Ho Thoholetsa Lefatše le Lecha la Molimo la Tokoloho
“Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—TŠENOLO 21:4.
1, 2. Ke mang feela ea ka tlisang tokoloho ea ’nete, ’me re ka ithuta eng ka Bibeleng ka Eena?
HISTORI e pakile bonnete ba seo moprofeta Jeremia a se buileng: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Ke mang feela eo ka nepo a ka lokisang lika tsa motho? Jeremia o ile a tsoela pele ho re: “Jehova, u nkhalemele.” (Jeremia 10:23, 24) E, ke Jehova feela ea ka tlisang tokoloho ea ’nete mathateng a tšoenyang lelapa la motho.
2 Bibele e na le mehlala e mengata e bontšang matla a Jehova a ho lokolla batho ba mo sebeletsang. “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Likahlolo tsa Jehova khahlanong le borapeli ba bohata le tsona li tlalehiloe, ’me li sebeletsa joaloka ‘temoso ho rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.’—1 Ba-Korinthe 10:11.
O Lokolla Batho ba Oona
3. Jehova o ile a bonahatsa matla a hae a ho lokolla batho ba hae Egepeta joang?
3 Mohlala oa matla a Molimo a ho liha kahlolo holim’a borapeli ba bohata le ho lokolla batho ba etsang thato ea oona o etsahetse nakong eo batho ba oona ba boholo-holo ba neng ba le bokhobeng Egepeta. Exoda 2:23-25 e re: “Ho meketsa ha bona ha fihla ho Molimo, kamoo ba tubehang kateng. Molimo oa utloa ho lumaela ha bona.” Ka ponahatso e tšabehang ea bophahamo ba oona holim’a melimo ea bohata ea Egepeta, Molimo o Matla ’Ohle o ile oa tlisetsa sechaba seo likotlo tse leshome. Kotlo ka ’ngoe e ne e etselitsoe ho tlotlolla molimo oa Egepeta, ho bontšang hore melimo ena ke ea bohata ’me e ke ke ea thusa Baegepeta ba neng ba e rapela. Ka hona Molimo o ile oa lokolla batho ba oona ’me oa timetsa Faro le mabotho a hae Leoatleng le Lefubelu.—Exoda, likhaolo 7 ho ea ho 14.
4. Ke hobane’ng ha e ne e se ho hloka toka hore Molimo o lihe likahlolo tsa oona khahlanong le Bakanana?
4 Ha Molimo o tlisa Iseraele Kanana, baahi ba eona ba rapelang bademona ba ile ba timetsoa ’me naha eo ea nehoa batho ba Molimo. Joaloka ’Musi oa Bokahohle, Jehova o na le tokelo ea ho liha likahlolo tsa hae holim’a malumeli a silafetseng. (Genese 15:16) Mabapi le bolumeli ba Bakanana, Bible Handbook ea Halley e re: “Borapeli ba . . . melimo ea Bakanana bo ne bo akarelletsa ho kopanela likamanong tse fetelletseng tsa botona le botšehali; litempele tsa eona e ne e le litsi tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. . . . Bakanana ba ne ba rapela pel’a melimo ea bona ka ho kopanela boitšoarong bo bobe, e le tšebeletso ea bolumeli; joale, ba ne ba bolaea bana ba bona ba matsibolo e le mahlabelo a eang ho melimo eona eo. Ka tekanyo e khōlō, ho bonahala naha ea Kanana e ne e fetohile Sodoma le Gomorrha sechabeng ka kakaretso.” Oa phaella: “Na tsoelo-pele e joalo ea litšila tse manyala le e sehlōhō e ne e na le tokelo ea ho ba teng halelele ho feta moo? . . . Baepolli ba bang ba lintho tsa khale ba chekang lithakong tsa metse ea Bakanana ba bile baa ipotsa hore na ebe Molimo ha oa ka oa e timetsa kapele ho feta kamoo o e timelitseng ka teng.”
