Tokisetso ea Jehova, “Limpho”
“Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna.”—ESAIA 61:5.
1. Ke hobane’ng ha lentsoe “mofani” le ka re hopotsa ka Jehova?
MOLIMO o fana ka seatla se bulehileng hakaakang! Moapostola Pauluse o itse: “[Jehova] ke eena ea neang bohle bophelo, moea le lintho tsohle.” (Liketso 17:25, BPN) E mong le e mong oa rōna a ka rua molemo ka ho nahanisisa ka ‘limpho tse ngata tse ntle le lineo tse phethehileng’ tseo re li fumanang ho Molimo.—Jakobo 1:5, 17; Pesaleme ea 29:11; Mattheu 7:7; 10:19; 13:12; 21:43.
2, 3. (a) Re lokela ho arabela joang limphong tsa Molimo? (b) Balevi e ne e le “limpho” ka kutloisiso efe?
2 Ka lebaka le utloahalang mopesaleme o ile a ipotsa hore na a ka buseletsa Jehova ka eng. (Pesaleme ea 116:12) ’Mōpi oa rōna ha a hlile ha a hloke letho leo batho ba ka bang le lona kapa leo ba ka fanang ka lona. (Pesaleme ea 50:10, 12) Leha ho le joalo, Jehova o bontša hore o thabisoa ke ha batho ka kananelo ba itella borapeli ba ’nete. (Bapisa le Ba-Heberu 10:5-7.) Batho bohle ba lokela ho itela ka ho inehela ho ’Mōpi oa bona, eo le eena ka ho tšoanang a ka ba nehang litokelo tse eketsehileng, joalokaha ho bile joalo ho Balevi ba boholo-holo. Le hoja Baiseraele bohle ba ne ba inehetse ho Molimo, o ile oa khetha lelapa la Aarone la Balevi e le baprista hore ba nehelane ka mahlabelo tabernakeleng le tempeleng. Ho thoe’ng ka Balevi ba bang bohle?
3 Jehova o ile a bolella Moshe: “Atametsa leloko la Levi . . . ’Me ba tlameha ho hlokomela lijana tsohle tsa tente ea pōkano . . . ’Me u tlameha ho nehelana ka Balevi ho Aarone le bara ba hae. Ke limpho [Ka Seheberu, nethu·nimʹ], o ba fuoe ho tsoa baneng ba Iseraele.” (Numere 3:6, 8, 9, 41, NW) Balevi ba ne ba ‘fuoe’ Aarone hore ba phethe mesebetsi tšebeletsong ea tabernakele, kahoo Molimo o ne o ka re: “Ke limpho, tseo ke li fuoeng baneng ba Iseraele.” (Numere 8:16, 19, NW; 18:6) Balevi ba bang ba ne ba phetha mesebetsi e bobebe; ba bang ba ne ba fuoe litokelo tse ikhethang, tse kang ho ruta melao ea Molimo. (Numere 1:50, 51; 1 Likronike 6:48; 23:3, 4, 24-32; 2 Likronike 35:3-5) Joale a re ke re lebiseng tlhokomelo ea rōna ho batho ba bang bao e leng “limpho” le ba tšoanang le bao mehleng ea kajeno.
Baiseraele ba Khutla Babylona
4, 5. (a) Ke Baiseraele bafe ba ileng ba khutla kholehong Babylona? (b) Mehleng ea kajeno, ke eng se tšoanang le ho khutla ha Baiseraele kholehong?
4 Esdrase le Nehemia ba pheta kamoo masala a Baiseraele, a etelletsoe pele ke ’Musisi Zorobabele, a ileng a khutlela naheng ea ’ona a tsoa Babylona, ho tla tsosolosa borapeli ba ’nete. Litlaleho tsena tse peli li bolela hore batho bana ba ileng ba khutla ba ne ba le 42 360 ka kakaretso. Ba likete palong eo e ne e le “banna ba sechaba sa Iseraele.” Tlaleho ha e tsoela pele e thathamisa baprista. Joale e be Balevi ba ka bang 350, ho kopanyelletsa le libini tsa Balevi le bahlokomeli ba liheke. Esdrase le Nehemia ba boetse ba ngola ka ba bang ba eketsehileng ba likete bao ho bonahalang eka ke Baiseraele, mohlomong baprista, empa ba sitoa ho lokolisa leloko la bona.—Esdrase 1:1, 2; 2:2-42, 59-64; Nehemia 7:7-45, 61-66.
