Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/15 maq. 3-4
  • Na ho na le Tsela ea ho Lokoloha Boemong ba Motho ba Boetsalibe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Tsela ea ho Lokoloha Boemong ba Motho ba Boetsalibe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Sebe se ka Tlōsoa?
  • Ha Sebe se se se le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lefatše le se Nang Sebe—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thekollo e Lefshoang Bakeng sa ba Bangata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Re Lopollotsoe ka “Mali a Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/15 maq. 3-4

Na ho na le Tsela ea ho Lokoloha Boemong ba Motho ba Boetsalibe?

CHISAKO a e-na le bana ba hae ba bane ba lilemong tsa bocha, o ne a tloaetse ho hloekisa matloana a sechaba motseng o leng bohōle ba lik’hilomithara tse 600 ho tloha lehaeng la hae. Ha a ntse a hloekisa, o ne a pheta-pheta mantsoe a bolumeli ba Buddha, ao a neng a sa a utloisise. Ena ke e ’ngoe ea lintho tse etsoang ke sehlopha sa bolumeli se batlang ho tseba seo e hlileng e leng motheo oa malumeli ’ohle.

Chisako oa hopola: “Ho sa tsotellehe mokhoa o sa khaotseng oa ho itima lintho tse ling, ke ne ke sitoa ho fetola botho ba ka. Tlaase botebong ba pelo, ke ne ke sitoa ho tšoarela batho ba bang ’me ke sitoa ho bontša lerato la ’nete.”

Esita le linaheng tsa Bochabela, moo batho ba bangata ba sa nkeng sebe joalokaha se rutoa ka Bibeleng, ba bangata ba khathatsoa ke matsoalo ka baka la litšekamelo tsa bona tsa boetsalibe, joaloka Chisako. (Ba-Roma 2:14, 15) Ke mang ea sa khathatseheng ka baka la ho hlōleha ho bontša mosa ho motho ea boemong ba ho hloka thuso kapa ea sa ikutloeng a soabile ka ho tepelletsang ka baka la mantsoe ao ho neng ho sa hlokahale hore a a bue? (Jakobo 4:17) ’Me na mōna o tšabehang ha o nanarele batho ba baholo le ba banyenyane ka ho tšoanang?

Ke hobane’ng ha batho ba ba le maikutlo a joalo a ho tšoenyeha? Hobane, ebang baa ho hlokomela kapa che, ba na le boikutlo ba ka hare ba bobe, kapa sebe. Ka sebele, ebang batho ba lumellana le thuto ea Bibele ka sebe kapa che, bohle ba angoa ke litšekamelo tsa boetsalibe. Setsebi tabeng ena se kile sa etsa qeto ena: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 3:23.

Na Sebe se ka Tlōsoa?

Batho ba bangata kajeno, haholo-holo har’a Bokreste-’mōtoana, ba tšoarehile ka ho leka ho hlakola maikutlo a sebe le a ho ba molato matsoalong a bona. Dr. Karl Menninger bukeng ea hae Whatever Became of Sin? o itse: “Lentsoe ‘sebe’ ka bolona . . . le se le le sieo.” Leha ho le joalo, ho qoba lentsoe “sebe” ha ho thuse joalokaha ho sa thuse hore motho ea tsofetseng a batle ho qoba lentsoe “botsofali.” Re lokela ho tobana le ’nete ea hore re na le litšekamelo tsa boetsalibe ’me ho hlokahala hore re lopolloe boemong boo ba masisa-pelo. Empa re tla lopolloa ke mang?

Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a botsa potso eo ka mor’a ho lumela hore o na le litšekamelo tsa boetsalibe le hoja a lakatsa ho etsa botle: “Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla nkholla ’meleng ona oa lefu?” Joale Pauluse o ile a tsoela pele ho araba: “Ke leboha Molimo ka Jesu Kreste, Morena oa rōna!” Hobane’ng? Hobane Molimo o lokiselitse tšoarelo ea libe ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo.—Ba-Roma 7:14-25.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ho ba 3 500 000 000 bao e seng Bakreste lefatšeng (e leng palo e menang ea batho ba ipitsang Bakreste habeli) ba fumana khopolo ea thekollo e le thata hore ba ka e utloisisa. Ka mohlala, thuto ea thekollo e ile ea ba lejoe le leholo la khopiso ho Lemosleme le lulang Japane le ileng la ithuta Bibele ka nakoana. Ho batho ba bangata ba lulang Bochabela hore motho a le mong a ka shoela batho bohle ke ntho e sa tloaelehang.

Sena sea utloahala, joalokaha le ba bang ho Bokreste-’mōtoana ba e fumana e le thata hore ba ka e utloisisa. New Catholic Encyclopedia e ile ea lumela hore: “Ho na le karolo e ’ngoe ea thuto ea bolumeli ea Topollo, e sa phethoang ’me e tsoela pele ho baka bothata thutong ea bolumeli.”

Boholo ba pherekano thutong ena bo bontšoa ke mantsoe a sengoli sa bolumeli N. H. Barbour: “Lefu la Kreste e ne e se ho lefella libe tsa batho joalokaha motsoali oa lefatšeng a ke ke a nka ho hlaba ntsintsi ka nale le ho e utloisa bohloko le ho e bolaea ho tšoana le ho lefella phoso ea ngoana oa hae.” Ka nako eo Barbour o ne a sebelisana le Charles T. Russell, ea ileng a bona tlhoko e potlakileng ea hore a emele thuto ea thekollo. O ile a khaola maqhama le Barbour ’me ka 1879 a qala ho hatisa makasine o mocha, oo hamorao o ileng oa fetoha koranta eo u e balang hona joale. Ho tloha qalong ea ’ona feela, Molula-Qhooa o ’nile oa buella sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo.

Empa na thuto ee e ka amoheloa ho se semelo sa “Bokreste”? Hore re fumane karabelo, a re hlahlobisiseng taba ena ea motho a le mong ea shoelang batho bohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela