“Le se ke la Halefisa Bana ba Lōna”
“BO-NTATE, le se ke la halefisa bana ba lōna.” Moapostola Pauluse o boletse joalo. (Ba-Efese 6:4, NW) Linaheng tse Bophirimela, moo batsoali ba leng ka tlas’a likhatello le mesebetsi e meholo ea lichaba tse tsoetseng pele, ha ho bonolo ka mehla bakeng sa bona hore ba sebelisane ka mosa le bana ba bona. ’Me khōliso ea bana ka sebele ke phephetso le linaheng tse hōlang moruong. Ke ’nete hore lebelo la bophelo le ka ’na la tsamaea butle ho feta linaheng tsa Bophirimela. Empa litloaelo le lineano tse bileng teng nako e telele li ka ’na tsa susumelletsa batsoali ho sebelisana le bana ka litsela tseo ka sebele li ka ba ferekanyang le ho ba halefisa.
Linaheng tse ling tse hōlang moruong bana ba behoa boemong bo tlaase-tlaase ba tlhokomelo le tlhompho. Lichabeng tse ling bana ba buisoa ka mantsoe a tšosang le a matla, ba omanngoa ka mabifi le ho rohakoa. E ka ba ka seoelo u ka utloang motho e moholo a bua le ngoana ka mosa, ho se ho sa boleloe mantsoe a matle a kang “ka kōpo” le “kea leboha.” Bo-ntate ba ikutloa hore ba lokela ho tiisa matla a bona a ho laela ka ho otla ngoana; mantsoe a bohale a tsamaisana le likotlo tse mabifi.
Lichabeng tse ling tsa Maafrika, ho boetse ho talingoa e le ho tella hore ngoana ka boeena a qale ho lumelisa motho e moholo. Ke ntho e tloaelehileng ho bona bacha, ba roetseng liphahlo tse boima lihloohong tsa bona, ka mamello ba emetse ho fumana tumello ea ho lumelisa sehlopha sa batho ba baholo. Batho ba baholo ba tla tsoela pele ka moqoqo oa bona o sa reng letho, ba hlokomoloha bacha ba emeng ho fihlela ba khetha ho ba lumella ho lumelisa. Bana ba lumelloa ho feta hafeela ba lumelisitse.
Ntho e ’ngoe e ka ntšang bana kotsi ke bofutsana. Bacha ba lahleheloa ke bophelo ba bona bo botle le ho kena sekolo, ba sebelisoa hampe joaloka basebeletsi ba bana. Esita le lapeng bana ba ka fuoa mesebetsi e boima haholo. ’Me ha malapa a lulang mapolasing a romela bana ba ’ona metseng e meholo ea litoropo ho hlokomeloa ke seng sa bona ha ba ntse ba kena sekolo, ba atisa ho sebelisoa joaloka makhoba. Ka sebele, tšoaro ena kaofela e hlokang toka e halefisa bana!
Seo ‘ho ba Halefisa’ ho se Bolelang
Batsoali ba bang ba susumetsoa habonolo ke litloaelo tsa lefatše tsa ho hōlisa bana tse feto-fetohang ’me ha ba nahane ka liphello tsa hoo. Leha ho le joalo, ke ka lebaka le letle Lentsoe la Molimo le phehellang batsoali hore ba se ke ba halefisa bana ba bona. Mantsoe a Segerike a mathomo a fetoletsoeng e le “le se ke la halefisa” ha e le hantle a bolela “e se k’a b’a lōna ba qholotsang bohale.” (Kingdom Interlinear) Ho Ba-Roma 10:19, (NW) leetsi le tšoanang le fetoletsoe e le “ho susumelletsa khalefong e mabifi.”
Ke ka hona Today’s English Version e reng: “U se ke ua tšoara bana ka tsela e tla ba halefisa.” The Jerusalem Bible ka ho tšoanang e re: “U se ke ua khannela bana ba hao khalefong.” Kahoo Bibele ha e bue ka likhalefiso tse nyenyane tseo motsoali a ka li bakelang ngoana oa hae e se ka boomo ka lebaka la ho se phethahale, leha e le hore e nyatsa ho sebelisoa ha taeo ka toka. Ho latela Lange’s Commentary on the Holy Scriptures, temana ena ea Bibele e bua ka “tšoaro ea bana e se nang mamello, e thata, e hatellang, ho fihlela . . . ba itoanela ’me ba susumelletsoa khanyetsong, phephetsong le khalefong.”
