Jehova—Na ke Motho eo U mo Tloaetseng Feela Kapa ke Motsoalle oa Hao?
“JOHN, na nka u tsebisa motsoalle oa ka? Enoa ke—ke kōpa tšoarelo, hana lebitso la hao u mang?”
Na u kile ua utloa phoso ea mofuta oo ha ho buisanoa? E fana ka mohlala oa kamoo batho ba bang ba sebelisang lentsoe “motsoalle” hampe ka teng. Ha e le hantle ba bolela feela “motho eo ba mo tloaetseng” kapa mohlomong ha ba bolele seo. Ho tloaelana le Monghali Lereko ea lulang ka nģane ho seterata ke taba e ’ngoe; ’me ho ba motsoalle oa hae ke taba e ’ngoe hape e fapaneng le eo.
Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “motho eo u mo tloaetseng” e le “motho eo u kileng ua teana le eena empa u se na katamelano e matla ea botho le eena.” E bontša “ho se mo tsebe hantle, ho se be haufi-ufi le eena, ho se be le botsoalle bo bokaalo le eena, le ho se mo lakaletse molemo joaloka MOTSOALLE.”
Ho haella hona ha katamelano e matla ea botho ho re thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha hangata re sa tsotelle se etsahallang batho bao re ba tloaetseng, empa re ameha haholo ka bophelo ba metsoalle ea rōna. Re kopanela le eona thabong le mahlomoleng ao e fetang ho ’ona, re etsa hore seo e fetang ho sona se re ame ka ho teba. Ha e le hantle, re tlameha ho hlokomela hore ho ameha ha rōna ha maikutlo ho se ke ha re khelosa hore re itšunya-tšunye litabeng tsa eona tsa botho.—1 Petrose 4:15.
Ho ba le katamelano e matla ea botho le metsoalle ea rōna ho boetse ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ka tloaelo re leka ho e khahlisa. Haeba motho eo re mo tloaetseng a nka hore boitšoaro ba rōna boa nyatseha kapa ha bo botle, hoo ho ka se re etse hore re fetohe. Empa ka sebele motsoalle a ka fana ka tšusumetso e matla, ebang ke tabeng ea moaparo, boitšoaro, kapa boikutlo.
Ha e le tabeng ea ho tšepana, lerato, tlhompho, le botšepehi, botsoalle bo hloka tekanyo e khōloanyane ea boikarabelo ho feta e hlokoang ke ha u tloaetse motho. Motho ea batlang botsoalle empa a sa batle boikarabelo, ha e le hantle o batla ho tloaela motho eo feela, eseng ho ba motsoalle oa hae. Metsoalle e haufi e thabela ho phetha boikarabelo bo tlisoang ke katamelano e matla ea botho, e hlokomela hore sena se e neha monyetla oa ho paka hore botsoalle ba eona ke ba sebele.
Botsoalle le Molimo
Joaloka ’Mōpi, Jehova ke Ntate oa batho oa leholimo ’me o loketsoe ke hore re mo rate, re mo utloe, ’me re mo hlomphe. Empa o batla hore batho ba etse sena ka baka la katamelano e matla ea botho, eseng feela ho etsa sena bakeng sa ho phetha molao. (Mattheu 22:37) O boetse o batla hore ba mo rate joaloka Motsoalle. (Pesaleme ea 18:1) Kaha “e le eena ea re ratileng pele,” eena ka boeena o ralile motheo o phethahetseng bakeng sa botsoalle bo joalo.—1 Johanne 4:19.
Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba tloaelane le Jehova. Potso e ne e le hore: Na ba ne ba tla amohela memo ea hae ea hore e be metsoalle ea hae? Hoa soabisa ho bolela hore, ha baa ka ba e amohela. Ho batla ha bona ka boithati ho itokolla bobusing ba Molimo ha hoa ka ha bontša boikutlo leha e le bofe ba katamelano e matla ea botho. Le hoja ba ne ba ikemiselitse ho amohela mahlohonolo a botsoalle boo a neng a fana ka bona, ba ne ba sa ikemisetsa ho phetha boikarabelo bo hlokoang ke botsoalle bo joalo. Ho ne ho tšoana le hoja ba ne ba batla ho thabela boiketlo le tšireletseho tse lehaeng la bona le mabotho-botho la Paradeise empa ba sa ikemisetsa ho lefa rente.
