Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 leq. 31
  • Tsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsebiso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuso Bakeng sa Likomiti tsa Sehlopha se Busang
  • Ho Sebelisana le Sehlopha se Busang Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Kamoo Sehlopha se Busang se Hlophisitsoeng Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tokisetso ea Jehova, “Limpho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 leq. 31

Tsebiso

Thuso Bakeng sa Likomiti tsa Sehlopha se Busang

Litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tse Jehova, tseo hona joale li leng 12 ka palo, li tsoela pele ho sebeletsa ka botšepehi likabelong tsa tsona. Ka linako tsohle li leboha litho tse tšepahalang tse ntseng li eketseha tsa “bongata bo boholo” ka tšehetso ea tsona e mafolo-folo. (Tšenolo 7:9, 15) Ka baka la keketseho e khōlō lefatšeng ka bophara, ho bonahala ho loketse nakong ena ho neha Sehlopha se Busang thuso e itseng e eketsehileng. Ka baka leo ho entsoe qeto ea ho mema bathusi ba ’maloa, haholo-holo ho tsoa ho ba bongata bo boholo, ho kopanela libokeng tsa Likomiti ka ’ngoe tsa Sehlopha se Busang, e leng Likomiting tsa Basebetsi, ea Khatiso, ea Tšebeletso, ea ho Ruta, le ea ho Ngola. Ka hona, palo ea ba bang teng sebokeng ka seng sa likomiti tsena e tla eketsoa ho fihla ho ba supa kapa ba robeli. Tlas’a tataiso ea litho tsa Sehlopha se Busang, bathusi bana ba tla nka karolo lipuisanong le ho phetha likabelo tse sa tšoaneng tseo ba li fuoang ke komiti. Tokisetso ena e ncha e tla qala ho sebetsa ka May 1, 1992.

Ka lilemo tsa ngata joale, palo ea masala a Lipaki tse tlotsitsoeng e ’nile ea fokotseha, ha palo ea bongata bo boholo e ’nile ea eketseha ho feta kamoo re neng re lebelletse ka teng. (Esaia 60:22) Re leboha Jehova hakaakang ka keketseho ena e babatsehang! Ha lebitso le lecha, Lipaki tsa Jehova, le ne le amoheloa ka thabo ka 1931, tlhōro ea bahoeletsi ba ’Muso e ne e le 39 372, boholo ba bona e le ba ipolelang ho ba baena ba tlotsitsoeng ba Kreste. (Esaia 43:10-12; Ba-Heberu 2:11) Lilemo tse 60 hamorao, ka 1991, tlhōro ea lefatše lohle ea bahoeletsi e ne e le 4 278 820, bao ho bona ba 8 850 e leng ba ipolelang e le ba masala a tlotsitsoeng. Joalokaha ho ne ho lebelletsoe ho ea ka leseli la Mangolo, joale “bongata bo boholo” bo feta masala a “mohlatsoana” ka ba 480 ho a le mong. (Luka 12:32; Tšenolo 7:4-9) Bakeng sa ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso tse hōlang, ka sebele masala a hloka le ho ananela tšebelisano-’moho le tšehetso ea bongata bo boholo.

Joalokaha ho hlalositsoe tokollong ena ea Molula-Qhooa, ho na le sehlopha se sebeletsang le Iseraele oa moea kajeno se tšoanang le Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone ba ileng ba khutla botlamuoeng Babylona le masala a Bajode; batho bao, bao e neng e se Baiseraele ba ne ba bile ba feta Balevi ka palo. (Esdrase 2:40-58; 8:15-20) “Limpho” tse tsoang har’a bongata bo boholo kajeno ke banna ba Bakreste ba bileng le phihlelo e khōlō ka baka la ho hlokomela mosebetsi oa ho etella pele makaleng, mosebetsing oa ho tsamaea, hape le har’a liphutheho tse 66 000 tseo hona joale li hlonngoeng lefatšeng lohle.

Haufinyane, Likolo tsa Tšebeletso tsa ’Muso li ile tsa tšoaroa lefatšeng ka bophara bakeng sa thupelo ea balebeli le bahlanka ba sebeletsang ba ba thusang. United States feela, ho bile teng balebeli ba 59 420. Ka hona “baholo” bana ba ile ba hlomelloa ho etsa mesebetsi ea bona ka mokhoa o atlehang haholoanyane.—1 Petrose 5:1-3; bapisa le Ba-Efese 4:8, 11.

Ntlo-khōlōng ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, ba bang ba “limpho” ba sebelelitse ka lilemo tse ngata-ngata. Bana ba kopanyelletsa balebeli ba bongata bo boholo ba fumaneng tsebo e ngata le phihlelo. Ka hona, Sehlopha se Busang se khethile ba ’maloa har’a balebeli ba joalo ho thusa libokeng tsa likomiti tsa Sehlopha se Busang. Bana ha ho hlile ha ho bolele hore ke banna ba nang le tlaleho ea tšebeletso ea nako e telele haholo. Ho e-na le hoo, ke banna ba hōlileng tsebong, ba nang le phihlelo le litšoaneleho tse ba etsang hore ba lokele ho thusa mafapheng a khethehileng. Ho abeloa ha bona hore ba sebetse le komiti ha ho ba nehe maemo a khethehileng. Joalokaha Jesu a boletse mabapi le barutuoa ba hae, “kaofela ha lōna le baena.” (Mattheu 23:8, NW) Leha ho le joalo, banna bana ba tla nehoa ho hongata, ’me ka baka leo “ho tla batloa ho hoholo” ho bona.—Luka 12:48, NW.

Re thabela ho hatela pele ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova kajeno. Lilemong tse leshome tse fetileng, ho bile le hoo e ka bang keketseho ea 100 lekholong palong ea ba sebeletsang tšimong, tumellanong le boprofeta bo mabapi le Davida e Moholoanyane, Jesu Kreste: “Keketsehong ea ’muso oa hae le khotso ho ke ke ha e-ba le bofelo.” (Esaia 9:7, King James Version) Ka tsela e tšoanang Banethinime ba ile ba sebetsa haufi le baprista ho lokiseng marako a Jerusalema, ka hoo kajeno boprofeta bo mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova boa phethahala: “Balichaba ba tla tsosa marako a hao.” (Esaia 60:10; Nehemia 3:22, 26) Banethinime ba kajeno ba lokela ho babatsoa ka cheseho eo ba e bontšang ho hōliseng borapeli ba ’nete, ba thusa “baprista ba Jehova” mosebetsing kapa tšebeletsong leha e le efe eo ba ka e abeloang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatše lohle.—Esaia 61:5, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela