Na U Tšoarehile Mesebetsing e Shoeleng Kapa Tšebeletsong ea Jehova?
“NTŠOARELE, ke tšoarehile.” Ena ke e ’ngoe ea likhanyetso tseo Lipaki tsa Jehova li thulanang le eona ha li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mattheu 24:14) ’Me le hoja ka linako tse ling polelo ea hore “Ke tšoarehile” e le phephi feela, ’nete ke hore batho ba bangata ba tšoarehile. Ba hlile ba pupelitsoe ke “lipelaelo tsa tsamaiso ena ea lintho”—khatello ea ho iphelisa, ho lefa likoloto, ho ea le ho khutla mosebetsing, ho hōlisa bana, ho hlokomela lehae, koloi le thepa e ’ngoe.—Mattheu 13:22, NW.
Leha ho le joalo, le hoja ka sebele batho ba tšoarehile, ke ba fokolang ba etsang mesebetsi eo ka sebele e behang litholoana kapa e hlahisang se molemo. Ho joalokaha monna ea bohlale Salomone a kile a ngola: “Motho o rua’ng ka mokhathala oohle oa hae le ka phehello ea pelo ea hae, eo a ikhathatsang ka eona tlas’a letsatsi? Hobane matsatsi ’ohle a hae ke a nang le mahloko, ’me mosebetsi oa hae ke o nang le masoabi; esita le bosiu, pelo ea hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.”—Moeklesia 2:22, 23.
Bibele e boetse e bitsa mosebetsi o joalo oa lefeela ‘mesebetsi e shoeleng.’ (Ba-Heberu 9:14) Na mesebetsi e joalo e laola bophelo ba hao? Sena se lokela ho u ama ka ho teba joaloka Mokreste, haholo joalokaha Molimo o tla “busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ea hae.” (Pesaleme ea 62:12) ’Me kaha “nako e khutšoanyane,” re lokela hore ka ho khethehileng re amehe ka hore re se senye nako ka mesebetsi e shoeleng. (1 Ba-Korinthe 7:29) Empa ha e le hantle mesebetsi e shoeleng ke eng? Re lokela ho e talima joang? ’Me re ka kholiseha joang hore re tšoarehile mesebetsing ea bohlokoa?
Ho Khetholla Mesebetsi e Shoeleng
Ho Ba-Heberu 6:1, 2, Pauluse o ile a ngola: “Ka baka leo, a re feteng litaba tsa thuto ea Kreste tseo ho qaloang ka tsona [“thuto ea motheo,” NW], ’me re feteleng ho tsa khōlo e tletseng, re se boele ra thea motheo oa ho baka mesebetsing e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo, le oa thuto ea likolobetso, le oa peo ea matsoho, le oa tsoho ea bafu, le oa kahlolo ea bo sa feleng.” Hlokomela hore ‘thuto eo ho qaloang ka eona’ e ne e kopanyelletsa “ho baka mesebetsing e shoeleng.” Babali ba Pauluse joalokaha e ne e le Bakreste, ba ne ba se ba bakile mesebetsing e joalo e shoeleng. Joang?
Pele ba amohela Kreste, ba bang lekholong la pele la lilemo ba ne ba kopanetse ‘mesebetsing ea nama,’ e shoeleng, e leng, “ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi,” le liketso tse ling tse mpe. (Ba-Galata 5:19-21) Haeba e sa laoloa, mesebetsi e joalo e ka be e felletse ka lefu la moea. Leha ho le joalo, ka mohau, Bakreste bao ba ile ba khutla tseleng ea bona e bolaeang, ba baka, ’me ba ‘hlatsuoa.’ Ka hona ba ile ba thabela ho ba le boemo bo hloekileng le Jehova.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Leha ho le joalo, hase Bakreste bohle bao ho neng ho hlokahala hore ba bake mesebetsing e mebe kapa ea boitšoaro bo bobe. Lengolo la Pauluse haholo-holo le ne le ngoletsoe balumeli ba Bajode, bao ba bangata ba bona ntle ho pelaelo ba neng ba itšoarelletse ka thata-thata Molaong oa Moshe pele ba amohela Kreste. Joale, ba ne ba bakile mesebetsing efe e shoeleng? Ka sebele ho ne ho se letho le phoso ka hore e be ba latela litlhoko tsa litšebeletso le tsa Molao tsa lijo. Na Molao ‘ha o halalele, ha oa loka, ha o molemo’? (Ba-Roma 7:12) E, empa ho Ba-Roma 10:2, 3, Pauluse o itse ka Bajode: “Ke paki ea bona, ea hore ba na le cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello. Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Molimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo.”