Kaofela ha rōna, re futsitse moea ona oa ho hloka kananelo le oa ho ipusa, ba bang ka tekanyo e khōloanyane ho feta ba bang. (Genese 8:21) Ka mohlala, bacha ba bang ba lumelletse takatso ea bona ea tlhaho ea ho batla ho ipusa hore e ba etse hore ba hloke kananelo ho batsoali ba bona. Sena se felletse ka ho fela ha botsoalle ba bohlokoa bo neng bo tlameha ho ba teng pakeng tsa bona le batsoali ba bona bophelong bohle. Leha ho le joalo, le hoja sena se soabisa, ho fela ha botsoalle ba rōna le Ntate oa rōna oa leholimo ke ho tebileng haholo ho feta moo. Ha e le hantle, ho ka fella ka lefu!
Se Hlokahalang Bakeng sa Botsoalle
Ha ho tšepana ho le sieo, kamano ebang ke ea batho ho batho ba bang kapa le Molimo, e ke ke ea tšoarella. Mopatriareka Abrahama o ile a utloisisa sena, ke ka baka leo khafetsa a ’nileng a bontša hore o tšepa Molimo ka ho felletseng. Bala Genese 12:1-5 le 22:1-18, ’me o bone mehlala e ’meli e hlahelletseng ea ho tšepa ha hae Jehova. E, “Abrahama o lumetse Molimo, ’me a balloa hona hoba ke ho loka.” Ke ka baka leo a ileng “a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.”—Jakobo 2:23.
Tlhokahalo e ’ngoe bakeng sa ho ba le botsoalle le Molimo ke ho phetha litlamo tse akaretsoang ke botsoalle bona. Ka baka la boemo ba rōna bo tlaase ha re bapisoa le Jehova, hoa utloahala hore litlamo tsena li phahametse tse hlokahalang botsoalleng ba batho. Li feta ho batla ho mo thabisa linthong tse ling—joalokaha re ne re tla etsa joalo ho motsoalle oa motho. Li akarelletsa ho batla ha rōna ho mo thabisa linthong tsohle. Jesu, Mora oa Molimo e bile e le motsoalle oa oona ea haufi-ufi, o bontšitse sena ha a ne a re ka Jehova: “Ke ntse ke etsa ka mehla se mo khahlisang.”—Johanne 8:29.
Ka hona, botsoalle le Jehova, kapa le Mora oa hae, ha bo be teng ntle le ho ikarabella; bo itšetlehile ka hore re phele ka litekanyetso tsa botsoalle tseo re tlamehang ho sebeletsa ho tsona pele tseo ba re behetseng tsona. (Bona Pesaleme ea 15:1-5.) Jesu o bontšitse sena ka ho hlaka ha a ne a buisana le barutuoa ba hae. O ile a ba bolella hore: “Le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona.”—Johanne 15:14.
Tlhokahalo e ’ngoe bakeng sa botsoalle ke puisano e bulehileng le e etsoang ka bolokolohi. Letsatsing la lefu la hae, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore: “Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.” (Johanne 15:15) Ha Jesu a arolelana maikutlo a hae le metsoalle ea hae, o ne a latela mohlala oa Ntate oa hae oa leholimo, eo Amose 3:7 e reng ka eena: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-s’o ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.”
Na ee ha se ntho e tloaelehileng ho metsoalle? Re ka ’na ra ikutloa re sa susumelletsehe ho abelana liphihlelo tsa rōna le Monghali Lereko ea lulang ka nģane ho seterata. ’Me ka sebele re ke ke ra batla ho ’molella mehopolo le maikutlo a rōna a ka hare. Ntle ho moo, ke motho eo re mo tloaetseng feela. Empa ho metsoalle ea rōna, re sitoa le ho ema nako e telele pele re e bolella litaba tse joalo!
