Molemo o Khaphatsehang oa Jehova
“Molemo oa hao ke o khaphatsehang hakaakang, oo u o boloketseng ba u tšabang!”—PESALEME EA 31:19, NW.
1, 2. (a) Neng-neng mehleng ea boholo-holo Jehova o ile a etsa mosebetsi ofe o moholo? (b) Jehova o ile a hlalosa phello ea mesebetsi ea hae ea pōpo joang?
KA NAKO e ’ngoe Molimo o ile oa qala ho bōpa ‘maholimo joaloka terone ea oona le lefatše joaloka bonamelo ba maoto a oona.’ (Esaia 66:1) Tlaleho ea bomolimo ha e bolele hore na sena se etsahetse neng. E re feela: “Tšimolohong, Molimo o ne o bōpe maholimo le lefatše.” (Genese 1:1, NW) Nakong ea pōpo, ho ile ha etsoa lihlopha tse ngata-ngata tsa linaleli tse limillione, ’me tse ngata ho tsona li ne li na le linaleli tse limillione tse likete-kete. Ho elella ka thōko ho sehlopha se seng se joalo sa linaleli ho ne ho e-na le naleli e khanyang e pota-potiloeng ke lipolanete tse batlang li le nyenyane, tse lefifi. E ’ngoe ea tsona e ile ea bitsoa lefatše. Ha le bapisoa le linaleli tse khōlō, tse khanyang, lefatše e ne e le ntho feela e nyenyane. Empa, sena ke sona seo Jehova a neng a rerile hore e be bonamelo ba maoto a hae.
2 Ka hona Jehova o ile a sebelisa matla a hae ho etsa polanete ena, Lefatše. “Letsibolo la tsohle tse hloliloeng” le ne le le lehlakoreng la hae joaloka Mosebetsi oa Setsebi ha sebaka sena se senyenyane le se lefifi se ntse se fetoloa nakong ea “matsatsi” a tšeletseng a pōpo a malelele. Ka tšoantšetso, se ile sa fetoha sebaka se loketseng seo maoto a Molimo a ka phomolang ho sona. (Ba-Kolosse 1:15; Exoda 20:11; Liproverbia 8:30, NW) Molimo o ne o rerile ho beha libōpuoa tse phelang tsa mofuta o mocha mona: batho. Batho ba pele ba babeli, ba ileng ba bōptjoa ka metsoako e fumanoang mobung, ba ile ba behoa tikolohong e ratehang le e kang paradeise. (Genese 1:26, 27; 2:7, 8) Ketso ena e ikhethang ea pōpo e ile ea ba le phello ea ho qetela e phethahetseng le e ntle haholo hoo Bibele e senolang maikutlo ao Molimo o ileng oa ba le ’ona hoseng—e leng karolo e qetellang—ha letsatsi la botšelela la pōpo: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Genese 1:31.
Molemo oa Molimo
3 Lilemo tse likete-kete hamorao, setloholo sa batho bao ba babeli ba pele se ile sa hetla morao nakong ea pōpo ’me sa ngola: “Litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa [Molimo] li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tse entsoeng, esita le matla a oona a sa feleng le Bomolimo ba oona.” (Ba-Roma 1:20, NW) E, ka sebele botle bo hlollang ba lefatše le ba libōpuoa tse holim’a lona e ne e le pontšo e tsotehang ea litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa Molimo—’me molemo o khaphatsehang oa Molimo ke e ’ngoe ea tsona. Ka hona, ke ho loketseng hakaakang hore e be Molimo o ile oa phatlalatsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo o e bōpileng e molemo!—Pesaleme ea 31:19.
4 Molemo ke tšobotsi ea botšelela ea litholoana tsa moea oa Molimo tseo moapostola Pauluse a li hlalositseng ho Ba-Galata 5:22. (NW) Lihlooho tse fetileng tsa makasine oa Molula-Qhooa li ’nile tsa bua ka litholoana tsa pele tse hlano tsa moea, tsa bontša bohlokoa ba tsona ho hlaoleleng botho ba Bokreste bo bontšang khōlo.a Leha ho le joalo, ke habohlokoa hakaakang hore re se ke ra lebala molemo! Ka ho loketseng, joale re tla lebisa tlhokomelo ea rōna tšoanelehong ena.
