Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
Gerasa—Moo Mojode le Mogerike ba Kopaneng Teng
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngola hore har’a peō ea ’nete ea Abrahama, “ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike.” (Ba-Galata 3:26-29) E, bochaba kapa moetlo e ne e se ntho ea bohlokoa bakeng sa ho amoheloa ke Molimo.
Mantsoe ao a ka ’na a bonahala a tšoaneleha ho Bakreste ba neng ba qhalakane profensing ea Roma, joaloka profensing ea Galatia, moo ho neng ho e-na le batho ba tsoakaneng ba Bajode, Bagerike, Baroma le batho ba sebaka seo. Empa ho thoe’ng ka likarolo tsa Iseraele, joaloka Gileade?
Sebaka seo se ka bochabela ho nōka ea Jordane, pakeng tsa Leoatle la Letsoai (le Shoeleng) le Leoatle la Galilea. Nōka ea Jabboke e kenela Jordane hoo e ka bang bohareng ba sehlaba sena se nonneng. Setšoantšo se ka holimo se bontša a mang a masupi a khahlehang a Gerasa, eo joale e bitsoang Jerash, e neng e le haufi le karolo e ka holimo ho Jabboke.
Tsela ea boholo-holo ea bahoebi ea leboea-boroa e neng e bitsoa “’mila oa morena” e ne e haola Gileade. Kamoo ho bonahalang ka teng, ka mor’a ho tloha Harane, Jakobo le lelapa la hae ba ile ba tsamaea ’mileng ona ba e-ea Jabboke. O ile a betana le lengeloi ’me a teana le Esau haufi le moo Gerasa e neng e tla ahoa teng. (Genese 31:17-25, 45-47; 32:22-30; 33:1-17) Hamoraonyana, Baiseraele ba ile ba tloha ka boroa ba tsamaea ’mileng oa morena ha ba ne ba lebile Naheng e Tšepisitsoeng. Meloko e ’meli le halofo e ile ea lula karolong e ka boroa le e ka leboea ho Jabboke maloka le ’mila oa bahoebi.—Numere 20:17, NW; Deuteronoma 2:26, 27.
Na Bagerike ba kile ba ameha sebakeng sena, ’me haeba ho joalo, ba ile ba ameha joang? E, ba ile ba ameha ha Alexandere e Moholo a hlōla sebaka sena. Ho latela neano, o ile a theha Gerasa bakeng sa ba hōlileng ba sesole. Butle-butle, tšusumetso ea Bagerike e ile ea tiea. Metse e leshome ea likolone e ka bochabela ho Jordane le Leoatle la Galilea e ile ea etsa selekane se bitsoang Dekapolise. E ka ’na eaba u lemohile lebitso leo ka Bibeleng, le tlalehang hore “matšoele a maholo a tsoang Galilea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose oa Jordane, a [latela Jesu].” Gerasa e ne e le o mong oa metse ea Dekapolise.—Mattheu 4:25.
‘Karolo ea morero oa Alexandere e ne e boetse e le ho kenya Bagerike likarolong tsohle tsa ’muso. Haholo-holo Syria e Tlaase [ho akarelletsa Dekapolise], joaloka e ’ngoe ea liqhobosheane tsena, e ile ea fumana baahi ba bangata ba latelang meetlo ea Bagerike. Ho fihlela kajeno ha ho karolo ea lefatše le ka bochabela e ka bontšang masupi a Bagerike a mangata le a makatsang hakaalo joaloka naha e ka bochabela ho Jordane. Ponahalong ea ka ntle, metse ea Bagerike e ne e bontša ho thehoa ho felletseng ha libaka tsa thupelo le meetlo ea Bagerike—litempele tse khōlō tsa melimo le melimotsana ea Bagerike, le libaka tsa ho ikoetlisa, libaka tsa sechaba tseo ho tolloang ho tsona, mekete ea selemo le selemo ea lipapali, le mabakeng a mangata likolo le lithupelo tsa thuto ea filosofi.’—Hellenism, ea Norman Bentwich.
Haeba u etela masuping a Gerasa, u tla fumana bopaki bo bongata ba seo. Haufi le khoro e ka boroa, ho na le lepatlelo le entseng selika-likoe, kapa ’maraka oa sechaba, o bonoang setšoantšong. Mohlomong u tla makatsoa ke libaka tseo ho tolloang ho tsona, litempele, libaka tsa lipapali, le meaho ea sechaba, tseo bongata ba tsona li kopantsoeng ke literata tse entsoeng ka konkreiti tse nang le litšiea tse kolokileng. Ka ntle ho motse, u ka bona litšupiso kapa matšoao ’mileng oa boholo-holo o neng o kopanya Gerasa le metse e meng ea Dekapolise le likou tsa Mediterranean.
Esita le ka mor’a hore Roma e hape Gerasa ka 63 C.E., litšobotsi tse hlahelletseng tsa meetlo ea Bagerike li ile tsa tsoela pele. U ka nahana kamoo litšobotsi tsena li neng li ka susumetsa Bajode ba phelang Gerasa le sebakeng seo. Buka Hellenism e re: “Butle-butle Bajode ba ile ba qala ho amohela menahano ea bolumeli ea batho ba ba potolohileng le ho sheba Mangolo ho latela tšusumetso ea likhopolo tseo.”
Le hoja mohlomong Jesu a sa ka a bolela motseng oo, o ile a kena seterekeng sa Gerasa, seo mohlomong se neng se fihla Leoatleng la Galilea. Seterekeng seo o ile a ntša bademona ho monna ea itseng, a a lumella ho kena mohlapeng oa likolobe. (Mareka 5:1-17) Mohlomong barutuoa ba hae ba pele ba ile ba bolela ho Bajode ba metseng ea Dekapolise, ’me ka mor’a 36 C.E., litaba tse molemo li ne li ka boleloa ho Bagerike ba leng Gerasa. Ebang motho ea amohelang Bokreste e ne e le molateli ea tiileng oa Tsamaiso ea Sejode, Mojode ea latelang meetlo ea Bagerike, kapa Mogerike, o ne a ka amoheloa ke Molimo oa ’nete joaloka peō ea Abrahama ea moea.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Dione
Gerasa (Jarashe)
Filadelfia (Rabba)
’Mila oa Morena
Leoatle la Letsoai
Jerusalema
Jordane
Jabboke
Pella
Scythopolis (Bethe-sheane)
Gadara
Leoatle la Galilea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Setšoantšo se ka holimo se hlahisitsoe se le seholo ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.