5 Masala ana a Iseraele a ileng a isoa kholehong ’me hamorao a khutlela Jerusalema le Juda a ile a bonahatsa boinehelo bo ikhethang ho Molimo le boitelo bo tebileng borapeling ba ’nete. Joalokaha ho hlokomeloa, mehleng ea kajeno re bona se tšoanang ho masala a Iseraele oa moea a ileng a tsoa botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka 1919.
6. Molimo o sebelisitse Baiseraele ba moea joang mehleng ea rōna?
6 Ho tloha ha a lokolloa ka 1919, masala a baena ba tlotsitsoeng ba Kreste a ’nile a hatela pele ka cheseho borapeling ba ’nete. Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba ’ona ba ho bokella ba ho qetela ho ba 144 000 ba bōpang “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Galata 6:16; Tšenolo 7:3, 4) E le sehlopha, masala a tlotsitsoeng a etsa sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” se sebelisetsoang ho fana ka lijo tse ngata tsa moea tse phelisang, tseo ba sebelitseng ka thata ho li aba lefatšeng ka bophara.—Mattheu 24:45-47.
7. Ke bo-mang ba kopanang le batlotsuoa borapeling ba ’nete?
7 Joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, hona joale batho ba Jehova ba kopanyelletsa “linku tse ling” tse limillione, tse nang le tšepo e fanoeng ke Molimo ea ho pholoha mahlomola a maholo a ntseng a atamela. Li lakatsa ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng lefatšeng, moo li ke keng tsa hlola li lapa kapa hona ho nyoroa le moo meokho e bakoang ke ho hlomoha e ke keng ea hlola e keleketla. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9-17; 21:3-5) Na tlalehong ea batho ba ileng ba khutla Babylona re fumana ntho e tšoanang le ea baa? E!
Le Bao e Seng Baiseraele Baa Khutla
8. Ke bo-mang ba ileng ba tsamaea le Baiseraele ba neng ba khutla Babylona?
8 Ha ho ne ho etsoa mohoo oa hore batho ba ratang Jehova Babylona ba khutlele Naheng e Tšepisitsoeng, batho ba likete bao e neng e se Baiseraele ba ile ba arabela. Lethathamong le ileng la etsoa ke Esdrase le Nehemia, re bala ka “ba-Nethinime” (ho bolelang, “Limpho”) le “bara ba bahlanka ba Salomone,” bao palo ea bona ha e kopanngoa e neng e le 392. Tlaleho e boetse e bua ka ba bang ba fetang 7 500: ‘makhoba a banna le a basali,’ haesita le “libini tsa banna le tsa basali” tseo e seng Balevi. (Esdrase 2:43-58, 65; Nehemia 7:46-60, 67) Ke eng se ileng sa susumetsa batho ba bangata hakaale bao e seng Baiseraele hore ba khutle?
9. Moea oa Molimo o ile oa kenella joang tabeng ea ho khutla kholehong?
9 Esdrase 1:5 e bua ka “bohle bao lipelo tsa bona li susumelitsoeng ke Jehova, ba tloha ho ea haha ntlo ea Jehova.” E, Jehova o ile a susumetsa bohle ba ileng ba khutla. O ile a matlafatsa moea oa bona, ke hore, tšekamelo ea bona e susumetsang kelello. Molimo o ne o ka etsa sena ka ho sebelisa moea oa oona o halalelang, matla a oona a sebetsang, o ntse o le maholimong. Ka hona, bohle ba ileng “ba ea, ba qala ho sebetsa ntlo ea Jehova” ba ile ba thusoa ke “moea [oa Molimo].”—Zakaria 4:1, 6; Haggai 1:14.
Ba Tšoanang le Bona Kajeno
10, 11. Ho khutla ha batho bao e seng Baiseraele Babylona ho ka tšoantšoa le eng?
10 Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke batho bao ba ileng ba khutla bao e neng e se Baiseraele? Bakreste ba bangata ba ka ’na ba arabela: ‘Banethinime ba tšoana le “linku tse ling” kajeno.’ Ke ’nete, empa e seng Banethinime feela; kaha batho bohle bao e seng Baiseraele ba ileng ba khutla ba emela Bakreste kajeno bao e seng ba Iseraele oa moea.