5 Molemo ke eng? Ke tšoaneleho kapa boemo ba ho ba ea molemo. Ke ho ba le boitšoaro bo botle ka ho fetisisa le bo hlomphehang. Ka hona, ke tšoaneleho e matla e iponahatsang ka ho etsetsa ba bang liketso tse molemo le tse putsang. Ke joang re ka hlaolelang tšoaneleho ee e ratehang hakaale? Haholo-holo, re ka e hlaolela ka ho etsisa Jehova. Ka hona, pele re buisana ka ho eketsehileng mabapi le kamoo rōna joaloka Bakreste ka bomong re ka bontšang molemo, a re hlahlobeng molemo oo Molimo oa rōna o lerato, Jehova, o o bontšitseng ka lintho tseo o li fileng lelapa la batho le litšebelisano tsa oona le lona.
Molemo o Bonahatsoa ke Pōpo
6 Ha e le hantle ke eng se ileng sa susumelletsa Ntate oa rōna oa leholimo hore a arolelane thabo ea hae ea bophelo le libōpuoa tse phelang tse bohlale? Moapostola Johanne o arabela potso eo ka ho re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, NW) E, lerato le se nang boithati le ile la susumelletsa Mohloli o moholo oa bophelo hore o bōpe libōpuoa tse ling, tse ling oa li fa lehae la leholimo ’me tse ling oa li fa lehae la lefatše. Ha e le hantle, re tseba ho fokolang feela mabapi le hore na leholimo le libōpuoa tsa leholimo li shebahala joang. Ke meea—eo batho ba ke keng ba e bona ka mahlo—’me lehae la eona ke sebaka sa moea. Empa ak’u qamake lehaeng la lefatše le u potolohileng leo Jehova a le fileng bana ba hae ba batho. ’Me u nahane ka batho ka bobona. Joale u tla qala ho iponela ka mahlo a hao bopaki bo matla ba molemo oa Molimo.
7 Jehova o ile a fa batsoali ba rōna ba pele bophelo. Ho phaella moo, o ile a etsa hore bophelo e be bo khotsofatsang le bo thabisang haholo. Qalong, o ile a bōpa lehae la bona, lefatše, le potolohang, le nang le tekanyo e feto-fetohang ea mocheso le mohatsela, le moea o le potolohileng o loketseng hantle. O ile a hlahisa lipotoloho tsa metsi, nitrogen, le oxygen tse neng li sebetsa ka ho phethahetseng molemong oa batho le bakeng sa boiketlo ba bona. O ile a apesa lefatše limela tsa mefuta e likete-kete, tse ling e le bakeng sa ho hlahisetsa motho lijo ’me tse ling haholo-holo e le bakeng sa ho khatholla mahlo. O ile a tlatsa sepaka-paka linonyana tseo mebala ea tsona le lipina tsa tsona li thabisang haholo. O ile a tlatsa maoatle litlhapi tse ngata ’me a tlatsa lefatše liphoofolo tsa mefuta e mengata, tse ling e le tse hlaha ’me tse ling e le tse ka thapisoang. Ke ho fana ka seatla se bulehileng ho khaphatsehang hakaakang! Ke bopaki bo bokaakang ba pelo ea Jehova e tletseng molemo!—Pesaleme ea 104:24.
8 Joale, ak’u talime tsela eo Molimo o entseng motho ka eona. Liphaka, maoto, le matsoho a hae ke tsona tse hlokahalang ho mo nolofalletsa ho boloka botsitso le hore a tsamaee ka bolokolohi. Ka hona, a ka iphumanela lijo le lintho tse ling tse hlokahalang, har’a lintho tse fumanehang ka bongata bo boholo lefatšeng le mo potolohileng. Jehova o fane ka lisele tsa tatso e le hore ho ja le ho noa e se ke ea e-ba lintho tse etsoang ka tloaelo feela bakeng sa ho fumana matla—tse kang ho hokela sesebelisoa se itseng polakeng ea motlakase kajeno. Che, ho ja le ho noa ho etselitsoe ho tlisa thabo, kaha ha ho tlatse mpa feela empa hape ho etsa hore mocha oa kutlo oa tatso o natefeloe. Hape Jehova o file motho litsebe ’me o entse hore ho be le tikoloho e nang le melumo e mengata e tlang ho natefela litsebe tseo. Ho thabisa hakaakang ho mamela ho hoasa ho khathollang ha metsi a molapo o phallang, ho kuruetsa ha leebana-khoroana, kapa lesea le keketehang ha le tšeha! E, ka baka la molemo oa Molimo, ho sa tsotellehe lintho tsohle tse mpe tse ’nileng tsa etsahala ho tloha pōpong, ho phela e sa ntse e le ho thabisang.
9 Hape, talima mecha e meng ea rōna ea kutlo. Ke mebala e khahlehang hakaakang e fapa-fapaneng le e thabisang eo re e bonang ka mahlo a rōna! Ke ho khotsofatsang hakaakang ho fofonela monkho o monate oa palesa! Ha ho makatse ha mopesaleme a ile a hooa tjena ho Jehova: “Ke tla u roka hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla”!—Pesaleme ea 139:14, NW.
Ho Sitoa ha Batho le ho Lopolloa ha Bona
10 Ka masoabi, ka mor’a nako batsoali ba rōna ba pele ba ile ba bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa molemo ’ohle oo Molimo o ba bontšitseng ’ona. Ba ile ba bontša sena ka ho se utloe litaelo tsa Jehova ’me ba tlōla thibelo e le ’ngoe feela eo a neng a e behile. Ka baka leo, bona hammoho le bana ba bona ba ile ba hlaheloa ke masoabi, mahlomola, le lefu. (Genese 2:16, 17; 3:16-19; Ba-Roma 5:12) Ho theosa le lilemo tse likete-kete tse fetileng ho tloha ha ho etsahala ketso eo ea ho hloka kutlo, batho ba bangata ba ’nile ba iphapanyetsa molemo oa Molimo kapa ba bontša ho hloka kananelo bakeng sa ’ona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, molemo oa Molimo o ntse o ruisa batho ba se nang teboho le ba se nang kananelo molemo. Ka tsela efe? Moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa baahi ba Lystra e Bochabela bo Hare: “[Molimo] ha oa ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.”—Liketso 14:17.
11 Empa molemo oa Molimo ha o akarelletse feela ho tsoela pele ha oona ho fana ka litokisetso tse thabisang le tse phelisang tse tletseng lefatšeng. Che, o ile oa etsa ho eketsehileng. Jehova o ile a iponahatsa a ikemiselitse ho tšoarela libe tsa bana ba Adama le ho tsoela pele ho matlafatsa likamano pakeng tsa hae le ba tšepahalang har’a batho. Moshe o ile a hlokomelisoa tšobotsi ena ea molemo oa Molimo ha Jehova a tšepisa hore o tla ‘fetisa molemo oa hae pel’a sefahleho sa [Moshe].’ Joale Moshe o ile a utloa phatlalatso ena: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete, o bolokelang ba likete mosa o lerato, o tšoarelang phoso le tšito le sebe.”—Exoda 33:19; 34:6, 7, NW.
12 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a thea tsamaiso ea molao bakeng sa sechaba sa Iseraele eo ka eona ba etsang sebe ba sa rera ba neng ba ka fumana tšoarelo ea libe ea nakoana kapa ea tšoantšetso. Ka selekane sa Molao seo Moshe e neng e le mokena-lipakeng oa sona, Baiseraele ba ile ba fetoha sechaba sa Molimo se khethehileng ’me ba rutoa hore ba nyehele mahlabelo a sa tšoaneng a liphoofolo a neng a ka koahela libe tsa bona le liketso tse litšila ho Jehova. Ka hona, ho sa tsotellehe libōpeho tsa bona tsa ho se phethahale, Baiseraele ba bakileng ba ne ba ka tsoela pele ho atamela Jehova ka mokhoa o amohelehang ’me ba tseba hore borapeli ba bona boa mo khahlisa. Morena Davida, setho sa sechaba seo se neng se le tlas’a Molao, o ile a hlalosa kamoo a lemohang molemo oa Molimo ka teng tabeng ena: “U lebale libe tsa bocha ba ka le litlōlo tsa ka! U nkelelloe ka lereko la hao ka baka la mohau oa hao [“molemo oa hao,” NW], Jehova!”—Pesaleme ea 25:7, 8.
