nako. Linaheng tse ngata, palo ea makhotla a molao, baahloli, le literonko e fokola haholo. Lenane la linyeoe tsa tlōlo ea molao le imela tsamaiso ea molao. Toka e lieha ho sebetsa hoo boemo bo teng bo tšoanang le bo ileng ba hlalosoa ke Bibele lilemong tse fetang likete tse tharo tse fetileng: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” Joalokaha molao-motheo ona oa Bibele o bontša, ho na le tšepo e fokolang bakeng sa ho fumana tharollo e ka tlisoang ke ho fokotsa lenane la linokoane kapa ho li thusa ho tlohela mekhoa ea tsona e mebe.—Moeklesia 8:11.
Ho thoe’ng ka karolo ea bobeli, e leng mapolesa? Na ho na le tšepo leha e le efe ea hore mapolesa a tla sebetsana le boemo boo ka katleho? A tla ikarabella: Ka baka la melao e boima e tšehetsang litokelo tsa linokoane, babuelli ba molao ba sa tšepahaleng ba sokamisang molao hore o lumellane le takatso ea bona ea ho lokolla motho ea molato, lichaba tse sa ikemisetsang ho lefa litšenyehelo tse ngata tsa literonko tse eketsehileng le tse khōloanyane, le lenane la mapolesa le sa lekanang bakeng sa ho etsa mosebetsi, ha ho tsoelo-pele e kaalo eo a ka e etsang khahlanong le leqhubu la tlōlo ea molao.
Joale ho setse karolo ea boraro, ba ka ’nang ba hlaseloa: rōna, batho ka kakaretso. Na ho na le seo re ka se etsang e le hore re ka sebetsana hamolemo le boemo boo bo sa laoleheng?
Bohlale bo Sebetsang le Kahlolo e Bohlale
Buka ea Bibele ea Liproverbia e re: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana, ’me li tla ipaka e le bophelo sephefumolohing sa hao le sefaha molaleng oa hao. Ha u etsa joalo u tla tsamaea u sireletsehile tseleng ea hao, esita le leoto la hao le ke ke la khoptjoa ke letho.” Keletso ena e ka sebetsa maemong ao ho ’ona motho a ka ’nang a hlaseloa ke tlōlo ea molao. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona bohlale bo sebetsang bo ka re thusang tabeng ena ke life?—Liproverbia 3:21-23, NW.
Linokoane li na le tšekamelo ea ho tšoana le libatana tse hlaha tse bolaeang tse ling. Li batla batho bao li ka ba hlaselang habonolo ba sa loane. Ha li batle ho ipeha kotsing ea ho fumana seo li se batlang ka mor’a ho loana haeba li ka fumana se tšoanang ho motho eo ho leng bonolo ho mo hlasela. Kahoo li leka ho fumana maqheku, ba kulang, ba ferekaneng, le bao e ka ’nang eaba ha ba lemohe boemo bo kotsi. Masholu a khetha nako le sebaka se a lumellang hamolemo hore a hlasele. Mona ke hona moo batho ba ka ’nang ba hlaseloa ba ka sebelisang bohlale bo sebetsang.
Joalokaha Bibele e ba hlalosa, ba ratang ho etsa bobe ba etsetsa mesebetsi ea bona lefifing. (Ba-Roma 13:12; Ba-Efese 5:11, 12) Ke ’nete hore kajeno litlōlo tse ngata tsa molao tse etsoang khahlanong le batho le thepa li etsoa bosiu. (Bapisa le Jobo 24:14; 1 Ba-Thessalonika 5:2.) Ka baka leo, moo ho ka khonehang motho ea bohlale o tla qoba ho ba libakeng tse kotsi bosiu. Motse-moholo oa New York oo ho oona tlōlo ea molao e atileng haholo, tlaleho ea ka mehla ea mapolesa e senola hore batho ba bangata ba hlaseloa ka mor’a hore letsatsi le likele ’me haholo-holo ka mor’a hora ea leshome bosiu, hangata ha ba khutlela libakeng tsa bona tsa bolulo. Masholu a bolaeang batho a ema literateng tseo ho se nang batho ba tsamaeang ho tsona ha a batla bao a ka ba hlaselang. Kahoo, haeba u na le monyetla oa ho khetha ho emela bese kapa taxi kapa ho tsamaea ka maoto sebakeng se kotsi, e-ba le mamello ’me u eme. Ho seng joalo, u ka ba le phihlelo e bohloko.
Mokreste e mong o ile a otloa habohloko le ho utsoetsoa lintho ka baka la ho tsamaea ka maoto sebaka se sekhutšoane moo ho neng ho se ho batla ho le lefifi, ho e-na le ho emela bese ka hora ea leshome bosiu. Ho ne ho e-na le batho ba bang seterateng, empa masholu a mararo a ne a lalletse ba sa lemoheng. Le leng le ne le etsa pontšo ho lemosa a mang ha motho eo a ka ’nang a mo hlasela a tsamaea seterateng. A sa bue, a ne a futuhela motho eo a mo hlaselang ’me a mo utsoetsa. Sena se ne se etsahala kapele hoo esita le moahelani a neng a se na nako ea ho kenella. Hamorao mohlaseluoa o ile a lumela: “Ke tla emela bese nakong e tlang.”