E, ka phoso Bajode ba ne ba lumela hore ka ho latela Molao ka hloko, ba ne ba tla bolokeha. Leha ho le joalo, Pauluse, o ile a hlalosa hore “motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste.” (Ba-Galata 2:16) Ka mor’a ho ntšoa ha thekollo ea Kreste, mesebetsi ea Molao—ho sa tsotellehe hore na e bohlokoa kapa e hlompheha hakae—e ne e le mesebetsi e shoeleng ’me e ne e se bohlokoa bakeng sa ho bolokeha. Ka hona Bajode ba lipelo li lokileng ba ile ba batla kamohelo ea Molimo ka ho baka mesebetsing e joalo e shoeleng le ka ho kolobetsoa e le ho tšoantšetsa pako ea bona.—Liketso 2:38.
Re ithuta eng ho see? Hore mesebetsi e shoeleng e ka kopanyelletsa ho fetang feela liketso tse mpe kapa tsa boitšoaro bo bobe; e akaretsa mosebetsi leha e le ofe o shoeleng moeeng, oa lefeela, kapa o se nang thuso. Empa na Bakreste bohle ha ba bake mesebetsing e joalo e shoeleng pele ba kolobetsoa? Ke ’nete hore, Bakreste ba bang lekholong la pele la lilemo hamorao ba ile ba oela boitšoarong bo bobe. (1 Ba-Korinthe 5:1) ’Me har’a Bakreste ba Bajode, ho ne ho e-na le mokhoa oa ho khutlela mesebetsing e shoeleng ea Molao oa Moshe. Pauluse o ile a tlameha ho hopotsa ba joalo hore ba se khutlele mesebetsing e shoeleng.—Ba-Galata 4:21; 5:1.
Ho Itšireletsa Khahlanong le Mesebetsi e Shoeleng
Ka hona, kajeno batho ba Jehova ba tlameha ho ba seli hore ba se oele lerabeng la mesebetsi e shoeleng. Re hlaseloa ka hohle ke likhatello tsa hore re sekisetse boitšoarong, hore re se tšepahale, le ho kopanela liketsong tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Hoa soabisa ho bolela hore, Bakreste ba likete selemo ka seng ba inehela likhatellong tse joalo, ’me haeba ba sa bake, baa lelekoa phuthehong ea Bokreste. Kahoo, ho feta leha e le neng pele, Mokreste o lokela ho utloa keletso ea Pauluse e ho Ba-Efese 4:22-24: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale, ea bolisoang ke litakatso tse thetsang; le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna, le ho apara motho e mocha [botho bo bocha, NW], ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”
Ha e le hantle, Baefese bao Pauluse a neng a ba ngolla ba ne ba se ba apere botho bo bocha ka tekanyo e khōlō. Empa Pauluse o ile a ba thusa ho utloisisa hore ho etsa joalo e ne e le tšebetso e tsoelang pele! Haeba ba khoehlisa, Bakreste ba ka khutlisetsoa mesebetsing e shoeleng ke litakatso tse thetsang tse phehellang joaloka tšusumetso e bolisang. Ho sa ntse ho le joalo le kajeno. Ka mehla re tlameha ho loanela ho apara botho bo bocha, re se bo lumelle hore bo qaphaletsoe ke litšekamelo leha e le life tseo re bileng le tsona mokhoeng oa rōna oa khale oa bophelo. Re tlameha ho qoba—re hloee—mofuta leha e le ofe oa mesebetsi e mebe ea nama. Mopesaleme oa khothatsa: “Lona ba ratang Jehova, hloeang bobe!”—Pesaleme ea 97:10.
Ka ho babatsehang, batho ba bangata ba Jehova kajeno ba utloile keletso ena ’me ba hloekile boitšoarong. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba faposoa ke mesebetsi eo ha e le hantle e seng mebe empa eo qetellong e leng ea lefeela e se nang thuso. Ka mohlala, ba bangata ba kenelletse ka ho felletseng mererong ea ho atisa chelete kapa ea ho ipokellela lintho tse bonahalang. Empa Bibele ea lemosa: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” (1 Timothea 6:9) Ba bang thuto ea lefatše e ipakile e le leraba. Ke ’nete hore, mohlomong tekanyo e itseng ea thuto ea lefatše eka hlokahala bakeng sa hore motho a fumane mosebetsi. Empa telekisong e senyang nako ea thuto e phahameng ea lefatše, ba bang ba intšitse kotsi moeeng.
E, mesebetsi e mengata e ka ’na ea se fosahale boitšoarong. Empa e shoele haeba ha e hlile ha e eketse letho bophelong ba rōna hona joale kapa ha e re thuse hore re fumane kamohelo ea Jehova Molimo. Mesebetsi e joalo e senya nako le ho qeta matla empa ha e na melemo ea moea, ha e khatholle ka nako e telele.—Bapisa le Moeklesia 2:11.
Ntle ho pelaelo u loanela ho tšoareha mesebetsing ea moea e hahang. Leha ho le joalo, ho a thusa hore u itlhahlobe ka mehla. Nako le nako, u ka ’na ua ipotsa lipotso tse kang: ‘Na ho kopanela ha ka tšebeletsong ea tšimo le ho ba teng libokeng ho sitisoa ke mosebetsi oa boipheliso o sa hlokahaleng?’ ‘Na ke ba le nako ea boikhathollo empa ke be le nako e nyenyane bakeng sa thuto ea botho le ea lelapa?’ ‘Na ke sebelisa nako e ngata le matla ho hlokomela lintho tse bonahalang empa ke hlōleha ho hlokomela ba hlokang ka phuthehong, joaloka ba kulang le ba holileng?’ Likarabelo tsa lipotso tsena li ka ’na tsa senola tlhoko ea hore u behe mesebetsi ea moea sebakeng sa pele.
Lula U Tšoarehile Tšebeletsong ea Jehova
Joalokaha 1 Ba-Korinthe 15:58 (NW) e bolela, ho na le “ho hongata ho lokelang ho etsoa mosebetsing oa Morena.” Ho tlang pele ke mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Ho 2 Timothea 4:5, Pauluse o ile a phehella: “Etsang boboleli ba Litaba tse Molemo mosebetsi oa lōna oa bophelo, ka tšebeletso e felletseng.” (Jerusalem Bible) Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba boetse ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho ho etsa bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa mohlape. (1 Timothea 3:1, 5, 13; 1 Petrose 5:2) Lihlooho tsa malapa—bao bongata ba bona e leng ba se nang balekane—ba boetse ba na le boikarabelo bo boima ba ho hlokomela malapa a bona le ho thusa bana ba bona hore ba hōlise kamano ea bona le Molimo. Mesebetsi e joalo e ka khathatsa, esita le ho tetebetsa ka linako tse ling. Empa ho e-na le hore e be e shoeleng, e tlisa khotsofalo ea sebele!
Bothata ke hore: Motho a ka fumana joang nako ea ho phetha mesebetsi ee eohle e hlokahalang ea bohlokoa? Ho itaea le tlhophiso ea botho ke tsa bohlokoa. Ho 1 Ba-Korinthe 9:26, 27, Pauluse o ngotse: “Ha ke titima, ha ke titime joale ka hoja ke tlatselela; leha ke loana, ha ke loane joale ka hoja ke otlana le moea feela; ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” Tsela e ’ngoe ea ho sebelisa molao-motheo oa temana ena ke hore nako le nako u hlahlobe kemiso ea hao le mokhoa oa hao oa bophelo. U ka ’na ua fumana hore u ka tlosa lintho tse ngata tse u senyetsang nako le matla.