13 Ka mor’a nako molemo oa Jehova o ile oa mo susumelletsa ho fana ka tsela e sebetsang haholoanyane le e tla tšoarella nako e telele ea ho tšoarela libe. O ile a etsa sena ka sehlabelo sa Jesu, eo e neng e le setloholo sa Morena Davida. (Mattheu 1:6-16; Luka 3:23-31) Jesu ha aa ka a etsa sebe. Ka hona, eitse ha a shoa, bophelo ba hae bo entsoeng sehlabelo bo ile ba ba le bohlokoa bo boholo, ’me Molimo o ile oa bo amohela e le topollo e neng e ka sebetsa bakeng sa bana bohle ba Adama ba baetsalibe. Moapostola Pauluse o ngotse: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo, ’me ba boleloa ba lokile e le mpho e sa lefelloeng ka mosa oa oona o sa tšoanelang ka tokollo e tlisoang ke topollo e lefiloeng ke Kreste Jesu. Molimo o ile oa nehelana ka eena e le nyehelo bakeng sa ho busetsa batho mohaung ka ho bontša tumelo maling a hae.”—Ba-Roma 3:23-26, NW.
14 Ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa topollo ho finyella ho hongata bakeng sa Bakreste, ho finyella ho hongata ho feta ho ileng ha finyelloa ke mahlabelo ao a liphoofolo tlas’a selekane sa Molao bakeng sa Baiseraele. Ho felletse ka hore Bakreste ba lekanyelitsoeng ka palo ba boleloe ba lokile ’me ba amoheloe ke moea oa Molimo hore ba fetohe bara ba Oona. Ka hona ba ile ba fetoha baena ba Jesu ’me ba fumana tšepo ea ho tsosoa e se e le libōpuoa tsa moea hore ba e’o kopana le eena ’Musong oa hae oa leholimo. (Luka 22:29, 30; Ba-Roma 8:14-17) Ak’u nahane ka hore e be Molimo o entse hore libōpuoa tse phelang polaneteng ena e nyenyane, e leng lefatše, li be le litebello tse joalo tsa leholimo! Ho sa ntsane ho e-na le sehlopha se senyenyane se nang le tšepo ena. Empa bakeng sa Bakreste ba bang ba limillione, ho bontša tumelo topollong ho ba bulela tsela ea ho thabela seo Adama le Eva ba se lahlileng—bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, le kang serapa. Selekane sa Molao ha sea ka sa fana ka litebello tsa nako e tlang ebang ke leholimong kapa lefatšeng bakeng sa ba keneng ho sona.
15 Ke ho loketseng hakaakang hore e be molaetsa o buang ka litokisetso tse ncha tseo Molimo o li entseng ka Jesu Kreste o bitsoa “litaba tse molemo,” kaha o bontša molemo oa Molimo. (2 Timothea 1:9, 10, NW) Ka Bibeleng, ka linako tse ling litaba tse molemo li bitsoa “litaba tse molemo tsa ’muso.” Kajeno li bolela ’nete ea hore ’Muso o se o hlomiloe tlas’a puso ea Jesu ea tsositsoeng. (Mattheu 24:14, NW; Tšenolo 11:15; 14:6, 7) Leha ho le joalo, litaba tse molemo li akarelletsa ho hongata. Joalokaha ho bontšoa ke mantsoe a Pauluse a neng a ea ho Timothea a sa tsoa qotsoa, li akarelletsa ho tseba hore Jesu o fane ka sehlabelo sa topollo molemong oa rōna. Ka ntle ho sehlabelo seo, kamano ea rōna le Molimo, poloko ea rōna ka boeona—re se re sa re letho ka ’Muso oa Jesu le baprista le marena a 144 000 a nkiloeng lefatšeng—e ne e ke ke ea ba teng. Topollo ke pontšo e tsotehang hakaakang ea molemo oa Molimo!
Molemo oa Molimo Kajeno
16 Moapostola Pauluse o lemositse: “Batho e tla ba . . . ba sa rateng molemo,” a supa “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-3, NW) Esita le lipontšo tse tloaelehileng tsa molemo, tse kang ho fana le botsoalle, batho ba ne ba ke ke ba li ananela. Ka hona, boprofeta bo tšelisang ba Hosea 3:5 ke bo khothatsang hakaakang: “Bana ba Iseraele ba tla khutla, ba batle Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona; mehleng ea morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo oa hae.”
17 Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ka 537 B.C.E. ha Bajode ba khutlela Naheng e Tšepisitsoeng ba tsoa kholehong Babylona. Kajeno, bo ile ba qala ho phethahala ka selemo sa 1919 ha masala a Iseraele oa moea a tsoa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Satane ’me ka cheseho a qala ho batla Jehova le molemo oa hae. A ile a fumana hore ‘Davida morena oa ’ona’ o ne a busa e le Jesu Kreste ’musong oa leholimo ho tloha ka 1914. Tlas’a tataiso ea hae, a ile a qalisa ho tsebahatsa litaba tse molemo ka mafolo-folo har’a lichaba. Ka hona a ile a qala ho phethahatsa thōmo e tlalehiloeng ho Mattheu 24:14, (NW): “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso [o hlomiloeng] li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.”
