Ba Fumana Thabo ea ’Nete “Paradeiseng”
PARADEISE! Lentsoe leo le atisa ho hopoloa ha batho ba nahana ka Hawaii—’me e le ka mabaka a utloahalang. Boemo ba leholimo bo itekanetseng, leholimo le letalana, lifate tsa palema tse tsukutlehang, moea o fokang hasesane, le mabopo a leoatle a nang le lehlabathe le lengata—ke maemo ao ba bangata ba ka a nkang e le a paradeise.
Litšobotsi tsena li hapile batho ba bangata ba tsoang libakeng tse leng hōle le haufinyane. Ba ile ba tla sebakeng sena ba tsoa Asia, Pacific, le Amerika, esita le libaka tse kang lihleke-hleke tsa Caribbean le Europe. Batho ba bangata ba falletse mona ka baka la boemo ba leholimo bo itekanetseng selemo sohle. Ba bang ba tlile ka baka la ho batla tšireletseho ea moruo—ho hlakile hore ba ne ba boetse ba batla thabo. Phello ke ho kopana ha lichaba le merabe, e nang le litloaelo le likhopolo tsa bolumeli tse sa tšoaneng.
Leha ho le joalo, boemo bona bo na le lehlakore le leng. Joaloka libaka tse ngata tse ntle lefatšeng, Hawaii e hlasetsoe ke tlōlo ea molao, lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, tšilafatso, le mathata a mangata a hlaselang lelapa la motho ho sa tsotellehe sebaka seo motho a lulang ho sona. Ka baka la bohlasoa le boithati ba motho, lihleke-hleke tsena tsa Hawaii li ntse li felloa ke botle ba tsona ba tlhaho butle-butle. Batho ba batla paradeise, empa hase batho bohle ba lulang sebakeng sena ba tsotellang ka ho lekaneng hore ba ka etsa kapa ba boloka lihleke-hleke tsena e le paradeise. Ho etsa paradeise ho akarelletsa lintho tse ngata ho feta ponahalo e ntle le boemo ba leholimo bo molemo.
Leha ho le joalo, ho na le sehlopha sa batho se ntseng se hōla se phelang mona se nang le thabo ea ’nete boemong bona bo kang ba paradeise. Ke batho ba amohelang ’nete ea Bibele le ba nkang litšepiso tse babatsehang tsa Molimo ka ho teba: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Ka thabo batho bana ba lebelletse nako e tlang ba ntse ba hopotse mantsoe ana a moapostola Petrose: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) Batho baa ke bo-mang? Ho tlile joang hore ba ithute ka tšepo e babatsehang e leng ka Bibeleng? ’Me ke liphetoho life tseo ba li entseng bophelong ba bona?
Tšabo ea Lefu e Hlōtsoe
Isabel le monna oa hae, George, ke Maphilippine. Isabel o hōliselitsoe bolumeling ba batsoali ba hae ba Roma e K’hatholike, leha ho le joalo le ka mohla o ne a e-s’o bale Bibele. Isabel o ne a rutiloe hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. O ile a itšoara joang mabapi le thuto ee ea bohata? O ne a tšaba ho shoa hobane o ne a na le khopolo ea ho beoa ka lekeseng la bafu ka ho sa feleng a ntse a phela, mohlomong sephefumolohi sa hae se sitoa ho phonyoha. Leha ho le joalo, ka 1973 Isabel o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha a hlokomela hore sephefumolohi sa motho sea shoa le hore Molimo o ne a tla khutlisetsa batho bophelong ka tsoho, o ile a thaba haholo ’me a ikutloa a lokolohile. (Ezekiele 18:4, 20; Johanne 5:28, 29) ’Nete ea Bibele e ile ea mo ama ka matla hoo a ileng a tsoela pele ka potlako.
Ho thoe’ng ka George? Le eena o ile a ba teng lipuisanong tsa Bibele empa feela e le ka khopolo ea ho bontša hore Lipaki li fositse. Leha ho le joalo, o ile a sitoa ho fumana phoso leha e le ’ngoe ho seo eena le mosali oa hae ba neng ba se rutoa. Ha e le hantle, nako e khutšoanyane ka mor’a hore ba qale ho ithuta, taba ea mali e ile ea phahama. Ho fihlela ka nako eo, George o ne a rata lijo tse nang le bobete. Empa eitse ha a bona hore Bibele ka ho pepenene e nyatsa ho jeoa ha mali, o ile a khaotsa ho ja lijo tse nang le bobete. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:10-12; Liketso 15:28, 29) O ile a tsoela pele ho kopanela thutong ea Bibele ’me o ile a thabela hore ebe o fumane ’nete qetellong. Kajeno, George, Isabel, le bana ba bona ba banè ba na le thabo ea ’nete ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo.