Joaloka tichere J. S. Farrant a hlokometse: “’Nete ke hore bana ke batho. Ha ba arabele feela ba sa re letho ho tšoana le kamoo limela li etsang ka teng sebakeng seo li jetsoeng ho sona. Ba arabela ka maikutlo.” ’Me hangata tsela eo ba arabelang ka eona tšoarong e se nang toka e fella ka ho senyeheloa moeeng le boikutlong. Moeklesia 7:7, (NW) e re: “Hobane khatello feela e ka etsa hore motho ea hlalefileng a itšoare joaloka ea hlanyang.”
Ho Hōlisetsa Bana Taeong ea Molimo
Batsoali ba lakatsang hore bana ba bona ba ’ne ba tsamaee ’neteng ha baa tšoanela ho lumella litloaelo tsa bochaba le lineano hore e be tsona tse lekanyetsang hore ba hōlise bana ba bona joang. (Bapisa le 3 Johanne 4.) Ka mor’a ho lemosa batsoali ka ho halefisa bana ba bona, Pauluse o ile a eketsa: “Tsoelang pele le ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Ba-Efese 6:4, NW) Ka hona litekanyetso tsa Jehova li phahametse litloaelo tsa sebaka le likhopolo.
Le hoja e ka ba ntho e tloaelehileng linaheng tse ling hore bana ba tšoaroe joaloka batho ba tlaasana le basebetsi ba makhoba, Bibele ea bolela ho Pesaleme ea 127:3: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.” Na motsoali a ka boloka kamano e ntle le Molimo haeba a tšoara lefa la hae hampe? Che. Leha e le hore ho na le sebaka sa khopolo ea hore bana ba teng feela bakeng sa hore ba finyelle litlhoko tsa batsoali ba bona. Ho 2 Ba-Korinthe 12:14 Bibele ea re hopotsa: “Etsoe e se bana ba tšoanetseng ho bokellela bontat’a bona, empa e le bontat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.”
Hase hore bana ba lokela ho tloheloa hore ba se ke ba phetha karolo ea bona mesebetsing ea lelapa. Empa na lithahasello tse molemo tsa bana ha lia lokela ho nahaneloa? Ka mohlala, ha Yaa, ngoanana oa Mokreste Afrika, a botsoa hore na ke eng seo a ka ratang haholo hore batsoali ba hae ba mo etsetse sona, o ile a arabela: “Ke lakatsa hore mesebetsi ea ka ea lelapa e ka fokotsoa matsatsing ao ke nang le litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo.” Kahoo haeba ngoana a ho fumana ho le thata ho fihla ka nako sekolong kapa ho ba teng libokeng ka lebaka la mesebetsi e boima ea lelapa, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho etsa litokiso tse itseng?
Ke ’nete hore, ho ka ba thata ho sebelisana le bacha. Ke joang batsoali ba ka sebelisanang le bona ka tsela e sa khahlapetseng le e sa ba halefiseng? Liproverbia 19:11, (NW) e re: “Temohisiso ea motho e hlile e kokobetsa bohale ba hae.” E, pele u ka leka ho utloisisa ngoana oa hao e le motho a le mong. Ngoana e mong le e mong o khethehile, o na le lithahasello tsa hae, tsebo ea ho etsa lintho tse itseng, le litlhoko. Ke life? Na u kile ua ipha nako ea ho tseba ngoana oa hao le ho tseba karabo ea lipotso tsena? Ho sebetsa le ho rapela hammoho, ho kopanela boikhathollong ba lelapa—lintho tsena li neha batsoali menyetla ea ho atamelana haufi le bana ba bona.
