Likotsi tsa Tšohanyetso—Na ke Liketsahalo tse Reriloeng Esale Pele Kapa ke Maemo?
HA Cristina e monyenyane ea bohehang eo e neng e le ’motlelara oa liaparo, a ne a tšela ’mila o phetheselang oa Nove de Julho Avenue o São Paulo, Brazil, ha aa ka a bona bese e neng e e-tla. Moqhobi oa bese o ile a leka ka matla ho emisa sepalangoang sa hae, empa e ne e se e le morao haholo. Cristina o ile a hatoa ke bese ’me a shoa.
Kotsi ena e tšabehang ea tšohanyetso e ile ea ba tlaleho e leqepheng la ho qala koranteng ea Brazil ea O Estado de S. Paulo. (July 29, 1990) Leha ho le joalo e ne e mpa e le le leng feela la mafu a 50 000 a mebileng a bang teng Brazil selemo ka seng. Le hoja ba likete ba holofatsoa ke likotsi tse joalo tsa tšohanyetso, ba bang ba pholoha ba se na le mongoapo feela. Joale, ke hobane’ng ha ngoanana eo e monyenyane a sa ka a pholoha? Na o ne a reretsoe esale pele hore o tla shoa letsatsing leo?
Batho ba bangata haholo ba ne ba ka pheha khang ea hore ke ’nete hore ngoanana enoa o ne a reretsoe ho shoa letsatsing leo. Ba lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso, hore liketsahalo tse khōlō, tse kang nako eo motho a tla shoa ka eona li reriloe esale pele. Tumelo ena e hlahisitse lipolelo tse kang “Ha ho ea ka loantšang matla a rerang liketsahalo esale pele,” “E ne e se e ntse e le nako ea hae,” kapa “Ke tsela eo Molimo o ’maletseng eona.” Na lipolelo tse tloaelehileng joaloka tsee ke ’nete? Na re mpa feela re le tlas’a taolo ea ho hlolloa bokamoso hoo re ke keng ra ba le boikhethelo ba letho?
Thuto ea ho hlolloa bokamoso, kapa khopolo ea hore liketsahalo tsohle li reriloe esale pele, e ne e atile har’a Magerike le Maroma a boholo-holo. Esita le kajeno khopolo ena e sa ntse e le matla malumeling a mangata. Ka mohlala, Boislam bo itšoarelletse mantsoeng a Koran: “Le ka mohla ha ho sephefumolohi se tla shoa haese ka thato ea Allah le ka nako e khethiloeng.” Ho lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso ho boetse ho tloaelehile Bokreste-’mōtoaneng ’me ho ’nile ha hōlisoa ke thuto ea ho rereloa lintho esale pele, e neng e rutoa ke John Calvin. Ka hona, ho tloaelehile hore baruti ba bolelle beng ka mofu ba saretsoeng hore kotsi e itseng ea tšohanyetso ke “thato ea Molimo.”
Leha ho le joalo, pono ea hore likotsi tsa tšohanyetso li tla ka lebaka la ho hlolloa bokamoso, e khahlanong le kahlolo e molemo, le phihlelo, ’me ha e utloahale. Tabeng ea pele, ho ke ke ha thoe likotsi tsa tšohanyetso tse bakoang ke lipalangoang ke phello ea ho kenella ha Molimo, kaha hangata ha ho etsoa lipatlisiso ka ho felletseng ho senoloa sesosa sa tsona se utloahalang ka ho phethahetseng. Ho feta moo, litlaleho li bontša ka ho hlakileng hore ho nka mehato ea boitšireletso—joaloka ho iphasa ka lebanta la pholoho—ho fokotsa likotsi tsa tšohanyetso tse bolaeang haholo. Na mehato leha e le efe ea boitšireletso ka sebele e ka sitisa thato ea Molimo e reriloeng esale pele?
Leha ho le joalo, ho lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso ho ama motho ea e lumelang ka ho tebileng. Na ha ho khothalletse liketso tsa booatla, tse kang ho hlokomoloha meeli ea lebelo e behetsoeng lipalangoang le matšoao a laolang sephethe-phethe kapa ho khanna motho a susumetsoa ke tahi kapa lithethefatsi? Ho tebileng le ho feta hoo, ho lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso ho susumelletsa batho ba bang ho beha Molimo molato ha kotsi ea tšohanyetso e ba ama. Kaha ba ikutloa ba halefile ’me ba se na thuso, ebile ba kholisehile hore Molimo ha o ba tsotelle, ba ka ’na ba felloa ke tumelo. Ka ho loketseng seroki Emerson se re: “Ntho e bohloko ka ho fetisisa bophelong ke ho lumela thuto e sehlōhō ea Ho Hlolloa Bokamoso kapa ea hore Liketsahalo li Reriloe Esale Pele.”
Empa Bibele e re’ng ka litsietsi le likotsi tsa tšohanyetso? Na ka sebele e ruta hore ena ke mesebetsi ea ho hlolloa bokamoso? Ho ekelletsa moo, e re’ng ka litebello tsa rōna tsa ho pholoha? Na re na le khetho leha e le efe tabeng ee?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Ntho e bohloko ka ho fetisisa bophelong ke ho lumela thuto e sehlōhō ea Ho Hlolloa Bokamoso kapa ea hore Liketsahalo li Reriloe Esale Pele.”—Ralph Waldo Emerson