Ba Hapiloe ke Bokreste ba ’Nete
Monna oa Lejapane ea bitsoang George le mosali oa hae oa Lepotoketsi, Lillian, ba lilemong tsa bo-60. Bobeli ba bona ba hlahetse Hawaii ’me ba hōletse teng. Kaha batsoali ba George ba ne ba sa ka ba mo ruta thuto ea bolumeli, le ka mohla ha a ka a nka bolumeli ka ho teba. Leha ho le joalo, o ne a ntse a lumela ho Molimo. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba Lillian ba ile ba mo hōlisetsa bolumeling ba bona, joaloka Moroma oa Kereke e K’hatholike.
Le hoja George e ne e se sebali se matla sa Bibele, o ’nile a bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lilemo tse 30. Kahoo o ne a ithutile litaba tse ngata tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka baka la ho tsuba le ho noa haholo, o ile a lieha ho fetola bophelo ba hae. Ha nako e ntse e feta, George o ile a tsoela pele ho bala limakasine tsena ’me a kopanela libokeng Holong ea ’Muso ka linako tse ling. Hobane’ng? O ile a beha taba ka tsela ena, hobane “malumeli a mang a na le boikaketsi bo bongata” tabeng ea ho hlokomoloha lintho tse mpe tse ngata tseo Bibele e li nyatsang. O ile a bona hore Lipaki tsa Jehova li fapane le malumeli a mang.
Ke’ng se ileng sa hapa mosali oa George ea tšepahalang, Lillian, hore a tle ’neteng ea Lentsoe la Molimo le hoja a ne a susumelitsoe ke bolumeli ba batsoali ba hae? Ngoana’bo o ile a mo memela libokeng tse tšoaretsoeng Holong ea ’Muso. Lillian oa hopola: “Ke ile ka thabela tikoloho ea lelapa le thabileng le ho bososela ho bontšang botsoalle.” Lerato la sebele leo a ileng a le bona ho batho ba Jehova le ile la mo kholisa hore ena ke ’nete. (Johanne 13:34, 35) O ile a amohela thuto ea Bibele, qetellong a nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo, ’me o ile a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse seng kae monna oa hae a kolobelitsoe.
George ha a sa tsuba kapa hona ho tahoa, ’me Lillian o lahlile litšoantšo tsohle tsa hae tsa bolumeli. Ka lipelo tse tletseng lerato, ba kopanela seo ba ithutileng sona le batho ba bang, ho akarelletsa le litloholo tsa bona tse 25 le litloho-tloholoana tse ’nè. Ak’u bone lifahleho tsa bona, ’me u bone hore na George le Lillian ba thabile hakaakang!
Khotso le Thabo li Finyelletsoe
Patrick, monna oa Leirish ea lilemo li bohareng, le mosali oa hae oa Mojode, Nina, ka bobeli ba ile ba fallela Hawaii ba tsoa boroa bo ka bophirimela ho United States. Pele, ba ne ba phela seo ho thoe’ng ke bophelo ba takatso e fetelletseng ea lithethefatsi, ho leka bolumeli bo sa tšoaneng, le boitšoaro bo bobe. Ba ile ba boela ba qeta lilemo tse ngata e le litho tsa sehlotšoana se itseng sa bolumeli, ka ho leka ho finyella boemo bo phahameng ba temoho ka ho sebelisa lithethefatsi, ho nahanisisa, le ka thuso ea moruti oa bona oa botho. Ka mor’a nako e khutšoanyane Patrick o ile a tenoa ke mōna, litlholisano, le likhang tse sa feleng tse leng ka har’a litho tsa sehlotšoana sena se neng se ipolela hore se finyelletse ‘boemo bo phahameng ba temoho.’ O ile a tlohela sehlopha sena ’me a khutlela Hawaii, moo a kileng a lula teng, ka tšepo ea hore o tla fumana khotso ea kelello. Ka mor’a moo, Patrick o ile a susumelletsa Nina, eo ka nako eo e neng e le kharebe ea hae, hore a mo etele. Qetellong, ba ile ba nyalana ’me ba lula Hawaii.