Ka mohlala, na matla a hao a mangata le nako li senngoa ke ho shebella thelevishene, boikhathollo, ho bala libuka tsa lefatše, kapa mesebetsi e etsoang ho itlosa bolutu? Ho ea ka sehlooho se neng se le ho The New York Times, motho e moholo feela ea tloaelehileng United States o tšoareha ka “lihora tse fetang 30 ka beke” a shebelletse thelevishene. Ka sebele, nako e joalo e ka sebelisoa hamolemonyana! Mosali oa molebeli e mong ea tsamaeang oa tlaleha: “Ke se ke batla ke behelletse ka thōko lintho tsohle tse senyang nako tse kang ho shebella thelevishene.” Phello ke efe? O ile a khona ho bala meqolo e ’meli ea encyclopedia ea Bibele Insight on the Scriptures kaofela ha eona!
Ho ka boetse ha hlokahala hore u nahane hore na u ka nolofatsa mokhoa oa hao oa bophelo ho isa boholeng bofe. Salomone o itse: “Boroko ba motho ea sebetsang bo monate, leha a e-ja haholo, leha a e-ja hanyenyane; empa khora ea morui ha e mo fe boroko.” (Moeklesia 5:12) Na nako ea hao e ngata le matla li senngoa ho hlokomeleng maruo a sa hlokahaleng a lintho tse bonahalang? Ka sebele, ha re e-na le lintho tse ngata, re ba le lintho tse ngata tseo re tlamehang ho li hlokomela, ho bona hore li bolokehile, ho li lokisa, le ho li sireletsa. Na ho ka ba molemo ho uena hore u be le lintho tse itseng feela?
Ho ba le kemiso eo u ka e khonang ke tsela e ’ngoe ea ho sebelisa nako ea hao hamolemonyana. Ha u etsa kemiso e joalo u nahanele taba ea hore ho hlokahala hore u phomole kapa u ikhatholle. Empa lithahasello tsa moea li tlameha ho nka boemo ba pele. U lokela ho behella nako ka thōko bakeng sa ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho ka mehla. U ka boetse ua lekanyetsa esale pele hore na ke matsatsi kapa mantsiboea afe a ka sebelisoang mosebetsing oa boboleli. Ka ho rera hantle esale pele, u ka boela ua khona ho eketsa karolo ea hao tšebeletsong, mohlomong ka ho sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang nako le nako. Leha ho le joalo, kholiseha hore ha u etsa kemiso u kenyelletsa le nako bakeng sa thuto ea botho le ea lelapa, ho kopanyelletsa le tokiselletso e felletseng ea liboka. Ka ho lokisetsa, u ke ke ua fumana ho eketsehileng feela libokeng empa u tla ba boemong bo molemonyana ba ho “susumelletsana leratong le mesebetsing e metle” ka litlhaloso tsa hao.—Ba-Heberu 10:24, NW.
Hore u fumane nako ea ho ithuta ho ka ’na ha hloka boitelo bo itseng. Ka mohlala, malapa a Bethele lefatšeng ka bophara a tsoha hoseng haholo hoseng ho hong le ho hong bakeng sa ho buisana ka temana ea letsatsi. Na ho ka etsahala hore u lopolle nako e nyenyane hoseng ho hong le ho hong bakeng sa thuto ea botho? Mopesaleme o itse: “Ke raka mafube, kea hoa; ke ntse ke lebeletse lipallo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:147) Ha e le hantle, ho tsoha hoseng ho tla hloka hore u etse kemiso ea ho robala ka nako e le hore u ka qala letsatsi u le hantle ’me u khatholohile.
Melemo ea ho Tšoareha Tšebeletsong ea Jehova
Ho ba le “ho hongata ho lokelang ho etsoa mosebetsing oa Morena” ho hloka ho lokisetsa esale pele, ho itaea, le boitelo. Empa u tla thabela melemo e se nang palo ka baka la seo. Kahoo, lula u tšoarehile, eseng mesebetsing e shoeleng kapa ea lefeela e tlisang lefeela le bohloko feela, empa tšebeletsong ea Jehova. Hobane ke ka mesebetsi e joalo u bonahatsang tumelo ea hao, u tlang ho fumana kamohelo ea Molimo, ’me qetellong u tlang ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng!
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho etsa kemiso eo a ka e khonang ho thusa Mokreste hore a sebelise nako ea hae ka bohlale haholoanyane