11 Buka You May Survive Armageddon Into God’s New Worlda e itse: “Masala a Baiseraele ba 42 360 e ne e se ’ona feela a ileng a tloha Babylona le ’musisi Zorobabele . . . Ho ne ho e-na le batho ba likete bao e neng e se Baiseraele . . . Ntle ho Banethinime ho ne ho e-na le batho ba bang bao e seng Baiseraele, makhoba, litsebi tsa ’mino tsa banna le basali le litloholo tsa bahlanka ba Morena Salomone.” Buka ena e ile ea hlalosa: “Banethinime, makhoba, libini le bara ba bahlanka ba Salomone, bohle bao e neng e se Baiseraele, ba ile ba tloha naheng ea botlamuoa ’me ba khutla le masala a Baiseraele . . . Kahoo na ke ho loketseng ho nahana hore kajeno batho ba lichaba tse sa tšoaneng bao e seng Baiseraele ba moea ba ne ba ka ikopanya le masala a Iseraele oa moea ’me ba ntšetse pele borapeli ba Jehova Molimo le bona? E.” Ba joalo ‘ba fetohile batho ba kajeno ba neng ba tšoantšetsa Banethinime, libini, le bara ba bahlanka ba Salomone.’
12. Molimo o sebelisa moea oa oona ka tsela e khethehileng joang molemong oa Baiseraele ba moea, empa ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o ka fumanoa ke barapeli bohle ba oona?
12 Joalokaha ho bile joalo mohlaleng oa boholo-holo, Molimo o boetse o fana ka moea oa oona ho bana ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ke ’nete hore ha baa tsoaloa la bobeli. E mong le e mong oa ba 144 000 o ba le phihlelo e tlang hanngoe feela ea ho tsoaloa la bobeli e le mora oa moea oa Molimo ’me o tlotsoa ka moea o halalelang. (Johanne 3:3, 5; Ba-Roma 8:16; Ba-Efese 1:13, 14) Ha e le hantle, ho tlotsoa hona ke pontšo e ikhethang ea moea oa Molimo molemong oa mohlatsoana. Empa moea oa Molimo o boetse oa hlokahala ho phetha thato ea oona. Kahoo, Jesu o itse: ‘Ntate ea leholimong o fana ka moea o halalelang ho ba o kōpang ho eena.’ (Luka 11:13) Ebang motho ea o kōpang o na le tšepo ea leholimo kapa ke oa linku tse ling, moea oa Jehova o fumaneha ka bongata bakeng sa ho phethahatsa morero oa Hae.
13. Moea o ka sebetsa joang ho bahlanka bohle ba Molimo?
13 Moea oa Molimo o ile oa susumetsa Baiseraele le batho bao e seng Baiseraele ho khutlela Jerusalema, ’me o matlafatsa le ho thusa batho ba oona bohle ba tšepahalang kajeno. Ebang tšepo ea Mokreste e fanoeng ke Molimo ke ea bophelo leholimong kapa bophelo lefatšeng, o tlameha ho bolela litaba tse molemo, ’me moea o halalelang o mo nolofalletsa hore a tšepahale ho seo. Kaofela ha rōna—ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ke efe—re tšoanela ho hlaolela litholoana tsa moea, tseo kaofela ha rōna re li hlokang ka ho felletseng.—Ba-Galata 5:22-26.
Ba Fanoe Bakeng sa Tšebeletso e Khethehileng
14, 15. (a) Har’a batho bao e seng Baiseraele ba ileng ba khutla, ho qollotsoe lihlopha life tse peli? (b) Banethinime e ne e le bo-mang, ’me ba ne ba etsa’ng?
14 Har’a batho ba likete bao e neng e se Baiseraele bao moea o ileng oa ba susumelletsa hore ba khutle ho ne ho le lihlopha tse nyenyane tse peli tse qolloang ke Lentsoe la Molimo—Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone. E ne e le bo-mang? Ba ne ba etsa eng? ’Me see se ka bolela eng kajeno?