Motho ea Mano le ea Bomene-mene, mocha ea k’hothotsang batho eo buka ea lipale Oliver Twist ea Dickens e buang ka eena, e ne e le mohlala o tšoantšetsang hanyenyane feela tlōlo ea molao e etsahalang literateng kajeno. Ho fapana le Motho ea Mano le ea Bomene-mene, masholu a hlometseng a kajeno, ho sa tsotellehe hore na a lilemo likae, a ka ’na a tšoara sethunya kapa thipa, ’me a tla e sebelisa. Bahahlauli ba se nang tsebo, baeti, le batho ba tsamaeang ba ntse ba boha lintho motseng o moholo oa toropo o nang le sephethe-phethe se sengata ke bona ba hlaseloang habonolo ke balotsana bana ba khopo. Ba tla utsoa sohle se fumanehang ka ho panya ha leihlo! Ke eng se ka ’nang sa hohela thahasello ea lesholu? Sefaha sa gauda kapa mabenyane a mang a theko e boima ao motho a ikhabisitseng ka ’ona. Kapa k’hamera e hakiloeng molaleng oa mohahlauli. Ho tšoana le ho jara letšoao le reng, “Tlong le tl’o ntlhasela!” Ka hona, temoho ea hlokahala. Pata mabenyane afe kapa afe, ’me u nke k’hamera ka tsela eo e ke keng ea bonahala, mohlomong u e pate ka har’a mokotlana oa liphahlo tse tsoa rekoa. Bona ke bohlale bo sebetsang.
Ho ba hlokolosi ke mokhoa o mong oa ho sebetsana ka katleho le tlōlo ea molao. Bibele ea bolela: “Ea bohlale o na le mahlo a hae hlohong, athe leoatla le tsamaea lefifing.” (Moeklesia 2:14) Ho sebelisa temoso ena bothateng ba tlōlo ea molao ho tla etsa hore motho a hlokomele batho ba lelerang ka tsela e belaetsang ba se na morero. Hlokomela masholu a ka ’nang a u sala morao ’me a phamola mokotlana oa hao ha u ntse u tsamaea ka thōko ho ’mila. Kaha a mang a ’ona a palama lithuthuthu ’me a phamola thepa ea batho ba bang ha a feta ka lebelo le leholo, le ka mohla u se ke ua tsamaea lintšing tsa tsela e ka thōko ho ’mila, haholo-holo haeba u nkile mofuta leha e le ofe oa briefcase kapa mokotlana o monyenyane. Qoba likoloi tse nang le batho ba seng bakae tse tsamaeang ’mileng o ka tlas’a o mong. U sireletsehile haholoanyane ha u le ka har’a sehlopha sa batho le ha u le sebakeng se nang le khanya e ngata. Masholu ha a rate ho bonoa le ho tsejoa hore na ke bo-mang.
Ho thuha matlo ka morero oa ho utsoa ke mofuta o mong oa tlōlo ea molao o tloaelehileng oo hangata o neng o ka qojoa haeba batho ba ne ba ka ba seli haholoanyane ka tlōlo ea molao. Ke ka nepo Bibele e ileng ea sebelisa papiso ena: “Ba kena ka lifenstere joale ka lesholu.” (Joele 2:9) Bohlale bo sebetsang bo u laela hore u se ke ua siea mamati le lifensetere li sa notleloa. Ka mehla ke ’nete hore ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare. Ho lefa litšenyehelo tse eketsehileng bakeng sa ho sireletsa lehae la hao e hlile ke tiiso ea hore u sireletsehile masholung le ho ntšoeng kotsi ’meleng.
Ho Thoe’ng Haeba U Hlaseloa?
E, ho thoe’ng haeba ho sa tsotellehe bohato bo bong le bo bong boo u bo nkang ba ho itšireletsa, u ka emisoa ke lesholu le hlometseng? Leka hore u se ke ua tšoha kapa hona ho etsa eng kapa eng ka tšohanyetso. Hopola hore lesholu le lona e ka ’na eaba le tšohile ’me le ka ’na la ba le khopolo e fosahetseng ka seo u se etsang. Leka ho buisana le motho enoa le ho behelana mabaka le eena haeba a ho lumella. (Motho ea u hlaselang e ka ’na ea e-ba mosali.) Ka linako tse ling masholu a hlometseng a ile a nolofatsoa lipelo ke ho tseba hore a hlasela Mokreste oa ’nete le oa sebele. Ho sa tsotellehe hore na a etsang, u se ke ua leka ho hana haeba a batla chelete kapa lintho tse ling tsa hao feela. A fe sohle seo a se batlang. Bibele e re ruta hore bophelo ba motho bo bohlokoa ho feta ntho efe kapa efe eo a nang le eona.—Bapisa le Mareka 8:36.