5. Ho lokolla ha Molimo batho ba oona ba boholo-holo ke mohlala oa se tla etsahala mehleng ea rōna joang?
5 Tlaleho ena ea khato eo Molimo o ileng oa e nka khahlanong le borapeli ba bohata, ho lokolla batho ba oona ba selekane, le ho ba fa naha e tšepisitsoeng ke mohlala oa lintho tse tlang. E supa nakong eo ka eona Molimo o tlang ho felisa malumeli a bohata a lefatše lena le batšehetsi ba ’ona ’me o kenye bahlanka ba oona ba kajeno lefatšeng le lecha la ho loka.—Tšenolo 7:9, 10, 13, 14; 2 Petrose 3:10-13.
Tokoloho ea ’Nete Lefatšeng le Lecha la Molimo
6. Tokoloho e ’ngoe e babatsehang eo Molimo o tla fana ka eona lefatšeng le lecha ke efe?
6 Lefatšeng le lecha, Molimo o tla hlohonolofatsa batho ba oona ka mefuta eohle e babatsehang ea tokoloho eo o rerileng ho e fa lelapa la motho. Ho tla ba le tokoloho khatellong ea mekhatlo ea lipolotiki, ea khoebo, ea bolumeli ba bohata. Ho tla ba le tokoloho sebeng le lefung, ’me batho ba be le tebello ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29; Mattheu 5:5.
7, 8. Ho fumana bophelo bo phethahetseng ’meleng lefatšeng le lecha e tla ba phihlelo ea mofuta ofe?
7 Kapele ka mor’a hore lefatše leo le lecha le tlisoe, baahi ba lona ba tla khutlisetsoa bophelong bo phethahetseng ba ’mele ka mohlolo. Jobo 33:25, (NW) e re: “Nama ea hae a e ke e nchafale ho feta bocheng; ha a ke a khutlele matsatsing a bocha ba hae bo sehlahlo.” Esaia 35:5, 6 ea tšepisa: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”
8 Lōna ba nang le likhathatso tsa ’mele ka baka la botsofali kapa ho fokolloa ke bophelo, nahanang le se le le lefatšeng leo le lecha ’me hoseng ho hong le ho hong le tsoha le phela hantle haholoanyane ’me le le sehlahlo. Masoebe ao le nang le ’ona a fetohile letlalo le boreleli le le phetseng hantle—ha ho sa hlokahala litlolo tse khofolang letlalo. Mahlo a lōna a lerootho kapa a foufetseng a entsoe hore a be le pono e phethahetseng—ha ho sa hlokahala likhalase tsa mahlo. Ho tsosolositsoe kutlo e felletseng—lahlang lithuso tseo tsa ho utloa. Maoto a holofetseng joale a se a natlafetse ’me a felletse—lahlang mare ao, liikokotlelo, le litulo tsa liqhoala. Ha ho sa na ho kula—lahlang meriana eo kaofela. Ka hona, Esaia 33:24, (NW) e bolela tjena esale pele: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” E boetse e re: “Lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”—Esaia 35:10.
9. Ntoa e tla felisoa joang ka ho sa feleng?
9 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le motho ea tla etsoa sehlabelo ntoeng. “[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” (Pesaleme ea 46:9) ’Musi oa ’Muso oa Molimo, Kreste Jesu, eo Esaia 9:6 e ’mitsang “Morena oa khotso” a ke ke a hlola a lumella libetsa tsa ntoa hore li be teng. Temana ea 7, (NW) ea phaella: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea hae ea bohosana le khotsong.”
10, 11. Khotso e felletseng e tla bolela’ng lefatšeng?
10 E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ho batho, le lefatšeng lee, hore ba lokolohe libetseng tsa ntoa! Hona joale, libetsa tse sebelisitsoeng lintoeng tse fetileng li ntse li bolaea batho. Naheng e ’ngoe, Fora, ho shoele litsebi tse fetang 600 tse ithutileng ho senya libomo ho tloha ka 1945 ha li ne li leka ho senya liqhomane tse setseng lintoeng tse fetileng. Hlooho ea lefapha le senyang libomo sebakeng seo e itse: “Re ntse re fumana lipitikoe tse e-s’o phatlohe tsa likanono tsa Ntoa ea 1870 e neng e le pakeng tsa Fora le Prussia. Ho na le matša a tletseng liqhomane tse chefu tsa Ntoa ea I ea Lefatše. Khafetsa, rapolasi ea khannang therekere o hata leraba le tsetetseng liqhomane tse phatlolang litanka tsa Ntoa ea II ea Lefatše ’me ebe ho felile ka eena, oa shoa. Lintho tsena li teng hohle.” Lilemong tse peli tse fetileng The New York Times e itse: “Lilemong tse 45 ho tloha ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala [litsi tse senyang libomo] li ntšitse likulo tsa libetsa tse limillione tse 16 mobung oa [Fora], libomo tse 490 000 le maraba a ka metsing a 600 000. . . . [Lihekthere] tse limillione li ntse li kampetsoe, li tletse libetsa tse tsetetsoeng ho fihlela mangoleng ’me li lika-likelitsoe ka litlhokomeliso tse lemosang hore: ‘U se ke ua li Tšoara. Lia Bolaea!’”