15 Banethinime e ne e le sehlopha se neng se sa tsoe ho Baiseraele ’me se fuoe tokelo ea ho sebeletsa le Balevi. Hopola Bakanana ba neng ba tsoa Gibeone ba ileng ba fetoha “ba rathang patsi, le ba khang metsi a phutheho le a aletare ea Jehova.” (Joshua 9:27) Mohlomong litloholo tse ling tsa bona li ne li le har’a Banethinime ba khutlileng Babylona, haesita le ba bang ba neng ba ekelitsoe joaloka Banethinime nakong ea puso ea Davida le ka linako tse ling. (Esdrase 8:20) Banethinime ba ne ba etsa’ng? Balevi ba ne ba abetsoe ho thusa baprista, ’me hamorao Banethinime ba ile ba abeloa ho thusa Balevi. Esita le ho melata e bolotseng, ena e ne e le tokelo.
16. Mosebetsi oa Banethinime o ile oa fetoha joang ha nako e ntse e feta?
16 Ha sehlopha se khutla Babylona, se ne se e-na le Balevi ba ’maloa, ha ho bapisoa le baprista kapa Banethinime le “bara ba bahlanka ba Salomone.” (Esdrase 8:15-20) Dictionary of the Bible, ea Dr. James Hastings, e re: “Ka mor’a nako re fumana [Banethinime] ba tsitsitse ka ho felletseng e le sehlopha se etelletseng pele se halalelang, hoo ba neng ba fuoa litokelo.” Koranta ea thuto Vetus Testamentum e re: “Ho ile ha ba le phetoho. Ka mor’a ho Khutla Kholehong, [melata] ena e ne e se e sa nkoe e le makhoba a Tempele, empa basebeletsi ho eona, e thabela boemo bo tšoanang le ba lihlopha tse ling, tse neng li etella pele Tempeleng.”—Bona lebokose “Boemo bo Fetohileng.”
17. Ke hobane’ng ha Banethinime ba ile ba fuoa mosebetsi o eketsehileng, ’me see se na le bopaki bofe ba Bibele?
17 Ha e le hantle, Banethinime ha baa ka ba lekana le baprista le Balevi. Baprista le Balevi e ne e le Baiseraele, ba khethiloeng ke Jehova ka boeena ’me ba sa tlameha ho nkeloa libaka ke batho bao e seng Baiseraele. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ka baka la palo e fokolang ea Balevi, Banethinime ba ile ba abeloa hore ba etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Molimo. Ba ne ba fuoe mahae a haufi le tempele. Mehleng ea Nehemia ba ne ba sebetsa le baprista ho lokisa marako a haufi le tempele. (Nehemia 3:22-26) ’Me morena oa Persia o ile a ntša taelo ea hore Banethinime ba se lefisoe lekhetho, joalokaha le Balevi ba ne ba sa le lefe ka baka la tšebeletso ea bona ea tempele. (Esdrase 7:24) Sena se bontša kamoo “limpho” tsena (Balevi le Banethinime) li neng li momahane ka teng litabeng tsa moea ka nako eo le kamoo likabelo tsa Banethinime li ileng tsa eketseha ha tlhokahalo e hlaha, le hoja ho se mohla ba kileng ba nkoa e le Balevi. Hamorao ha Esdrase a phutha batho ba kholehong hore ba khutle, qalong ho ne ho se na Balevi har’a bona. Kahoo, o ile a leka ka matla ho ba phutha. Sena se ile sa fella ka hore Balevi ba 38 le Banethinime ba 220 ba khutlele ho ea sebeletsa e le “ba tlang ho tšoara tšebeletso ea ntlo ea Molimo oa rōna.”—Esdrase 8:15-20.
18. Bara ba bahlanka ba Salomone e ka ’na eaba ba ne ba etsa mosebetsi ofe?
18 Sehlopha sa bobeli sa batho bao e neng e se Baiseraele se ileng sa qolloa e ne e le bara ba bahlanka ba Salomone. Bibele e fana ka lintlha tse ’maloa ka bona. Ba bang e ne e le “bara ba Soferethe.” Esdrase o eketsa lebōpi-khetho lebitsong leo, hore e be Has·so·pheʹreth, eo mohlomong e bolelang “mongoli.” (Esdrase 2:55; Nehemia 7:57) Ka hona, ho ka etsahala hore e ne e le sehlopha sa bangoli kapa bakopitsi, mohlomong bangoli ba tempele kapa ba litaba tsa tsamaiso. Le hoja e ne e le melata, bara ba bahlanka ba Salomone ba ile ba paka boinehelo ba bona ho Jehova ka ho tloha Babylona le ho khutlela ho tla nka karolo ho tsosoloseng borapeli ba Hae.