18 Kajeno, masala a batlotsuoa a kopane le “bongata bo boholo ba batho,” boo ka ho tšoanang bo thoholetsang molemo oa Jehova. (Tšenolo 7:9) Hona joale, ke ba fetang limillione tse ’nè ba thoholetsang lentsoe la lengeloi leo moapostola Johanne a le boneng ponong ha ba ntse ba tsebisa lichaba tsohle hore: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.”—Tšenolo 14:7.
19 Bopaki bo bong bo boholo ka ho fetisisa ba molemo oa Molimo ke hore o re lumella ho ba basebetsi-’moho le oona mosebetsing ona o moholohali. Ke tokelo e kaakang hore e be o re file letlotlo la “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng”! (1 Timothea 1:11, NW) Ka hore re li bolelle ba bang le ho ba ruta tsona, re tla be re bonahatsa ka tekanyo e phahameng tholoana ea bohlokoa ea moea oa Molimo, e leng molemo. Ka hona, re na le boikutlo bo kang ba mohlanka oa boholo-holo oa Molimo, Davida, ea ileng a re: “Ba tla etsa khopotso ea molemo oa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao litlatse.”—Pesaleme ea 145:7, BPN.
20 Leha ho le joalo, na ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo ke eona feela tsela ea ho bonahatsa molemo bophelong ba rōna? Le hanyenyane! Re khothalletsoa ho ba “baetsisi ba Molimo, ka ha [re] le bana ba ratoang.” (Ba-Efese 5:1) Molemo oa Molimo o bonahala ka litsela tse fapa-fapaneng. Ka hona, molemo oa rōna le oona o lokela ho ama litšobotsi tse ngata tsa bophelo ba rōna. Sehloohong se latelang re tla buisana ka tse ling tsa litšobotsi tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litholoana tsa moea ka bonngoe ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro.
Na U ka Arabela?
◻ Pōpo e senola molemo oa Molimo ka tsela efe?
◻ Jehova o ile a etsa litokisetso life bakeng sa ho tšoarela libe tsa batho ba bakileng?
◻ Phethahatsong ea Hosea 3:5, masala a tlotsitsoeng a ile a retelehela ho Jehova le ho molemo oa hae neng, ’me see se ile sa ba le phello efe?
◻ Kajeno bopaki bo bong bo boholo ka ho fetisisa ba molemo oa Molimo ke bofe?
3. Pōpo e senola tšoaneleho efe ea Molimo e ikhethang?
4, 5. Molemo ke eng?
6. Ke eng se ileng sa susumelletsa Jehova ho bōpa libōpuoa tsa mofuta o mong tse bohlale?
7-9. Molemo oa Molimo o bonahala joang ho latela tsela eo o bōpileng lefatše le motho ea holim’a lona?
10. Batho ba bangata ba ’nile ba arabela joang mabapi le molemo oa Molimo, empa ke joang ba ntseng ba tsoela pele ho rua molemo ho ’ona?
11. Ke joang molemo oa Molimo o sa akarelletseng feela ho fana ka lehae le thabisang bakeng sa batho?
12. Ke litokisetso life tsa Molao oa Moshe tse ileng tsa bontša molemo oa Jehova?
13. Ke joang Jehova a ileng a etsa tokisetso e sebetsang haholoanyane bakeng sa ho tšoarela libe ho feta mahlabelo a liphoofolo?
14. Sehlabelo sa topollo se entse hore batho ba be le litebello life tse tsotehang?
15. Litaba tse molemo li akarelletsa eng?
16, 17. Hosea 3:5 e ile ea phethahatsoa joang (a) ka 537 B.C.E.? (b) ka 1919 C.E.?
18. Ke bo-mang ba ikopantseng le masala a Iseraele ea moea boboleling ba litaba tse molemo?
19. Bolela bopaki bo bong bo boholo ka ho fetisisa ba molemo oa Molimo.
20. Sehloohong se latelang re tla buisana ka boitsebiso bofe bo eketsehileng mabapi le molemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pōpo e fana ka bopaki ba molemo o khaphatsehang oa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Hore e be re lumelletsoe ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo ke bopaki bo ikhethang ba molemo oa Molimo