11 Lefatše le lecha e tla ba le fapaneng hakaakang! E mong le e mong o tla ba le ntlo e ntle, lijo tse ngata, le mosebetsi o nang le morero le o putsang oa ho fetola lefatše lohle hore e be paradeise. (Pesaleme ea 72:16; Esaia 25:6; 65:17-25) Batho, le lefatše, ha ba sa tla hlola ba hlaseloa ka liqhomane tse limillione. Lefatše le joalo le lecha ke leo Jesu a neng a le hopotse ha a ne a re ho e mong ea neng a bontša tumelo ho eena: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43, NW.
Thuto ea Lefatše Lohle Bakeng sa ho Fumana Bophelo
12, 13. Jesu le Esaia ba buile esale pele ka mosebetsi ofe oa ho ruta lefatšeng lohle bakeng sa mehla ea rōna?
12 Ha motho a ithuta ka lefatše le lecha la Molimo, o boetse o ithuta hore mehleng ea rōna, Jehova o hlahisitse phutheho lefatšeng ka bophara e hlophiselitsoeng borapeli bo hloekileng. E tla ba karolo e ka sehloohong ea lefatše le lecha, ’me Molimo o e sebelisa hona joale bakeng sa ho ruta ba bang ka merero ea oona. Mokhatlo ona oa Bokreste o hlophisitsoeng o etsa mosebetsi oa lefatše lohle oa ho ruta oa mofuta le boholo tse e-s’o ka li bonoa leha e le neng pele. Jesu o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba joalo. O itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.
13 Esaia le eena o ile a bua ka mosebetsi ona oa ho ruta oa lefatše lohle: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo [eo re phelang ho eona], hoba thaba ea ntlo ea Jehova [borapeli ba hae ba ’nete bo phahameng] e tla beoa hlorong ea lithaba . . . ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . [a] tle [a] re rute mekhoa ea [hae], re tsamaee litseleng tsa [hae].”—Esaia 2:2, 3.
14. Re ka khetholla batho ba Molimo joang kajeno?
14 Ka hona, mosebetsi o etsoang lefatšeng ka bophara oa ho paka ka ’Muso oa Molimo ke bopaki bo matla ba hore re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e khopo le hore tokoloho ea ’nete e haufi. Batho ba etelang batho ka molaetsa o tletseng tšepo oa lefatše le lecha la Molimo ba hlalosoa ho Liketso 15:14 e le “sechaba se khethetsoeng lebitso la [Molimo].” Ke bo-mang ba bitsoang ka lebitso la Jehova le ba fanang ka bopaki lefatšeng lohle ka Jehova le ka ’Muso oa hae? Tlaleho ea histori ea lekholong la bo20 la lilemo ea arabela: ke Lipaki tsa Jehova feela. Kajeno li ka holimo ho limillione tse ’nè liphuthehong tse fetang 66 000 lefatšeng lohle.—Esaia 43:10-12; Liketso 2:21.