Ho Itela ha Rōna Kajeno
19. Kamano e teng pakeng tsa batlotsuoa kajeno le linku tse ling ke efe?
19 Mehleng ea rōna, Molimo o sebelisitse masala a tlotsitsoeng ka matla ho etella pele borapeli bo hloekileng le ho bolela litaba tse molemo. (Mareka 13:10) Baa ba thabile hakaakang ho bona likete tse mashome, likete tse makholo, ’me hamorao limillione tsa linku tse ling li ikopanya le bona borapeling! ’Me ho bile le tšebelisano-’moho e thabisang hakaakang pakeng tsa masala le linku tse ling!—Johanne 10:16.
20. Ke kutloisiso efe e utloahalang tabeng ea ho tšoantša Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone? (Liproverbia 4:18)
20 Batho bohle bao e neng e se Baiseraele ba ileng ba khutla kholehong Babylona ea boholo-holo ba tšoana le linku tse ling tseo joale li sebeletsang le masala a Iseraele oa moea. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka hore ebe Bibele e qolla Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone? Mohlaleng oa sena, Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone ba ne ba fuoe litokelo tse fetang tsa ba bang bao e neng e se Baiseraele ba ileng ba khutla. Ka nepo sena se ka tšoantšetsa hore kajeno Molimo o fane ka litokelo le mesebetsi ho ba bang ba hōlileng moeeng le ba ikemiselitseng ba linku tse ling.
21. Baena ba bang ba nang le tšepo ea lefatšeng ba amohetse mesebetsi le litokelo tse eketsehileng joang?
21 Litokelo tse ekelitsoeng tsa Banethinime li ne li amana ka ho toba le mesebetsi ea moea. Kamoo ho bonahalang ka teng, bara ba bahlanka ba Salomone ba ile ba fuoa boikarabelo ba litaba tsa tsamaiso. Ka ho tšoanang, kajeno Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka “limpho tsa banna” ho hlokomela litlhoko tsa bona. (Ba-Efese 4:8, 11, 12, NW) Tokisetsong ena ho kopanyelletsoa baena ba makholo-kholo ba hōlileng moeeng, ba nang le phihlelo ba nkang karolo ‘ho aloseng mehlape,’ ba sebeletsang e le balebeli ba potoloho le ba setereke le Likomiting tsa Lekala makaleng a 98 a Mokhatlo oa Watch Tower. (Esaia 61:5) Ntlo-khōlōng ea lefatše ea Mokhatlo, tlas’a tataiso ea “mohlokomeli ea tšepahalang” le Sehlopha se Busang, banna ba tšoanelehang ba amohela koetliso e ba thusang ho lokisetsa lijo tsa moea. (Luka 12:42, NW) Baithaopi ba bang ba inehetseng ka nako e telele ba ile ba koetlisetsoa ho tsamaisa mahae a Bethele le lifektheri le ho hlokomela mananeo a lefatše ka bophara a ho haha mehaho e mecha le liholo bakeng sa borapeli ba Bokreste. Ba ’nile ba ipabola tabeng ea ho sebeletsa e le bathusi ba haufi-ufi ba masala a tlotsitsoeng, a etsang karolo ea baprista ba marena.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 4:17; 14:40; 1 Petrose 2:9.
22. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe ba bang ho linku tse ling ba fuoa boikarabelo bo boima hona joale, ’me re lokela ho arabela joang ho see?
22 Mehleng ea boholo-holo, baprista le Balevi ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa har’a Bajode. (Johanne 1:19) Leha ho le joalo, kajeno, masala a Iseraele oa moea lefatšeng a tlameha ho lula a qepha. (Bapisa le Johanne 3:30.) Qetellong, ka mor’a timetso ea Babylona e Moholo, bohle ba 144 000 ‘ba tšoailoeng’ ba tla ba leholimong bakeng sa lenyalo la Konyana. (Tšenolo 7:1-3; 19:1-8) Empa joale linku tse ling li tlameha ho tsoela pele li eketseha. Hore ebe hona joale ba bang ho tsona, joaloka Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone, ba abeloa boikarabelo bo boima tlas’a tataiso ea masala a tlotsitsoeng ha ho ba etse hore ba ikhohomose kapa ba inke e le ba bohlokoa. (Ba-Roma 12:3) Sena se re neha kholiseho ea hore ha batho ba Molimo ‘ba tsoa mahlomoleng a maholo,’ ho tla ba le banna ba nang le phihlelo—“mahosana”—ba itokiselitseng ho etella pele har’a linku tse ling.—Tšenolo 7:14; Esaia 32:1; bapisa le Liketso 6:2-7.
23. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re tlameha ho hlaolela moea oa ho fana mabapi le tšebeletso ea Molimo?
23 Bohle ba ileng ba khutla Babylona ba ne ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata le ho paka hore ba ne ba etellelitse borapeli ba Jehova pele mohopolong le lipelong tsa bona. Hoa tšoana le kajeno. Hammoho le masala a tlotsitsoeng, “balichaba ba tla le sebeletsa, ba be ba lise le mehlape ea lōna.” (Esaia 61:5) Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo efe e fanoeng ke Molimo, ’me ho sa tsotellehe hore na baholo ba khethiloeng ka moea ba ka fuoa litokelo life pele ho letsatsi la ho itlotlisa ha Jehova ka Harmagedone, e se eka bohle re ka hlaolela moea oa ho hloka boithati, o hahang, oa ho fana. Le hoja ho se mohla re ka buseletsang Jehova bakeng sa melemo ea hae eohle e meholo, e se eka re ka inehela ka sephefumolohi sohle nthong leha e le efe eo re e etsang mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. (Pesaleme ea 116:12-14; Ba-Kolosse 3:23) Ka hona, kaofela ha rōna re ka itela molemong oa borapeli ba ’nete, ha linku tse ling li sebetsa haufi-ufi le batlotsuoa, ba khethetsoeng ho “busa holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Maqephe 142-8; e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Lintlha Tseo re Lokelang ho li Hopola
◻ Balevi e ne e le “limpho” ka tsela efe Iseraeleng ea boholo-holo?
◻ Ke batho bafe bao e seng Baiseraele ba ileng ba khutla kholehong, ba tšoantšetsa bo-mang?
◻ Ho bonahala ho ile ha etsahala phetoho efe ho Banethinime?
◻ Mabapi le Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone, re utloisisa ho tšoana hofe kajeno?
◻ Tšebelisano ea batlotsuoa le linku tse ling e re kholisa ka eng?
[Lebokose le leqepheng la 14]
BOEMO BO FETOHILENG
Libuka tse ngata tse hlalosang mantsoe a Bibele le libuka tsa boitsebiso li hlalosa ka liphetoho tse ileng tsa etsahala ho batho ba bang bao e neng e se Baiseraele ba ileng ba khutla kholehong. Ka mohlala, tlas’a “Phetoho boemong ba bona,” Encyclopædia Biblica e re: “Boemo ba bona sechabeng, joalokaha ho bontšitsoe, ho ile ha hlokahala hore bo phahame. [Banethinime] ha ba sa hlaha e le makhoba ho ea ka moelelo oa lentsoe leo.” (E hatisitsoe ke Cheyne le Black, Buka III, leqephe 3399) Ho The Cyclopædia of Biblical Literature, John Kitto o ngotse: “Ho ne ho sa lebelloa hore ba bangata ba bona [Banethinime] ba ne ba tla khutlela boemong ba bona bo tlaase Palestina . . . Boinehelo ba boithatelo bo ileng ba bontšoa ke batho bana ka ho loketseng bo ile ba phahamisa boemo ba Banethinime.” (Buka II, leqephe 417) The International Standard Bible Encyclopedia e bontša hore: “Ka baka la kopano ena le semelo sa bona nakong ea Salomone, ho ka nahanoa hore bahlanka ba Salomone ba ne ba e-na le boikarabelo bo bonahalang tempeleng ea bobeli.”—E hatisitsoe ke G. W. Bromiley, Buka 4, leqephe 570.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha Baiseraele ba khutla ho ea tsosolosa Jerusalema, batho ba likete bao e seng Baiseraele ba ile ba tsamaea le bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Komiti ea Lekala Korea. Joaloka Banethinime ba boholo-holo, banna ba linku tse ling ba na le boikarabelo bo boima borapeling ba ’nete kajeno