Ho 2 Timothea 2:22, Pauluse o ile a fana ka tlhokomeliso e ’ngoe e thahasellisang ha a ne a bolella Timothea: “U ke u balehele litakatso tsa bocha.” E, Pauluse o ne a utloisisa hore bocha e ka ba nako ea pherekano. Liphetoho tse khōlō tsa ’mele le tsa maikutlo lia etsahala. Ho hoheloa ke batho ba batona le ba batšehali hoa hōla. Nakong ena, bacha ba hloka tataiso e lerato ea batho ba baholo ho qoba maraba a tebileng. Empa ha baa lokela ho tšoaroa joalokaha eka ba itšoere hampe. Morali oa monna e mong oa Mokreste ea neng a khentšitsoe o ile a lla: “Haeba ke sa etsa bohlola, empa ntate a nqosa ka bona, leha nka bo etsa ho tla ’ne ho tšoane.” Ho e-na le ho qosa ngoana oa hao ka liketso tse mpe, bontša ho mo tšepa. (Bapisa le 2 Ba-Thessalonika 3:4.) Ho e-na le ho ba ea tšoaeang liphoso ka mokhoa o fetelletseng, ipehe boemong ba hae le ho lemoha lintho ka tsela e lerato, e tiileng.
Leha ho le joalo, mathata a mangata a ka qojoa, haeba batsoali ba tšohla esale pele likotsi tsa boitšoaro tseo ngoana a tobaneng le tsona. Hopola, Molimo o tlama batsoali ho rupela le ho ruta bana ba bona ka Lentsoe la Molimo. (Deuteronoma 6:6, 7) Hoo ho ka hloka nako e ngata le boiteko. Ka bomalimabe, batsoali ba bang ba hlōleha ho phetha kabelo ea bona ea ho ruta hobane ba hloka mamello. Ho se tsebe ho bala le ho ngola, e leng bothata bo boholo linaheng tse ngata tse hōlang moruong, bo ntse bo sitisa le batsoali ba bang.
Mabakeng a mang Mokreste ea hōlileng tsebong a ka ’na a kōptjoa hore a thuse. E ka ’na ea e-ba feela taba ea ho fana ka litlhahiso ho motsoali ea se nang phihlelo e ngata. (Liproverbia 27:17) Kapa ho ka ’na ha kopanyelletsa ho thusa mabapi le ho khanna thuto ea lelapa ka boeona. Empa sena ha se lokolle motsoali boikarabelong ba hae ba ho ruta bana ba hae Lentsoe la Molimo. (1 Timothea 5:8) A ka etsa boiteko ba ho sebetsa le bana ba hae tšebeletsong ea tšimo le ho tšohla litaba tsa moea ha ho jeoa kapa linakong tse ling tse loketseng.
Mocha ea atamelang lilemo tsa ho ba motho e moholo ka tlhaho a ka ’na a lakatsa tokoloho e eketsehileng. Hangata hona ho utloisisoa hampe e le ho se mamele kapa boikhohomoso. E ne e tla ba ho halefisang hakaakang haeba batsoali ba hae ba arabela ka ho mo tšoara joaloka ngoana e monyenyane ’me ba hana ho mo neha tokoloho e eketsehileng liketsong tsa hae! E tla ba ho halefisang ka ho tšoanang haeba ba mo etsetsa qeto tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hae—thuto, pakane, lenyalo—ka ntle le ho bua litaba le eena ka mokhoa o khutsitseng le o bontšang tlhompho. (Liproverbia 15:22) Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho “ho ba batho ba hōlileng ka ho felletseng matleng a kutloisiso.” (1 Ba-Korinthe 14:20, NW) Na batsoali ha baa lokela ho lakatsa hore bana ba bona ba hōle—maikutlong le moeeng? Leha ho le joalo, “matla a ho nahana” a bacha a ka koetlisoa feela ka “ho sebelisoa.” (Ba-Heberu 5:14, NW) O tšoanetse ho nehoa tekanyo e itseng ea tokoloho ea boikhethelo hore a sebelise matla ana.
Ho hōlisa bana linakong tsena tse thata ha ho bonolo. Empa batsoali ba latelang Lentsoe la Molimo ha ba halefise kapa ho khentša bana ba bona “ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.” (Ba-Kolosse 3:21) Ho fapana le hoo, ba ikitlaetsa ho ba tšoara ka mofuthu, ka kutloisiso, le ka seriti. Bana ba bona baa tataisoa, ha ba khannoe; baa hōlisoa, ha ba hlokomolohuoe; ba susumelletsoa leratong, ha ba qholotsoe bohale kapa ho tlatlapuoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho bapaloa “oware,” papali ea Ghana e bapalloang ka tlung, e fa batsoali bana monyetla oa ho etsa setsoalle le bana ba bona