Ho joalo feela le botsoalleng ba rōna le Molimo. Re sitoa ho ema nako e telele pele re o atamela ka thapelo, re o senolela litlhoko tsa rōna, litakatso tsa rōna, le maikutlo a rōna a ka hare. Ha e le hantle, haeba puisano e sekametse ka lehlakoreng le le leng feela, ka potlako botsoalle bo tla fela. Kahoo re tlameha hore le rōna re lumelle Molimo hore o bue le rōna. Re etsa sena ka hore re mamele ka hloko se boleloang ke Lentsoe la oona le ngotsoeng, re thuise ka likeletso tsa oona, ebe re li sebelisa ka hohle kamoo re ka khonang.
Botsoalle ba Jehova bo Bohlokoa Hakae ho Uena?
Ho u thusa hore u arabele potso ena, nahana ka mofuta o khethehileng oa botsoalle ba batho. Haeba u motho e mocha, mohlomong u thahasella ho ba le botsoalle bo tla lebisa lenyalong. Ha e le hantle, ua hlokomela hore ho tloaelana feela le motho eo e ka ’nang ea ba molekane oa hao ho hang ha se motheo o loketseng oa lenyalo. Ho tloaelana ho tlameha hore ho fetohe botsoalle. Joale botsoalle bona bo ka hōlisoa ’me ba etsoa hore e be kamano e haufi-ufi eo qetellong e tla theha motheo o loketseng bakeng sa lenyalo le thabileng.
Joale, nahana. Batho ba etsa boiteko bo bokae hore mofuta oo oa botsoalle o atlehe? Ba senya nako le chelete e kae ho theha le ho boloka botsoalle boo? Ba senya nako e ngata hakae ba nahana ka bona? Ba rera lintho—kapa ba bontša ho ikemisetsa ho fetola merero ea bona—ka sepheo sa ho ntlafatsa le ho boloka kamano ee ho isa boholeng bofe?
Joale ipotse: ‘See se amana joang le boiteko boo ke bo etsang ho hōlisa botsoalle le ’Mōpi kapa ho bo ntlafatsa le ho bo matlafatsa? Ke senya nako e kae ke etsa joalo? Botsoalle le Jehova bo ama mehopolo ea ka ho isa bohōleng bofe? Ke etsa merero—kapa ke bontša ho ikemisetsa ho fetola merero ea ka—ka sepheo sa ho ntlafatsa le ho boloka kamano ee ho isa boholeng bofe?’
Bakreste ba bacha ba lokela ho hlokomela ka ho felletseng hore botsoalle bohle ba batho, ho kopanyelletsa le boo qetellong bo lebisang lenyalong, ha bo bohlokoa ho feta botsoalle boo ho hlokahalang hore ba be le bona le ’Mōpi oa bona. Ke ka hona ba phehelloang ho Moeklesia 12:1: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” Ba bangata ba etsa sena ka hore ba sebeletse phatlalatsa e le basebeletsi ba Molimo, ’me palo ea bona e ntseng e eketseha e sebeletsa e le baboleli ba nako e tletseng, kapa bo-pula-maliboho.
Ho sa tsotellehe boithati le ho iphapanyetsa bolumeli tse ntseng li hōla ho ba potoloha, ka sebete ba emela Jehova ha ba utloa litšomo le liqoso tse lebisitsoeng ho eena. Na see ha se sona seo ka nepo Jehova a ka se lebellang ho metsoalle ea hae? Na ha se seo le rōna ka nepo re ka se lebellang ho metsoalle ea rōna? ’Me na ho ne ho ke ke ha thabisa lipelo tsa rōna ha re fumana hore metsoalle ea rōna e ho etsa ka cheseho le ka kholiseho?—Bapisa le Liproverbia 27:11.
E, ho ba le botsoalle le Molimo—joalokaha ho le joalo le ka ba batho—ho tlisa boikarabelo bo tlamehang ho phethoa haeba botsoalle e tla ba bo tšoarellang. Motho ea sa ikemisetsang ho amohela boikarabelo bona, kapa ea sa itokisetsang ho inehela ho Molimo le ho ntšetsa boinehelo boo pele, ka sebele o tla be a tloaelane feela le Jehova. Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho hlokahala hore a latsoe monyaka oa ho ba Motsoalle oa Hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Abrahama o ile a tšepa Molimo ’me ka hona a bitsoa motsoalle oa Jehova