15. Mabapi le litaba tsa lipolotiki, re ka khetholla bahlanka ba Molimo ba ’nete joang?
15 Bopaki bo bong ba hore Lipaki tsa Jehova li phethahatsa boprofeta bo buang ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso bo bonahala ho Esaia 2:4: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Kahoo batho ba etsang mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle ka puso ea ’Muso oa Molimo ba tlameha hore ‘ba se ke ba hlola ba ithuta ntoa.’ Jesu o itse ba lokela hore e se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Sena se bolela hore ba tlameha ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki, ba se ke ba kopanela liqhoebeshanong le lintoeng tsa lichaba. Ke bo-mang bao e seng “karolo ea lefatše” le ba ’nileng ba se ke ba hlola ba ithuta ntoa? Tlaleho ea histori ea lekholo la bo20 la lilemo e boetse ea tiisa: ke Lipaki tsa Jehova feela.
16. Mosebetsi oa Molimo oa ho ruta lefatšeng ka bophara e tla ba o phethahetseng ho isa bohōleng bofe?
16 Mosebetsi oa ho ruta o etsoang lefatšeng lohle oa Lipaki tsa Jehova o tla tsoela pele esita le ka mor’a hore Molimo o felise lefatše lena le khopo. Esaia 54:13 e re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [“Jehova,” NW].” Mosebetsi ona oa ho ruta e tla ba o phethahetseng hoo Esaia 11:9 e bolelang tjena esale pele: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” Hase ba tla pholoha bofelo ba lefatše lena la khale feela, le bana ba bona ba ka ’nang ba hlaha lefatšeng le lecha, bao ho tla hlokahala hore ba rutoe ka ho tsoelang pele empa le batho ba libillione ba tla tsosoa hore ba boele ba phele. Qetellong, motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng o tla rutoa ho sebelisa boikhethelo ba hae ka nepo a ipapisitse le melao ea Molimo. Phello e tla ba efe? “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
Ho Fumana Tokoloho e Khōlō Esita le Hona Joale
17. Moshe o ile a bolella batho ba Molimo ba boholo-holo hore ba etse’ng?
17 Ha Baiseraele ba le lintšing tsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a bua le bona a re: “Ke le rutile melao le litaelo, kamoo Jehova, Molimo oa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatšeng leo le eang ho le rua. Li bolokeng, le etse ka tsona; hobane ke tsona tsee e tla ba bohlale ba lōna, le kelello ea lōna pel’a lichaba tse tlang ho utloa melao ena kaofela; li tla re: Chaba seno se seholo, ruri ke sechaba se hlalefileng, se nang le kelello. Hobane ke sefe sechaba se seholo seo melimo ea sona e leng haufi le sona, joale ka ha Jehova, Molimo oa rōna, a le haufi le rōna ka mehla ha re mo bitsa?”—Deuteronoma 4:5-7.
18. Batho ba sebeletsang Molimo ba tleloa ke tokoloho efe e khōlō esita le hona joale?
18 Kajeno batho ba limillione ba rapelang Jehova le bona ba lintšing tsa ho kena naheng e tšepisitsoeng—lefatše le lecha. Kaha ba utloa melao ea Molimo, o haufi le bona ’me ba fapane le batho ba bang bohle. Molimo o se o ntse o ba lokollotse likhopolong tsa bolumeli ba bohata, khethollong ea merabe, tšebelisong e sa lokang ea lithethefatsi, bochabeng, ntoeng, le seoeng sa maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ho phaella moo, o ba kopantse ka boena ba machaba bo lerato bo ke keng ba senyeha. (Johanne 13:35) Ha ba tšoenngoe ke bokamoso empa ba “bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona.” (Esaia 65:14) Ba thabela tokoloho e khōlō hakaakang esita le hona joale ka ho sebeletsa Molimo joaloka ’Musi!—Liketso 5:29, 32; 2 Ba-Korinthe 4:7; 1 Johanne 5:3.
Ho Lokolla ba Bang Litumelong tsa Bohata
19, 20. Thuto ea Bibele e lokolla batho joang mabapi le boemo ba bafu?
19 Batho ba bangata bao Lipaki tsa Jehova li ba pakelang le bona ba fumana tokoloho ena. Ka mohlala, linaheng tseo ho tsona ho ntšetsoang pele borapeli ba baholo-holo, Lipaki li tsebisa batho hore bafu ha ba phele sebakeng sefe kapa sefe ’me ba ke ke ba ntša batho ba phelang kotsi. Lipaki tsa Jehova li supa Moeklesia 9:5, e bolelang hore “ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Li boetse li supa Pesaleme ea 146:4, e bolelang hore ha motho a e-shoa, ‘o khutlela lerōleng; ka letsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ Kahoo Bibele e bontša hore ha ho na moea oa sethotsela kapa sephefumolohi se sa shoeng se ka phekolang kapa sa tšosa batho ba phelang. Ka hona, ha ho hlokahale hore motho a senye chelete eo a e sebelelitseng ka thata hore a reke litšebeletso tsa bo-ngakana-ntšonyana kapa baruti.