U sa etse hore lesholu lena le lemohe hore ua le hlahlobisisa, leka ho lemoha litšobotsi leha e le life tse le khethollang, e ka ba tsa liaparo kapa sebōpeho sa ’mele. Le bua joang? Makolopetso ana kaofela a ka ’na a ba molemo ha u tlaleha tlōlo ea molao mapoleseng, kaha bongata ba linokoane bo etsa lintho ka mokhoa o tšoanang ka mehla, ka hona ho ka ba bonolo haholoanyane ho li tseba.
Ho thoe’ng ka ho nka sebetsa bakeng sa ho itšireletsa? Ka sebele ho ke ke ha e-ba bohlale bakeng sa Mokreste ho nka libetsa. Haeba lesholu le ne le ka nahana hore u ntša sebetsa, le ne le ke ke la tsila-tsila ho u ntša kotsi kapa ho u bolaea. Ho feta moo, ke joang u ka latelang molao-motheo oa Bibele o reng re “lule ka khotso le batho bohle” haeba u itlhomelletse ho loantša ba u futuhelang?—Ba-Roma 12:18.
Ho sa tsotellehe bohato boo u ka bo nkang bakeng sa ho itšireletsa, ha ho na tiiso ea hore ka letsatsi le leng u ke ke ua hlaseloa. Metseng e meholo ea litoropo eo ho eona tlōlo ea molao e atileng, ho hlokahala feela hore u be sebakeng sesele ka nako esele. Hase khale haholo motseng oa New York ha ’muelli oa molao a ne a tloha ofising ea hae ho ea reka kopi ea kofi. Eitse ha a kena ka lebenkeleng, sehlopha sa bacha sa fihla ’me sa thunya sebakeng seo. ’Muelli eo oa molao o ile a bolaoa ke kulo e ileng ea kena hloohong ea hae. Ka baka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae. Ke tlokotsi e kaakang! Na ho na le tšepo bakeng sa tharollo e sa feleng leqhubung le teng la tlōlo ea molao le aparetseng lefatše?—Moeklesia 9:11, NW.
Nako eo ka Eona Tlōlo ea Molao e Tla Fela
Hoo e ka bang liketeng tse peli tsa lilemo tse fetileng, Jesu o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba teng moloko o neng o tla bona liketsahalo tse tšosang haholoanyane ho feta moloko leha e le ofe o fetileng. Ka baka la thelevishene le puisano ea kapele, limillione, che, empa likete tsa limillione, li bona liketsahalo tsena tse sehlōhō ka mahlo mecheng ea tsona ea litaba nakong eo li hlileng li etsahalang ka eona. Lefatše le fetohile motse o monyenyane, ’me kapele litaba tsa lefatše li fetoha litaba tsa motseng oa heno. Phello ke hore boemo ba sebele ba litaba bo thetsa batho lipelo letsatsi le letsatsi, ’me joalokaha Jesu a ile a profeta, batho ba bangata ba “tepella ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tlang lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona.”—Luka 21:26, NW.
Jesu o ile a bona esale pele liketsahalo tse etsahetseng ho tloha ka 1914, liketsahalo tseo e neng e tla ba selelekela sa “ho fela ha tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3-14, NW) Empa o ile a boela a re: “Ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Sena se bolela hore haufinyane puso e lokileng ea Molimo e tla tlisa phetoho e khōlō lefatšeng.—Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 21:1-4.
Tlas’a puso eo, ke feela ba bonolo, ba nang le khotso, le ba utloang Molimo ba tla phela maemong a Paradeise ea lefatšeng. Ho tla etsahala’ng ka linokoane le ba babe? “Hobane, joale ka joang, ba ea phakisa ba heloe, ba se ba ea pona joale ka motalane. Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” Tlas’a ’muso oo o lokileng oa leholimo, pherekano kapa tlōlo ea molao li tla ba sieo.—Pesaleme ea 37:2, 9.
Haeba u rata ho tseba haholoanyane ka tšepo ena e theiloeng Bibeleng ea ’muso oa lefatše oa khotso le o sa feleng, kopana le Lipaki tsa Jehova tse lulang haufi le lehae la hao kapa Holong ea tsona ea ’Muso e sebakeng sa heno. Ka thabo li tla u thusa ho utloisisa Bibele, ka ntle ho tefello.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše”
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Mok’hothotsi, Motho ea Mano le ea bomene-mene ea boleloang paleng ea Charles Dickens, e ne e le maithutoane ha a bapisoa le masholu a hlometseng a kajeno
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Graphic Works of GEORGE CRUIKSHANK, ea Richard A. Vogler, Dover Publications, Inc.