Patrick le Nina ba ne ba sa tsebe hore ho batla ha bona khotso le thabo qetellong ho ne ho tla fella ka hore ba be le thuto ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Nina joaloka motho eo ho netefalitsoeng hore ha a e-s’o lumele hore Molimo o teng bophelong ba hae bohle, o ile a qala ho fumana likarabelo tsa Bibele tse khotsofatsang lipotsong tse tšoenyang tse joaloka hore na ke hobane’ng ha bokhopo bo le teng le hore na ke hobane’ng ha batho ba molemo ba hlaheloa ke lintho tse bohloko. Ho batla ha Patrick ’nete ka lilemo tse leshome ka ho tšoanang ho bile le phello e thabisang. Kapele, seo eena le Nina ba neng ba ithuta sona Bibeleng se ile sa qala ho fetola pono ea bona ka boitšoaro. Ka mor’a nako e telele le boiteko bo matla, Patrick o ile a khona ho hlōla temalo ea hae e matla ea koae. Ka lilemo tse ka bang leshome hona joale, eena le mosali oa hae ba phetse bophelo bo hloekileng, le ba boitšoaro bo botle ho latela litekanyetso tsa Molimo. Ka lipelo le matsoalo a hloekileng, ba na le khotso eo ba ’nileng ba e batla.
Boitelo le Meputso
“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane kea le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, ’me ba tla sitoa.” (Luka 13:24) Mantsoe ao a Jesu Kreste a bontša ka ho hlaka hore ho sebeletsa Molimo le ho phela ka litekanyetso tsa Mangolo ha ho bonolo. Motho e mong le e mong ea lakatsang ho etsa joalo haa lokela ho etsa boiteko bo hlokahalang feela empa hape o lokela ho itela ka tsela e loketseng. Sena se etsahetse ho batho ba boletsoeng tlalehong ena. Empa ba ile ba putsoa ka tsela e babatsehang hakaakang!
Ka mohlala, nahana ka Patrick le Nina, bao ho sa tsoa buuoa ka bona. Ba ile ba etsa phetoho e khōlō ea ho tlohela mokhoa oa bophelo oo ka ’ona ba neng ba fumana chelete e ngata ho ea ho oa ho ba basebeletsi ba Bakreste ba nako e tletseng ba sebetsang mesebetsi ea nakoana feela bakeng sa ho iphelisa. Leha ho le joalo, ba kholisehile hore matlotlo a moea ke a bohlokoa ho feta boitelo leha e le bofe boo ba bo entseng tabeng ea lintho tse bonahalang. ’Me ba hlile ba thabile.
Ka baka la lilemo tsa bona, ha hoa ka ha ba bonolo hore George le Lillian ba etse liphetoho. Ho kopanela libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ho hloka nako, ho mamela ka hloko, le boiteko bo itseng ’meleng. Leha ho le joalo, ba ile ba thaba haholo ha bophelo bo botle ba bona bo ntlafala, ’me bophelo boo ba bo phelang hona joale bo ka boleloa e le bo tletseng mafolo-folo, bo khotsofatsang le bo thabileng.
Ha e le George le Isabel, phephetso ea bona e khōlō e tabeng ea ho ruta bana ba bona le ho ba thusa hore ba be tseleng e isang bophelong. Ho hlokahala nako e ngata le boiteko bakeng sa ho lokisa bana bana ba banè bakeng sa ho ea libokeng kapa tšebeletsong ea Bokreste. Ka nako e ’ngoe khatello e sa khaotseng e ile ea etsa hore George le Isabel ba hlokomolohe boikarabelo ba bona ba botsoali. Empa puo ea Bibele eo sehlooho sa eona se reng: “Ho Tsosolosa Moea oa Boitelo” e ile ea ba susumelletsa ho eketsa boiteko boo ba neng ba bo etsa tabeng ea ho fa bana ba bona ba banè tlhokomelo le koetliso eohle e hlokahalang bakeng sa ho ba ‘hōlisa ka taeo le mohopolo o tataisoang ke Jehova.’ Ho hlakile hore, boiteko bo joalo bo putsitsoe haholo.—Ba-Efese 6:4, NW.
Hase ponahalo e ntle ea naha, boemo ba leholimo bo molemo, kapa bophelo ba boiketlo tse tlisetsang batho bana le ba bang ba bangata thabo ea ’nete. Ho e-na le hoo, ke tsebo ea hore ba sebelisa bophelo ba bona tumellanong le thato ea Molimo ’me ba phela ka litekanyetso tsa Lentsoe la hae, Bibele. (Moeklesia 12:13) Ho feta moo, thabo ea ’nete e kolla lipelong tsa bona ha ba ntse ba nahana ka nako e monate ea ha paradeise ea lefatšeng e tla be e tsosolositsoe lefatšeng lohle.—Luka 23:43.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
George, Isabel, le bana ba bona ba thabela ho bala Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
George le Lillian ba thabela ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Patrick le Nina ba thabela khotso ea ’nete tšebeletsong ea Jehova