20 Tsebo e nepahetseng joalo ea Bibele e lokolla batho lithutong tsa bohata tsa mollo oa lihele le pelekatori. Ha batho ba ithuta ’nete ea Bibele ea hore bafu ha ba ikutloe, joalokaha eka ba robetse boroko bo tebileng, ha ba sa tšoenyeha ka se etsahalletseng baratuoa ba bona ba shoeleng. Ho e-na le hoo, ba lebella nako e babatsehang eo moapostola Pauluse a buileng ka eona ha a re: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
21. Ntle ho pelaelo batho ba tlang ho tsosoa ba tla akarelletsa bo-mang, ’me ho ka ’na ha etsahala hore ba arabele joang?
21 Bafu ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng le lokolohileng ka hohle-hohle lefung le futsitsoeng ho Adama. Ntle ho pelaelo ba tlang ho tsosoa ba tla akarelletsa bana ba ileng ba etsoa mahlabelo a eang ho melimo ea Bakanana, e kang Moloke, bahlankana ba ileng ba etsoa mahlabelo a eang ho melimo ea Maaztec, le batho ba limillione tse ngata ba ileng ba etsoa mahlabelo a eang ho molimo oa ntoa. Baa bao pele ba neng ba lumela litumelo tsa bohata ba tla hlolloa hakaakang ’me ba thabe hakaakang! Ka thabo, batho ba joalo ba tsositsoeng ba ka re: “Uena lefu, mahloko a hao a kae? Uena nģalo ea bafu, tšenyo ea hao e kae?”—Hosea 13:14.
Batla Jehova
22. Haeba re batla ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, ho hlokahala hore re hopole eng?
22 Na u batla ho phela lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo, leo ho lona ho tlang ho ba le tokoloho ea ’nete? Haeba ho joalo, joale nka mantsoe a ho 2 Likronike 15:2 ka ho teba: “Jehova o na le lōna mohla lōna le nang le eena. Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna: ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” Hape hopola hore boiteko ba hao bo tiileng ba ho ithuta ka Molimo le ho o khahlisa e ke ke ea e-ba ba lefeela. Ba-Heberu 11:6, (NW) e re Molimo ke “moputsi oa ba o batlang ka tieo.” ’Me Ba-Roma 10:11 e re: “Mang le mang ea lumelang ho eena ha a ka ke a soaba.”
23. Ke hobane’ng ha re lokela ho thoholetsa lefatše le lecha la Molimo la tokoloho?
23 Lefatše le lecha la Molimo la tokoloho ea ’nete le haufi. Ho lona “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” ’Me “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Ba-Roma 8:21; Tšenolo 21:4) Nakong eo bahlanka bohle ba Jehova ba tla phahamisa lihlooho tsa bona ’me ka thabo ba thoholetse lefatše le lecha la Molimo la tokoloho ka ho hooa tjena, ‘Rea u leboha, Jehova, hobane qetellong re fumane tokoloho ea ’nete!’
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Jehova o ile a bonahatsa matla a hae a ho lokolla batho ba hae joang?
◻ Lefatšeng le lecha la Molimo ho tla ba le tokoloho ea mofuta ofe e babatsehang?
◻ Jehova o ruta batho joang hore ba fumane bophelo?
◻ Batho ba Molimo ba thabela tokoloho ea mofuta ofe esita le hona joale ka ho sebeletsa Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jehova o ile a bontša ho phahamela ha hae melimo ea bohata ea Egepeta, a lokolla barapeli ba hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Kajeno, bahlanka ba ’nete ba Molimo ba khetholloa ka ho phethahatsa mosebetsi oa oona oa ho ruta lefatšeng lohle le ho ipitsa ka lebitso la oona